Bophelo bo Botle U ka Etsa Eng ka Bona?
“KA LEBAKA la katleho e babatsehang ea meriana ea kajeno, likarolong tse ngata tsa lefatše ho atile boikutlo ba hore bophelo bo botle ke ntho eo lingaka li e nehang batho, ho fapana le ntho eo sechaba le batho ka bo-mong ba iphumanelang eona.” Ke kamoo ho ngotseng Ngaka Halfdan Mahler ho World Health, koranta ea Mokhatlo oa Lefatše ea Bophelo bo Botle.
Ke ’nete, lingaka le lipetlele li tlatsetsa haholo bophelong ba rōna bo botle le boiketlong ba rōna. Leha ho le joalo, li phethahatsa karolo ea bohlokoa ea phekolo. Re batla litšebeletso tsa tsona ha ho na le phoso e itseng, empa ke ka seoelo re nahanang ka tsona ha re phela hantle. Joale, ke eng seo re ka se etsang hore re finyelle bophelo bo botle?
Litataiso Tsa ho Phela Bophelo bo Botle
Ka kakaretso, litsebi li lumellana hore bophelo bo botle bo itšetlehile ka mabaka ana a mararo a sehlooho: lijo tse leka-lekaneng, boikoetliso ba ka mehla, le ho phela ka mokhoa o bontšang boikarabelo. Ka sebele boitsebiso ha bo haelle litabeng tsena, ’me bo bongata ba bona ke bo sebetsang le bo molemo. Likhopolo tsa hona joale tse tloaelehileng tsa lijo le boikoetliso mabapi le bophelo ba rōna bo botle li fanoe mabokoseng a “Lijo tsa Hao le Bophelo ba Hao bo Botle” le “Boikoetliso, ho Shahla, le Bophelo bo Botle.”
Le hoja boitsebiso bo bongata bo thusang bo fumaneha, ka masoabi, linnete li bontša hore ho finyella bophelo bo botle hase eona ntho e tlang pele lenaneng la lintho tsa bohlokoa ho batho ba bangata. Har’a lintho tse ling, “e mong le e mong o tseba se hlokahalang bakeng sa ho theola boima ba ’mele, empa ho ata ha ho nona haholo ha ho bonahale ho fetoha haholo,” ho hlokometse Ngaka Marion Nestle oa Ofisi ea Thibelo ea Mafu le Ntšetso-pele ea Bophelo bo Botle Washington. Ho ea ka ofisi ea hae, motho a le mong ho ba bane United States o nonne haholo ho feta karolo ea 20 lekholong.
Ka ho tšoanang, phuputso e entsoeng ke Setsi sa Machaba sa Lipalo-palo tsa Bophelo bo Botle sa U.S. e senola hore: “Ka kakaretso, mahareng a 1977 le 1983 ho bonahala ho ile ha eketseha mekhoa e sa rateheng ea bophelo bo botle.” ‘Mekhoa ee e sa rateheng ea bophelo bo botle’ ke eng? Hase mathata ao motho a ke keng a a hlōla joaloka phepo e mpe, mafu a seoa, kapa tšilafalo. Ho fapana le hoo, ke lintho tseo e leng boikarabelo ba motho ka mong—mekhoa e kang ho tsuba, ho ja haholo, ho noa haholo, le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.
Ka ho hlakileng ho hlokahala ho fetang boitsebiso ba meriana kapa mahlale mabapi le seo re lokelang ho se etsa ho finyella bophelo bo botle. Ho hlokahala boikarabelo bo boholoanyane bakeng sa bophelo ba rōna ka bo-mong. Ha se ea lokela ho susumetsa ho etsa feela lintho tse tla tlatsetsa bophelong bo botle empa le ho qoba lintho tse tla bo senya. Ke hokae moo re ka fumanang tšusumetso e joalo e re thusang ho phela bophelo bo botle?
Le hoja batho ba bangata ba se seli ka sena, S. I. McMillen, eo e leng ngaka le mongoli o ile a hlalosa ho selelekela sa buka ea hae None of These Diseases: “Ke kholisehile hore ’mali o tla thahasella ho fumana hore litataiso tsa Bibele li ka mo sireletsa mafung a mang a tšoaetsanoang, kankere e bolaeang, le mafu a kelello le ’mele a eketsehang ho sa tsotellehe boiteko bohle ba meriana ea kajeno. . . . Khotso ha e tle ka lipilisi.”
