Na U sa Hopola?
Na u nahanne ka hloko litokollo tsa Molula-Qhooa tsa morao tjee? Haeba ho joalo, u tla fumana hore hoa thahasellisa ho hopola tse latelang:
▫ Phapang ea sehlooho pakeng tsa motho le liphoofolo ke efe?
Phapang e khōlō e likoloha sebōpehong, matleng, le tšebetsong ea boko. Liphoofolong hoo e ka bang tšebetso eohle ea boko e hlophisitsoe ka lenaneo la se bitsoang bohlale ba tšekamelo ea tlhaho. Ha ho joalo ka batho. Molimo o file batho matla a boikhethelo. (Liproverbia 30:24-28)—4/15, leqepheng la 5.
▫ ’Mino o ne o phetha karolo efe borapeling ba tempele ba Baiseraele?
’Mino, haholo-holo libini, li ne li e-na le sebaka sa bohlokoa borapeling, eseng hakaalo-kaalo ho fana ka litaba tse tebileng tsa Molao, empa ho fana ka moea o nepahetseng bakeng sa borapeli. O ile oa thusa Baiseraele hore ba rapele Jehova ka tsela e mahlahahlaha. (1 Likronike 23:4, 5; 25:7)—5/1, maqepheng a 10, 11.
▫ Bana ba hloka tlhokomelo ea mofuta ofe ho tloha boseeng?
Batsoali ba lokela ho fana ka hoo e ka bang tlhokomelo e sa khaotseng ho lesea le sa tsoa hlaha. Pauluse o ngotse: “Ho tloha boseeng u tsebile mangolo a halalelang, a khonang ho u hlalefisetsa poloko.” (2 Timothea 3:15, NW) Kahoo tlhokomelo ea botsoali eo Timothea a ileng a e fumana, esita le ho tloha boseeng, le eona e ne e le ea moea.—5/15, leqepheng la 11.
▫ Ke lintlha life tse ’nè tsa bopaki tse tiisang hore Bibele e fupere molaetsa oa Molimo bakeng sa moloko oohle oa batho?
(1) Ho fumaneha. Bibele e fumaneha ho karolo ea 98 lekholong ea baahi ba lefatše. (2) ’Nete litabeng tsa histori. Bibele e fupere linnete tsa histori, eseng litšōmo tse ke keng tsa pakoa. (3) Ho sebetsa ha eona. Litaelo le melao-motheo ea eona li fana ka tsela ea bophelo e tlisang molemo ho ba e khomarelang haufi-ufi. (4) Boprofeta. Ke buka e bolelang ka tsela e qaqileng tse tlang ho etsahala nakong e tlang.—6/1, maqepheng a 8, 9.
▫ Ke boikarabelo bofe bo tsamaeang le ho tseba bolumeli ba ’nete?
Hang ha re tsebile bolumeli ba ’nete re tlameha ho bo sebelisa bophelong ba rōna. Ke tsela ea bophelo. (Pesaleme ea 119:105; Esaia 2:3)—6/1, leqepheng la 13.
▫ Ke hobane’ng ha thuto ea botho ea Bibele e le ea bohlokoa hakaale?
Bahlanka ba Molimo bohle ba hloka hore thabo ea bona le matla li nchafatsoe letsatsi le letsatsi ka ho fumana litšobotsi tse ncha le tse tebileng haholoanyane tsa ’nete ea Lentsoe la Molimo. Ka tsela ena ba ipoloka ba hlasimolohile moeeng.—6/15, leqepheng la 8.
▫ Ho boleloa’ng ka lentsoe “sebe” joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng?
Libōpehong tsa ’ona tsa leetsi, mantsoe a Seheberu le Segerike ao ka kakaretso a sebelisoang ka Bibeleng ho bolela “sebe” a bolela “ho hlōleha ho finyella,” ka kutloisiso ea ho hlōleha kapa ho se finyelle pakane, sepheo, kapa seo motho a se habileng. Batho ba babeli ba pele ba ile ba haelloa ke khanya ea Molimo, ba hlōleha ho finyella morero oa ho bōptjoa ha bona ka setšoantšo sa Molimo. Ka mantsoe a mang, ba ile ba etsa sebe. (Genese 2:17; 3:6)—6/15, leqepheng la 12.
▫ Ke hobane’ng ha ho bala lingoliloeng tsa bakoenehi e le booatla?
Lingoliloeng tse ling tsa bakoenehi li hlahisa mashano ka “lipolelo tse khahlehang” le “lipolelo tsa mano.” (Ba-Roma 16:17, 18; 2 Petrose 2:3) Lingoliloeng tsohle tsa bakoenehi seo li se etsang feela ke ho nyefola le ho arola. Ha ho letho le hahang.—7/1, leqepheng la 12.
▫ Na puso ea sechaba ka sechaba e simolohile Greece?
Greece ea boholo-holo, puso ea sechaba ka sechaba e ne e sebelisoa feela mebusong e ’maloa ea metse, esita le ho eona ena ho ne ho vouta banna feela. Sena se ne se bolela hore baahi ba etsang likarolo tse ’nè ho tse hlano ba ne ba sa kopanyeletsoe. Ho hang e ne e se ’muso o ratoang kapa puso ea sechaba ka sechaba!—7/1, leqepheng la 16.
▫ Lenyalo la Bokreste le atlehisoa ke’ng?
Ha monna le mosali ba hlompha pono ea Molimo ka lenyalo ba bile ba leka ka matla ho phela tumellanong le melao-motheo ea Lentsoe la hae. (Ba-Efese 5:21-33)—7/15, leqepheng la 10.
▫ Thuto ea lelapa la hao e ka ba e thabisang joang?
Leka ho etsa hore bana bohle ba kopanele. E-ba le maikutlo a nepahetseng ’me u be ea hahang, u babatse bana ba hao ka mofuthu ha ba nka karolo. U se ke ua koahela boitsebiso feela ka tsela eo bo ngotsoeng ka eona, empa leka ho finyella lipelo tsa bana ba hao.—7/15, leqepheng la 18.
▫ Ho boleloa’ng ka polelo: “Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’” (1 Ba-Thessalonika 5:3, NW)
Hlokomela hore Bibele ha e re lichaba li tla finyella “khotso le tšireletseho.” Empa bonyane li tla be li bua ka eona ka tsela e ikhethang, li bontša tšepo le kholiseho tseo pele li e-song ho ka li ba le tsona. Menyetla ea ho finyella khotso le tšireletseho e tla be e bonahala e le haufi ho feta leha e le neng pele.—8/1, leqepheng la 6.
▫ Bolela mekhoa e meraro eo ka eona Jehova a bonahatsang ho nahanela maemo.
Jehova o ile a bontša hore o lutse a loketse ho tšoarela. (Pesaleme ea 86:5) O ’nile a ikemisetsa ho fetola tsela eo a rerileng ho etsa lintho ka eona ha maemo a macha a hlaha. (Bona Jonase, khaolo ea 3.) Hape, Jehova o bontšitse hore o nahanela maemo ha a sebelisa bolaoli. (1 Marena 22:19-22)—8/1, maqepheng a 12-14.