Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 8/8 maq. 10-12
  • Na Hoa Tsotelleha Hore ke Shebella Libaesekopo Life?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Hoa Tsotelleha Hore ke Shebella Libaesekopo Life?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libaesekopo—Mekhoa ea Morao-rao
  • Tlhaselo Mahlong le Litsebeng tsa Hao
  • Tlhaselo Kelellong le Boitšoarong ba Hao
  • Liphello tse Bolotsana
  • Nka Khetha Baesekopo e Loketseng Joang?
    Tsoha!—1990
  • Ke Eng se Tšabehang Hakaana ka Libaesekopo Tse Tšosang?
    Tsoha!—1988
  • U Tla Shebella Lifilimi Life?
    Tsoha!—2005
  • Nka Fumana Boithabiso bo Nepahetseng Hokae?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 8/8 maq. 10-12

Bacha Baa Botsa . . .

Na Hoa Tsotelleha Hore ke Shebella Libaesekopo Life?

MOCHA e mong ea bitsoang Karen oa bolela: ‘Libaesekopo ha li hlile ha li ntšusumetse hobane ke ea libaesekopong hore ke tšabe le ho tšoha hore feela ke ithabise.’ Bacha ba bangata ba hlalosa ka ho tšoanang hore ba sireletsehile tšusumetsong ea lifilimi. Leha ho le joalo, Georgia e mocha, ha a lumellane le bona. Kaha o bone libaesekopo tse ngata tse lekanyelitsoeng batho ba lilemo tse itseng feela ka baka la bobe ba tsona, o re: “U ke ke ua lebala litšoantšo tseno . . . Ha u ntse u nahana ka tsona ka ho eketsehileng, u ikutloa u batla ho etsa seo u se boneng haholoanyane.”a

Libaesekopo li tloaelehile haholo har’a bacha. Selemong se seng karolo ea 36 lekholong ea batho ba fetang limillione tse 113 ba neng ba eme moleng oa ho kena baesekopong United States e ne e le bacha. Ba bang ba eketsehileng ba limillione ba thabela libaesekopo boinotšing mahaeng a bona ka lik’hasete tsa video kapa ka lifilimi tsa thelevishene. Ke ’nete hore kaofela re hloka phomolo le boithabiso nako le nako. Lintho tse joalo tse sa etsoeng ka mehla li ka khatholla le ho susumetsa kelello. Ho bacha ba bangata, ho shebella baesekopo ke tsela e ’ngoe ea ho finyella sena le ho etsa ho hong thapama kapa mantsiboea a bolutu. Empa hantle ke libaesekopo life tseo u tla li shebella? Na e hlile hoa tsotelleha?

Libaesekopo—Mekhoa ea Morao-rao

“Tumelo ea hore thabo ke eona feela e molemo bophelong, likamano tsa botona le botšehali, pefo, meharo, le boithati.” Ho ea ka ngaka ea bana ea mafu a kelello Robert Coles, tsena ke tsona lintho tse khōlō libaesekopong tse ngata tse etsoang kajeno. Phuputso e neng e etelletsoe pele ke Dr. Vince Hammond ka ho tšoanang e fihletse qeto ea hore “lifilimi tse ngata tse bontšoang linaheng tse ngata tse tsoetseng pele bonyane li na le mofuta o itseng oa pefo ’me li hlalosoa li le mabifi kapa li le mabifi ka ho fetelletseng.” Bafuputsi ba Hammond ba ile ba hlahloba lifilimi tse 1 000 ho tsoa linaheng tse ngata. Qeto ea bona e bile efe? “Ho etsoa ha lifilimi tse mabifi ke bothata ba lefatše lohle.”

Lifilimi tse tloaelehileng haholo har’a bacha ke tse tšosang tse bontšang tšusumetso ea bosatane, ho beta, le tšollo ea mali ka mekhoa eohle ea bodiabolose. Joalokaha Dr. Neil Senior, ea qotsitsoeng makasineng oa Seventeen, a hlalosa, lifilimi tsena li “bontša ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo lelapa le leng le le leng le neng le ke ke la batla ha e le etsahalla.” Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba rata ho ea li shebella.

Hape ho bile le keketseho e khōlō ea lifilimi tse bontšang likamano tsa botona le botšehali ka ho hlakileng. Ho ea ka moprofesa e mong oa univesithi, “bashebelli ba baholo ba li-video tse bontšang likamano tsa botona le botšehali Canada ke bacha ba pakeng tsa lilemo tse 12 le 17 ’me ho ka ’na ha senya boikutlo ba bona ka boitšoaro ba botona le botšehali.”

Leha ho le joalo, khoebo ea libaesekopo ha e bonahale e amehile haholo. Makasine oa Variety o tlaleha hore lifilimi tse bontšang litšoantšo tsa pefo le likamano tsa botona le botšehali lia eketseha, ha lifilimi tsa lelapa tse hahang e le ka seoelo li etsoang. Na ho ka etsahala hore ho shebella lifilimi tse mpe ho u ame hampe?

Tlhaselo Mahlong le Litsebeng tsa Hao

Libaesekopo li hlasela ka matla litho tsa kutlo. Jesu o boletse hore “lebone la ’mele ke leihlo.” (Mattheu 6:22) ’Me seo u se bonang se ka ba le phello e tebileng ho uena. Joalokaha buka e ’ngoe ea boitsebiso e bolela, “kelello e sala mahlo morao.” Ka tloaelo, kelello ea hao e laola seo mahlo a hao a khethang ho se talima le ho se bona. Empa ha u talima litšoantšo tse khōlō ho feta lintho tse phelang ho screen se seholo, u ka qetella u nehetse kelello ea hao thatong ea moetsi oa baesekopo. Ba bang ba hapuoa ke filimi hoo ba ka hlokang ho khitloa ho matla ka setsu lehlakoreng ho tlosa khoheli ea baesekopo.

“Tsebe e utloang” le eona e susumetsa ka matla mehopolo le liketso tsa hao. (Liproverbia 20:12) Litšoantšo tse hlakileng tse koieetsang le mantsoe a buuoang li matlafatsoa ke ’mino o ka sisinyang maikutlo, o ka bakang tšabo, thabo, khalefo, takatso. Ka baka leo, lifilimi li ka fetisa boikutlo ba hore ntho ke ea sebele hoo bashebelli ba bang ba fumanang bothata ba ho arola ntho ea sebele ho eo eseng ea sebele.

Tlhaselo Kelellong le Boitšoarong ba Hao

Pono ea baesekopo e ka boetse ea susumetsa haholo tsela eo u arabelang ka eona ho eona. Baetsi ba libaesekopo ba leka ho etsa hore bashebelli ba itšoantše le libapali tse bontšitsoeng—le haeba ke senokoane kapa motho ea sehlōhō ka ho fetisisa kapa motho ea lapetseng matla.b Ha u sa hlokomele, u ka iphumana u thoholetsa senokoane!

Nahana kamoo bamameli ba bang ba ileng ba itšoara ka teng ha ba ne ba shebelletse filimi e nyarosang ea lehlanya le menoana ea lehare le neng le tsamaea le seha batho liponong tse ngata. Ba ne ba thoholetsa ’molai ea tšollang mali hore a tsoele pele! Ba etelletsoe pele ke k’hamera e laolang kelello, kamoo ho bonahalang ka teng bashebelli ba ile ba lahleheloa ke boikutlo ba lintho tsa bohlokoa—kutloelo-bohloko bakeng sa bahlaseluoa.

Sena se fapane hakaakang le keletso ea Bibele ea ho se thabele tlokotsi ea e mong! (Liproverbia 17:5) Ke ho fapaneng le Molao oa Gauda oa Jesu—ho ‘etsa ba bang seo u batlang hore ba u etse sona.’ (Mattheu 7:12) Ho phaella moo, na ho thoholetsa polao ho lumellana le seo Bibele e se phehellang e leng ho “hauhelana”? (Ba-Efese 4:32) Na ha ho tlatsetse ho ipeha ‘mokhatlong oa ba bolotsana’?—Pesaleme ea 26:4, 5.

Liphello tse Bolotsana

Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa hore phello ea baesekopo ke ea nakoana. Bonneteng u ke ke ua be u se u qala ho hlaba e mong le e mong eo u ’monang hobane sena se ile sa bontšoa baesekopong e itseng. Leha ho le joalo, koranta ea New Zealand e tlaleha hore ho na le “bopaki bo eketsehang bo amanang le lifilimi tse mabifi le li-video tsa boitšoaro bo mabifi ho ba li shebellang.” Buka Adolescence ka ho tšoanang e ile ea supa liphuputso tse ngata tsa kamano ea “pefo ea TV le boitšoaro bo mabifi” ’me ea lumela hore ho na le “bopaki bo eketsehang” ba kamano ea lintho tsena tse peli.

