Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 12/8 maq. 20-23
  • Karolo 8—Motsoako oa Lipolotiki oa Tšepe le Letsopa le Mongobo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 8—Motsoako oa Lipolotiki oa Tšepe le Letsopa le Mongobo
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ferekanngoa ke Toro
  • ‘Menoana ea Leoto e Leshome’
  • Tšepe le Letsopa le Mongobo
  • Matla a Sechaba
  • Ho Bua Halelele, Empa Liketso li Haella
  • Na ho na le Lebaka la ho ba le Tšepo?
  • Meferefere ea Lipolotiki e Phethahatsa Boprofeta ba Bibele
    Lihlooho Tse Ling
  • Ho Ema le ho oa ha Setšoantšo se Seholohali
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Senatla sa Boprofeta—Ho oa ha Sona ho Tla Bolela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 12/8 maq. 20-23

Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng

Karolo 8—Motsoako oa Lipolotiki oa Tšepe le Letsopa le Mongobo

“Nationalism”: boikutlo bo hlokomelehang ba sechaba ba ho phahamisa sechaba se seng ka holimo ho tse ling tsohle le ho ntšetsa pele moetlo oa sona le lithahasello ka pele ho lichaba tse ling; khopolo e ileng ea bonahala ka lekhetlo la pele bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo empa e finyelletse tlhōrō ea eona lekholong la bo20 la lilemo.

MEBUSO ea batho e tlatselela ka ho hlokang thuso ho tloha tlokotsing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, e hlōleha ho tlisetsa mokhatlo oa batho botsitso. Ho latela Zbigniew Brzezinski, moeletsi oa tšireletseho ea sechaba oa eo e neng e le mopresidente oa U.S. Jimmy Carter, boemo bona bo ke ke ba fetoha kapele.

Brzezinski, hammoho le baeta-pele ba bang ba lefatše, ba ile ba buisana le moqolotsi oa litaba Georgie Anne Geyer ha a ne a lokisetsa sehlooho se hatisitsoeng ka 1985 se reng “Lefatše la Rōna le Tsekolohang.” Sehloohong seo o ile a qotsa Brzezinski a re: “Mabaka a bakang ho hloka botsitso ha machaba a fumana matla a taolo ea histori a ka holim’a litšusumetso tse sebeletsang tšebelisano-’moho e hlophisitsoeng. Sephetho se ke keng sa qojoa sa karohano efe kapa efe litšobotsing tsa lefatše ke hore mofere-fere oa sechaba, merusu ea lipolotiki, bothata ba moruo, le khohlano ea machaba li ka eketseha haholoanyane karolong e setseng ea lekholo lena la lilemo.”

Ka sebele ena ke ponelo-pele e hlokang tšepo empa hase e makatsang liithuti tsa Bibele. Boemo bona bo hlile ba boleloa esale pele nakong e fetileng. Neng? Hokae?

Ho Ferekanngoa ke Toro

Nebukadnezare, morena oa Babylona ho tloha ka 624 ho fihlela ka 582 B.C.E., o ile a khathatsoa ke toro. Torong eo o ne a ile a bona setšoantšo se seholo se nang le hlooho ea gauda, sefuba le matsoho a silevera, letheka le lirope tsa koporo, litlhafu tsa tšepe, maoto le menoana ea tšepe e kopantsoeng le letsopa. Moprofeta oa Molimo Daniele o ile a hlalosetsa Nebukadnezare bohlokoa ba setšoantšo seo, a ’molella: “Morena, . . . hloho ea gauda ke uena. Ka mor’a hao, ho tla hlaha ’muso o mong, o monyenyane ho oa hao, ho ntoo ba ’muso o mong oa boraro oa koporo, o tlang ho busa lefatše lohle.” Kahoo, ho hlakile hore setšoantšo se ne se amana le mebuso ea batho.—Daniele 2:37-39.

Pele ho mehla ea Daniele Egepeta le Assyria li ne li hatelletse Baiseraele, bakhethoa ba Mongoli oa Bibele. (Exoda 19:5) Ho latela Bibele, sena se li entse mebuso ea lefatše, ha e le hantle, ea pele letotong la mebuso e supileng eo Bibele e buang ka eona. (Tšenolo 17:10) Joale, mehleng ea Daniele, Babylona e ile ea ketola Jerusalema, ea qobella Baiseraele ho ea botlamuoeng. Ka hona, Babylona e ile ea fetoha ’muso ba oa boraro mebusong ea lefatše oo ka ho loketseng o bitsoang “hloho ea gauda.” Bibele le histori ea lefatše li khetholla mebuso ea lefatše eo e neng e le hona e tla tla e le Medo-Persia, Greece, Roma, ’me qetellong, ’muso oa Manyesemane le Maamerika.a

Bibele e hlophisa lichaba tsena joaloka mebuso ea lefatše hobane li bile le litšebelisano le batho ba Molimo le ho hanyetsa bobusi ba Molimo boo bahlanka bana ba oona ba neng ba bo tšehetsa. Kahoo, setšoantšo se bonoeng ke Nebukadnezare se tšoantšetsa hantle kamoo mebuso ea batho e neng e tla tsoela pele ho sebelisoa khahlanong le borena ba Molimo esita le ka mor’a hore ’muso oa hae o timele. Tlhahlamano ea mebuso ea lefatše e tšoantšetsoang ke likarolo tse fapaneng tsa setšoantšo e qalile ka hlooho ho ea tlaase. Ka ho utloahalang, maoto le menoana li ne li tla tšoantšetsa litšobotsi tsa ho qetela tsa puso ea motho tse neng li tla ba teng “nakong ea bofelo” joalokaha Daniele a hlalositse. Joale, re lokela ho lebella eng?—Daniele 2:41, 42; 12:4.

‘Menoana ea Leoto e Leshome’

Bahlanka ba Molimo ha ba sa lekanyelitsoe sechabeng se le seng kapa sebakeng se le seng hore ba hatelloe ke ’muso o le mong oa lefatše. (Liketso 1:8; 10:34, 35) Joaloka litho tsa lichaba tsohle, baahi ba mefuta eohle ea ’muso oa motho, ka cheseho ba phatlalatsa hore nako ea bofelo e se e qalile le hore puso ea motho e bile le nako ea eona—hore haufinyane e tla nkeloa sebaka ke bobusi ba Molimo.b Ka lebaka leo, molaetsa o sebete oo ba o tsebahatsang o hanyetsa mebuso eohle ea lipolotiki e leng teng. Ka ho loketseng palo “leshome” joalokaha e sebelisitsoe ka Bibeleng e bolela phetheho linthong tsa lefatše. Ka hona, puso eohle ea motho ea lipolotiki, eo ka bonngoe e hanyetsang borena ba Molimo nakong ea bofelo, ke seo ka ho utloahalang ‘menoana ea leoto e leshome’ ea setšoantšo e neng e tla se tšoantšetsa.

Boemo ba lipolotiki e ne e le bofe qalong ea nako ena e boletsoeng esale pele? Ka selemo sa 1800, lichaba tsa Europe li ne li laola karolo ea 35 lekholong ea lefatše, empa ka 1914 palo eo e ne e nyolohetse ho karolo ea 84 lekholong! The Collins Atlas of World History e hlokomela hore “pele ho ntoa ea 1914, ho ne ho bonahala hore ho arohana ha lefatše mahareng a mebuso e meholo ho batla ho se ho felletse.” Ha e le hantle, Hugh Brogan morupeli oa histori Univesithing ea Essex, Engelane, o bolela hore ho ne ho bonahala hore “haufinyane lefatše lohle le tla be le busoa ke mebuso e tšeletseng.”

Leha ho le joalo, ho sebelisa ‘menoana ea leoto e leshome’ ho tšoantšetsa kakaretso ea mebuso ea lefatše eo palo ea eona ea sebele e neng e ke ke ea feta “mebuso e tšeletseng” e ne e ke ke ea e-ba ho utloahalang. Ka hona, haeba phethahatsong ea boprofeta ‘menoana ea leoto e leshome’ e ne e tla ba ea bohlokoa, boemo ba lipolotiki bo neng bo le teng ka 1914 bo ne bo tla lokela ho fetoha.

Ha lilemo tsa bo-1900 li simoloha, ’Muso oa Brithani, o moholo ka ho fetisisa oo lefatše le kileng la o bona, o ne o busa motho e mong le e mong oa bone lefatšeng. Mebuso e meng ea Europe e ne e laola batho ba bang ba eketsehileng ba limillione. Empa Ntoa ea I ea Lefatše e felletse ka ho hlōla ha bochaba. Moprofesa oa histori Univesithing ea Yale Paul Kennedy, oa hlalosa: “Phetoho e hlokomelehang ka ho fetisisa Europe e lekantsoeng ho ea ka libaka tse hlophisitsoeng ka molao, e bile ho hlaha ha lihlopha tsa linaha tsa sechaba se itseng—Poland, Czechoslovakia, Austria, Hungary, Yugoslavia, Finland, Estonia, Latvia, le Lithuania—sebakeng sa linaha tseo e neng e le karolo ea mebuso ea Habsburg, Romanov, le Hohenzollern.”

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, tšobotsi ena e ile ea eketseha. Bochaba bo ile ba hasana ka matla. Haholo-holo ho tloha bohareng ba lilemo tsa bo-1950, tšobotsi ena e ne e ke ke ea etsolloa. Makholo a mahlano a lilemo tsa khōlo ea Europe a ne a fela likarolong tse qhalantsoeng tsa mebuso ea likolone e oeleng. Palo ea lichaba Afrika, Asia le Bochabela bo Hare e ile ea eketseha ka potlako.

The New Encyclopædia Britannica e bolela hore “khōlo ena e sebelitse khahlanong le likhopolo tse neng li busa mohopolo oa lipolotiki lilemo tse 2 000 pele ho moo.” Le hoja “ho fihlela ka nako eo motho ka ho tšoanang a ile a hatella bohlokoa ba khopolo e le ’ngoe ho bohle le ho talima bonngoe joaloka pakane e lakatsehang,” joale bochaba bo ne bo hatella liphapang tsa sechaba. Ho e-na le ho kopanya, bo ile ba ikemisetsa ho arohanya.

Tšepe le Letsopa le Mongobo

Hlokomela hore Bibele e hlalosa maoto le menoana ea leoto ea setšoantšo e le ao “ka ’nģa e ’ngoe e le tšepe, ka ’nģe ’ngoe e le a letsopa,” ’me ea eketsa: “’Muso oo o tla ba matla ka ’nģa e ’ngoe, ka ’nģe ’ngoe e be o pshatlehang . . . , empa ba ke ke ba momahana.” (Daniele 2:33, 41-43) Ho haella hona ha ho momahana ho ile ha hlaka ha ho fela ha likolone ho tsoela pele, ha bochaba bo ata, le ha linaha tse tsoelang pele moruong li fumana bophahamo. Lefatše lohle le ne le khaohana likoto tsa lipolotiki.

Joaloka motsoako o sa kopaneng habonolo oa tšepe le letsopa maotong le menoaneng ea leoto ea setšoantšo, mebuso e busang e meng e bile thata joaloka tšepe—e sebelisang matla a bobusi—ka ntle ho tumello ea sechaba kapa mebuso ea bohatelli—e meng e bile joaloka letsopa kapa e bile e sebelisang puso ea sechaba ka sechaba. Ka ho utloahalang, e sitiloe ho kopana hammoho bonngoeng ba lefatše lohle. Ha e totobatsa sena mehleng ea rōna, buka ea Jeremane Unsere Welt—Gestern, Heute, Morgen; 1800-2000 (Lefatše la Rōna—Maobane, Kajeno, Hosane; 1800-2000), e re: “Lekholong la bo19 la lilemo, tokoloho ea puso ea sechaba ka sechaba e ne e le teng hoo e batlang e le linaheng tsohle tse tsoetseng pele, ’me ho ea bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše, ho ne ho bonahala sesosa sa tokoloho se finyelletse tlhōlo ea ho qetela. . . . Ka phetohelo ea 1917 Russia, puso ea bompoli e ile ea qalisa bocha. Ho tloha nakong eo lekholo la bo20 la lilemo le ’nile la tšoauoa ka ho ba teng ka nako e le ’ngoe ha khohlano mahareng a puso ea bompoli le puso ea sechaba ka sechaba.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Matla a Sechaba

Hape hlokomela hore nakong ea ho busa ha ‘menoana ea leoto e leshome,’ batho feela, “meloko ea batho,” ba ne ba tla ameha haholoanyane litabeng tsa ’muso. Na linnete tsa histori li tšehetsa ponelo-pele ee?—Daniele 2:43.

Democracy, e leng tsamaiso ea puso ea sechaba ka sechaba, e bile e ratoang ka ho fetisisa ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, esita le hoja lilemong tsa bo-1920 le bo-1930 litsamaiso tsa puso ea sechaba ka sechaba likarolong tse ling tsa lefatše li ne li nkeloa sebaka ke tsamaiso ea puso ea bohatelli. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše ho fela ha tsamaiso ea bokolone ho ile ha boela ha hlahisa litsamaiso tse ngata tse ncha tsa puso ea sechaba ka sechaba. Leha ho le joalo, hamorao lilemong tsa bo-1960 le bo-1970 linaha tseo e neng e le likolone li ile tsa khetha mefuta e mengata ea tsamaiso ea puso ea motho a le mong.

Leha ho le joalo, lekholong la bo20 la lilemo, tloaelo e bile hore puso ea borena le tsamaiso ea puso ea motho a le mong li nkeloe sebaka ke tsamaiso ea puso ea sechaba ka sechaba. Makasine oa Time o ile oa hlalosa merusu ea lipolotiki ea selemo se fetileng Europe Bochabela e le “Selemo sa Batho.” ’Me ha lerako la Berlin le qetella le oele, makasine Der Spiegel oa Jeremane o ile oa ngola mantsoe ana leqepheng la oona le ka ntle “Das Volk siegt”—batho baa hlōla!

Ho Bua Halelele, Empa Liketso li Haella

Linaheng tsohle tsa Europe Bochabela moo matla a sechaba a qobelletseng hore ho be le phetoho e khōlō lipolotiking, ho ’nile ha batloa hore ho tšoaroe likhetho tse lokolohileng le hore mekha e mengata ea lipolotiki e nke karolo. Boemong ba eona ba joale, mekha ea lipolotiki e simolohile Europe le Amerika Leboea lekholong la bo19 la lilemo. Haesale ho tloha bohareng ba lekholo la bo20 la lilemo, e hasane lefatšeng lohle. Kajeno e meholoanyane, e matla haholoanyane, ’me e hlophisitsoe hamolemonyana ho feta leha e le neng pele. Ka eona, hammoho le ka mekhatlo ea basebetsi, lihlopha tsa baemeli, lihlopha tsa tikoloho, le baahi ba bang ba bangata le lihlopha tse nang le thahasello e khethehileng, matla a sechaba a bua hangata haholoanyane le ka lerata le eketsehileng ho feta leha e le neng pele.

Leha ho le joalo, joalokaha lenane la batho ba amehang lipolotiking le eketseha, bothata ba ho finyella litumellano tsa lipolotiki le bona boa hōla. Har’a lipono le lithahasello tse ngata tseo ho phehisanoang ka tsona, hangata phello e ba mebuso ea sehlotšoana sa batho; ’me mebuso e phehisoang e bua halelele empa liketso li haella.

Joaloka tšepe le letsopa le mongobo, motsoako oa lefatše lohle oa lipolotiki ho tloha ka 1914 e bile o fokolang. Ka mohlala, mehla eo batho ba neng ba kōpa tataiso ea Molimo litabeng tsa ’muso e fetile. The Columbia History of the World e phetha ka ho re: “Banna ba tsoelo-pele ea Bophirimela ba itšetlehile ka ho felletseng ho bona ka bobona, ’me ba iphumana ba fokola.”

Na ho na le Lebaka la ho ba le Tšepo?

“Ke hobane’ng ha tsoelo-pele ena eohle e fapane empa e ne e lokela ho amana le ho kopana hammoho karolong ea bobeli ea lekholo la bo20 la lilemo? Ke ka lebaka la eng ha litšokelo tsena tsa ho senyeha ha lefatše li hlahile nakong eo ka ho loketseng motho a finyelletseng tsoelo-pele e eketsehileng ea saense le tsebo ho feta historing eohle ea hae e fetileng?” Lipotso tseo tse phahamisitsoeng ke moqolotsi oa litaba Geyer li hloka ho nahanisisoa ka botebo. Empa na ho na le motho ea nang le likarabo?

Hoo e batlang e le lilemo tse leshome tse fetileng, The World Book Encyclopedia ka ho tletseng tšepo e hlokometse: “Mohlomong re na le monyetla o moholoanyane oa ho rarolla mathata a mehla ea rōna ho feta moloko ofe kapa ofe o fetileng.” Empa hona joale, lilemo tse leshome hamorao, qalong ea lilemo tsa bo-1990, na ho sa na le lebaka la ho ba le tšepo? Mohlomong u ka re, ‘E,’ u supa ho fela ha Ntoa ea Mebuso e Meholo ea Lefatše, tšebelisano-’moho e khōloanyane mahareng a Bochabela le Bophirimela, le khatelo-peleng e bonahalang ea ho fokotsa lihlomo tsa lefatše tsa ntoa.

Bibele e boletse esale pele hore ba ne ba tla etsa joalo. E bontša hore nakong ea puso ea ’muso oa bosupa oa histori ea Bibele, ’muso oa borobeli ka nako e tšoanang o ne o tla hlongoa ka morero o khethehileng oa ho kopanya lichaba. (Tšenolo 17:11) Empa na o ne o tla atleha? Karolo 9 ea “Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng” e tla arabela potso ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Molula-Qhooa o ile oa hlalosa ka ho qaqileng o mong le o mong oa mebuso ena ea histori ea Bibele ka bonngoe litokollong tsa oona tsa February 1 ho ea ho June 1, 1988.

b Bakeng sa bopaki ba Bibele, bona likhaolo 16 le 18 tsa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e hatisitsoeng ka 1982 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

“’Muso o mong le o mong o khaohaneng ho itoantša o tla fetoha lesupi.”—Mattheu 12:25

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

“Lichaba lia befa, mebuso ea sisinyeha.”—Pesaleme 46:6, BPN

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela