Bacha Baa Botsa . . .
Na ke Lokela ho Kena Sehlopheng sa Libapali Sekolong?
“Ho bapala e ne e le ho thabisang le ho nyakallisang. Ho ile ha ’neha boikutlo bo botle. Ha u le mocha ’me qetellong u fumana ntho e ’ngoe eo u hlileng u tsebang ho e etsa hantle, ha u batle ho e tlohela.”—Robert.
MOHLOMONG le uena u thabela ho bapala sehlopheng sa libapali. U rata boikoetliso, botsoalle le thabo. Mohlomong u ka ’na ua lora u le ’mampoli, u utloa letšoele le u thoholetsa ha u lahlela bolo ka har’a mokotlana (papaling ea basketball) kapa u tšoara bolo kapa u kenya ntlha e tlisetsang sehlopha sa lōna tlhōlo.
Ho sa tsotellehe lebaka leo u thahasellang lipapali ka lona, ke lebaka le tšoanang le la bacha ba bangata. Ba thabela ho nka karolo haholo-holo lihlopheng tsa libapali tse kang bolo ea maoto, basketball, cricket le hockey. The Education Digest ea hlokomela: “Liithuti [tsa U.S.] tse fetang limillione tse 5,2 li ile tsa ameha lipapaling tsa mabelo tsa likolo tse phahameng selemong sa 1986-87, e leng lenane le phahameng ka ho fetisisa nakong ea lilemo tse ’nè. Hape, likolo tse phahameng li ekelitse lipapali tse ncha lilemong tse 10 tse fetileng, tse ngata tsa tsona li hlophiselitsoe banana.”
Lebaka Leo li Ratoang Haholo ka Lona
Ho ratoa ho pharalletseng ha lipapali ho ile ha hlalosoa ke mantsoe a monna ea bohlale oa mehleng ea boholo-holo ea itseng: “Botle ba bahlankana ke matla a bona.” (Liproverbia 20:29, NW) Lipapali li fana ka monyetla oa tšebeliso e khathollang ea matla a mangata lilemong tsa motho tsa bocha. Lilemo tsa bocha li ka fana ka liphephetso tse molemo ’meleng le kelellong. Ho nka karolo lipapaling e ka boela ea e-ba ho khathollang le ho nyakallisang, ho khefutsa kemisong ea mosebetsi oa sekolo le mesebetsi ea lapeng ea ka mor’a sekolo.
Ho phaella moo, ba bang ba pheha khang hore ho bapala sehlopheng sa libapali ho haha litšoaneleho tse ntle. The High School Survival Guide, e ngotsoeng ke Barbara Mayer e re: “Koetliso le boikutlo ba boinehelo tse tla batloa ho uena li tla u ruta kamoo u ka ikitlaetsang ka teng bakeng sa ho finyella pakane ea bohlokoa. . . . Ho nka karolo lipapaling ho ka u thusa ho ba moeta-pele.”
Leha ho le joalo, hase bacha bohle ba nang le sepheo se setle joalo lipapaling. Khanya, botumo, le bophahamo le tsona ke litšusumetso tse matla. Reggie oa hopola: “Haeba u ne u le sehlopheng sa lipapali sekolong, u ne u talingoa joaloka e mong oa bashemane ba hlomphehang ka ho fetisisa.”
Bibele ea lumela hore “boikoetliso ba ’mele bo na le bohlokoa bo itseng.” (1 Timothea 4:8, Today’s English Version) ’Me ho ka bonahala eka ho kena sehlopheng sa libapali sekolong ke mokhoa oa ho fumana molemo o joalo. Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba fumane hore hangata likotsi tsa ho kena sehlopheng sa libapali sekolong li ngata ho feta melemo ea ho etsa joalo.
“Lehlakore le Lebe”
Makasine Seventeen oa tlaleha: “Ho na le lehlakore le lebe la lipapali, moo batho ba behang khatello e khōlō tabeng ea ho hlōla. Ho mokoetlisi, ho hlōla ho ka bolela ho phahamisoa kapa ho hlaha thelevisheneng. Ho motsoali, ho hlōla ho ka bolela ho ba le tokelo ea ho ikhantša ka ngoana oa hae kapa ho ba le boikutlo ba hore o finyelletse ho itseng empa e le ngoana ea ho finyelletseng. Ho semathi, ho hlōla ho ka ’na ha bolela ho fumana tšehetso ea chelete, ho hlahella tlalehong ea litaba le ho hlomphuoa ke lithaka tsa hae tsa sekolo le baahisani.”
