Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng
Karolo 3—‘Puso ea Batho ba Molemo’ Na Ehlile ke Eona e Molemo?
“Aristocracy”: puso e tlas’a batho ba mali a borena, sehlopa se phahameng sechabeng se nang le litokelo tse eketsehileng, kapa sehlotšoana se matla seo ho nahanoang hore ke sona se tšoanelehang ho busa; “oligarchy”: puso ea sehlotšoana, ebang ke sa batho kapa sa malapa, hangata e le ka merero e silafetseng le ea boithati.
HO BONAHALA ho utloahala hore mofuta o molemo oa puso o ne o tla ba teng haeba o ne o entsoe ka batho ba molemo. Batho ba molemo ba rutehile hamolemonyana, ba tšoaneleha haholoanyane, ’me ba hloahloa hamolemonyana—khang eo e bolela joalo—ka hona ba ka khona ho etella ba bang pele hamolemonyana. Puso ea sehlotšoana sa batho e etelletsoeng pele ke sehlotšoana se joalo se phahameng sechabeng e ka ’na eaba ke mofuta o mong oa lipuso tse ling tse ’maloa; ka mohlala, tsamaiso ea puso ea barui; puso ea baruti, puso eo ho lumeloang hore baeta-pele ba eona ba tataisoa ke Molimo; kapa puso ea liofisiri, puso e tlas’a liofisiri tse sa khethoang ka ho vouta.
Mekhatlo e mengata ea batho ea boholo-holo, tlas’a puso ea baholo ba moloko kapa marena, e ne e le lipuso tse tlas’a batho ba mali a borena. Ka nako e ’ngoe, Roma, Engelane, le Japane, ha re bolela linaha tse tharo feela, kaofela li ne li na le lipuso tse tlas’a batho ba mali a borena. Greece ea boholo-holo, lentsoe “aristocracy” le ne le sebelisoa ha ho buuoa ka linaha tse nang le metse e ipusang, kapa poleis, moo ho neng ho busa sehlopha se senyenyane. Hangata malapa a ’maloa a hlahelletseng a ne a kopanela puso. Leha ho le joalo, maemong a mang ka ntle ho tumello ea molao malapa a le mang a ne a inkela matla ’me a thea mofuta oa puso o hatellang haholoanyane.
Joaloka linaha tse ling tse nang le metse e ipusang tsa Greece, qalehong Athene e ne e le tlas’a puso ea batho ba mali a borena. Hamorao, ha liphetoho tsa bochaba li ntse li fokolisa khethollo ea lihlopha tsa batho le ho ferekanya bonngoe ba eona, motse oo o ile oa fetohela mefuteng ea puso ea sechaba ka sechaba. Ka lehlakoreng le leng, Sparta eo ho latela tumelo e akaretsang e ileng ea theoa lekholong la borobong la lilemo B.C.E., e ne e busoa ke sehlotšoana sa sesole. Kapelenyana motse ona o ile oa tsekisana ka bora le Athene eo e neng e le ea khalenyana, ’me metse ena e ’meli e ile ea loanela matla a bolaoli ba lefatše la Greece la mehleng ea eona. Ka hona, puso ea batho ba bangata, joaloka Athene, e ile ea hohlana le puso ea sehlotšoana sa batho, joaloka Sparta. Ha e le hantle, tsekisano ea eona ea bora e ne e rarahane, e ne e sa akarelletse feela ho se utloane ka puso e itseng.
Boikemisetso ba Puso e Tlas’a Batho ba Mali a Borena Boa Kheloha
Hangata liphapang tsa lipolotiki li ne li bakoa ke liphehisano tse amanang le filosofi har’a bo-rafilosofi ba Magerike. Eo pele e neng e le seithuti sa Plato, Aristotle o ile a bontša phapang pakeng tsa lipuso tse tlas’a batho ba mali a borena le lipuso tse tlas’a sehlotšoana sa batho. O ile a khetholla puso e tlas’a batho ba mali a borena ka ho toba e le mofuta o molemo oa puso, boikemisetso ba puso e tlas’a batho ba mali a borena bo ileng ba nolofalletsa batho ba nang le matla a khethehileng le boitšoaro bo phahameng ho inehela tšebeletsong ea sechaba molemong oa ba bang. Empa ha e etelletsoe pele ke sehlopha se phahameng sechabeng se hatellang le se nang le boithati, puso e tlas’a batho ba mali a borena ka ho toba e ne e senyeha ’me e fetoha puso e hlokang toka ea sehlotšoana sa batho. Se ile sa nka hona e le mofuta o khelohileng oa puso.
