U Tla Shebella Lifilimi Life?
MASHOMENG a lilemo morao tjena, batho ba ’nile ba e-ba le maikutlo a sa tšoaneng ka bongata ba liketso tsa ho kopanela liphate, liketso tse mabifi le puo e litšila tse bontšoang lifiliming. Ba bang ba re liketso tse ling tsa ho kopanela liphate lia khopisa, ha ba bang bona ba re li bontša bonono. Ba bang ba tsitlallela hore pefo e hlahang lifiliming ha e hlokahale, ha ba bang bona ba re e nepahetse. Ba bang ba bolela hore puisano e nokoang ka mahlapa ea tena, ha ba bang ba re ke kamoo batho ba buang kateng. Seo motho e mong a reng sea nyonyeha, e mong o re ke bolokolohi ba ho itlhalosa. Ha motho a mamela mahlakore ka bobeli, sena se ka bonahala e le taba feela ea ho ngangisana ka ntho e sa reng letho.
Empa khang ka se hlahisoang filiming hase feela ntho e sa reng letho. Ke ntho ea bohlokoa eo ho lokeloang ho ameha ka eona, eseng feela ke batsoali empa le ke bohle ba nkang litekanyetso tsa boitšoaro e le tsa bohlokoa. Mosali e mong o ile a ikoahlaea: “Kamehla ha nka ka ea shebella filimi empa letsoalo la ka le hoaea-hoaea, ha ke khutla teng ke ikutloa ke le motho e mobe ka ho fetisisa. Kea itšoabela ’me ke bile ke soabisoa ke batho ba entseng lintho tse lihlong joalo. Ho joalokaha eka lintho tseo ke sa tsoa li shebella li ntheola seriti.”
Ho Beha Melao
Ho ameha ka se hlahisoang lifiliming hase ntho e ncha. Mehleng ea khale ha lifilimi li sa tsoa kena, ho kile ha tsoha moferefere ka liketso tsa ho kopanela liphate le tsa bokebekoa tse neng li ile tsa hlahisoa filiming e ’ngoe. Qetellong ka bo-1930, ho ile ha etsoa molao United States o neng o lekanyetsa ka thata-thata se ka bontšoang lifiliming.
Ho latela The New Encyclopædia Britannica, molao ona o mocha oa lifilimi “o ne o le thata haholo, o hanela ha ho bontšoa hoo e batlang e le mekhoa eohle eo motho e moholo ea tloaelehileng a ka itšoarang ka eona. O ne o hanela ho bontšoa ha ‘liketso tse ka tsosang maikutlo a ho kopanela liphate,’ bofebe, ho kopanela liphate ho sa lokelang le ho ekela motho ho kopanela liphate, athe peto eona le ho fana ka maikutlo a eona feela ho ne ho sa lumelloa ntle le haeba karolo eo e ne e le ea bohlokoa filiming ’me ha e fela motho ea betileng a ne a fuoa kotlo e boimahali.”
Mabapi le pefo, lifilimi li ne li “thibetsoe ho bontša kapa ho bua ka libetsa tse neng li sebelisoa mehleng eo, ho bontša bokebekoa ka ho hlaka, ho bontša liofisiri tse loantšang tlōlo ea molao li bolaoa ke likebekoa, ho khothalletsa liketso tse mabifi kapa polao e sehlōhō kapa ho bontša polao, kapa motho ea ipolaeang ntle feela le haeba e le karolo ea bohlokoa haholo filiming. . . . Tlas’a maemo leha e le afe, ho ne ho ke ke ha lokafatsoa tlōlo leha e le efe ea molao.” Ka bokhutšoanyane, molao oo o ne o bolela hore “ha ho filimi e tla hlahisoa e tla theola litekanyetso tsa boitšoaro tsa ba e shebellang.”
Litlhaloso li Nkela Lithibelo Sebaka
Ka bo-1950, bahlahisi ba bangata ba Hollywood ba ne ba hlokomoloha molao oo, ba nka hore o feletsoe ke nako. Ka hona, ka 1968 molao oo o ile oa hlakoloa ’me oa nkeloa sebaka ke mokhoa oa ho hlalosa hore na filimi ke ea mofuta ofe.a Ka mokhoa ona oa ho hlalosa, filimi e ka hlahisa lintho pepenene, empa e tla ba le letšoao le lemosang bashebelli hore filimi eo ke ea “batho ba baholo.” Ho ea ka Jack Valenti, eo e leng mopresidente oa Mokhatlo oa Lifilimi oa Amerika, ka lilemo tse ka bang mashome a mane, pakane e ’nile ea e-ba “ho fana ka temoso esale pele ho batsoali e le hore ba ka etsa qeto ea hore na ke lifilimi life tse ka shebelloang ke bana ba bona le tseo ba sa lokelang ho li shebella.”
Ha mokhoa ona oa ho hlalosa filimi o kena tšebetsong, meeli e ile ea fela. Liketso tsa ho kopanela liphate, pefo le puo e litšila li ile tsa hlaha ka bongata bo tšabehang lipaleng tse tloaelehileng tseo Hollywood e li fetolang lifilimi. Tokoloho e ileng ea fanoa lifiliming e ile ea hlahisa leqhubu le neng le ke ke la hlola le thijoa. Leha ho le joalo, ka ho hlalosa mofuta oa filimi, batho ba ne ba tla lemosoa esale pele. Empa na ho hlalosa mofuta oa filimi ho u bolella sohle seo u lokelang ho se tseba?
Seo Litlhaloso li ke Keng Tsa U Bolella Sona
Ba bang ba na le pelaelo ea hore ha lilemo li ntse li feta, mokhoa oa ho hlalosa hore na filimi ke ea mofuta ofe o ’nile oa nyehlisa marapo. Phuputso e entsoeng ke Sekolo sa Harvard sa Bophelo bo Botle ba Sechaba e tšehetsa pelaelo eo kaha e fumane hore lifilimi tse hlalosoang e le tsa bacha, hona joale li na le pefo e ngata le ho bontša pepenene liketso tsa ho kopanela liphate ho feta lifilimi tsa lilemong tse leshome feela tse fetileng. Phuputso eo e qeteletse ka hore “lifilimi tse oelang tlhalosong e le ’ngoe li ka fapana haholo linthong tseo li li bontšang tse ka ’nang tsa nkoa li sa amohelehe” le hore “meeli ea lilemo ka boeona ha e fane ka boitsebiso bo lekaneng ba hore na ho hlaha pefo e kae, liketso tsa ho kopanela liphate, puo e litšila hammoho le lintho tse ling.”b
Batsoali bao ka ho se tsotelle ba lumellang bana ba bona ho ea shebella lifilimi ba le bang e ka ’na eaba ha ba e-s’o lemohe hore na lintho tse nkoang li loketse ho shebelloa ke bana kajeno ke tsa mofuta ofe. Ka mohlala, mohlahlobi e mong oa lifilimi o hlalosa sebapali se ka sehloohong sa filimi e nkoang e loketse bacha, United States. E ne e le “ngoanana ea lilemo li 17 ea itaolang, ea thabelang ho lula a tahiloe kamehla, ea sebelisang lithethefatsi, ea eang liphathing tseo boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate bo renang ho tsona, le ea kopanelang liphate ka tsela e feteletseng le moshanyana leha e le ofe eo a qetang ho kopana le eena.” Lifilimi tsa mofuta ona li tloaelehile. Ka sebele, The Washington Post Magazine e bolela hore ho nyanya litho tsa botona le botšehali ho bonahala e le “ntho e amohelehang” lifiliming tse nkoang li loketse bacha. Ka ho hlakileng, tlhaloso ea hore na filimi ke ea mofuta ofe hase eona feela ntho e lokelang ho sebelisoa ho lekanyetsa hore na filimi e bontša eng. Na ho na le tataiso e molemo?
“Hloeang se Sebe”
Tlhaloso ea hore na filimi ke ea mofuta ofe ha ea lokela ho nkela letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele sebaka. Liqetong tsohle tsa bona—ho kopanyelletsa le tsa boithabiso—Bakreste ba leka ka matla ho sebelisa keletso e fumanoang Bibeleng ho Pesaleme ea 97:10: “Hloeang se sebe.” Motho ea hloileng se sebe o tla nka ho fosahetse ho ithabisa ka lintho tseo Molimo a li hloileng.
Ka ho khetheha, batsoali ba lokela ho ba hlokolosi ka mefuta ea lifilimi tseo ba lumellang bana ba bona hore ba li shebelle. E ne e ka ba bothoto ho sheba feela hore na li hlalosoa e le tsa mofuta ofe. Ho ka etsahala hore filimi e nkoang e loketse lilemo tsa ngoana oa hao e khothalletsa boitšoaro boo uena u le motsoali u sa bo lumelleng. Sena se ke ke sa makatsa Bakreste kaha lefatše le amohetse mokhoa oa ho nahana le ho itšoara ka tsela e hananang le litekanyetso tsa Molimo.c—Baefese 4:17, 18; 1 Johanne 2:15-17.
Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore lifilimi tsohle li mpe. Empa motho o lokela ho ba hlokolosi haholo. Tabeng ena, Tsoha! ea June 8, 1997, e ile ea re: “Motho ka mong o lokela ho sekaseka taba ka hloko ’me a etse liqeto tse tla mo siea ka letsoalo le hloekileng pel’a Molimo le batho.”—1 Bakorinthe 10:31-33.
Ho Fumana Boithabiso bo Loketseng
Batsoali ba ka khetha joang lifilimi tseo lelapa la bona le tla li shebella? Nahana ka lintlha tse latelang tse boletsoeng ke batsoali ba fapaneng lefatšeng ka bophara. Lipolelo tsa bona li ka u thusa ha u batla boithabiso bo loketseng lelapa la hao.—Bona le lebokose le reng “Mefuta e Meng ea Boikhathollo,” leqepheng la 12.
Juan oa Spain o re: “Kamehla ’na kapa mosali oa ka re ne re tsamaea le bana ba rōna ho ea shebella filimi ha ba sa le banyenyane. Le ka mohla ba ne ba sa tsamaee ba le bang kapa ba tsamaee le bacha ba bang. Hona joale ha e se e le bacha, ha ba shebelle filimi hang ha e qeta ho tsoa; ho e-na le hoo, re khetha ho ema ho fihlela re bala kamoo batho ba ikutloang kateng ka eona kapa ho fihlela re utloile ka batho bao re ba tšepang hore na ba ikutloa joang ka filimi eo. Ka mor’a moo, re etsa qeto re le lelapa hore na re ka ea shebella filimi eo na.”
Mark oa Afrika Boroa, o khothalletsa mora oa hae ea lilemong tsa bocha hore ba buisane ka bolokolohi ka lifilimi tse bontšoang liholong tsa boithabiso. Mark o re: “’Na le mosali oa ka re qala puisano, re mo botse hore na maikutlo a hae ke afe ka filimi e itseng. Sena se etsa hore re mamele maikutlo a hae le ho behelana mabaka le eena. Ka lebaka lena, re iphumana re khona ho khetha lifilimi tseo re ka li shebellang hammoho.”
Rogerio oa Brazil le eena o qeta nako le bana ba hae ba hlahloba lifilimi tseo ba batlang ho li shebella. O re: “Ke bala le bona seo ba bang ba se hlalosang ka tsona. Ke ea le bona mabenkeleng a livideo ho ea ba ruta hore na ba shebe sekoahelo joang ho bona haeba filimi e ka ’na ea e-ba e sa lokelang.”
Matthew oa Brithani o fumana e le ntho e thusang ho bua le bana ba hae ka lifilimi tseo ba batlang ho li shebella. O re: “Ho tloha ha ba sa le banyenyane, bana ba rōna ba ile ba kenyelletsoa moqoqong o buang ka se hlahellang lifiliming tseo re li thahasellang re le lelapa. Haeba qeto ea rōna e ne e e-ba ho se shebelle filimi e itseng, ’na le mosali oa ka re ne re hlalosa hore na ke hobane’ng, ho e-na le hore feela re ke ke ra e shebella.”
Ho phaella moo, batsoali ba bang ba fumane ho thusa ho etsa lipatlisiso Inthaneteng ka lifilimi. Ho na le Mecha e mengata ea boitsebiso e fanang ka makolopetso a lifilimi. E ka sebelisoa ho fumana kutloisiso e khōloanyane ka litekanyetso tsa boitšoaro tse khothalletsoang ke filimi e itseng.
Melemo ea Letsoalo le Koetlisitsoeng
Bibele e bua ka bao “matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Ka hona, pakane ea batsoali e lokela ho ba ho ruta bana ba bona litekanyetso tsa boitšoaro tse tla ba thusa hore ba etse liqeto tse bohlale ha ba se ba e-na le tokoloho ea ho ikhethela boithabiso.
Bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba koetlisitsoe hantle tabeng ena ke batsoali ba bona. Ka mohlala, Bill le Cherie, ba United States, ba thabela ho ea lifiliming le bara ba bona ba babeli ba lilemong tsa bocha. Bill o re: “Ha re e-tsoa filiming, re atisa ho qoqa re le lelapa ka filimi eo—hore na e na litekanyetso life tsa boitšoaro tseo e li rutang le hore na re lumellana le tsona kapa che.” Ke ’nete hore Bill le Cherie baa hlokomela hore ba lokela ho khetha. Bill o re: “Re bala ka filimi eo esale pele, ’me ha re hlajoe ke lihlong ho tsoa filimi e ntse e bapala haeba ho e-na le ho hong ho sa rateheng hoo re neng re sa ho lebella.” Ka ho kopanyelletsa bana ba bona ha ba etsa liqeto, Bill le Cherie ba na le maikutlo a hore ba thusa bara ba bona hore ba be le boikutlo ba se nepahetseng le se fosahetseng. Bill o re: “Ba etsa liqeto tse batlang li bontša bohlale ha ba khetha hore na ba tla shebella lifilimi life.”
Joaloka Bill le Cherie, batsoali ba bangata ba thusitse bana ba bona ho sebelisa matla a bona a ho nahana tabeng ea boithabiso. Ke ’nete hore bongata ba lintho tse hlahisoang ke indasteri ea lifilimi ha lia nepahala. Ka lehlakoreng le leng, ha ba tataisoa ke melao-motheo ea Bibele, Bakreste ba ka thabela boithabiso bo nepahetseng bo hahang le bo hlasimollang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Linaha tse ngata lefatšeng ka bophara li latetse mokhoa ona oa ho hlahisa matšoao a bontšang hore na ke batho ba lilemo life ba lokelang ho shebella filimi.
b Ho phaella moo, litekanyetso tsa ho hlalosa hore na filimi ke ea mofuta ofe li ka fapana ho ea ka linaha. Filimi e nkoang e sa lokela bacha naheng e ’ngoe e ka nkoa e loketse naheng e ’ngoe.
c Bakreste ba lokela ho hopola hore lifilimi tsa bana le tsa bacha li ka ’na tsa kopanyelletsa liketso tsa boloi, ho sebelisana le meea kapa mefuta e meng ea bodemona.—1 Bakorinthe 10:21.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
“RE ETSA QETO RE LE HAMMOHO”
“Ha ke ne ke sa le monyenyane, re ne re atisa ho ea shebella filimi hammoho re le lelapa. Kaha hona joale ke se ke hōlile, ke lumelloa ho ea ke le mong. Leha ho le joalo, pele ba ntumella hore ke tsamaee, batsoali ba ka ba rata ho tseba lebitso la filimi eo le hore na e bua ka eng. Haeba ba e-s’o utloele ka filimi eo, ba bala selelekela sa eona kapa ba shebella selelekela sa eona thelevisheneng. Hape ba boetse ba batlisisa ka filimi eo Inthaneteng. Haeba ba e-na le maikutlo a hore filimi eo ha e ea lokela, ba hlalosa lebaka. Le ’na ba mpha monyetla oa hore ke ntše maikutlo a ka. Re buisana ka bolokolohi, ’me re etsa qeto re le hammoho.”—Héloïse, 19, Fora.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
BUISANANG!
“Haeba batsoali ba hanela bana ka lintho empa ba sa ba fe letho le hahang le nkelang seo sebaka, bana ba ka ’na ba leka ho khotsofatsa litakatso tsa bona ka lekunutu. Ka hona, ha bana ba bontša hore ba batla ho shebella mofuta o itseng o sa haheng oa boithabiso, batsoali ba bang ha ba ba hanele hang-hang, le teng ha ba fane ka tumello. Ho e-na le hoo, ba tlohella hore ho fete nakoana e itseng. Ka matsatsi a seng makae, ba sa halefisoe ke taba ena, ba buisana ka eona, ba botsa mocha hore na ke hobane’ng ha a lumela hore mofuta ona oa boithabiso o nepahetse. Ka ho buisana, hangata bacha ba fetola maikutlo a bona ’me ba lumellana le batsoali ba bona ba be ba ba lebohe. Joale, ha e le batsoali ba etellang pele, ba khetha boithabiso bo bong boo ba ka bo thabelang hammoho.”—Masaaki, molebeli ea tsamaeang Japane.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 12]
MEFUTA E MENG EA BOIKHATHOLLO
◼ “Bacha ba na le takatso ea tlhaho ea ho batla ho ba le ba bang ba lithaka tsa bona, kahoo kamehla re ’nile ra lokisetsa hore morali oa rōna a be le metsoalle e metle tlas’a tlhokomelo ea rōna. Kaha ho na le ba bangata ba behang mohlala phuthehong ea habo rōna, re khothallelitse morali oa rōna ho etsa setsoalle le bona.”—Elisa, Italy.
◼ “Re tlatsetsa haholo boikhathollong ba bana ba rōna. Re ba lokisetsa lintho tse molemo, tse kang ho otlolla maoto, ’meso, lipikiniki le ’moka ea Bakreste-’moho ba lilemo tsohle. Ka tsela ena bana ba rōna ha ba nke boikhathollo e le ntho eo ba tla e thabela feela le lithaka tsa bona.”—John, Brithani.
◼ “Re fumane hore ho ba le ’moka le Bakreste-’moho ke ho putsang. Bana ba ka ba boetse ba rata ho bapala bolo ea maoto, kahoo nako le nako, re lokisetsa ho bapala papali ena le ba bang.”—Juan, Spain.
◼ “Re khothalletsa bana ho thabela ho bapala liletsa tsa ’mino. Hape re boetse re etsa lintho tse ling hammoho ho itlosa bolutu, tse kang ho bapala tenese le volleyball, ho palama libaesekele, ho bala le ho ba hammoho le metsoalle.”—Mark, Brithani.
◼ “Re etsa bonnete ba hore re ea papaling ea bowling re le lelapa hammoho le metsoalle. Hape, re leka ho etsa kemiso ea ho etsa ho hong ho khethehileng hammoho hang ka khoeli. Leano le letle la ho qoba mathata ke hore batsoali ba lule ba beile bana ba bona leihlo.”—Danilo, Philippines.
◼ “Ho shebella boithabiso bo etsoang ke batho ka seqo hangata ho thabisa ho feta ho lula setulong u shebeletse filimi. Re lula re butse mahlo bakeng sa liketsahalo sebakeng sa habo rōna, tse kang lipontšo tsa bonono, lipontšo tsa likoloi, kapa mananeo a ’mino. Liketsahalo tse kang tsena li etsa hore re lule re buisana ha li ntse li tsoela pele. Le teng re hlokolosi hore re se ke ra be re se re iphakhella boithabiso bo bongata haholo. Hase feela hore nako ke ea bohlokoa empa boithabiso bo bongata haholo le bona bo senya monate le moelelo oa ketsahalo.”—Judith, Afrika Boroa.
◼ “Hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang ke bana ba bang e loketseng bana ba ka, ’me ke leka ho ba thusa ho utloisisa seo. Ka nako e tšoanang, ’na le monna oa ka re leka ho ba lokisetsa boithabiso bo botle. Re etsa boiteko ba ho ba thibela hore ba re, ‘Ha ho moo re eang. Ha ho letho leo re le etsang.’ Re le lelapa, re ea lirapeng tsa boikhathollo hape re thabela ho ba le ’moka lapeng le ba bang ba phutheho ea habo rōna.”d—Maria, Brazil.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ’moka ea botsoalle, bona koranta eabo ena, e leng Molula-Qhooa oa August 15, 1992, leqepheng la 15-20.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
James Hall Museum of Transport, Johannesburg, South Africa
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bala maikutlo a ba bang ka filimi PELE u etsa qeto ea ho ea e shebella
[Setšoantšo se leqepheng la 10, 11]
Batsoali, rutang bana ba lōna hore ba khethe