Hape ho ’nile ha e-ba le litlaleho tsa litaba ka liketso tse tšosang haholo tse mpe le tsa ho se tsotelle tse entsoeng ka baka la lipono tsa libaesekopo. Ka mohlala, mocha e mong, o ile a shoa ka baka la likotsi tseo a li fumaneng ha a leka ho ema ka matsoho holim’a lori e mathang. Haufinyane o ne a ile a bona sena baesekopong e ratoang haholo. Kahoo ke ho utloahalang ho bolela hore filimi e ka ’na ea ama liketso tsa hao ka ho felletseng.

Leha ho le joalo, hangata lifilimi li fana ka tšusumetso e bolotsana haholo. Ka mohlala, na metsoalle ea hao e mengata ha e leke ho bua, ho apara, le ho itlhopha joaloka libapali tse ling tse ratoang haholo tse hlahellang ho screen? Na see hase bopaki ba tšusumetso e matla ea baesekopo? Maemong a mang, ho shebella libaesekopo tse fosahetseng ho bonahala ho e-na le phello e senyang litekanyetso tsa boitšoaro tsa mocha. Mofuputsi Dr. Thomas Radecki o bolela hore ho pepesehela libaesekopo tse bontšang pefo ka nako e telele “ho lebisa boikutlong bo eketsehileng ba ho se utloisoe bohloko ke pefo.”

Bibele e re: “Jehova o lekola ea lokileng le ea khopo; moea oa hae o hloile ea ratang sehlōhō.” (Pesaleme ea 11:5) Na ho iphepa ka mehla ka lifilimi tse bontšang pefo ho ka ama boikutlo ba hao ka pefo? Na u ka qala ho fumana pefo e u thabisa, esita le ho u qabola? Na ho ka etsahala hore u iphumane u sekametse haholoanyane ho feta pele ho rarolla mathata le liphapang ka likhoka? Ka ho loketseng Liproverbia 10:23 e re: “Tlōlo ea molao ke boithabiso ba leoatla.”—New American Bible.

Ho thoe’ng ka boitšoaro ba hao ba Bokreste? Na ho pepesehela litšoantšo tsa botona le botšehali tsa batho ba hlobotseng ho ke ke ha kenya ho fosahala le liphello tse bohloko tsa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo kelellong ea hao? Na ho ka felisa ‘ho hloea ha hao bobe’?—Pesaleme ea 97:10.

Mongoli Jane Burgess-Kohn o pheta phihlelo ea ngoanana ea bitsoang Jeanie. Ka mor’a ho “shebella baesekopo e susumetsang takatso ea likamano tsa botona le botšehali” le mohlankana eo a laetsanang le eena, Jeanie o lumela hore o ile a “tsoheloa” ho isa bohōleng boo a ileng a kopanela ho phathatsaneng ho tebileng. Leha ho le joalo, o ne a sitoa ho khaotsa. Jeanie oa ipolela: “Ke masoabi hore bosiung boo ke ile ka susumetseha ho ba le likamano tsa botona le botšehali. Ke ntse ke sa tsebe hantle se ileng sa etsa hore ke lahleheloe ke matla a ho nahana. Ke ne ke bile ke sa rate moshemane eo hakaalo!”

Ntle ho pelaelo, libaesekopo li na le matla a susumetsang pelo ea hao, monahano oa hao le boitšoaro ba hao. Ka hona, na u ke ke ua hloaea seo u se shebellang? Sehlooho se latelang se tla tšohla sena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a United States, ha ho mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 17 ea lumelloang ho kena (ntle leha a tsamaea le motsoali kapa mohlokomeli) baesekopong leha e le efe e lekanyelitsoeng batho ba lilemo tse itseng feela, kapa e behetsoeng meeli ea lilemo ke Mokhatlo oa Libaesekopo oa Amerika. Ka kakaretso lifilimi tse joalo li bontša litšoantšo tsa pefo, puo e litšila, kapa litšoantšo tsa likamano tsa botona le botšehali le tsa batho ba hlobotseng. Leha ho le joalo, hangata meeli ea lilemo ha e bolokoe, ’me bacha ba lumelloa ho kena.

b Teko e tlalehiloeng ho Science News e bontšitse hore bashebelli ba angoa ke seo ba se bonang “ho sa tsotellehe hore na filimi e khahlisa hakae” hafeela ba ‘itšoantša le sebapali sa TV kapa baesekopo.’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

“U ke ke ua lebala litšoantšo tseno . . . Ha u ntse u nahana ka tsona ka ho eketsehileng, u ikutloa u batla ho etsa seo u se boneng haholoanyane”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Ho na le “bopaki bo eketsehang bo amanang le lifilimi tse mabifi le li-video tsa boitšoaro bo mabifi ho ba li shebellang”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ba tšoeroe ke khoheli ea baesekopo, bashebelli hangata ba thoholetsa polao, bosholu, le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela