Re Phetse Hantle Hakae?
LIRANTA tse fetang limiliione tse 2 5000 ka letsatsi! Ke chelete eo batho ba United States ba e sebelisetsang bophelo bo botle. Baahi ba Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane ba sebelisa karolo ea bohlano ea chelete ea sechaba, kapa chelete e fetang liranta tse li-kete tse limillione tse 486 ka selemo, bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa bophelo ba bona bo botle. Boemo bona boa tšoana lichabeng tse ling tse ngata tse tsoetseng pele.
Ha ho pelaelo hore moahi e mong le e mong linaheng tsena o amehile haholoanyane ka bophelo bo botle. Libuka le li-video tse buang ka lijo le boikoetliso ba ’mele ke tsona tse hlahelletseng ka holimo lenaneng la libuka tse rekisoang ka ho fetisisa. Lijo tsa bophelo bo botle, lithibela-mafu, liaparo tsa boikoetliso ba ’mele, le lintho tsa ho ikoetlisa li fetohile khoebo ea liranta tse limillione. Mehleng ena setšoantšo sa motho ea atlehileng haesale sekhorane se mommeng sakerete se setenya empa ke motho e mosesanyane, ea hlomphehang, ea itlhatsoitseng hantle, ea amehileng ka ho shahla.
Ka tlhokomeliso ena eohle le thahasello tse fuoang bophelo bo botle le ho shahla, na ka ’nete re ka bolela hore re phela hantle ho feta meloko e fetileng? Na lichelete tse ngata tse sebelisetsoang ho lefa melato ea meriana le tlhokomelo ea bophelo bo botle li felletse ka boiketlo ho rōna bohle? Ha e le hantle, re phetse ha-ntle hakae?
Boemo Kajeno
Ho fapana le seo re ka se lebellang, litlaleho tse tsoang linaheng tse ruileng le tse futsanehileng ho potoloha lefatše li bontša hore kajeno batho ba hōle le boemo ba bophelo bo botle. Ha e bua ka maemo a fapaneng a bophelo bo botle lefatšeng ka bophara, tlaleho e lokiselitsoeng ke Worldwatch Institute e re: “Le hoja litlhoko tsa bona tsa bophelo bo botle li fapana haholo, barui le bafutsana ba na le ntho e le ’ngoe e tšoanang: ba shoa ho sa hlokahale. Barui ba bolaoa ke lefu la pelo le kankere, bafutsana bona ba bolaoa ke letšollo, lefu la matšoafo, le ’maselese.”
Ho sa tsotellehe tsoelo-pele phuputsong ea meriana, mafu a pelo le kankere a tsoela pele ho ba tšokelo linaheng tse ruileng. Ha e le hantle, tlaleho e ho The New England Journal of Medicine e re: “Ha re bone lebaka le letle la bokamoso ka tsoelo-pele eohle lilemong tsa morao tjena. Ha ho lebaka la ho nahana hore kankere e-ea fela.” Ha e le ka keketseho ea batho ba batlang ho shahla, boemo bona bo akarelitsoe hantle ke Ngaka Michael McGinnis oa Lefapha la Bophelo bo Botle le Litšebeletso tsa Batho U.S.: “Batho ba bangata ba tseba bohlokoa ba ho shahla. Empa ha ba nke bohato. Maamerika ha a shahla joalokaha a nahana.”
Ka lehlakoreng le leng, “kotara ea batho ba lefatše e hloka metsi a hloekileng bakeng sa ho noa le mokhoa oa ho tsamaisa likhoere-khoere,” ho boletse tlaleho ea Worldwatch. “Ka lebaka leo, mafu a letšollo ke seoa se hōlang linaheng tse fokolang moruong ’me ke sesosa se seholo sa lefu la masea.” Letšollo, lefu la matšoafo, ’maselese, ’metso, lefuba, le mafu a mang, a bolaea bana ba limillione tse 15 ba ka tlase ho lilemo tse hlano selemo le selemo ’me a thibela ho hōla ha bana ba bang ba limillione. Empa ka ho fapaneng, litsebi li ikutloa hore boholo ba mafu ana bo ka thibeloa habonolo.
Le hoja bana ba lichabeng tse tsoetseng pele ba ka ’na ba sireletsoa litlokotsing tse joalo, ho na le matšoao a tšosang a hore bophelo ba bacha ba kajeno ka kakaretso boa senyeha ho e-na le hore bo ntlafale. Ka mohlala The Guardian ea London, tlas’a sehlooho “Bana ‘ba ne ba Phela Hantle Lilemong tse 35 tse Fetileng,’” e tlaleha hore tlhahlobo e entsoeng ke Lekhotla la Liphuputso tsa Meriana e fumane “keketseho e khōlō ea bana ba lilemo tse ’ne ba amoheloang sepetlele, e leng liketsahalo tse imenneng ka makhetlo a mararo tsa bohloko ba asthma le keketseho e imenneng ka makhetlo a tšeletseng ea lefu la letlalo har’a moloko o mocha.” Hape ho fumanoe keketseho e sekhahla ea lefu la tsoekere har’a bacha, ho nona haholo, khatello, le mafu a maikutlo.
Liphuputso tsa sechaba United States li boetse li senotse hore boemo ba ’mele oa bana ba sekolo kajeno ha bo kamoo bo tlamehileng ho ba kateng. “Ke lekunutu le bolokiloeng ka thata kajeno Amerika—ho haella bacha ba shahlileng,” ho bolela George Allen, molula-setulo oa Lekhotla la Mopresidente Mabapi le ho Shahla ha ’Mele le Lipapali. Lipalo tsa morao-rao tse fanoeng ke lekhotla lena li bontša hore karolo ea 40 lekholong ea bashemane le karolo ea 70 lekholong ea banana ba lilemo tse 6 ho ea ho tse 17 ba sitoa ho etsa mofuta leha o le mong oa litlhakiso tsa ’mele. Liphuputso tse ling li fumane hore bacha ba ka tlase ho lilemo tse 20 kajeno ba na le khatello e phahameng ea mali, litekanyetso tse phahameng haholo tsa cholesterol maling le mafura a ’mele tse kotsi, ho sa boleloe mathata a tebileng a maikutlo, hammoho le mathata a tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala.
Ho Talima Pele
Bongata ba rōna re hlokomela hore boemo ba bophelo ba rōna bo botle boa lekanyetsoa, bo itšetlehile ka tekanyetso e itseng ka boemo ba bophelo ba rōna nakong ea bongoana ba rōna. Ka lebaka leo, ha ho makatse ha George Allen a hlokometse hore: “Seo ke amehileng ka sona ke hore haeba le se na bacha ba ithutang ho shahla hona joale, ba ke ke ba hlola ba ithuta ho shahla ha ba se ba hōlile.” Boemo bo joalo le lichabeng tse futsanehileng, ntle le hore ho na le bana ba bangata ba sa fuoeng monyetla oa ho hōla ho ba batho ba baholo ba phetseng hantle.
Mathata a tsielitse hoo a ke keng a hlōloa. Motho ka mong, ho sa tsotellehe hore u lula kae, ho na le seo u ka se etsang ka bophelo ba hao bo botle le ba lelapa la hao. Leha ho le joalo, boholo ba sena, bo itšetlehile ka pono ea hao ka bophelo ba hao bo botle le uena. Ke ’nete, ho ka botsoa lipotso: Bophelo bo botle ke eng? U ka etsa joang ho boloka bophelo bo botle? Li-potso tsena li tla arabeloa lihloohong tse latelang.