U ka Fumana Tataiso e Tšepahalang Hokae?
“OHO! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae. Jehova, u nkhalemele.”—Jeremia 10:23, 24.
Mongoli oa Bibele Jeremia o ile a ngola mantsoe ana makholo a lilemo a ka bang 25 a fetileng. Boemo ba mahlomola ba moloko oa batho ka mor’a lilemo tse likete tsa ho latela tataiso ea motho bo paka ’nete e ke keng ea latoloa ea polelo ena. Empa u ka ’na ua botsa, ‘Ho ka fumanoa tataiso e tšepahalang hokae?’
Lengolo le qotsitsoeng ka holimo le supa mohloli oa tataiso le ketello-pele o tšepahalang o phahametseng motho haholo—’Mōpi oa motho, Jehova Molimo. Ka sebele ha ho ea tsebang ho bōptjoa ha motho le litlhoko tsa hae hamolemo ho feta ’Mōpi oa rōna. Leha ho le joalo, na Molimo o thahasella h o re fa tataiso e joalo le ketello-pele? O fana ka tsona joang? Na lia sebetsa linakong tsa rōna?
Re Etselitsoe ho Amohela Tataiso ea Bomolimo
Ho tsebahala hantle hore phapang e khōlō e khethollang motho ho liphoofolo e itšetlehile ka sebōpeho, matla, le tšebetso ea boko ba motho. Liphoofolong, hoo e batlang e le tšebetso eohle ea boko e likoloha ho se tsejoang e le bohlale ba tšekamelo ea tlhaho. Ha ho joalo ka batho.—Liproverbia 30:24-28.
Ho fapana le boko ba liphoofolo, karolo e khōlō ea boko ba motho ha e na litaelo tse haheletsoeng ka ho bona. Molimo o file batho matla a boikhethelo, a etsa hore ho be bonolo hore ba etse liqeto tse bohlale le ho bonahatsa litšoaneleho tse phahameng, joaloka lerato, ho fana ka seatla se bulehileng, ho hloka boithati, toka, le bohlale.
Na hoa utloahala ho nahana hore Molimo o ne a ka bōpa motho a e-na le matla a joalo a kelello a sa mo fe mofuta o itseng oa tataiso mabapi le mokhoa oa ho a sebelisa hamolemo? Molimo o fane ka tataiso e tobileng ho batho ba pele. (Genese 2:15-17, 19; 3:8, 9) Esita le ka mor’a hore motho a oele sebeng, Jehova o ile a tsoela pele ho tataisa banna le basali ba tšepahalang, haholo-holo ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele. (Pesaleme ea 119:105) Sena se lumeletse batho hore ba tobane ka katleho le mathata a letsatsi le letsatsi a bophelo ha ba ntse ba sebelisa boikhethelo ba bona ka bohlale.
Ho Ngoloa ha Bomolimo ha Bibele
Ke eng se etsang hore Bibele e be mohloli o tšepahalang oa tataiso? Lebaka le leng ke hore e fana ka boitsebiso bo ka fanoang ke ’Mōpi feela. E na le histori ea liketsahalo tse etsahetseng nako e telele pele bophelo ba batho bo qaleha. Ka mohlala, e fana ka histori ea kamoo lefatše le ileng la lokisoa kateng ka mehato e latellanang ho fihlela le loketse ho tšehetsa bophelo ba batho. (Genese, likhaolo 1, 2) Le hoja sena se ile sa tlalehoa ka Bibeleng lilemo tse ka bang 3 000 tse fetileng, se lumellana le likhopolo tsa kajeno tsa saense.
Nako e telele pele batho ka kakaretso ba lumela hore lefatše le chitja, Bibele e ile ea re: “[Molimo] o sarolotse leboea holim’a sepaka-paka, a leketlisa lefatše holim’a bofeela-feelane.” (Jobo 26:7, NW) Ho feta moo, Bibele e senola hore “ke eena ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše, lee ba ahileng ho lona ba leng ho eena joalo ka litsie.” (Esaia 40:22) Ke Molimo feela, ’Mōpi, ea neng a ka fana ka boitsebiso bona bo qaqileng.
Ho khona ho tseba bokamoso esale pele hase mpho e fuoeng motho. Ho e-na le hoo, ’Mōpi o bolela bokamoso esale pele ka tlaleho ea Bibele. Molimo o ile a bululela moprofeta Esaia hore a ngole tjena ka Eena: “Ke ’na Molimo o matla, ’me ha ho o mong, ke ’na Molimo, ’me ha ho ea joalo ka ’na. Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe.”—Esaia 46:9, 10.
Bibele e bontšitse hore e ka bolela esale pele qetello ho tloha qalong ka ho nepahala ho hlollang. Ka mohlala, e boletse esale pele ka ho phahama, ho oa, le litšobotsi tsa mebuso e meholo ea lefatše nakong ea lilemo tse likete tsa histori ea batho. Boprofeta bona bo hlollang bo ngotsoe lilemo tse makholo pele bo phethahala, maemong a mang lilemo tse likete pele. Ka hona ka nepo Bibele e bolela esale pele ka liketsahalo tsa kajeno, haesita le qetello ea tsona. Bibele e boetse e ikhethile hobane e supa tsela ea ho pholoha nakong ea timetso ea mebuso ea batho ba sa phethahalang ka Armageddone, “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” ’Muso oa Molimo matsohong a Mora oa hae, Jesu Kreste, o tla phethahatsa ketso ena e khōlō.—Tšenolo 16:14, 16; 17:9-18; Daniele, likhaolo 2, 8.
E Molemo ka Mehla—Ha ho Mohla e Leng Kotsi
Bohlale feela ba batho ha boa phethahala; kahoo, hase ka mehla keletso ea batho e leng molemo, le hoja e ka fanoa ka boikemisetso bo botle. Ha ho joalo ka keletso e tsoang Bibeleng. Molimo ka boeena o itse: “’Na Jehova, . . . ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joalo ka nōka; ho loka ha hao ho ka tlala joalo ka maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18.
Tataiso ea bomolimo e re thusa ho lekanyetsa lintho tse tlang pele le ho khomarela litekanyetso tse phaha-phahameng tsa bophelo. Le hoja mokhatlo oa batho oa kajeno o hatella ho finyella lintho tse bonahalang le lipakane, Bibele e hatella kamoo ho leng bohlokoa kateng “ha re fela re sa talime tse bonahalang, re mpa re talima tse sa bonahaleng; hobane tse bonahalang ke tsa mehla ena feela; empa tse sa bonahaleng ha li ka ke tsa e-ba le bofelo.” (2 Ba-Korinthe 4:18) Ka tsela ena re khothaletsoa ho ba le lipakane tse molemo ka ho fetisisa bophelong, e leng, lipakane tsa moea mabapi le ho etsa thato ea Molimo, pakane ea ho qetela ke ea bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea ho loka.
Ha Mokreste a ikitlaetsa hore a finyelle lipakane tsena tse phahameng, keletso ea Bibele e mo thusa hore a phele bophelo bo molemo ka ho fetisisa bo ka fumanehang tsamaisong ena e khopo ea lintho. Bohlale ba kajeno ba batho bo sekamela ho khothaletsa filosofi ea ho sebetsa hanyenyane ’me o fumane moputso o eketsehileng. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re bolella hore “ea letsoho le botsoa o tla fumaneha, empa letsoho la sekhothali le tla se ruisa.” Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu: “Re fela re kholoa hoba re na le letsoalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.”—Liproverbia 10:4; Ba-Heberu 13:18.
Bibele e boetse e fana ka keletso e sebetsang tokisetsong ea lelapa. E bontša ka ho toba karolo ea monna le mosali tokisetsong ea lenyalo, haesita le tsela e nepahetseng ea ho hōlisa le ho ruta bana. E re: “Ke ka mokhoa o joalo le bona banna ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joalo ka ’mele ea bona. . . . ’Me mosali eena a hlomphe monna oa hae. Bana, utloang batsoali ba lōna . . . ’Me lōna bontat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” Ho latela keletso e phahameng ea ’Mōpi ho tlatsetsa haholo botsitsong le thabong ea malapa.—Ba-Efese 5:21–6:4.
Bokamoso bo Sireletsehileng Bakeng sa ba Latelang Tataiso ea Molimo
Lentsoe le ngotsoeng la Molimo le supa tharollo eo Molimo a nang le eona bakeng sa mathata ’ohle a moloko oa batho. Haufinyane Jehova Molimo o tla felisa tsamaiso ea hona joale ea lintho, ka bohloko, ho hloka toka le ho utloisa bohloko ha eona, ’me o tla e nkela sebaka ka tsamaiso ea hae e ncha ea ho loka. Bibele e hlalosa sena ho 2 Petrose 3:7-10, ea phaella temaneng ea 13: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” Sena se bolela litaba tse molemo ka ho fetisisa tse ka fuoang lelapa la motho. Ka ho toba ke oona molaetsa oo Bibele e fanang ka oona le oo Lipaki tsa Jehova li o bolelang linaheng tse fetang 200 le lihleke-hlekeng tsa leoatle.
Ha ho etsoa thato ea Molimo lefatšeng lohle, lelapa lohle la motho le tla rua molemo ka ho latela tataiso e molemo ka ho fetisisa ea ’Mōpi oa lona, Jehova. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le mathata a bofutsana, tlōlo ea molao, le lithethefatsi. Moloko oa batho o ke ke oa hlola o hlaseloa ke ho kula, botsofali le lefu. Lelapa la motho le tla phahamisetsoa phethehong eo batsoali ba rōna ba pele ba neng ba le ho eona pele ba fetohela tataiso ea Molimo.
Buka ea ho qetela ea Bibele e akaretsa boemo bo thabileng ba ba behang tšepo ea bona tataisong ea bomolimo hantle hakaakang! Tšenolo 21:4, 5 e re: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” ’Mōpi oa rōna o tiisitse seo ka ho re: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.” Oa phaella: “Lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”
Haeba re tla amohela litlhohonolofatso tsena, Molimo o lebeletse eng ho rōna? Moapostola Pauluse o hlalosa hore thato ea Molimo ke hore “batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Ka mofuthu Lipaki tsa Jehova li u mema hore u fumane tsebo ena e nepahetseng ea ’nete ka ho ithuta Bibele ka ho batsi. Ka ho ithuta ka mafolo-folo thato ea bomolimo, le uena ka phihlelo u ka fumana hore bohlale ba bomolimo ke eona feela tataiso e ka tšepahalang linakong tsena tse mahlonoko. Ho potlaka ha linako ho etsa hore ho be bohlokoa ho feta leha e le neng pele ho e latela!