Matsatsi a ho Qetela—Ebe ho Latela’ng?
BATHO ba bang baa tšoha ha ba nahana ka ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Timothea 3:1) Ba inahanela feela ka linako tse mahlonoko. Empa ke hobane’ng ha ka nako e telele batho ba bangata hakaale ba ’nile ba lebella matsatsi a ho qetela ka thabo? Ke hobane matsatsi a ho qetela a boetse a bolela hore ka pele ho larile nako e thabisang.
Ka mohlala, Monghali Isaac Newton o ne a kholisehile hore ka mor’a bofelo e tla ba nako ea khotso lefatšeng ka bophara le ea nala Pusong ea ’Muso oa Molimo ea Lilemo Tse Sekete. O ile a bolela hore boprofeta ba Mikea 4:3, hammoho le ba Esaia 2:4, bo ne bo tla phethahala ka nako eo: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”
Ha Jesu a ne a bua ka nako ea bofelo, o ile a phehella balateli ba hae hore ba tiee moko. Ka mor’a hore a bue ka mathata, mahlomola le tšabo tse neng li tla ba teng nakong ea matšoenyeho a maholo, o ile a re: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.” (Luka 21:28) Ba ne ba tla lopolloa ho eng?
Seo Molimo a se Tšepisang
Kajeno batho ba bangata ba angoa ke lintoa, liqhoebeshano tsa mahae, tlōlo ea molao, pefo le tlala, ha re bolela tse seng kae feela ’me ba limilione ba phela tšabong ke tsona. Na u anngoe ke tse ling tsa lintho tsee? Joale hlokomela seo Molimo a se tšepisang:
“Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:10, 11.
“Sechaba sa ka se tla lula sebakeng sa bolulo sa khotso le bolulong bo tletseng kholiseho e feletseng le libakeng tsa bolulo tseo ho seng khathatso ho tsona.”—Esaia 32:18.
“[Jehova] o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.”—Pesaleme ea 46:9.
“Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:4.
“Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.
“Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”—Liproverbia 1:33.
Esita le haeba re lula moo maemo a batlang a se mabe, kaofela ha rōna re talimane le ho kula le lefu. Lintho tsena le tsona li tla felisoa lefatšeng le lecha la Molimo. Ka hona re ka tšepa hore re tla boela re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng. Ela hloko lintlha tse latelang:
“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.
“[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
“E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:26.
“Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29.
Moapostola Petrose o ile a akaretsa lintlha tsena kaofela hantle, ha a ngola a re: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) E le hore ho loka ho be teng lefatšeng ka bophara, ho tla hlokahala hore ho tlosoe motho leha e le ofe ea bakang pherekano lefatšeng. Ho tla boetse ho hlokahala hore lichaba tsa kajeno tse fehlang lintoa le ho tšolla mali a mangata ka lebaka la lithahasello tsa tsona tsa boithati le tsona li felisoe. Mebuso eohle ea lefatše e tla nkeloa sebaka ke ’Muso oa Molimo o laoloang ke Kreste. Mabapi le puso eo, re tiisetsoa sena: “Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso, teroneng ea Davida le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata le ho o tšehetsa ka toka le ka ho loka, ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.”—Esaia 9:7.
U ka ba le tšepo ea ho bona lintho tsena, kaha Bibele e re tiisetsa hore “thato ea [Molimo ke] hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) U se ke ua senya nako. Rua tsebo e tla etsa hore u fumane bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Qala ka ho iteanya le bahatisi ba makasine ena ’me u kōpe hore ba u rute Bibele lapeng ba sa u lefise.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
U ka lebella ho phela ka ho sa feleng ka khotso, u phetse hantle ’meleng Paradeiseng e tlang mona lefatšeng