Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 6/8 maq. 29-31
  • Kamoo U ka Etsang Lintho tse Ngata ka Nako e Nyenyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Etsang Lintho tse Ngata ka Nako e Nyenyane
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lekanyetsa Lintho tse Tlang Pele
  • Hlophisa Mesebetsi
  • Ho Khetha Nako e Molemo ka ho Fetisisa
  • Nahanela
  • E ba Motho ea Fetohang
  • Fumana Thuso
  • Khotsofalla ho ba ’Mè
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Nka Etsa Joang ka Mosebetsi oa Sekolo o Etsoang Lapeng o Mongata Hakaale?
    Tsoha!—1993
  • Ho Ananela Basali le Mosebetsi oa Bona
    Tsoha!—1998
  • Karolo ea Mosali ka Mangolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 6/8 maq. 29-31

Kamoo U ka Etsang Lintho tse Ngata ka Nako e Nyenyane

‘Nako e ile kae?’ Ke ka makhetlo a makae u kileng ua iphumana u ipotsa potso eo? Haeba u tšoana le batho ba bang ba bangata, mohlomong u tla ipotsa eona ho feta kamoo u ka hopolang kateng.

Litlhahiso tse latelang li tsoa ponong ea mosali, empa kaha monna le mosali ba na le nako lekanang beke le beke, potso ea hore, ‘Nka fumana nako e eketsehileng joang nakong eo ke nang le ona?’ ke eo monna le mosali ba ka ratang ho e arabela.

Lekanyetsa Lintho tse Tlang Pele

Kaha mosebetsi o mong le o mong bophelong o hloka nako, ka tlhaho ho na le lintho tse ling tse nkang sebaka sa pele ho tse ling. Ka mohlala, hoseng ha letsatsi le batang la mariha, ha ho letho leo ’mè a ka ratang ho le etsa ha e se ho ithoballa nako e telele likobong tsa hae tse futhumetseng. Empa tšupa-nako e bontša hore ke nako ea ho lokisetsa lijo tsa hoseng le hore monna oa hae o lokela ho ea mosebetsing le bana ba ee sekolong.

Lintho tse tlang pele li lekanyetsoa haeba lelapa la hao le tla lokela ho sebetsa hantle. Ho na le nako ea ho ea reka lijo le nako ea ho li pheha; nako ea ho hloekisa ntlo le ho hlatsoa liaparo; nako ea ho phomola le nako ea ho ithuta; nako ea ho hlahloba mosebetsi oa bana oa sekolo le oa lelapa—’me lenane ha le khaotse.

Na u sebetsa kantle ho lelapa? Haeba ho joalo, u na le mesebetsi e eketsehileng eo u lokelang ho e etsa, nako ke ea bohlokoa haholoanyane. U ke ke ua senya nako kapa ho behella lintho letsatsi le latelang. Ke kahoo basali ba bangata ba lumelang hore ho hlokahala kemiso haeba ba tla qeta mosebetsi oa bona.

Josephine, ’mè oa bana ba tšeletseng ho tloha ka ba lilemo tse peli ho ea ho tse 15, o re: “Ka ntle ho kemiso ea letsatsi le letsatsi, nke ke ka finyella lipakane tsa ka tsa letsatsi ka leng.” Sandra ea nang le bana ba bararo, o sebetsa kantle ho lelapa lihora tse 25 ka beke ’me oa lumela: “Haeba ke ne ke se na kemiso, ke nahana hore ke ne ke tla hlanya.”

Ho feta moo, ntle ho pelaelo lintho tse tlang pele li lekanyetsoa ke bohlokoa ba nako. Ho joalo ka Lola. Ha se monna feela eo a lokelang ho mo hlokomela empa o boetse o sebetsa lihora tse 90 ho isa ho tse 100 ka khoeli mosebetsing oa hae oa thuto ea Bibele. O re: “Nako ke ntho ea bohlokoa haholo ho ’na. Ke lumela hore ha se ntho e lokileng ho emisetsa batho lelea. Ha ba leqe ba hlokomela hore nako ke ntho ea bohlokoahali ho ’na, ba hlokomela nako ea ka haholo.”

Hlophisa Mesebetsi

Ke hobane’ng ha ho bonahala basali ba bang ba sa qete mesebetsi ea bona? Kapa ke hobane’ng ha ka mehla ba bang ba lla ka hore nako e khutšoane? Na ebe mohlomong lebaka le leng ke hore ba hlōleha ho hlophisa mosebetsi oa bona? Nakong e fetileng ho ne ho nka basali letsatsi lohle ho hlatsoa ’me ho nke letsatsi la bobeli ho tereka ’me ba ntse ba tlameha ho ea mabenkeleng letsatsi le letsatsi le ho pheha. Leha ho le joalo, kajeno linaheng tse ngata mosali a ka tseba ho hloekisa ntlo, a hlatsoa liaparo le ho li omisa esita le ho pheha haeba a na le tlhophiso. Lisebelisoa tsa kajeno li lokollotse basali ba bangata ho sebetsa ka ntle ho lelapa empa ba ntse ba tseba ho hlokomela litlhoko tsa lelapa.

Empa ho thoe’ng ka nako eo u e qetang u le sieo lapeng? Ka ntle ho nako ea mosebetsi, nako e ’ngoe e sebelisoa ho ea mosebetsing le ho khutla, ho leta ofising ea ngaka ea meriana kapa ngaka ea meno kapa leha e le hokae. Na nako ena e ka sebelisoa habohlokoa? Ka mohlala, na u motho ea lohang, ea rokang kapa ea etsang mekhabiso? Na mohlomong u ka behela lintho tsena nako le sebaka? Basali ba bangata ba bala, ba ngola manane a lintho tseo ba lokelang ho li reka, kapa ho ngola mangolo. Ha e le hantle, lekhetlong le latelang ha u lula fatše ho shebella TV, ke hobane’ng ha u sa roke kapa ho etsetsa lelapa lintho tse ling? Ba ka ananela lintho tsena ho feta lintho tse rekiloeng mabenkeleng, ’me u tla ba le bopaki bo tiileng ba ho se senye nako!

Leha ho le joalo taba ena e habeli. Motho o lokela ho qoba ho ba ea tšoarehileng ka ho fetelletseng ka ho leka ho sebelisa motsotso o mong le o mong. U ka fetoha lekhoba la nako ’me seo se tla u amoha thabo. Ho na le linako tseo motho a ratang ho lula fatše a khutse ’me a bohe seo a se entseng. Ruri linako tse joalo e ka ba tsa bohlokoa!

Molao-motheo o tšoanang o tla sebetsa tabeng ea ho boloka chelete. Ho hlokahala ho leka-lekana. U ka ’na ua theosa le ho nyolosa ka koloi toropong bakeng sa ho baballa lisente li se kae empa oa sebelisa nako e ngata le mafura bakeng sa ho etsa joalo. Ha e le hantle, ha u le lenaneong le tiileng la ho lekanyetsa lintho tseo u tla li reka, ho boloka chelete ke ha bohloka haholo. Mohlomong ho reka lebenkeleng le le leng le leholo ho ka thusa. Joale u se u tseba hore na lintho tseo li hokae (hoo ho u bolokela nako), ’me ua tseba hore na litheolelo li neng (e leng ho u bolokelang chelete).

Ho Khetha Nako e Molemo ka ho Fetisisa

Mosali e mong le e mong u na le nako ka hare ho eena. Ba bang ba sebetsa hamolemo hoseng; ba bang ha ba sebetse hantle ho fihlela thapama. Haeba u le motho ea sebetsang hoseng, etsa kemiso ea mesebetsi ea hao e boima nakong eo. Sebelisa mehloli ea hao ea matla hamolemo. Haeba u sebetsa kantle ho lelapa, ke hobane’ng ha u sa buisane le mong’a hao? Ho tla ba molemong oa hao le molemong oa hae ho hlophisa mosebetsi oa hao hantle. Haeba ka lehlakoreng le leng u tsoafa hoseng, bolokela mosebetsi oa hao oa bohlokoa hamorao ha u ikutloa hore u tla sebetsa hamolemo.

Mary ke motho ea sebetsang hoseng. O nahana hore nako eo a e sebelisang boboleling ba hae ke karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea letsatsi la hae. Kahoo o na le mosebetsi oa nakoana thapama. Sena se mo nolofalletsa ho sebelisa nako ea hae e ngata mosebetsing oa hae oa thuto ea Bibele. Na u ka etsa ntho e tšoanang ka kemiso ea hao?

Nahanela

Hore kemiso ebe e sebetsang, ha ea lokela ho akarelletsa mesebetsi e mengata haholo. Ho leka ho iketsa ’Mè ea Molemo ka ho fetisisa, Mosali, kapa Mosebeletsi ho ka lebisa masoabing le pherekanong. Sena se joalo haholo-holo haeba u na le mathata a bophelo bo botle. Ithute ho sebetsa lintho tseo u li finyellang.

Dolly ea nang le bohloko ba matšoafo, oa hlalosa: “Nako ea ka e likoloha mosebetsing oa monna oa ka. Ke molebeli ea tsamaeang. Kaha re lula ntlong e nyenyane e tsamaeang, ha a entse mosebetsi oa hae, joale ke etsa oa ka. Bohloko ba ka bo nthibela ho etsa sohle seo ke neng nka rata ho se etsa. Empa ha ke na le matla, mosebetsi oa ka oa boboleli o tla pele. Lintho tse ling li tloheloa li sa etsoa letho letsatsing leo.”

E ba Motho ea Fetohang

Teko ea mokoka oa mosali ke pontšo ea kamoo a tla sebetsa tlas’a khatello. Haeba a ka lula a khutsitse, o tla finyella mosebetsi o mongata ho feta ho etsa mosebetsi ka maikutlo.

Sandra o ile a fumana lekunutu la ho laola khatello. O re: “Ha ho hlaha maemo a tšohanyetso ’me ke ikutloa ke le maphathe-phathe, kea iphomolela. Ke ea tseba hore seo se utloahala se makatsa empa se hlile se ea sebetsa. Hang ha ke khutletse taolong, joale ke tseba ho lekanyetsa lintho tse lokelang ho etsoa pele. Haeba ke sa phomole, ha ke tsebe ho hlophisa lintho tse tlang pele. Ha lintho tsena li se li hlophisitsoe, ke potlakisa mesebetsi ea ka ho khahlametsa maemo a tšohanyetso le ho etsa lintho tse ling. Ka mohlala, baeti ba bang ba ka fihla e sa le pele bakeng sa lijo tsa motšehare. Ho e-na le ho tsila-tsila, ke pheha ke ntse ke ba thabisa ka hohle kamoo nka tsebang kateng. Kaofela baa khatholoha le ho ithabisa.”

Fumana Thuso

Ka nako e ’ngoe motho e mong o kile a re motho ea molemo ke ea nang le thuso. Na u batla thuso ea ba bang mosebetsing? Ha basebetsi-’moho ba tseba hore thuso ea bona ea ananeloa, ba ithaopela ho u thusa habonolo. Ho joalo le ka mosebetsi oa lapeng. Ka bomalimabe, basali ba bang ke bahlokomeli ba matlo le liphehi tse hloahloa hoo ba sa khothalletseng thuso. Mohlomong leo ke lebaka leo basali ba bang le bo-’mè ba nang le mosebetsi o mongata haholo ha litho tsa malapa a bona ho bonahala li sa etse letho.

Joale ho thoe’ng ka uena? Haeba u hloka thuso, na ua e khothalletsa? Na u kōpa thuso, kapa oa e batla? Mantsoe a kang “Ke kōpa hore” a utloahala a ipiletsa ho feta “Ke batla”—ebang u buisana le bana ba hao kapa le monna oa hao.

Mosali e mong ha a babatsa thuso ea monna oa hae o re: “Ke motho ea lokileng tabeng eo. Ha ke sa phela hantle, o re ke tsamaee ke ilo robala, ’me u tla pheha lijo tsa motšehare; bana bohle baa fihla ’me ba kenya letsoho mosebetsing. Ruri ke ananela seo haholo!”

Ke boikutlo bo botle hakaakang boo lelapa le nang le bona! Empa motho oa bohlokoa tabeng ena ke ’mè. A ka ruta bana ba hae bohlokoa ba nako le ho hōlisa boikutlo bo botle ka mosebetsi. Bana ba joalo hangata ba tla rata ho kenya letsoho hobane ba thabela ho tlatsetsa pakaneng ea lelapa.

Ka masoabi, batho bang ba senya nako ho sa tsotellehe seo batho ba bang ba se etsang kapa ho se bua. Re ke ke ra ba fetola; empa rōna re ka intlafatsa. Re ka ikemisetsa ho ba nahanelang ka nako, ba hlophisehileng haholoanyane, ba nang le lintho tse tlang pele, le ba kōpang thuso moo ho hlokahalang.

[Litšoantšo tse leqepheng la 30]

Lintho tsa bohlokoa li lokela ho etelletsoa pele haeba lelapa la hao le tla sebetsa hamolemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela