Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 3/8 maq. 12-14
  • Lipapali Tsa Lithimi—na li Ntoketse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipapali Tsa Lithimi—na li Ntoketse?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipapali—Melemo
  • Botumo, Lehlohonolo le ho Tsebahala Haholo
  • Ba Nyahlatsang ka Lehare
  • Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?
    Tsoha!—1996
  • Na ke Lokela ho Kena Sehlopheng sa Libapali Sekolong?
    Tsoha!—1991
  • Mathata a Lipapali Kajeno
    Tsoha!—1991
  • Ho Boloka Lipapali Sebakeng se Loketseng
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 3/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa . . .

Lipapali Tsa Lithimi—na li Ntoketse?

“Ke rata lipapali. Ka sebele ke ba le boikutlo bo monate. ’Me ke thabela ho ba le metsoalle ea ka.”—Sandy ea lilemo li 14.

“NYAKALLO!” “Ho ba moeeng!” “Ho hlōla!” Ana ke a mang a mabaka ao bacha ba United States le ba Canada ba ileng ba fana ka ’ona ha ba ne ba hlahlojoa mabapi le hore na ke hobane’ng ha ba kopanela lipapaling tse hlophisitsoeng. Ka ho hlakileng, bacha ba bangata ba na le thahasello e tšoanang le ea bona.

Ka mohlala, ak’u shebe United States. Ho ea ka buka ea Your Child in Sports, e ngotsoeng ke Lawrence Galton, “selemo ka seng, bana ba Amerika ba limilione tse 20, ba lilemo li tšeletseng ho ea holimo, baa bapala kapa ba leka ho bapala lithiming tse hlophisitsoeng tsa lipapali.” ’Me le hoja lilemong tse seng kae tse fetileng lithimi tse hlophisitsoeng tsa lipapali e ne e batla e le tsa ba batona feela, hona joale banana ba bangata haholo ba akhela baseball, ba hlaba lintlha papaling ea basketball esita le ho hlōlisana lebaleng la bolo ea maoto.

Mohlomong u motho ea ratang lipapali ’me u ikutloa hore ho kopanela thiming e ka ba ho thabisang. Kapa mohlomong u fumana khothaletso e matla—mohlomong esita le khatello—e tsoang ho batsoali, matichere, kapa bakoetlisi hore u etse joalo. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ho kopanela lipapaling tsa lithimi ho hloka boitlamo bo boholo ka nako le matla. Kahoo, ke taba e utloahalang ho ela hloko melemo le mathata a amehang. Pele, a re shebeng melemo e meng.

Lipapali—Melemo

Bibele e re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:8) ’Me ka sebele bacha ba ka rua molemo tšebetsong ea ’mele. United States, lipalo tse tšosang tsa bacha li na le bothata ba monono o feteletseng, khatello ea mali le cholesterol e phahameng. Ho ikoetlisa kamehla ho ka etsa ho hoholo ho laoleng mathata a joalo. Ho ea ka sehlooho se seng makasineng ea American Health, bacha ba ikoetlisang kamehla “ba ba le tšebetso ea ho hema le ea phallo ea mali e ntlafetseng haholoanyane ho feta ea bana ba ituletseng feela [ba sa etse letho]. Ba ikoetlisang kamehla ba boetse ba bapala hantle haholo lipapaling ’me ba laola boima ba ’mele hantle haholo.” Hape babatlisisi ba bolela hore ho ikoetlisa ho ka felisa khatello kelellong, ha fokotsa mokhathala esita le ho ntlafatsa boroko ba hao.

Ho thahasellisang, buka ea Your Child in Sports ea hlokomela: “Ho totobetse hore mathata a mangata a bophelo ao batho ba baholo ba nang le ’ona a qalile bocheng ba bona.” Kahoo lingaka tse ngata li ikutloa hore melemo ea ho ikoetlisa kamehla e ka ’na ea fetela le bothong bo boholo. Sengoli Mary C. Hickey sea tlaleha: “Phuputso e fumane hore bana ba bapalang lipapali ba atisa ho ba batho ba baholo ba mafolo-folo haholoanyane ’meleng.”

Ba bangata ba ikutloa hore ho na le melemo e meng ea bohlokoa ea lipapali tsa lithimi. Mabapi le hore ebe mor’a hae o bapala bolo ea maoto, ntate e mong o ile a re: ‘Ho mo thibela hore a ’ne a solle literateng. Ho mo ruta ho itaea.’ Ba bang ba bolela hore ho bapala thiming ho ruta mocha ho sebelisana le ba bang—e leng tsebo e ka bang le melemo ea nako eohle bophelong. Lipapali tsa lithimi li boetse li ruta bana ho latela melao, hore ba ikhalemele, ho sebelisa bolaoli le ho lula ba thabile ebile ba le mosa ha ba atleha kapa ba hlōloa. Dr. George Sheehan o re: “Lipapali ke laboratori e khōlō bakeng sa bacha. Li fa liithuti phihlelo e tobileng linthong tseo hangata ba li utloang ho matichere: sebete, bohlale, boinehelo.”—Current Health, ea September 1985.