Re ka bona litlhalosong tsena hore le hoja Bibele e se buka ea meriana kapa buka ea bophelo bo botle, e fana ka melao-motheo le litataiso tse fellang ka mekhoa e metle le bophelo bo botle. E meng ea melao-motheo ee ke efe?
Maikutlo le Pono ea Bophelo
Ka mohlala, “mahlale a meriana a hlokomela hore boikutlo bo kang tšabo, masoabi, mōna, lehloeo, le khalefo bo ikarabella bakeng sa boholo ba mafu a rōna. Litekanyetso li fapana ho tloha karolong ea 60 lekholong ho ea ho karolo ea 100 lekholong,” ho boletse Ngaka McMillen ea boletsoeng ka holimo.
Ke eng se ka etsuoang ho phekola see? Ka ho thahasellisang, lilemong tse 3000 tse fetileng, Bibele e ile ea bontša: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho, empa mōna o bolisa masapo a hae.” (Liproverbia 14:30) Empa ke joang motho a fumanang “pelo e tšoeu”? Keletso ea Bibele ke ena: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna.” (Ba-Efese 4: 31) Ka mantsoe a mang, hore re thabele bophelo bo botle ba ’mele, re tlameha ho ithuta ho laola maikutlo a rōna.
Ke ’nete hore sena se fapane le keletso ea lingaka tsa mafu a kelello tsa mehleng ena. Hangata li buella hore re ntše maikutlo a rōna ho e-na le ho leka ho a laola. Ho bohla moea le ho ntša bohale ba motho ho ka bonahala ho tlisetsa ea ikutloang a bipetsane ebile a khathatsehile khatholoho ea nakoana. Empa seo se etsa eng ka botsoalle ba hae ho ba mo potolohileng, ’me seo se ka ’na sa qholotsa boikutlo ba mofuta ofe ho bona? Ha ho thata ho nahana ka khatello le methapo e utloileng bohloko, ho se ho sa boleloe kotsi ea ’mele e ka hlahang haeba e mong a ile a ntša maikutlo a hae ho e-na le ho leka ho a laola. Sena se baka lebili la bohale le ke keng la fela.
Ke ’nete hore ha ho bonolo ho laola maikutlo ana a kotsi, haholo-holo haeba motho a halefile haholo. Ke ka lebaka leo Bibele e reng: “Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane.” (Ba-Efese 4:32) Ka mantsoe a mang, e bolela hore maikutlo a mabe a nkeloe sebaka ke a matle.
Ke eng seo maikutlo a matle joalo ho ba bang a se etsang ho rōna? “Kameho ke ea bohlokoa. Molao oa ho ‘rata moahisani oa hao joalokaha u ithata’ hase feela molao oa boitšoaro—ke oa bohlokoa,” ho ngotse Ngaka James Lynch bukeng ea hae The Broken Heart. Mabapi le melemo e tlisoang ke likamano tse joalo tse ntle, Robert Taylor eo e leng ngaka ea mafu a kelello, oa phaella: “Ho tseba hore ho na le batho bao u ka eang ho bona nakong eo u hlokang thuso ka eona ho fana ka maikutlo a bohlokoa a tšireletseho, a bokamoso le tšepo—’me lintho tsena e ka ba pheko e khōlō khatellong.” Kahona, le hoja meriana ea joale e ka ’na ea leka ho tla le lipheko tsa mafu a mang a bitsoang mafu a kelello, litataiso tsa Bibele li ka thusa ho a thibela pele a etsahala ka lekhetlo la pele. E mong le e mong ea ikemiselitseng ho sebelisa litataiso tsa Bibele u tla rua molemo maikutlong le ’meleng.
Litloaelo le Bokhoba
Ntho e ’ngoe e amang maikutlo a rōna le boiketlo ba ’mele ea rōna ke tsela eo re tšoarang ’mele ea rōna ka eona. Haeba re etsa boiteko bo lekaneng—ho ja hantle, ho etsa litlhakiso tsa ’mele tse hlokahalang le ho phomola, ho o boloka o hloekile, le lintho tse joalo—’mele ea rōna e tla itlhokomela. Leha ho le joalo, haeba re tloaetse ho e tšoara hampe, neng kapa neng e tla khathala ’me re tla kotula.
Keletso ea Bibele ke ena: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Re ka sebelisa keletso e joalo joang, ’me melemo ea eona ke efe? Nahana ka tlaleho e latelang e entsoeng ke Worldwatch Institute ea Washington: “Ho tsuba ke lefu la seoa le hōlang ka karolo ea 2,1 lekholong ka selemo, le hōla ka potlako ho feta lenane la baahi ba lefatše. . . Tšebeliso e phahameng ea koae e ile ea fokotseha ka pele lilemong tsa bo-1980, haholo-holo ka mabaka a moruo, empa e boetse e eketseha ka potlako. Hona joale batho ba fetang limillione tse sekete baa tsuba, ba tsuba lisakarete tse ka bang libillione tse hlano ka selemo, e leng karolelano e fetang lebokose le leng ka letsatsi.”
Phello ea ‘lefu lena la seoa le hōlang’ e ’nile ea ba efe? Lebokose le bapileng le fana ka seo motho a ka nahanang ka sona. Lenane hase le khathatsang, empa molaetsa o hlakile: Bokhoba ba koae bo matla hape bo bitsa chelete e ngata. Ke mokhoa o litšila o lematsang bophelo ba lekhoba le ba batho ba le potolohileng.
Ho thoe’ng ka boiteko ba ho khaotsa mokhoa oo? Ho sa tsotellehe letšolo lohle la ho khaotsa ho tsuba, ho bile le katleho e fokolang lefatšeng lohle. Ho joalo hobane ho hlōla tloaelo ea ho tsuba ke ntoa e thata. Phuputso e bontša hore motho a le mong ho ba bane ea tsubang ha a atlehe ho hlōla tloaelo ea ho khaotsa ho tsuba. Ka ho hlakileng litemoso tsohle tsa hore ho tsuba ho kotsi bophelong ha li na tšusumetso e lekaneng.
Leha ho le joalo, keletso ea Bibele e boletsoeng ka holimo, hammoho le taelo ea hore Bakreste ba rate baahisani ba bona joalokaha ba ithata, e susumelitse batho ba likete bao hona joale e leng Lipaki tsa Jehova ho khaotsa ho tsuba. Ebang li Liholong tsa ’Muso, moo li kopanang teng lihora tse itseng beke le beke, kapa likopanong tsa tsona, moo likete tsa tsona li kopanang teng ka matsatsi a mangata, u ke ke ua bona le ea mong oa tsona a tšoere sakerete. Boikemisetso ba tsona ba ho amohela litataiso tsa Bibele le ho li sebelisa bo li nehile boikemisetso ba ho finyella seo ba bang ba hlōlehang ho se finyella.
Mekhoa e meng e kotsi e kopanyelletsa ho noa joala ka ho tlōtseng, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, mafu a bolaeang a bakoang ke likamano tsa botona le botšehali, le lethathama la mathata a mang a khathatsang bophelo bo botle le sechaba. Le hoja lingaka li tsielehile mabapi le ho sebetsana le mathata ana, u tla fumana hore Bibele e fana ka keletso e utloahalang le e sebetsang.*—Liproverbia 20:1; Liketso 15:20, 29; 1 Ba-Korinthe 6:13, 18.
Mohla ho Kula Hohle ho Tla Fela
Leha ho le joalo, re ka ’na ra leka ho boloka bophelo bo botle, empa ’nete ea sala, hona joale re ea kula le ho shoa. Empa, ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo, ha a re bolelle feela hore na ke hobane’ng ha motho a kula le ho shoa empa o boetse o re bolella ka nako e haufi moo ho kula hohle esita le lefu li tlang ho fela.—Ba-Roma5:12.
Boprofeta ba Bibele ho Esaia 33:24 (NW) boa tšepisa: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Tšenolo 21:4 e boetse ea tšepisa: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ha ho sa tla ba le masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” E, ’Mōpi o tšepisa lefatše le lecha hona mona lefatšeng, moo batho ba tla tsosetsoa phethehong, ka bophelo bo sehlahlo le bophelo bo sa feleng e leng tlhohonolofatso ho lelapa la motho!—Esaia 65:17-25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo bona khaolo 10 ea buka Happiness—How to Find It, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 8, 9]
Lijo Tsa Hao le Bophelo ba Hao bo Botle
“Haeba u sa . . tsube haholo kapa u sa noe ka ho tlōlisang, khetho ea lijo tsa hao e ka susumetsa litebello tsa bophelo ba hao bo botle ka nako e telele ho feta bohato leha e le bofe boo u ka bo nkang.”-Ngaka C. Everett Koop, eo e kileng ea ba mookameli oa sepetlele U.S.
Lilemong tsa morao tjena, litsebi tsa bophelo bo botle li buile ka liphello tse kotsi tseo lijo li nang le tsona bophelong ba lichaba tse tsoetseng pele. Ka ntle le ho hlokomelisa ka lintho tse kang koae, joala, letsoai, le tsoekere, ho ile ha hatelloa ka ho khethehileng hore lijo tsa batho ba bangata li na le mafura a mangata haholo le cholesterol e ngata le fiber e fokolang haholo.
Ngaka Koop o tsoela pele: “Seo re amehileng haholo ka sona ke ho ja lijo tse mafura ka ho tlōtseng le kamano ea tsona mafung a kang lefu la methapo ea pelo, mefuta e itseng ea kankere, lefu la tsoekere, khatello ea mali, stroke le ho nona.” Ka ho tšoanang, mookameli oa sepetlele sa Brithani Ngaka Denis Burkitt le ba bang ba ’nile ba hlokomelisa ka kamano ea khaello ea fiber le mafu a methapo ea pelo, kankere ea mala, ho se sebetse hantle ha tšilo ea lijo, lefu la tsoekere, le mafu a mang.
Hase lintlha tsohle mabapi le kamoo lijo li amang bophelo ba rōna bo botle kateng, kapa hore ho na le tumellano e felletseng har’a litsebi tsa bophelo bo botle. Leha ho le joalo, ho na le linnete tsa meriana tseo re lokelang ho nahana ka tsona.
Fokotsa Mafura
Cholesterol e ngata haholo maling, e amana ka ho tobileng le kotsi e phahameng ea lefu la pelo. Ba nang le lefu la pelo kapa tlaleho ea lona, le ba batlang ho fokotsa kotsi ea lona, ba etsa hantle ha ba boloka tekanyetso ea cholesterol e lekane. Ke eng se ka etsuoang?
Hangata bohato ba pele ba tšireletso bo buelloang ke ho ja lijo tse nang le cholesterol e fokolang e fumanoang mafureng a liphoofolo, joaloka nama, mahe, lihlahisoa tsa lebese, empa e sa fumanoeng limeleng. Leha ho le joalo, phuputso ea morao tjena e fumane hore ho ja lijo tse nang le cholesterol e ngata ho na le phello e leka-lekaneng tekanyetsong ea cholesterol maling. Empa haeba lijo li na le mafura a mangata haholo (joaloka mafura a liphoofolo, limela, le lioli tsa palema le coconuti), cholesterol e eketseha haholo maling a batho ba bangata. Kahona, se buelloang haholo kajeno ke ho ‘fokotsa mafura.’ E-ja hanyenyane ’me u je nama e se nang mafira, tlosa mafura a bonahalang, tlosa letlalo nameng ea khoho, ’me u fokotse ho ja mahe, lebese le mafura, kase, le lijo tse nang le oli ea palema kapa coconut.
Le hoja mafura a atisa ho eketsa cholesterol maling, mafura a limela a kang (oli ea mehloare, linaoa, safflower, lijo-thollo, le tse ling tsa limela), le tlhapi, le shellfish li sebetsa ka ho fapaneng. Tse ling tsa lijo tsena li ka ’na tsa thusa ho eketsa tekanyo e nepahetseng ea cholesterol, le HDL (high-density lipoprotein) maling kapa ho fokotsa tekanyetso ea mofuta o kotsi oa cholesterol, e leng LDL (low-density lipoprotein).
E-ja Fiber e Ngata
Ho fokotsa mafura ke mohato oa pele. Lijo tse sitsoeng haholo—tse nang le phoofo e ngata e tšoeu, tsoekere, le metsoako ea lik’hemik’hale, joalo-joalo—li haelloa ke fiber. Phello ke mafu ao ho thoeng ke a tsoelo-pele: ho pipitleloa, ho tsoa mali, hernia, diverticulosis, kankere ea mala, lefu la tsoekere, mafu a pelo, le a mang. “Banna ba jang lijo tse nang le fiber e fokolang, ba ne ba na le kotsi e imenneng ka makhetlo a mararo ea ho bolaoa ke mafu ’ohle ho feta banna ba jang lijo tse nang le fiber e ngata,” ho bolela tlaleho e ho Lancet.
Fiber e lijong ke ea bohlokoa ka litsela tse peli. E monya metsi ha e ntse e feta har’a tsamaiso ea tšilo ea lijo, ’me e feta ka pele tšilong. Lingaka li ikutloa hore e tlosa lintho tse kotsi ’me e potlakisa ho li tlosa ’meleng. Ho fumanoe hore fiber e ’ngoe e qhibilihang e fokotsa tsoekere le tekanyetso ea cholesterol ea LDL maling—e leng tlhohonolofatso ho bakuli ba lefu la tsoekere le la pelo.
U ka rua molemo joang tsebong ena ea fiber? Ha ho ka etsahala, eketsa litholoana, meroho, le lijo-thollo lijong tsa hao. Tlohela bohobe bo bosoeu ’me u je bohobe bo nang le koro ’me u eketse lijo-thollo lijong tsa hao tsa hoseng. Hape linaoa le tsona ke mohloli o moholo oa fiber. ’Me setache—litapole le reisi—li ka ’na tsa ba le litšobotsi tsa ho thibela kankere.
Ho na le mekhoa e mengata ea ho ja e amang bophelo ba hao bo botle. Leha ho le joalo, ho fokotsa mafura le ho eketsa fiber ke libaka tse peli lijong tsa batho ba bangata tse hlokang temoso e potlakileng.
[Lebokose le leqepheng la 10, 11]
Boikoetliso, ho Shahla, le Bophelo bo Botle
Phuputso ea lilemo tse 40 ea banna ba ka bang 17 000 e fumane hore ba ikoetlisang hora e le ’ngoe kapa tse peli ka beke (ba sebelisa li-calorie tse ka bang 500) ba bile le lenane la ho shoa le fokolang ho tloha karolong ea 15 lekholong ho ea karolong ea 20 lekholong ho feta ba neng ba sa ikoetlise. Ba neng ba ikoetlisa ka matla (ba chesang li-calorie tse ka bang 2 000 ka beke) ba bile le lenane la ho shoa le tlaase ka karolo ea boraro. Liphuputso tse ling li fihletse qeto e tšoanang: Boikoetliso ba ka mehla bo fokotsa kotsi ea khatello ea mali, lefu la methapo ea pelo, mohlomong le kankere. Boikoetliso ba ka mehla bo thusa ho loantša boima bo tlōtseng ba ’mele, ho haelloa ke ho itšepa, khatello, pelaelo, le ho tepella.
Lebaka la boikoetliso ba ka mehla ke ho eketsa matla a ’mele oa motho le mokoka. Ka mantsoe a mang, ho ikoetlisa ka mehla ho etsa hore motho a shahle. Le hoja ho shahla ho sa tiise bophelo bo botle, ’mele o shahlileng o ka tseba ho ikemela khahlanong le mafu. O hlaphoheloa ka pele ha u kula. Ho shahla ’meleng ho boetse ho tlatsetsa boiketlong ba motho kelellong le maikutlong esita le ho fokotsa liphello tsa botsofali.
Tlhakiso Efe Hona e Kae?
Lipotso tse tloaelehileng ka boikoetliso ke tsena, Ke mofuta ofe oa boikoetliso, hona o mokae? Haele hantle seo se itšetlehile ka seo motho a batlang ho se finyella. Semathi sa Liolimpiki se lokela ho ikoetlisa nako e telele le ka matla hore se lule se shahlile. Ho batho ba bangata pakane ke ho fokotsa boima ba ’mele, ho ba le ’mele o bohehang, ho thabela bophelo bo molemonyana, kapa ho ikutloa ba phetse hantle. Bakeng sa bona litsebi li lumela hore metsotso e 20 ho isa ho 30 ea boikoetliso makhetlo a mararo ka beke hoa hlokahala ho ba boloka ba shahlile. Empa ke mofuta ofe oa boikoetliso?
Ho shahla ho kopanyelletsa matla a motho, lilemo, le mokoka, kahoo boikoetliso bo lokela ho rereloa ho eketsa ho otla ha pelo ea motho le phefumoloho nakong ea boikoetliso. Sena ke seo hangata se bitsoang boikoetliso ba li-aerobic. Ho matha, ho tsamaea ka potlako, tantši ea aerobic, ho tlōla khati, ho sesa, le ho palama baesekele ke mefuta e tloaelehileng ea boikoetliso ba li-aerobic, ’me mofuta ka mong o na le melemo ea oona le likotsi tsa oona ho itšetlehile ka boemo, theko ea lisebelisoa, likotsi, le tse ling.
Mefuta e meng ea boikoetliso e matlafatsa mesifa le ho neha ’mele sebōpeho. Mefuta ena e kopanyelletsa mechine ea boikoetliso le ho phahamisa litšepe. Boikoetliso bo joalo bo eketsa matla a motho le mokoka ’me bo ka ntlafatsa ponahalo—esita le melemo e meng ea ’mele o shahlileng.
Ho thoe’ng ka boikoetliso ba ’mele ntle ho lisebelisoa tsa ho ikoetlisa tseo bongata ba rōna re li hopolang ha re sa ntse re kena sekolo? Li re etselitse melemo e mengata, ebang re ne re li ananela kapa re ne re sa li ananele nakong eo. Ho otlolla matsoho, ho a fetola, le ho a sotha ho neha ’mele sebōpeho. Ho tlōla le ho raha ho potlakisa ho otla ha pelo. Ho lula fatše, ho phahama, le ho phahamisa hlooho ho matlafatsa mesifa. Molemo o moholo oa boikoetliso bo joalo ha motho a ntse a tsofala ke hore motho o lula a matlafetse, ’me u tsoela pele a le mafolo-folo.
Ho na le lipapali tsa boikhathollo—tenese, bolo ea rakete, softball, ho thellisa leqhoeng, le lipapali tse ling tse ngata. Melemo ea lipapali tse joalo ke hore ke e thabisang ho e-na le ho ba e tenang ’me e ka ba hona ho hlokahalang hore motho a ikoetlise ka mehla. Ho itšetlehile kamoo motho a li phehellang ka tsebo le matla, lipapali tse joalo li ka ’na tsa fana ka tekanyo e itseng kapa tsa se ke tsa fana ka eona joaloka mefuta e meng ea boikoetliso. Empa leha ho le joalo, li thusa ho lokisa ’mele, li matlafatsa tšebetso ea mesifa, ’me li eketsa mafolo-folo le mahlaha-hlaha.
Ha e le mona ho na le mefuta e mengata ea boikoetliso eo u lokelang ho khetha ho eona, lekunutu la katleho le itšetlehile ka ho khetha mofuta o le mong, kapa ho e kopanya, hore u e thabele. Sena se tla u thusa ho khomarela boikemisetso ba hao, kaha liphuputso li bontša hore ho tloha karolong ea 60 lekholong ho isa karolong ea 70 lekholong ea batho ba baholo ba qalang ho ikoetlisa e khaotsa ho ikoetlisa nakong ea khoeli kapa ho feta. Hopola, ke ho ikoetlisa ka mehla, eseng tekanyo ea boikoetliso hoo e leng ha bohlokoa. Ka ho ikoetlisa ka mekhoa e fapaneng ka linako tse fapaneng, u tla neha ’mele oa hao khōlo e eketsehileng, hore u shahle ka tsela e leka-lekaneng.
Ho khetha mofuta oa boikoetliso ho lokela ho laoloa ke lilemo tsa hao le bophelo ba hao ka kakaretso ho tloha qalehong. Ba nang le likhathatso tsa bophelo ba lokela ho bonana le ngaka ea bona pele ba simolla lenaneo la boikoetliso. Leha ho le joalo, qalisa butle-butle, ’me u ka eketsa tsoelo-pele ea hao. Ithute ka mekhoa ea ho ikoetlisa eo u batlang ho e khetha—libuka tsa boikoetliso le litaelo ha li haelle tabeng ena—’me u tla rua molemo le ho thabela boiteko ba hao.
[Lebokose le leqepheng la 12]
Likotsi Tsa ho Tsuba
◻ Koae e baka likotsi tse ngata le lefu har’a batho ba baholo ho feta ntho leha e le efe e chefu tikolohong.
◻ Litšenyehelo tsa bophelo lefatšeng ka bophara li atamela ho limillione tse 2,5 ka selemo, hoo e batlang e le karolo ea 5 lekholong ea mafu ’ohle.
◻ Litšenyehelo tsa bophelo bo botle hammoho le litahlehelo tsa moruo [United States] li tsamaela ho liranta tse limillione tse likete tse 99 ho ea ho liranta tse limillione tse likete tse 247 kapa liranta tse 3,25 ho ea ho tse 8,20 lebokose ka leng. Likakaretso tsena ha li kopanyelletse theko ea koae ka boeona—hoo e ka bang liranta tse millione tse likete tse 78 ka selemo.
◻ Mohlomong batho ba sa tsubeng ba hemang mosi o tsoang sakereteng ba ka bolaoa ke kankere ea matšoafo ka makhetlo a mararo ho feta ba neng ba sa pepesehela koaeng.
◻ Ho tsuba ha bo-’mè ho fokotsa matla a ’mele le kelello tsa bana ba bona, ’me linaheng tse ngata bana ba fetang karolo ea bohlano ba pepesehetse mosing oa ho tsuba ka tsela ena.