Le hoja a buella puso ea ‘batho ba molemo,’ Aristotle o ile a lumela hore mohlomong ho matahanya puso e tlas’a batho ba mali a borena le puso ea sechaba ka sechaba ho ne ho ka hlahisa liphello tse lakatsehang, khopolo e sa ntsaneng e ipiletsa ho batho ba bang ba nahanang ka lipolotiki. Ha e le hantle, Maroma a boholo-holo a ile a hla a matahanya mefuta ena e ’meli ea puso ’me a atleha ka tekanyo e itseng. The Collins Atlas of World History e re: “Lipolotiki [Roma] e ne e le taba e amang motho e mong le e mong.” Ho sa tsotellehe hoo, ka nako e tšoanang, “baahi ba baruihali le ba neng ba le lehlohonolo ho lekana hore e be ba tsoalo ea borena ba ile ba thea puso ea sehlotšoana e neng e entsoe ka litšebeletso tse etsoang ke ’maseterata, molaoli oa sesole le moprista.”
Esita le linakong tse qetellang tsa mehla e bohareng le mathoasong a linako tsa morao-rao, litsi tsa Europe tse metseng ea litoropo li ne li matahantse litsamaiso tsa puso ea sechaba ka sechaba le puso e tlas’a batho ba mali a borena pusong ea tsona. Collier’s Encyclopedia e re: “Rephabliki ea Venice e neng e khomaretse tsamaiso ea eona ka ho fetelletseng, eo qetellong Napoleon a ileng a e ketola, e fana ka mohlala o hopolehang historing oa puso e joalo ea sehlotšoana; empa Metse e neng e Lokolohile ’Musong oa Roma e Halalelang, metse ea Selekane sa Mekhatlo ea Khoebo le linaha tse ka thōko, le litoropo tse selekaneng tsa Engelane le Europe e ka bophirimela li senola litšekamelo tse akaretsang mabapi le ho ba tlas’a taolo ea puso ea sehlotšoana e hatellang ea sehlopha se senyenyane ha ho bapisoa le sa batho ba mali a borena ba ikhohomosang le ba khomaretseng bochaba ka matla [puso e tlas’a batho ba mali a borena].”
Ho ’nile ha tsitlalloa, ’me ha bontšoa ho lokile, hore sebōpeho sa lipuso tsohle ke sa puso ea sehlotšoana sa batho, kaha kaofela ha tsona li loanela hore batho ba tšoanelehang hamolemonyana e be bona ba ikarabellang. Khopolo ea sehlopha se tšoereng puso e sebelelitse ho matlafatsa pono ena. Ka hona buka e ’ngoe ea litšupiso e fihletse qeto ena: “Sehlopha se tšoereng puso le sehlopha se phahameng sechabeng li fetoha mantsoe a nang le moelelo o tšoanang a hlalosang seo Plato le Aristotle ba ileng ba phehisana ka sona joaloka boikemisetso ba sebele.”
Ho Batla ‘Batho ba Molemo’
Makholo a lilemo pele bo-rafilosofi bana ba Magerike ba hlahella, mokhatlo oa batho o tlas’a puso ea lipolotiki ea sehlotšoana sa batho (o theiloeng ka marena le bafo) o ne o tlisitse tekanyo e itseng ea botsitso le khotso ho Chaena ea boholo-holo tlas’a ntlo ea borena ea Chou. Empa ka mor’a 722 B.C.E., nakong ea ho bitsoang nako ea Ch’un Ch’iu, tsamaiso ea puso ea lipolotiki ea sehlotšoana sa batho e ile ea fokola butle-butle. Karolong e qetellang ea nako ena, ho ile ha hlaha sehlopha se secha se phahameng sechabeng, se neng se entsoe ka “bahlomphehi” ba nakong e fetileng, ba neng ba sebeletsa malapeng a ba tšoereng puso ea bopolotiki ea sehlotšoana sa batho, le litloholo tsa batho ba baholo ba tsoalo ea borena. Litho tsa sehlopha sena se secha se phahameng sechabeng li ile tsa hloella litulong tse phahameng pusong. Joalokaha The New Encyclopædia Britannica e bontšitse, Confucius, rafilosofi ea hlomphehang oa Machaena, o ile a hatisa hore “matla le bohlomphehi ba boitšoaro, ho fapana le tsoalo, ke tsona tse neng li etsa hore motho a tšoanelehele boeta-pele.”
Empa Europe lilemo tse fetang likete tse peli hamorao, mokhoa oa ho khetha sehlopha se phahameng sechabeng, ba neng ba tšoaneleha hamolemonyana bakeng sa ho busa, o ne o amana hanyenyane le “matla le bohlomphehi ba boitšoaro.” Moprofesa oa Harvard Carl J. Friedrich o hlokomela hore “puso ea sehlopha se phahameng sechabeng Engelane e neng e le tlas’a puso ea sehlotšoana ea lekholo la bo18 la lilemo e ne e le puso ea sehlopha se phahameng sechabeng e theiloeng haholo-holo ka tsoalano le maruo. Le Venice ho ne ho le joalo.” Oa phaella: “Linaheng tse ling tse kang Prussia ea lekholong la bo18 la lilemo, puso ea sehlopha se phahameng sechabeng e ne e theiloe ka tsoalano le ho ba lesole la mohale.”
Khopolo ea hore litšoaneleho tse ntle tsa ‘batho ba molemonyana’ li ile tsa fetisetsoa ho bana ba bona ke eona e ikarabellang mekhoeng ea lenyalo ea marena a mehleng e fetileng. Mehleng e Bohareng, khopolo ea bophahamo ba melao e tsamaisang sehlopha se itseng sa batho e ne e atile. Ho nyala mofo ho ne ho tšoana le ho nyenyefatsa tsoalo ea borena ea moloko o itseng, ho tlōla molao oa bomolimo. Marena a ne a tlamelletsoe ho nyala feela ba tsoalo ea borena. Hamorao khopolo ena ea bophahamo ba melao e tsamaisang sehlopha se itseng sa batho e ile ea lebisa ho ikemeleng ka litlhaloso tsa ho itokafatsa ho eketsehileng—ha bophahamo bo theiloeng menyetleng ea maemo a molemonyana, thuto, litalenta, kapa lintho tse finyelletsoeng.
Molao-motheo o tsejoang e le noblesse oblige o ne o reretsoe ho tiisa hore lipuso tse tlas’a batho ba mali a borena lia atleha. Ha e le hantle o ne o hlile o bolela “lintho tse tlammeng batho ba tsoalo ea borena,” o ne o bolela “tlameho ea ho ba le boitšoaro bo hlomphehang, ba tsoalo ea borena, le bo nang le boikarabelo bo amanang le boemo bo phahameng kapa tsoalo.” Ka baka la “bophahamo” ba bona, ba tsoalo ea borena ba ne ba tlamehile ho sebeletsa litlhokahalo tsa ba bang ka ho ba le boikarabelo. Molao-motheo ona o ne o fumanoa lipusong tse tlas’a batho ba mali a borena tse kang Sparta ea boholo-holo, eo bahlabani ba eona ba neng ba tlamehile ho beha lithahasello tsa ba bang pele ho tsa bona, le Japane har’a bahlabani ba neng ba khethiloe ho latela boemo ba bona, samurai.
Lipuso tse Tlas’a Batho ba Mali a Borena li Fumanoe li Fokola
Ho se phethahale ha puso e tlas’a batho ba mali a borena ho ka bapisoa habonolo. Roma ea boholo-holo, ke batho ba tsoalo ea borena feela, ba neng ba tsejoa e le patricians, ba neng ba tšoanelehela ho ba litho tsa Lekhotla le Phahameng la Roma. Batho ba tloaelehileng, ba neng ba tsejoa e le plebeians, ba ne ba sa tšoanelehe. Empa ho fapana le hore e be banna ba “matla le bohlomphehi ba boitšoaro,” joalokaha Confucius a ne a batla hore babusi ba be joalo, litho tsa Lekhotla le Phahameng li ile tsa silafala le ho hatella ka ho eketsehileng. Phello ebile ntoa ea lehae.
Ho sa tsotellehe linako tse tsoelang pele, puso ea sehlotšoana sa batho tlas’a taolo ea lekhotla le phahameng e ile ea ’na ea tsoela pele, bonyane ho fihlela Julius Caesar a thea puso ea bompoli lilemo tse seng kae pele a fenethoa ka 44 B.C.E. Ka mor’a lefu la hae, puso e tlas’a batho ba mali a borena e ile ea tsosolosoa, empa e ne e se e nketsoe sebaka ke e ’ngoe ka lekhetlo le leng hape ka 29 B.C.E. Collier’s Encyclopedia ea hlalosa: “Ka matla a ntseng a hōla, moruo, le boholo ba naha ea Roma, puso e tlas’a batho ba mali a borena e ne e fetohile puso ea sehlotšoana sa batho e silafetseng, ’me tahlehelo ea eona ea moea oa sechaba e ile ea bonahala tahlehelong ea tlhompho ea sechaba. Ho oa ha eona ho ile ha tlisa puso e tlas’a borena ka ho felletseng.”
Hoo e ka bang lilemong tse latelang tse 1 200, lipuso tse tlas’a batho ba mali a borena, le hoja ka lebitso li ne li le tlas’a taolo ea borena, e ne e le mefuta e tloaelehileng ea lipuso tsa Europe. Ka mor’a nako liphetoho tse ngata tsa bopolotiki, moruo, le bochaba li ile tsa ntlafatsa tsamaiso butle-butle. Empa nakong ena eohle, puso e tlas’a batho ba mali a borena ea Europe e ile ea lula e ntse e le matla, e ntse e khona ho ikarabella naheng le matla a eona a ho thibela bolokolohi ba ho etsa lintho tlas’a taolo ea litšebeletso tsa sesole, le hoja e ne e ntse e e-ba bomene-mene ka ho eketsehileng, ho tlōla meeli, boikhabi, le boithati bo tlōlisang.
Lilemong tsa bo-1780 puso e tlas’a batho ba mali a borena e ile ea tsukutleha habohloko. Louis XVI oa Fora, a iphumana a le bothateng ba lichelete, o ile a kōpa litho tsa puso ea Fora e tlas’a batho ba mali a borena hore li lahle litokelo tse ling tsa tsona tse amanang le litaba tsa lichelete. Empa ho e-na le ho mo tšehetsa, li ile tsa sebelisa mathata a hae molemong oa tsona, li tšepile hore li fokolise puso ea borena le hore li boele li fumane matla a tsona a neng a li lahlehetse. Herman Ausubel, moprofesa oa histori Univesithing ea Columbia, oa hlalosa: “Ba sa khotsofatsoa ke puso ea sechaba, ba busoa ke morena, tlas’a tsamaiso ea batho ba mali a borena, [batho ba tlas’a puso ea batho ba mali a borena] ba ne ba batla puso ea batho, tlas’a tsamaiso ea batho ba mali a borena, holim’a batho ba mali a borena.” Boikutlo bona bo ile ba thusa ho hlohlelletsa Phetohelo ea Mafora ea 1789.
Liketsahalo tsena tse etsahetseng Fora li ile tsa tlisa liphetoho tsa bohlokoa tse ileng tsa hlokomeloa le ka ntle ho naha. Puso e tlas’a batho ba mali a borena e ile ea lahleheloa ke litokelo tsa eona tsa bohlokoa, tsamaiso ea puso ea bopolotiki ea sehlotšoana sa batho e ile ea felisoa ka ho felletseng, ho ile ha khethoa Phatlalatso ea Litokelo tsa Motho le Moahi, ’me ha fetoloa molao oa motheo. Ho phaella moo, matla a baruti a ile a thibeloa ka molao.
Puso ea sehlotšoana sa batho—esita le haeba ho ne ho nahanoa hore sehlotšoana sa batho e ne e le sona se molemo—e ne e se e lekantsoe sekaleng ke batho ba bangata ’me e ne e fumanoe e fokola.
Ho Fumana ‘Batho ba Molemo’ Qetellong
’Nete e hlakileng ea hore hase ka mehla ‘batho ba molemo’ ba sebetsang tumellanong le lebitso la bona e phahamisa bo bong ba bofokoli bo boholo ba ‘puso ea batho ba molemo,’ ke hore, bothata ba ho fumana hantle hore na ‘batho ba molemo’ ehlile ke bo-mang. Ho finyella litlhokahalo tsa ho tšoanelehela hamolemonyana ho busa, ho hlokahala ho hongata ho feta feela ho ba morui, ho ba oa mali a borena, kapa ho ba mohale ea hloahloa oa sesole.
Ha ho thata ho tiisa hore na lingaka tse molemo, liphehi tse molemo, kapa batho ba lokisang lieta ba molemo ke bafe. Re mpa re talima feela mosebetsi oa bona kapa lihlahisoa tsa bona. Moprofesa Friedrich oa hlokomela: “Leha ho le joalo, mabapi le puso, boemo ha bo bonolo hakaalo.” Bothata ke hore batho ha ba lumellane le hore na puso e lokela ho ba joang le hore na e lokela ho etsa eng. Hape, lipakane tsa puso li fetoha li sa khaotse. Ka hona, joalokaha Friedrich a bolela: “Ho ntse ho sa tsitsa hore na ebe sehlopha se phahameng sechabeng se tšoanelehang ho busa ke sefe.”
E le hore ‘puso ea batho ba molemo’ e hle e be molemo, sehlopha se phahameng sechabeng se tšoanelehang ho busa se ne se tla lokela hore se khethoe ke e mong ea nang le tsebo e fetang ea batho le ea sa foseng ha a ahlola. Ba khethoang e ne e tla lokela hore e be batho ka bomong ba nang le botšepehi bo sa fetoheng ba boitšoaro, ba inehetseng ka ho felletseng lipakaneng tse sa fetoheng tsa puso ea habo bona. Boikemisetso ba bona ba ho beha boiketlo ba ba bang pele ho boiketlo ba bona ka bobona bo ne bo tla lokela hore bo se ke ba belaetsa.
Bibele e bontša hore Jehova Molimo o khethile sehlopha se joalo hantle—Mor’a hae Jesu Kreste le ba seng bakae ho balateli ba hae ba tšepahalang—’me o ba khethetse ho busa holim’a lefatše ka lilemo tse sekete. (Luka 9:35; 2 Ba-Thessalonika 2:13, 14; Tšenolo 20:6) Kreste le ba tla busa le eena ba tla tšollela lefatšeng mahlohonolo a khotso ea nako eohle, tšireletseho, le thabo, ba tsosolosetse batho phethehong, e le libōpuoa tsa moea tse sa shoeng tse sa foseng eseng e le batho ba fosang. Na puso leha e le efe ea motho—esita le ‘puso ea batho ba molemo’—e ne e ka fana ka ho lekanang le hoo?
[Lebokose le leqepheng la 24]
Puso ea Morao-rao ea Sehlotšoana sa Batho
“Litšekamelo tsa puso ea sehlotšoana sa batho . . . li ’nile tsa sibolloa mefuteng eohle e meholo ea puso e tlas’a liofisiri tse sa khethoang ka ho vouta ea litsamaiso tse tsoetseng pele tsa bopolotiki. Ho rarahana ho ntseng ho hōla ha mekhatlo ea morao-rao ea batho le puso ea eona ho tšepela matla a maholohali matsohong a batsamaisi le likomiti tsa litsebi. Esita le lipusong tse tsamaisang sechaba ka tsela ea tsona, ha ho e-s’o fumanoe karabo e khotsofatsang ka botlalo potsong ea hore na baetsi bana ba liqeto tsa puso ea sehlotšoana sa batho ba ka hlahisoang hore ba ikarabelle le matla a bona a thibeloe ka katleho empa ka nako e tšoanang, ka ntle le ho beha katleho le tšebetso e hlaphohileng ea mokhoa oa ho etsa liqeto tsa ’muso kotsing.”—The New Encyclopædia Britannica.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Aristotle o ne a lumela hore puso e tlas’a batho ba mali a borena le puso ea sechaba ka sechaba ha li matahantsoe li ne li ka hlahisa mofuta o molemo oa puso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
National Archaeological Museum, Athens