Bonyane, ho ba ka lehlakoreng la thimi e hlōlang ho ka phahamisa boikutlo ba ho itšepa. Eddie e monyenyane o re: “Haeba ke hlaba ntlha kapa ke betsa motoba, ke ikutloa ke le motlotlo haholo.”

Botumo, Lehlohonolo le ho Tsebahala Haholo

Leha ho le joalo, ho bacha ba bang, ntho e ipiletsang e le ka ’nete ke ho amoheloa le ho hlokomeloa ke lithaka tsa bona. Gordon ea lilemo li 13 oa hlalosa: “Nako le nako ha u etsa ntho e ’ngoe e ntle, e mong le e mong oa u thoholetsa.”

Buka ea Teenage Stress, e ngotsoeng ke Susan le Daniel Cohen, ea lumela: “Haeba ho bonahala ho na le tsela e tiileng e lebisang ho tsebahaleng haholo, haholo-holo ho bashemane, ke lipapali. . . . Ke ntho e etsahalang seoelo hore u fumane khalala ea bolo ea maoto kapa ea basketball e le e sa tumang.” Patlisiso e ’ngoe e ile ea senola hore na lipapali li nkeloa holimo hakae. Liithuti li ile tsa botsoa hore na li rata ho hopoloa e le khalala ea lipapali, seithuti se bohlale haholo, kapa e le motho ea tsebahalang ka ho fetisisa. Har’a bashemane, khetho ea pele e ile ea e-ba ho ba “khalala ea lipapali.”

Hase ho makatsang hore ebe sebapali sa bolo ea maoto kapa sa basketball se ka iphumanela tlhompho e ngata haholo ho feta ea morutehi ha u nahana ka tlhokomelo e nang le borapeli eo ba phatlalatso ea litaba ba e phaellang ho libapali tse tsebang haholo. Boholo ba phatlalatso bo lebisa tlhokomelo meputsong ea bona e meholo le mekhoeng ea bona ea bophelo e hlephileng. Hase ho makatsang hore ebe bacha ba bangata, haholo-holo ba lulang ka hare-hare metseng e meholo, ba ka ’na ba talima lipapali tsa sekolo e le bohato bo lebisang katlehong—tsela ea ho tsoa bofutsaneng!

Ka bomalimabe, sena ha se etsahale ho hang. Sehlooho se seng makasineng ea Current Health se neng se re “Ke Libapali Tse Kae Tse Atlehang ho ba Libapali Tse Lefuoang?” se ile sa fana ka lipalo-palo tse etsang hore motho a nahanisise. Se ile sa tlaleha: “Bashemane ba fetang milione [United States] ba bapala bolo ea maoto sekolong se phahameng; ba ka bang 500 000 ba bapala basketball; ’me ba ka bang 400 000 ba bapala baseball. Ho tloha sekolong se phahameng ho ea kolecheng, palo ea ba kopanelang e theohela tlaase haholo. Ke libapali tse ka bang 11 000 feela kaofela tse kopanelang papaling ea bolo ea maoto, basketball le baseball.” Ho tloha moo, joale lipalo-palo li bile li ba lerootho le ho feta. “Ke ba ka etsang karolo ea 8 lekholong feela [ea libapali tsa koleche] ba hlileng ba khetheloang lithimi tsa libapali tse lefuoang, ’me ke ba ka etsang karolo ea 2 lekholong feela ba saenang tumellano ea tšebetso.” Joale sehlooho seo se fana ka khopotso ena: “Esita le ho saena tumellano ha ho bolele hore sebapali se tla fumana sebaka thiming eo.”

Kahoo, ka kakaretso, “ke a le mong feela ho libapali tse 12 000 tsa sekolo se phahameng ea tlang ho fetoha sebapali se lefuoang.” Seo se tšoana hantle le menyetla ea ho hapa moputso oa pele papaling ea lothari! Empa bonyane, u ka ’na ua ipotsa, na sebapali se ke ke sa fumana thuto e sa lefelloeng kolecheng bakeng sa boikhathatso bohle ba sona? Le hona moo, menyetla ea teng ha e metle haholo. Ho ea ka buka ea On the Mark, e ngotsoeng ke Richard E. Lapchick le Robert Malekoff, “har’a libapali tse limilione tsa sekolo se phahameng . . . , ke se le seng feela ho tse 50 se tlang ho fumana litlhapiso tsa ho bapala kolecheng.” Lipalo tse ling tse tepeletsang ke hore: “Har’a libapali tse hlahelletseng tse fumanang litlhapiso lipapaling tsa chelete e ngata joaloka bolo ea maoto le basketball, tse ka tlaase ho karolo ea 30 lekholong li tla fumana mangolo kolecheng ka mor’a lilemo tse ’nè.”

Ho libapali tse ngata, toro ea ho fetoha sebapali se ruileng le se tummeng ke ntho e inahaneloang feela—ho ea le khongoana holimo.

Ba Nyahlatsang ka Lehare

Ha u nahana ka litebello tsa bophelo bo ntlafetseng, ho hōlisa litšobotsi tsa botho le ho ba ea tsebahalang ka ho eketsehileng, ho kopanela thiming ea lipapali tse hlophisitsoeng ho ka ’na ha bonahala e le ntho eo e leng bohlale ho e etsa. Empa pele u potlakela ho ea litekong tsa hore na motho oa tšoaneleha, nahana ka se ileng sa boleloa ho Ladies’ Home Journal: “Kajeno bana ba bangata ba ingolisetsa lipapali tsa lithimi ho feta ba neng ba ingolisa molokong leha e le ofe o fetileng. Litaba tse mpe ke hore: Ba bangata haholo ba nyahlatsa mananeo ana a lipapali ka lehare.” Dr. Vern Seefeldt, setsebi litabeng tsa lipapali, o qotsitsoe a re: “Nakong eo ba leng lilemo li leshome le metso e mehlano, karolo ea mashome a supileng a metso e mehlano lekholong ea bana ba neng ba bapala lipapali ka nako eohle ba li nyahlatsa ka lehare.”

Nahana ka Canada, moo papali ea ice hockey e ratoang haholo. Sehlopheng se seng sa lithimi tsa hockey tsa bo-maithutoana, karolo ea 53 lekholong ea libapali tsa sona tse ka holimo ho 600 000 li ne li e-na le lilemo tse ka tlaase ho 12. Leha ho le joalo, ke karolo ea 11 lekholong feela ea ba neng ba na le lilemo tse ka holimo ho 15. Lebaka? Boholo ba bacha bo se bo khaolitse ha bo le lilemong tseo. Ke hobane’ng ha ba bangata hakaale ba khaotsa?

Babatlisisi ba bolela hore hangata ba joalo ba nyahlatsang ka lehare ba fana ka lebaka le bonolo ka ho makatsang la ho tloha ha bona: Lipapali ha li sa thabisa. Ka sebele ho bapala thiming e ka ba tšebetso e khathatsang le e jang nako. Makasine ea Seventeen e ile ea bolella babali ba eona hore ho leka feela hore na motho a ka tšoaneleha ho bapala thiming ho ka ’na ha ama ho sebetsa “lihora tse tharo ka letsatsi, matsatsi a mahlano ka beke . . . ka beke e le ’ngoe kapa tse ka bang peli.” Haeba u feta teko eo ’me u lumelloa ho kena thiming eo, u letetsoe ke lihora tse ngata ho feta moo tsa ho ikoetlisa le ho itlhakisa. Mohlala oa sena ke oa setho sa thimi ea basketball ea banana se qetang lihora tse tharo ka letsatsi se ikoetlisetsa papali ea sona. Nako eo e ne e ka sebelisetsoa ho etsa ntho e ’ngoe e molemo haholoanyane.

Ka ho hlakileng, bacha ba bangata ha ba tsotelle kemiso ea ho etsa lintho ka tsela e tšoanang kamehla. Ba thabela monyaka le phephetso ea ho phethahatsa tsebo ea bona ea lipapali. Empa ho na le mabaka a mang ao ka ’ona palo e khōlō ea bacha e nyahlatsang lipapali tse hlophisitsoeng. Ho hlokahala u li hlokomele e le hore u ka etsa qeto ea hore na u ka kopanela thiming kapa che. Joalokaha Liproverbia 13:16 e bolela, “motho ea masene o etsa tsohle ka tsebo.” Ka hona sehlooho sa nako e tlang se tla ntšetsa puisano ena pele.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Libapali tse tsebahalang haholo li hohela bacha ba bangata ho kena lipapaling

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

‘Boholo ba libapali tse hlahelletseng tsa univesithi tse fumanang litlhapiso tsa lipapali li hlōleha ho fumana mangolo a phahameng’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela