Bophelo bo Botle ke Eng?
NA KA sebele motho o phetse hantle hobane feela a sa kule? Ha e le hantle, ke hangata hakae u kileng ua utloa ka batho ba neng ba bonahala ba phetse hantle empa ka tšohanyetso ba shoa ka sesosa se sa lebelloang? Litlaleho li bontša hore hoo e batlang e le motho a le mong ho ba bahlano ea bolaoang ke lefu la pelo selemo le selemo o ne a sa bontše hore ho na le phoso ho eena. Ka ho hlakileng, ho ikutloa u phela hantle kapa u shahlile ha se tiiso ea hore u phetse hantle.
Nka mohlala oa sebapali sa basketball sa kolecheng se lilemo li 22. Ka tloaelo se ne se nkuoa e le motho ea phetseng hantle bocheng ba sona. Empa bosiung bo bong se ile sa shoa-ka tšohanyetso. Liphuputso li senotse hore sesosa sa lefu la sebapali sena ke ho noa lithethefatsi ka ho tlōtseng. Le hoja ho bonahala sebapali sena se shahlile, na se ne se phela bophelo bo botle? Che. Ha e le hantle, bophelo bo botle ke ho fetang feela ho se kule. Ke ’nete, lefutso le tikoloho li nka karolo ea tsona, empa tlas’a maemo a tloaelehileng, mohlomong tsela ea rōna ea bophelo ke lebaka le leng la bohlokoahali le laolang bophelo ba rōna bo botle. Seo re se jang le seo re se noang, kamoo re leng mafolo-folo kateng, phomolo eo re e fumanang, kamoo re arabelang kateng khatellong, le mekhoa e meng e mengata ea botho li ka matlafatsa bophelo ba rōna kapa tsa bo senya. Kahona, boholo ba bophelo ba rōna, ke seo re hlileng re se etsang ka bona. Molao-motheo oa Bibele, “hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona,” o boetse o sebetsa hantle bophelong ba rōna bo botle.—Ba-Galata 6:7.
Bophelo bo Botle le Mokhoa oa Bophelo
Ka mohlala, ke taba e tsebisahalang haholo hore lifemeng tse ngata tsa Japane, basebetsi ba ikoetlisa ka matla letsatsi le letsatsi. Phello?
“Ho na le bopaki bo bongata ba lipalo bo hatisang taba ea hore basebetsi ba Majapane ke bona ba phetseng hantle ka ho fetisisa lefatšeng,” ho bolela koranta Asiaweek. Ka lehlakoreng le leng, tlaleho e bontša hore mohlomong bonyane Japane “kankere ke sesosa sa lefu le le leng ho a mane; lefu la pelo le stroke ho motho a le mong ho ba bahlano, le lefu la ho phefumoloha le tšoarang motho a le mong ho ba leshome le metso e ’meli. Monna a le mong ho ba bang le ba bang ba 52 oa ipolaea (ho basali, ho ipolaea a le mong ho ba 70).”
Na lipolelo tsena li bonahala li ikhanyetsa? Ha ho joalo ha re hlahloba linnete. Ka lebaka la karolo ea 40 lekholong ea batho ba baholo ba tsubang lisakerete tse limillione tse likete tse 300 ka selemo, Japane e hlahella boemong ba bobeli lefatšeng lohle (ka mor’a Greece) bakeng sa motho ka mong ea tsubang. Ho feta moo, selemo le selemo banna ba Japane ba noa libotlolo tse limillione tse likete tse 8 tsa biri le lilithara tse 1,5 tsa joala bo sa tsoakoang monna ka mong ka beke. Sena se lekana le ho noa halofo ea lithara ea joala bo sa tsoakoang monna ka mong beke le beke. Ka sebele ho ne ho tla makatsa haeba mekhoa e joalo e kotsi e ne e ke ke ea ba le liphello tse bonahalang bophelong ba batho.
Le hoja ho ka ’na ha phehoa khang hore Majapane a phela nako e telele ho feta motho leha e le ofe le hore litekanyetso tseo ba sebelisang koae le joala ka tsona li tlase ho feta tsa batho ba bang, lipapiso tse joalo ha li sebetse. ’Nete ke hore batho ba shoa ba sa le banyenyane ebile e le ka ho sa hlokahaleng. Ba ka ’na ba bonahala ba phetse hantle ho feta batho ba bang, empa na ka sebele ba phetse hantle?
Ka ho hlakileng, bophelo ba rōna bo botle bo bontša kakaretso ea mokhoa oa rōna oa bophelo le litloaelo tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi. Bophelo bo botle bo akarelletsa tsela e leka-lekaneng ea bophelo e fellang ka boiketlo ba rōna ba ’mele, kelello, maikutlo, le ba sechaba, e leng lintho tse re nolofalletsang ho sebetsana le maemo a rōna ka katleho ’me re iphumanele thabo le khotsofalo mosebetsing oa rōna oa letsatsi le letsatsi. Ke eng seo re ka se etsang ho finyella seo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Lefutso le tikoloho li nka karolo ea tsona, empa mohlomong tsela ea rōna ea bophelo ke lebaka le leng la bohlokoahali le laolang bophelo ba rōna bo botle
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ponahalo ea bophelo bo botle e ka ba e thetsang