Limathi tse ling tsa sekolo li boetse li lakatsa ho tsoela pele hore e be libapali tse lefshoang. Gerald e mocha o itse: “Ke ne ke lora ka ho bapala litlhōlisanong tsa motse le tsa naha ’me qetellong ke be sebapali se lefshoang. Ke ile ka ipona ke fetoha morui, ke tšehetsa lintho tse ngata tse phatlalatsoang ka lebitso la ka, ke le motho ea tummeng haholo, ke beha mohlala o motle sechabeng ’me ke laetsana le ngoanana ea motle ka ho fetisisa sekolong.”
Ha ho makatse hore lipapali likolong tse ngata li bapaloa ka hoo e batlang e le potlako ea bophelo le lefu! Sepheo ha e sa le ho thabela monyaka le boikoetliso. Ho joalokaha Seventeen e tsoela pele ka ho re: “Ka tšohanyetso ho hlōla ho bohlokoa ho feta ho tsotella botšepehi, mosebetsi oa sekolo, bophelo bo botle, thabo, le litšobotsi tse ling tse ngata tse bohlokoa tsa bophelo. Ho hlōla ho fetoha ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me khatello ea eketseha.”
Ka baka la boikutlo bona ba ho hlōla joang kapa joang, ha ho makatse ha lipapali tse ngata tsa mabelo a sekolo li hlasetsoe ke seoa se sekana sa likotsi. Pefo e bakoang ke limathi, batšehetsi, esita le batsoali ka linako tse ling e tsamaisana le lipapali. ’Me tšebeliso ea lithethefatsi tse eketsang matla a limathi, lithethefatsi tse kang li-steroid, e fetoha e ntseng e ja setsi har’a limathi tse ka tlaase ho lilemo tse 20.
Kahoo le hoja ho bapala sehlopheng sa libapali sekolong ho ka ’na ha e-ba le melemo e lekanyelitsoeng, ho ka boela ha hōlisa moea o fetelletseng oa tlhōlisano, litoro tsa leruo le leholo, le takatso ea boithati bakeng sa khanya. Ka ho hlakileng, lintho tsena li khahlanong le keletso ea Bibele ea hore ‘re se ke ra hlōlisana,’ re se ke ra rata chelete ’me re se ke ra ipatlela khanya. (Ba-Galata 5:26, NW; Liproverbia 25:27; 1 Timothea 6:10) Ho kena sehlopheng sa libapali sekolong ho ka u pepesetsa litšusumetso tse mpe ka mokhoa o tebileng.
Khatello ea Lithaka
Hangata matichere a babatsa menyetla ea ho haha likamano tse haufi-ufi le lithaka eo lipapali li fanang ka eona. Ka ho fapaneng, ona ke ’ona monyetla o bakang bothata ho bacha ba Bakreste. Bibele e re: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33; 2 Ba-Korinthe 6:14.
Bonneteng, ke tloaelano ea mofuta ofe eo u ka e fumanang ka kamoreng ea lilokara ea sehlopha sa libapali sekolong? Mocha e mong oa lumela: “Ho ne ho na le tšebeliso e ngata ea litlhapa le puo e litšila. Ka linako tsohle bashemane ba ne ba bua ka likharebe ’me ba ne ba tlisa libuka tsa boitšoaro bo bobe bakeng sa ho li sheba.” Ho feta moo, hangata ho hōlisa le ho boloka moea oa sehlopha sa papali ho u hloka hore u kopanele botsoalle le sehlopha sa lōna sa libapali pele le ka mor’a lipapali le nakong ea boikoetliso.
Ke ’nete, ho ka ’na ha etsahala hore u be sehlopheng sa libapali sekolong ’me u lule u sa kopanele botsoalle le sona. Empa ho joalokaha ngoanana e mong ea lilemo li 14 a lumela: “Khatello ea lithaka e matla haholo hoo u ke keng ua bapala feela le ho ea lapeng.” Kahoo Bibele ea botsa: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?” (Liproverbia 6:27) Ba le tlas’a khatello ea libapali tsa lihlopha tsa bona, bacha ba bang ba ile ba iphumana ba le meketeng eo ho eona ho neng ho sebelisoa joala le lithethefatsi, re sa re letho ka ’mino o nyonyehang o khothalletsang boitšoaro bo bobe le maemo a sekisetsang le batho ba batona kapa ba batšehali.
Nahana ka phihlelo ea mocha ea bitsoang Robert. O re: “Ka mor’a ho kena sehlopheng sa libapali sekolong, mathata a ne a le mangata. Ho ne ho e-na le khatello e khōlō ea ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, lithethefatsi, ho noa joala, le ho ea meketeng e lerata. Ke ne ke sa lumele hore lintho tse joalo li ka amana le ho bapala lipapaling tsa likolo tse phahameng. Ka ntle le ka hare ho lebala la lipapali, ho lebelletsoe hore u tsamaee, u bue le ho itšoara joaloka bashemane ba bang kaofela.”
Hape ho sa lokelang ke ho tlōlisoa mahlo ke phello eo ho nka karolo lipapaling ho ka bang le eona kemisong ea hao ea mesebetsi ea moea. (Ba-Heberu 10:23-25) Gerald e mocha o re: “Hangata lipapali le boikoetliso li ne li thulana le liboka tsa Bokreste.”
Mekhoa e Meng e Molemo
Ho hlakile hore koetliso e ’ngoe ea sekolo e ka fanoa nakong ea lihora tsa sekolo joaloka karolo ea ka mehla ea lenaneo la thuto la sekolo, ’me hangata ha ho letho le phoso ha mocha oa Mokreste a ba teng lithupelong tse joalo. Ho feta moo, maemo ke a fapaneng linaheng tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ka kakaretso bacha har’a Lipaki tsa Jehova ba qoba ho ameha lipapaling tsa sekolo tsa ka mor’a lihora tse tloaelehileng tsa sekolo. Joale, sena hase bolele hore joaloka mocha oa Mokreste u ke ke ua thabela lipapali. Leha ho le joalo, se bolela hore mohlomong u tlameha ho nka mehato eitseng ea pele.
Ka mohlala, mohlomong u ka buisana le batsoali ba hao ka ho rera ho intša, joaloka ho etsa mokete sebakeng se itseng. Sena se ka fana ka monyetla oa hore lelapa la heno le metsoalle ba ka thabela lipapali tse itseng tse hahang. Kapa u ka leka ho mema sehlopha sa bacha ba Bakreste ho kopana hammoho le ho thabela ho bapala bolo, kapa ho kopanela lipeisong hore u be u khotsofale.
Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore u qobe moea oa tlhōlisano e fetelletseng. Ho ba le lihlopha tsa libapali tse hlophisitsoeng ho atisa ho eketsa moea oa ho hlōla joang kapa joang esita leha libapali tsohle e le Bakreste. Kahoo hangata ho molemo haholo ho boloka lintho boemong bo tloaelehileng. Ha e le hantle, hangata ho ba le tataiso e itseng ea motho e moholo ke khopolo e ntle.
Ke ’nete, lipapali tse sa hlophisoang li ka haelloa ke nyakallo ea lipapali tsa sekolo tse hlophisitsoeng. Empa u sa ntse u ka tseba ho li thabela. Robert o ile a etsa qeto ea ho tlohela sehlopha sa libapali sekolong sa bona. Empa o re: “Ke sa ntse ke thabela lipapali haholo. Ke li thabela haholo ho feta leha e le neng pele. Hona joale ha ke bapala hase ka morero oa ho hlōla joang kapa joang, leha e le hore ke tletse moea oa tlhōlisano.”
Hopola hore ha moapostola Pauluse a ne a bolella mohlankana Timothea hore: “Tlhakiso ea ’mele e na le molemo o monyenyane,” o ile a eketsa, “empa boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle.” Ka ho hlakileng, ho ba semathi hase morero oa Mokreste bophelong. Kahoo boloka lipapali li le boemong bo leka-lekaneng. Ke hobane’ng ha u senya nako e neng e ka sebelisoa hamolemo haholoanyane bakeng sa ho ikaha moeeng? Hopola: Boinehelo ba bomolimo bo na le “tšepiso ea bophelo ba hona joale le bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho rena moea oa ho hlōla joang kapa joang lipapaling tse ngata tsa sekolo