Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 6/8 maq. 27-28
  • Lithunya—Lefatše le se Nang Tsona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithunya—Lefatše le se Nang Tsona
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matsatsi a ho Qetela—Ebe ho Latela’ng?
    Tsoha!—2008
  • Lefatše le se Nang Ntoa le Haufi
    Tsoha!—1996
  • Lipotso Tse ’Nè ka Bofelo Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ‘Litaba tse Molemo’ Tseo li Ratang ha U li Utloa
    Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 6/8 maq. 27-28

Lithunya—Lefatše le se Nang Tsona

HO TLOHA tšimolohong ea histori ea motho, motho o ’nile a sebelisa pefo litšebelisanong tsa hae le batho ba bang. Ho bolaea ho hlahile ka lelapeng la pele ha Kaine a bolaea moen’ae Abele. Polao e tsoetse pele ho tloha nakong eo—ka malapeng, har’a merabe, le mahareng a lichaba. Ha libetsa li e-ba matla haholoanyane, mahlatsipa a ile a ngatafala. Majoe le melamu li ile tsa nkeloa sebaka ke marumo le metsu, ’me marumo le metsu li ile tsa nkeloa sebaka ke lithunya le libomo. Polao ea batho ba makholo e ile ea fetoha polao ea batho ba likete; kajeno polao ea ba likete e fetohile ea ba limillione. Ha ho joalo lintoeng feela empa le nakong ea khotso. Ha se masole feela empa le baahi. Ha se batho ba baholo feela empa le bana. Na pefo e eketsehang e tla ke e fele? Haeba ho itšetlehile ka batho, litebello li lerootho.—2 Timothea 3:1-5, 13.

Kreste Jesu o profetile hore ena e ne e tla ba nako eo lichaba li neng li tla tsohela lichaba tse ling lintoeng tse sehlōhō, ’me li ne li tla bolaea batho ba limillione. Mafu a seoa le litšisinyeho tsa lefatše li ne li tla eketseha libakeng tse ngata. Motho o ne a tla silafatsa lefatše ho isa boholeng boo matla a lona a ho boloka bophelo ka boona a neng a tla sokeloa—hona joale boramahlale ba bangata ba bua ka tšabo eo. Empa lerato la motho la chelete le mo entse hore a kenelle ka sekhahla tšilafalong, ’me tšilafalo e tla khaotsa feela ha Jehova Molimo ka boeena a kenella “ho senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

Batho ba bangata ba soma litemoso tseo ’me ba phethahatsa karolo e ’ngoe ea pontšo e profetiloeng ea mehla ea bofelo: “Le ntse le tseba haholo-holo hobane, mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joale ka qalong, ha li hloloa.”—2 Petrose 3:3, 4.

Empa leru lena le letšo le oka-okelang batho le na le molemo. Jesu o profetile hore nakong ea ho ba teng ha hae, “lefatšeng, lichaba li tla tsieleha li sa tsebe moo li tsoang le teng ka baka la leoatle le lumang le maqhubu a lona, ha batho ba ilibana ke tšabo le ke tebello ea lintho tse tlelang lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” Empa hape o boletse hore e ne e tla ba nako ea ho ‘emisa lihloho tsa rōna, le ho lelala holimo, hobane topollo ea rōna e tla be e atametse.’—Luka 21:25-28.

Lichaba li tsielehile, matšoele a batho a ferekane, ’me batho ka bomong ba tšabong ea lintho tse tlelang lefatše, empa ke nako ea pholoho ho ba emetseng ’Muso oa Molimo o tlang le Puso ea Kreste Jesu ea Lilemo tse Sekete. Eo e tla ba nako ea phethahatso ea tšepiso ea Jehova Molimo ea “maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.

Ho tla be ho se ho se na lithunya! Li ke ke tsa hlokahala bakeng sa ntoa. “O felisitse lintoa ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.”—Pesaleme ea 46:9.

Ha ho tse tla hlokahala ho itšireletsa. “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”—Mikea 4:4.

Ke batho ba lokileng feela, ha ho le a mong oa ba khopo ea tla ba teng. “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holima lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.” (Liproverbia 2:21, 22) Joale “ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.

Mahlong a Molimo pefo e senya lefatše. Mehleng ea Noe “lefatše le ile la senyeha mahlong a Molimo oa ’nete ’me lefatše la tlala pefo.” (Genese 6:11-13, NW) Kahoo, Jehova o ile a timetsa lefatše leo ka Moroallo oa lefatše lohle. Jesu o ile a tšoantša ho fela ha lefatše lena la joale le mabifi nakong ea ho ba teng ha hae le ho fela ha lefatše la boholo-holo: “Hobane joale ka mehleng e bileng teng pele ho moroallo oa metsi, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke ona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.”—Mattheu 24:38, 39.

Lefatšeng le lecha la Molimo, motho e mong le e mong ea phelang o tla phethahatsa Mareka 12:31: “Rata oa heno joale ka ha o ithata.” ’Me Esaia 11:9 e re: “Ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” Se tla boela se phethahatsoe lefatšeng leo le lecha la ho loka e tla ba maemo a khanyang a hlalositsoeng ho Tšenolo 21:1, 4: “Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” Ka sebele, mokhatlo oa batho o nang le libetsa o ke ke oa ba teng!

Ha ho le e ’ngoe ea liphetoho tsena tse bohlokoa bakeng sa tlhohonolofatso ea batho tse tla tlisoa ke batho ba lihang mebuso ka lithunya tse bolaeang bahanyetsi. Ho e-na le hoo, liphetoho li tla tlisoa ke Jehova Molimo ka ’Muso oa hae tlas’a Kreste Jesu. Kahoo Esaia 9:6, 7 e re: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa Khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela