Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng
Karolo 4—“Rōna Sechaba”
“Democracy”: Puso ea sechaba ka sechaba, e sebelisoang ka ho toba kapa ka baemeli ba khethiloeng.
“RōNA SECHABA sa United States . . . re hlomamisa Molao oa Motheo ona le ho o tiisa.” Mantsoe ana a qalang a selelekela a Molao oa Motheo oa U.S. a loketse, kaha bathei ba ne ba rerile hore United States e be tlasˈa puso ea sechaba ka sechaba. Lentsoe le nang le motso oa Segerike, “democracy” le bolela “puso ea sechaba,” kapa joalokaha Abraham Lincoln, mopresidente oa bo l6 oa United States a ile a le hlalosa: “puso ea sechaba, ka sechaba, bakeng sa sechaba.”
Greece ea boholo-holo, eo hangata e bitsoang sebaka sa tšimoloho ea puso ea sechaba ka sechaba, e ithorisa ka hore puso ea sechaba ka sechaba e ne e sebelisoa linaheng tsa eona tse nang le metse e ipusang, haholo-holo Athene, hoo e ka bang morao lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Empa ka nako eo puso ea sechaba ka sechaba e ne e se seo e leng sona kajeno. Tabeng ea pele, baahi ba Greece ba ne ba ameha ka ho tobileng haholoanyane pusong. Moahi e mong le e mong e motona e ne e le setho sa mokha o neng o kopana selemo sohle ho tšohla mathata a neng a le teng nakong eo. Ka mokhoa o bonolo oa hore batho ba bangata ba voute, mokha o ne o lekanyetsa lipolotiki tsa naha tsa metseng e ipusang kapa polis.
Leha ho le joalo, basali, makhoba le balichaba, ba ne ba behelletsoe ka thōko tabeng ea ho thabela litokelo tsa lipolotiki. Ka hona, puso ea sechaba ka sechaba ea Athene e ne e le mofuta oa puso ea sechaba ka sechaba moo ho lumeloang hore sehlotšoana sa batho ba molemo ke sona se nang le lentsoe. Mohlomong halofo ea baahi ho isa likarolong tse ˈnè ho tse hlano ba ne ba se na lentsoe ho hang litabeng tsa lipolotiki.
Leha ho le joalo, tokisetso ena e ile ea nolofalletsa batho ho bua ka bolokolohi hobane baahi ba voutang ba ne ba fuoa tokelo ea ho hlahisa maikutlo a bona pele ho etsoa liqeto. Tšebeletso ea lipolotiki e ne e buletsoe moahi e mong le e mong e motona, e ne e sa lekanyetsoa sehlotšoaneng sa batho ba phahameng sechabeng. Ho ile ha qapuoa tsamaiso ea taolo bakeng sa ho thibela tšebeliso e mpe ea matla a bopolotiki e ka etsoang ke batho ka bomong kapa ka lihlopha.
Rahistori D. B. Heater o ile a re: “Baathene ka bobona ba ne ba ithorisa ka puso ea bona ea sechaba ka sechaba. Ba ne ba lumela hore e ne e le mohato o haufinyane ho feta tsamaiso e ˈngoe ea puso ea borena kapa puso ea moo ho lumeloang hore sehlotšoana sa batho ke sona se nang le lentsoe bakeng sa bophelo bo felletseng le bo phethahetseng.” Ka ho hlakileng, ho ne ho bonahala puso ea sechaba ka sechaba ebile le tšimoloho e ntle.
Puso ea Sechaba ka Sechaba e Hōlile ho Feta haenee Simoloha
Ka ntle ho se sebelisoang ka tekanyo e nyenyane makhotleng a motse a New England, U.S.A., le ho isa tekanyong e itseng likarolong tse ling tsa Switzerland, puso eo ho eona matla a sebelisoang ke sechaba ka ho toba ha e sa le eo. Ho nahana ka boholo ba linaha tsa kajeno le baahi ba tsona ba limillione, ho busa ka tsela ena ho ke ke ha etsahala. Ho feta moo, ke baahi ba bakae lefatšeng lena le phathahaneng la kajeno ba neng ba ka ba le nako e ngata bakeng sa phehisano ea lipolotiki?
Puso ea sechaba ka sechaba e hōlile ˈme joale e fetohile e tsosang likhang—e nang le litšobotsi tse ngata. Joalokaha makasine oa Time o hlalosa: “Ho thata ho arola lefatše ka mokhoa o hlakileng ka likarolo tse peli tsa puso ea sechaba ka sechaba le karolo eo eseng ea puso ea sechaba ka sechaba. Harˈa litsamaiso tse bitsoang hore ke tsa puso ea sechaba ka sechaba, ho na le mehato ea tokoloho ea motho ka mong, lihlopha tse itseng tsa batho tse thabelang meetlo le litokelo tsa botho, joalokaha ho na le maemo a fapaneng a khatello harˈa puso ea bohatelli.” Leha ho le joalo, batho ba bangata ba lebelletse ho fumana lintho tse itseng tsa motheo lipusong tsa sechaba ka sechaba, lintho tse kang tokoloho ea botho, ho lekana ha litokelo tsa botho, tlhompho bakeng sa litokelo tsa botho, le toka molaong.
Puso eo ho eona matla a sebelisoang ke sechaba ka ho toba ea nakong e fetileng e tšoana hantle le puso ea sechaba ka sechaba ea kajeno. Mekha ea ketsa-melao, ekaba ea lekhotla le le leng kapa tsa makhotla a mabeli, a entsoeng ka batho ka bomong ba khethiloeng ke sechaba—kapa ho seng joalo ba khethoa—hore e be baemeli ba etsang melao molemong oa sechaba.
Tšekamelo ena ea puso ea sechaba ka sechaba e nang le boemeli e ile ea simolla Mehleng e Bohareng. Hoo ekabang bofelong ba lekholong la bol7 le la bol8 la lilemo, mekhatlo ea lekholong la bol3 la lilemo, e joaloka Magna Charta le oa Palamente ea Engelane, ˈmoho le likhopolo tsa lipolotiki ka ho lekana ha batho, litokelo tsa tlhaho, le borena ba sechaba, li ile tsa qala ho ba le moelelo o moholoanyane.
Ho ea bofelong ba karolo ea bobeli ea lekholo la bol8 la lilemo, lentsoe “democracy” le ne le sebelisoa ka kakaretso, le hoja ho ne ho na le pelaelonyana e itseng. The New Encyclopcedia Britannica e re: “Esita le baetsi ba Molao oa Motheo oa United States ka 1787 ba ne ba ikutloa ba sa lokoloha ho kenya sechaba sohle tsamaisong ea lipolotiki. E mong oa bona, e leng Elbridge Gerry, o ile a bitsa puso ea sechaba ka sechaba ˈbokhopo bo fetang makhopo ˈohle a lipolotiki.ˈ” Leha ho le joalo, batho ba kang John Locke oa Lenyesemane ba ile ba tsoela pele ho pheha khang ea hore puso e itšetlehile ka tumello ea sechaba, seo litokelo tsa sona tsa tlhaho li sa lokelang ho tlōloa.
Lirephabliki
Litsamaiso tse ngata tsa lipuso tsa sechaba ka sechaba ke lirephabliki, sena se bolela hore ke mebuso e nang le hlooho ea naha eseng morena, eo hangata hona joale e leng mopresidente. E ˈngoe ea lirephabliki tsa pele lefatšeng ke Roma ea boholoholo, le hoja ho ne ho lumeloa hore puso ea sechaba ka sechaba ea teng e ne e lekanyelitsoe. Leha ho le joalo, rephabliki eo ka lehlakoreng le leng e leng puso ea sechaba ka sechaba e ile ea tšoarella ka lilemo tse 400 pele e suthela puso ea morena le ˈMuso oa Roma.
Kajeno lirephabliki ke mofuta oa puso o tloaelehileng ka ho fetisisa. Mebusong e 219 le mekhatlo ea machaba e ileng ea thathamisoa bukeng e ˈngoe ea litšupiso ea 1989, e 127 e ile ea thathamisoa joaloka lirephabliki, le hoja e se tsohle tse leng tlasˈa puso ea sechaba ka sechaba ea boemeli. Ha e le hantle, mefuta ea lirephabliki e mengata.
Lirephabliki tse ling li na le puso e kopaneng, ke hore, li laoloa ke ˈmuso o ka sehlohong. Tse ling li tlasˈa puso e arolelanoang, ho bolelang hore ho na le karolelano ea taolo lipakeng tsa maemo a mabeli a puso. Joalokaha lebitso le bontša, United States of America e tlasˈa mofuta ona oa bobeli oa tsamaiso o tsejoang e le federaiism. Puso ea sechaba e hlokomela lithahasello tsa sechaba ka kakaretso, ha puso ea naha e sebetsana le litlhoko tsa naha eo. Harˈa mantsoe ana a akaretsang, ha e le hantle, ho na le phapang e ngata.
Lirephabliki tse ling li ba le likhetho tse lokolohileng. Baahi ba tsona ba ka ba ba fuoa mekha ea lipolotiki e fetang bonngoe le bo-nkhetheng bao ba ka ba khethang. Lirephabliki tse ling li nahana hore likhetho tse lokolohileng ha li hlokahale, li pheha khang ea hore thato ea karolo e khōlō ea sechaba e ka finyelloa ka mekhoa e meng, e kang ho hōlisa mokhoa oa ho kopanela tlhahiso ea lintho. Greece ea boholo-holo e sebeletsa e le mohlala hobane likhetho tse lokolohileng li ne li sa tsejoe moo. Batsamaisi ba ne ba khethoa ka lotho ˈme ka kakaretso ba ne ba lumelloa hore ba sebeletse selemo se le seng kapa tse peli feela. Aristotle o ne a le khahlanong le likhetho, a bolela horè li kenya likhopolo tsa ho busa ha sehlotšoana sa batho seo ho lumeloang se na le lentsoe bakeng sa ho khetha “batho ba molemo.” Leha ho le joalo, ho ne ho lekanngoa hore puso ea sechaba ka sechaba e tla ba puso ea sechaba sohle, eseng ea “batho ba molemo” feela.
Na e Molemo ka ho Bapisoa Feela?
Esita le Athene ea boholo-holo, puso ea sechaba ka sechaba e ne e tsosa khang. E ne e belaetsa Plato. Puso ea sechaba ka sechaba e ne e nkoa e fokola hobane e tlohetsoe matsohong a batho ba hlokang tsebo ba susumetsoang habonolo ke boikutlo ba baeta-pele ba sebelisang litšepiso tsa bohata hore ba fumane balateli. Socrates o ne a bolela hore puso ea sechaba ka sechaba e ne e se letho haese puso ea batho feela. ˈMe Aristotle, e mong oa borafiloson“ bana ba bararo ba tsebahalang ba Magerike a boholo-holo, o ile a pheha khang, joalokaha buka A History of Politicai Theory, e bolela: “ha puso ea sechaba ka sechaba e ntse e eketseha, ka ho eketsehileng e ile ea sekamela pusong ea batho feela,. . . e ile ea fetoha puso ea bohatelli.”
Ba bang ba ile ba ba le lipelaelo tse tšoanang. Jawaharlal Nehru, eo e kileng ea e-ba tona-khōlō ea India, o ile a re puso ea sechaba ka sechaba e ntle, empa ha a hlalosa taba ka ho eketsehileng o itse: “Ke bua joalo hobane litsamaiso tse ling li le mpe le ho feta.” ˈMe William Ralph Inge oa Lenyesemane le mongoli, o kile a ngola: “Puso ea sechaba ka sechaba ke mofuta oa puso o ka ˈnang oa sireletsoa ka ho beha mabaka, eseng ka hore o motle, empa hore ha o mobe haholo ho feta mefuta e meng eohle.”
Puso ea sechaba ka sechaba e na le mefokolo e mengata. Ba pele, hore e atlehe, batho ka bomong ba tlameha ho ikemisetsa ho beha boiketlo ba batho ba bangata ka pele ho lithahasello tsa bona. Hona ho ka ˈna ha bolela ho tšehetsa molao oa makhetho kapa melao e meng eo e ka ˈnang eaba ha ba lumellane le eona empa e hlokahala molemong oa sechaba kaofela. Ho thata ho fumana thahasello e joalo e se nang boithati, esita le lichabeng tsa “Bokreste” tse tlasˈa puso ea sechaba ka sechaba.
Bo bong bo ile ba hlokomeloa ke Plato. Ho latela A History of Political Theory, o ile a hlasela “ho hloka tsebo le ho se tšoanelehe ha bo-ralipolotiki, tseo e leng thohako e khethehileng ea puso ea sechaba ka sechaba.” Litsebi tse ngata tsa bo-ralipolotiki li masoabi ho thatafalloa ho fumana batho ba tšoanelehang le ba nang le tsebo ea ho sebeletsa ˈmusong. Esita le matona a khethiloeng e ka ˈna eaba ha a na tsebo e felletseng litabeng tsa lipolotiki. ˈMe mehleng ena ea thelevishine, ponahalo e ntle ea motho ea khethoang kapa tsela eo a ipiletsang ka eona ho sechaba e ka mo hapela livoutu tseo matla a hae a tsamaiso a neng a ke ke a li hapa.
Bofokoli bo bong bo totobetseng ba puso ea sechaba ka sechaba ke ba hore ho nka nako e telele pele lintho li ka etsoa. Moeta-pele oa mohatelli ha a bua, lintho lia etsoa! Tsoelo-pele pusong ea sechaba ka sechaba e ka ˈna ea liehisoa ke likhang tse sa feleng. Ha e le hantle, ho buisana ka litaba tse tsosang likhang ho ka ba le melemo ea sebele. Leha ho le joalo, joalokaha Clement Attlee eo e kileng ea e-ba tona-khōlō ea Brithani a kile a hlokomela: “Puso ea sechaba ka sechaba e bolela puso ka lipuisano empa e sebetsa ha feela u ka thibela sechaba ho bua.”
