Pono ea Bibele
Seo u Lokelang ho se Tseba ka Mangeloi
“Liithuti tsa bolumeli tse ka bang 3 000 li ile tsa kopana ka matsatsi a mane New York bekeng e fetileng ho tla utloa litlaleho tse fetang 500 tsa litaba ho qala ka karolo ea boleng ba lithuto tsa kereke le bohlokoa ba litšebeletso tsa Pentacostal. Ha ho le ea mong ea ileng a bua ka mangeloi.”—Daily News, December 26, 1982.
KAJENO, lilemo tse robeli hamorao, baruti ba sa ntse ba bua hanyenyane ka mangeloi. Hobane’ng? Na mohlomong baromuoa bana ba leholimo ba talingoa e le karolo ea tšōmo ea boholo-holo? Kapa na ka sebele ba teng? Haeba ho joalo, ke eng seo u lokelang ho se tseba ka bona?
Na a Teng?
Mangeloi ha se feela “matla” kapa “motsamao oa bokahohle,” joalokaha bafilosofi ba bang ba bolela. Ke a sebele hore a boleloe ka makhetlo a makholo ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. Lipuong tsa pele tsa Bibele, mantsoe a ngoloang e le “lengeloi” (mal·’akhʹ, ka Seheberu; agʹge·los, ka Segerike) ha e le hantle a bolela “lenģosa” kapa “moromuoa.” Mantsoe ana a hlaha hoo e ka bang ka makhetlo a 40 ka Bibeleng, ka linako tse ling a supa ho batho, empa hangata a supa baromuoa ba moea.
Lengeloi le ileng la itlhahisa ho mosali oa Manoah eo e neng e le nyopa ho mo tsebisa hore o tla emola mora, Samsone, ebile la sebele ho eena. Ho ne ho le joalo ka mangeloi a mararo a ileng a itlhahisa ho Abrahama le mosali oa hae Sara, le a mabeli a ileng a batla Lota, le le ileng la lula tlas’a sefate se seholo ’me la bua le Gideone. (Genese 18:1-15; 19:1-5; Baahloli 6:11-22; 13:3-21) Nakong ea tsoalo ea Jesu, ka tšohanyetso lengeloi le ile la itlhahisa ho sehlopha sa balisa har’a khanya e phatšimang.—Luka 2:8, 9.
Mangeloi ao e ne e le a sebele. E ne e se tšōmo feela kapa matla ao e seng a batho. A ile a phethahatsa morero oo a o neiloeng ke Molimo e le baromuoa, ’me litlaleho tsena li ngotsoe ka ho loketseng ka Bibeleng molemong oa rōna kajeno. (2 Timothea 3:16) Kahoo Bibele e senola lintlha tsa bohlokoa ka mangeloi tseo u lokelang ho li tseba, tseo tse ling tsa tsona li sa lumellaneng le likhopolo tsa meetlo.
A Tšoana le Eng?
Mohlomong u ka tšoantša mangeloi le basali ba batle kapa e le masea a shahlileng, libōpuoa tse kang masea tse nang le mapheo, tse bososelang ha monate tse apereng liaparo tse telele tse tšoeu, tse letsang liharepa tse nyenyane, ’me li fofa sebakeng. Haeba ho joalo, u lokela ho tseba hore ana ke maikutlo a fosahetseng a tsoang likhopolong tsa bohetene, joaloka litšōmo tsa Magerike. Kapa ke likhopolo tse ileng tsa amoheloa ka mor’a hore ho qetoe ho ngola Bibele. Liponong tsa Bibele tsa tšoantšetso, libōpuoa tsa moea joaloka lirafime le likerubime li na le mapheo.—Esaia 6:2; Ezekiele 10:5; Tšenolo 14:6.
Lentsoe la Molimo le hlalosa mangeloi e le libōpuoa tse matla tsa moea tse sa bonahaleng. (1 Marena 22:21; Pesaleme ea 34:7; 91:11) Ke “lengeloi la Jehova” le ileng la bolaea Baassyria ba 185 000 liahelong tsa sera sa Iseraele ka bosiu bo le bong feela! (Esaia 37:36) Ha mangeloi a ne a itlhahisa ho batho, ka mehla a ne a iponahatsa e le banna ba felletseng, e seng joaloka basali kapa bana ’me ha ho mohla a neng a le sebōpehong se tlaasana sa batho.
Libōpuoa tsena tse matla tsa moea li ne li tsoa kae? Bibele e bolela hore “hobane ka ho eena [Jesu] ho hloliloe tsohle tse maholimong le tse lefatšeng, tse bonoang le tse sa bonoeng.” (Ba-Kolosse 1:16) Jehova Molimo ka Mora oa hae oa letsibolo, ha a bōpa feela mangeloi nako e telele pele ho motho empa hape o a entse ka mokhoa o phahameng haholoanyane oa bophelo ho feta motho.—Jobo 38:4, 7; 2 Petrose 2:11.
Na a na le Botho?
Mangeloi joaloka batho, a na le maikutlo. Ka mor’a ho paka ka pōpo ea lefatše, re bolelloa hore mangeloi a ile “a ntša mehoo ea thabo,” esita le ho “bina ka nyakallo.” (Jobo 38:7) Hape Bibele e senola hore “thabo e teng pel’a mangeloi a Molimo ka moetsalibe a le mong ea bakang.” (Luka 15:10) Ka sebele, ha ho “matla” ao e seng a motho a ka beng a ile a latsoa thabo e khōlō e hlalositsoeng litemaneng tseo.
Mangeloi a boetse a na le meeli. Linnete tse ling ka Kreste le bokamoso li ile tsa senoleloa batho ba baprofeta empa e seng mangeloi. Lentsoe la Molimo le re bolella hore ke linthong tsena “mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela.” (1 Petrose 1:10-12) Ha e le letsatsi le tobileng le khethiloeng ke Molimo la ho tla ha Morena, Jesu o itse: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši.”—Mattheu 24:36.
Hape, mabitso a mangeloi a mabeli, Mikaele le Gabriele, aa hlaha ka Bibeleng. (Daniele 12:1; Luka 1:26) Na see ha se phaelle bopaking ba botho ba ’ona bo sa tšoaneng? E le batho ka bomong, a ne a sa hlophisoa joaloka computer kapa roboto ho sebetsa ka tsela e itseng. Ho fapana le seo, mangeloi a filoe matla a ho nahana ’me a na le bolokolohi ba ho etsa liqeto ka se lokileng le se fosahetseng. Kahoo, e le batho ba nang le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto, mangeloi a mang a ile a khetha ho rabela khahlanong le Molimo ’me a fetoha Satane le bademona ba hae.—Genese 6:1-4; Juda 6; Tšenolo 12:7-9.
Na a Lokela ho Rapeloa?
Le hoja re ka hlokomela hore boteng ba mangeloi e le ’nete, e seng tšōmo, re tlameha ho qoba ho fetelletsa lintho. Mekhatlo e meng ea bolumeli e hlompha mangeloi ka ho sa tšoanelang le hoja borapeli ba mangeloi bo nyatsoa ka Bibeleng. (Ba-Kolosse 2:18; Tšenolo 22:8, 9) Kereke ea K’hatholike e entse Mikaele le Gabriele litšoantšo tse rapeloang. Likerekeng tsa Orthodox Bochabela, mangeloi a bohlokoa haholo lithapelong tse pheta-phetoang. Sena se fapane hakaakang le temoso e fanoeng ke lengeloi la Jehova ha moapostola Johanne a oela maotong a lona. “U se ke ua etsa hoo; hobane ke molekane oa hao oa tšebeletso.”—Tšenolo 19:10.
Ke hobane’ng ha ho na le pherekano e ngata hakaale ka mangeloi? Satane ea ikhakanyang joaloka “lengeloi la leseli,” o “foufalitse likelello tsa batho ba sa lumelang.” (2 Ba-Korinthe 4:4; 11:14, NW) Ka hona, na e ne e ke ke ea ba ntho e utloahalang ho lebella hore ba bangata kajeno ba ne ba tla ba le likhopolo tsa bona ka boteng ba mangeloi ho e-na le ho amohela seo Lentsoe la Molimo le se bolelang? E, le hoja baruti ba ka ’na ba bua hanyenyane ka mangeloi, re na le tiisetso ea Molimo ka tlaleho ea Bibele hore ka sebele a teng ’me a phethahatsa tšebeletso e hlomphehang joaloka baromuoa ba Jehova.—Ba-Heberu 1:7, 14; 6:18.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Mangeloi a tšoantšoang e le libōpuoa tse kang masea a nang le mapheo ke likhopolo tsa bohetene
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Cupid a Captive ka François Boucher, c. 1754