Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 7/8 maq. 26-27
  • Makholo a Lilemo Tsa Likarohano Likarohano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Makholo a Lilemo Tsa Likarohano Likarohano
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karohano e Ncha
    Tsoha!—1990
  • Ke Hobane’ng ha ho na le “Lipelaelo Tse Tebileng?”
    Tsoha!—1990
  • Karolo 15—1095-1453 C.E.—Ho Sebelisa Sabole
    Tsoha!—1989
  • Na Bonngoe ba Bokreste ke Ntho e ka Finyelloang?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 7/8 maq. 26-27

Makholo a Lilemo Tsa Likarohano Likarohano

LENTSOE la Senyesemane “schism” (le bitsoang ka litsela tse sa tšoaneng e le sizm, skizm kapa shizm) le ’nile la hlalosoa e le “ketsahalo eo ka eona sehlopha sa bolumeli se arohanang ho ba lihlopha tse peli kapa ho feta tse fapaneng, le tse ikemetseng.”

330 C.E. “Karohano mahareng a Magerike le Bokreste-’mōtoana ba Latin. . . . Ho theoa ha Constantinople, ‘Roma e ncha’ (330), ho ile ha nkela ‘Roma ea khale’ sebaka e le motse-moholo oa babusisi, e ile ea jala lipeō tsa tsekisano ea kereke mahareng a Greek East le Latin West.”—The Encyclopedia of Religion.

330-867 C.E. “Ho tloha qalong ea Seboka sa Babishopo sa Constantinople ho fihlela karohanong e khōlō ka 867 lenane la litlōlo tsena tsa nakoana tsa molao oa selallo ke le tšabehang. . . . Lilemong tsena tse 544 (323-867) ha ho tse ka tlaase ho 203 tse ileng tsa sebelisoa ke Constantinople boemong ba karohano [le Roma holim’a litseko tsa bolumeli tse amanang le thuto ea Boraro-bo-bong le borapeli ba litšoantšo].”—The Catholic Encyclopedia.

867 C.E. “Seboka sa Babishopo Constantinople se ile sa boloka boemo ba sona khahlanong le Roma nakong ea se bitsoang Karohano ea Photius. Ha Mopapa Nicholas I a ne a phephetsa bophahamo ba Photius tulong ea bapapa . . . mopatriareka Byzantine o ile a hana ho khumama. . . . Nicholas . . . o ile a khaola Photius; lekhotla la Constantinople le lona le ile la arabela (867) ka ho khaola Nicholas. Litseko tsa potlako mahareng a liboka tsena tsa babishopo tse peli e ne e le litaba tsa bohlokoa kerekeng, litšebeletsong tsa kereke, le taeong ea baruti.”—The New Encyclopædia Britannica.

1054 C.E. “TSEKO EA BOCHABELA LE BOPHIRIMELA, ketsahalo e ileng ea potlakisa karohano ea ho qetela pakeng tsa likereke tse ka Bochabela [Orthodox] tsa Bokreste . . . le Kereke e ka Bophirimela [ea Roma e K’hatholike].”—The New Encyclopædia Britannica.

1378–1417 C.E. “KAROHANO E [KHŌLŌ] EA BOPHIRIMELA—Nako . . . eo ho eona Bokreste-’mōtoana ba Bophirimela bo ileng ba arohana likarolo tse peli tsa bapapa, ’me hamorao tse tharo, [ka bapapa ba tsekisanang ba lulang Roma, Avignon (Fora), le Pisa (Italy)].”—New Catholic Encyclopedia.

Lekholong la bo16 la lilemo C.E. “Mabapi le Tsosoloso ea Protestanta, . . . Kereke e K’hatholike e ne e atisa ho sebelisa lentsoe bokoenehi ho e-na le karohano.”—Théo—Nouvelle encyclopédie catholique.

1870 C.E. “Seboka sa Pele sa Vatican, se ileng sa buella ‘ho se etse liphoso’ ha mopapa, se tlisitse karohano ea ‘Mak’hatholike a khale.’”—La Croix (ea ka mehla ea K’hatholike Paris).

1988: Karohano ea Mobishopo e Moholo Lefebvre, ea “ileng a qala karohano Kerekeng e K’hatholike ka ho phephetsa ha hae Mopapa le moea oa Seboka sa Bobeli sa Vatican . . . ea nkang Maprotestanta e le bakoenehi, ea nahanang ho kopana ha malumeli e le mosebetsi oa diabolose, ke ea ikemiselitseng ho shoa a khaotsoe ho e-na le ho boelanngoa le kereke ‘ea kajeno.’”—Catholic Herald.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela