‘Tloaelo Ena e Mpe ea ho Tsuba Koae’
‘EA NYONYEHA leihlong, e tena nko, e kotsi bokong, e kotsi matšoafong.’
Tlhaloso ena e phethela taba e ngotsoeng koranteng e ’ngoe e neng e e-na le sehlooho se reng A Counterblaste to Tobacco, e ngotsoeng hoo e ka bang lilemo tse makholo a mane tse fetileng, ke mohlomphehi King James I oa Engelane eo e leng motšehetsi oa phetolelo ea Bibele ea 1611 e tsejoang ka hore ke King James Version.
Ke eng se ileng sa susumetsa hoo, hona re ka ithuta lithuto life?
Litšebeliso tsa Meriana le Tse Ling
Ha Christopher Columbus a ne a khutlela Europe ka mor’a ho etela Amerika ka 1492, o ile a khutla a nkile lipeō tsa semela se seng seo Maindia a Amerika a se nkang se lakatseha ka ho ikhethang bakeng sa litšobotsi tsa sona tsa meriana. Hamorao, Nicholas Monardes o ile a khetholla semela seo e le tabaco (kapa picielt, ho latela Maindia). Baahi ba Spain ba etsang batho makhoba ba ne ba ithutile bohlokoa ba sona ba ho folisa maqeba, ‘ba ne ba iphekola hamolemohali.’—Joyful News Out of the New Found World, phetolelo ea Senyesemane ea John Frampton, 1577.
Leha ho le joalo, tšebeliso e ’ngoe ea semela sena ke eona e ileng ea hapa tlhokomelo ea bafuputsi. Monardes oa hlalosa:
‘O mong oa mehlolo ea setlama sena, le ho etsang hore se roleloe khaebana ka ho fetisisa, ke mokhoa oo Baprista ba Maindia ba neng ba se sebelisa ka oona. Ha ho ne ho e-na le taba ea mofuta leha e le ofe har’a Maindia, ea bohlokoahali, ha ho ne ho hlokahala hore marena a buisane le baprista ba ’ona, Moprista oa bona e moholo o ne a nka maqoba a mang a Tabaco eo ebe o a lahlela mollong, ’me o ne a ee a hle a hule mosi oa ’ona ka molomo le ka nko ka kakana, ’me e ne e ee ere ha a o tsuba, o ne a ee a oele fatše, joaloka motho ea shoeleng, ’me o ne a ee a lule joalo, ho latela hore na ke tekanyo e kae ea mosi eo a neng a e tsubile. Ha setlama seo se ne se phethile mosebetsi oa sona, o ne a ee a hlaphoheloe ’me a phaphame, ’me ebe o ba fa likarabelo tsa bona, ho latela lipono tse itseng le lipono tse thetsang tseo a li boneng. Ka mokhoa o tšoanang Maindia a mang ’ohle, e le hore a ka khanna nako ea ’ona, a hlile a tsuba mosi oa Tabaco.’
Monghali Walter Raleigh o ile a hapa Virginia ka 1584. Ha kolone eo e ntse e hōla, tloaelo ea Maindia ea ho tsuba koae e ile ea tloaeleha le ho baahi ba moo hape. Rahistori A. L. Rowse o tiisa hore morao koo Engelane, ‘ke Raleigh ea neng a ikarabella haholo-holo ka ho nyenyeletsa tloaelo eo le ho sireletsa borapeli.’
“Khanyetso e Matla”
Leha ho le joalo, ea neng a hanyetsa tloaelo eo e ncha e ne e le morena James. O ile a ngola ho lemosa bafo ba hae ka likotsi tsa ho tsuba koae.
Counterblaste e tloaelehileng e qala ka hore: ‘Ha e le hore ho sebelisoa hampe ho imenneng hangata ha tloaelo ena e mpe ea ho tsuba Koae ho ka ’na ha talingoa hamolemonyana, hoa tšoaneleha hore pele u nahane ka mohloli oa hona, ’me ka ho tšoanang u nahane ka mabaka ao ho keneng ka ’ona naheng ena.’ Ka mor’a ho hlahlobisisa hoo morena a neng a ho bitsa tloaelo ‘e nkhang le e sa rateheng’ ea ho sebelisa mosi oa koae ho phekola mafu, James o thathamisa likhang tse ’nè tseo batho ba neng ba li sebelisa ho lokafatsa tloaelo ea bona:
1. Hore boko ba motho boa bata ebile bo mongobo, ka hona, lintho tsohle tse ommeng le tse chesang (joaloka mosi oa koae) li lokela hore li be molemo ho bona.
2. Hore mosi ona, ka mocheso oa oona, matla a oona, le boleng ba oona ba tlhaho, o lokela ho felisa lirame hloohong le ho hlepha ka maleng.
3. Hore batho ba ka be ba sa ka ba tebisa tloaelo eo pelong hakaana haeba ba ne ba sa ka ba fumana ka phihlelo hore e molemo ho bona.
4. Hore ba bangata baa imoloha ho kuleng le hore ha ho monna leha a le mong ea kileng a tsoa kotsi ka baka la ho tsuba koae.
Leseling la tsebo ea thuto ea morao-rao ea saense, ntle ho pelaelo u tla lumellana le likhang tsa James tse khahlanong le taba eo. Mosi oa koae hase feela hore oa chesa le hore o omme empa, ho fapana le hoo, o na le ‘matla a mang a chefu a kopaneng le mocheso oo o ho oona.’ ‘Ho hema mosi o joalo bakeng sa ho phekola sefuba ha ho na molemo ho feta ho ja nama le ho noa lino tse u pipitlelang e le hore li thibele bohloko ba ka maleng!’ Batho ba bang ba ka ’na ba bolela hore ba tsubile ka lilemo-lemo ntle ho liphello tsa letho tsa ho kula, empa na hoo ho etsa hore ho tsuba ho be molemo?
James o ile a beha mabaka ka matla hore ‘le hoja liotsoa tsa khale li ka ’na tsa amahanya bolelele ba bophelo ba tsona le mekhoa ea tsona ea boitšoaro bo bobe, li hlokomoloha ’nete ea hore matekatse a mangata a shoa pele ho nako’ ka baka la mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a a tšoarang. ’Me ho thoe’ng ka matahoa a khale a lumelang hore a lelefatsa matsatsi a ’ona ‘ka lijo tsa ’ona tse kang tsa likolobe’ empa le ka mohla a sa nahane ka hore na ke ba bangata hakae ba shoang ‘ba kenelletse ka matla ho noeng pele ba e-ba lilemong tse bohareng’?
Libe le Boikhohomoso
Ka mor’a ho falatsa karolo e khōlō ea likhang tse tšehetsang ho tsuba, James o latela ka ho lebisa tlhokomelo ho ‘libe le boikhohomoso’ tse etsoang ke ba tsubang. O tiisa hore tse hlahelletseng har’a tsena ke sebe sa ho lakatsa monyaka. Ba sa khotsofalla ho hema mosi o monyenyane oa koae, ba bangata ba lakatsa ho hema o eketsehileng. Ka sebele, bokhoba ba bokoali bo fetohile ketsahalo e tloaelehileng.
’Me ho thoe’ng ka ‘boikhohomoso’? James o hlasela setsubi sa koae ka khang ena: ‘Na hase boikhohomoso bo boholo le ho hloka bohloeki hore ebe tafoleng, sebakeng se hlomphehang, u hula mosi o silafetseng ebe ua nkha, u ntša mosi, u silafatsa moea, ha ba bang ba le teng ba nyonyang mokhoa o joalo?’
Joalokaha eka o hlokometse likotsi tsa bophelo tseo batho ba tsubang ba talimanang le tsona, James o beha mabaka tjena: ‘Ruri mosi o fetoha kichene e molemohali ho feta kamore ea ho jela, empa leha ho le joalo khafetsa ka likarolong tse ka hare tsa batho o etsa ’mele kichene, o ba silafatsa le ho ba tšoehlisa, ka mofuta o mong oa mosili o tšoetšoethang mafura, joalokaha ho fumanoe ho litsubi tse ling tse khōlō tsa Koae tse ileng tsa buuoa ka mor’a hore li shoe.’
Ha a phethela khang ea hae, James o tsoela pele: ‘Hase feela hore ho na le boikhohomoso bo boholo tabeng eo empa ho boetse ho na le ho se hlomphe ho hoholo ha limpho tse ntle tsa Molimo, hore ebe ho nkha ho monate ha moea oa motho, e le mpho e ntle ea Molimo, ho ka silafatsoa ka boomo ka mosi ona o nkhang hampe!’
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
King James I
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ashmolean Museum, Oxford
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Monghali Walter Raleigh
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of the Trustees of The British Museum