Esita le ka morˈa hore ho bua ho emise, hore na ke ho isa bohōleng bofe liqeto tse entsoeng e leng ka ˈnete li emelang seo “sechaba” se se batlang ke ho ke keng ha tiisoa. Na baemeli ba voutela maikutlo a batho ba bangata ba litho tsa bona kapa, hangata ba voutela maikutlo a bona? Kapa ba fetisa feela seo e leng molao oa mokha oa bona?
Molao-motheo oa puso ea sechaba ka sechaba oa ho ba le tsamaiso ea ho hlahloba le ho laola ka morero oa ho thibela tšenyeho, o nkoa e le khopolo e ntle empa hase hangata o sebetsang. Ka 1989 makasine oa Time o ile oa bua ka “tšenyeho ea mebuso maemong ˈohle,” o ile oa bitsa ˈmuso o etellang pele
pusong ea sechaba ka sechaba “senatla se se nang molemo, se se nang matla, se se nang thuso.” Molula-setulo oa sehlopha se reretsoeng ho hlahloba tšenyo e itseng ˈmusong se theiloeng bohareng ba lilemo tsa bo-1980 o ile a susumetseha ho ikoahlaea: “Puso e tsamaisoa ka mokhoa o tšosang haholo.”
Ka lebaka lena le a mang a mangata, puso ea sechaba ka sechaba e ke ke ea bitsoa puso e phethahetseng. ˈNete e totobetseng, joalokaha ho hlalositse mongoli oa lithoko oa Lenyesemane oa lekholong la bol7 la lilemo, John Dryden, ke hore “ba bangata ba ka etsa liphoso tse mpe joaloka tse ka etsoang ke ba fokolang.” Mongoli oa Leamerika Henry Miller, e ne e le motho ea phasolohang feela, empa leha ho le joalo, o ne a nepile ha a ne a soasoa a re: “Sefofu se tsamaisa sefofu. Ke mokhoa oa puso ea sechaba ka sechaba.”
Nae see Tla Felisoa?
Puso ea sechaba ka sechaba e se e amohetsoe ke ba bangata lekholong lena la lilemo ho feta leha e le neng pele. Liphetoho tse khōlō tsa morao-rao lipolotiking Europe Bochabela li tiisa sena. Leha ho le joalo, lilemong tse seng kae tse fetileng, mongoli oa likoranta James Reston o ile a ngola: “Puso ea sechaba ka sechaba e buellang liphetoho pusong joale e khathatsong e tebileng lefatšeng.” Daniel Moynihan o ile a lemosa hore “puso ea sechaba e buellang liphetoho pusong hase khopolo e nang le matla” le hore “ho bonahala hore puso ea sechaba ka sechaba ea fela.” Rahistori oa Brithani Alexander Tyler o ile a re puso ea sechaba ka sechaba e ke ke ea ba teng ka ho sa feleng hobane “ka mehla e oa ka baka la molato oa sechaba oa chelete.” Leha ho le joalo, pono ea hae e tsosa khang.
Leha ho le joalo, ka ho totobetseng puso ea sechaba ka sechaba ke ho ntšetsa pele tšekamelo e ileng ea qaleha Edene, ha batho ba etsa qeto ea ho etsa lintho ka tsela ea bona, eseng ka tsela ea Molimo. Puso ea motho e-ea qetellong ea eona, hobane bonyane ka khopolo, e-ea bohōleng ba ho akarelletsa e mong le e mong tsamaisong ea puso. Empa polelo ea Selatine e reng Vox populi, vox Dei, “lentsoe la sechaba ke lentsoe la Molimo,” hase ˈnete. Ka baka leo, ba tšehetsang puso ea sechaba ka sechaba ea batho ba tlameha ho ikemisetsa ho jara boikarabelo bakeng sa liketso tsa eona.—Bapisa le 1 Timothea 5:22.
ˈNete ena e bile e tebileng haholoanyane ho tloha ka 1914. Selemong seo se mahlonoko, puso ea Molimo e ile ea qala ho sebetsa ka mokhoa o ikhethang. ˈMuso oa Molimo oa Bomessia joale o eme e le malala-a-laotsoe hore o ka laola litaba tsa lefatše ka ho felletseng. Mefuta eohle ea puso ea motho—ho akarelletsa le puso ea sechaba ka sechaba—e ntse e lekanngoa sekaleng. Re beoa sekaleng hammoho le eona ho isa bohōleng boo motho ka mong a e buellang.—Daniele 2:44; Tšenolo 19: 11-21.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
“Ha ho matleng a motho ea tsamaeang esita le ho tsamaisa mehato ea hae.”—Jeremia 10:23, “NW”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
“Ho na le tsela eo ho motho e bonahalang eka e lokile, empa qetellong e isa lefung.”—Liproverbia 14:12, “New International Version”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ba tšehetsang puso ea sechaba ka sechaba ea batho ba tlameha ho ikemisetsa ho jara boikarabelo bakeng sa liketso tsa eona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
Foto ea U.S. National Archives