Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 10/8 maq. 22-30
  • Karolo 5—Matla a Hlokang Meeli—Na ke Tlhohonolofatso Kapa Thohako?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 5—Matla a Hlokang Meeli—Na ke Tlhohonolofatso Kapa Thohako?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Taba ea Tekanyo ea Matla a Puso
  • Ho Ikemisetsa ho Finyella Matla ka ho Felletseng
  • E Etsoa ke ˈMatšoele a Batho ba Phelang Setsoelo-peleˈ
  • Puso ea ho Hapa Taolo ea Moruo ea Linaha Tse Ling
  • Na ho Liha Puso ea Motho a le Mong e Nang le Matla a Hlokang Meeli ke Tharollo?
  • Karolo 2—Marena, Joaloka Linaleli, a Phahama le ho Oa
    Tsoha!—1990
  • Karolo 8—Motsoako oa Lipolotiki oa Tšepe le Letsopa le Mongobo
    Tsoha!—1990
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Hlorisetsoa Bolumeli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Karolo 1b: Na Re Hlile Re Hloka ’Muso?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 10/8 maq. 22-30

Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng

Karolo 5—Matla a Hlokang Meeli—Na ke Tlhohonolofatso Kapa Thohako?

“Autocracy”: puso ea motho a le mong ea nang le matla a hlokang meeli; “Authoritarianism”: ho sebelisa matla a bobusi ka ntle ho tumello ea sechaba, empa e seng ka mokhoa o fetelletseng joaloka puso ea bompoli; “Dictatorship”: puso ea ˈmusi a le mong eo matla a hae kaofela a sa lekanyetsoang ke molao kapa ho thibeloa ke sehlopha leha e le sefe sa bahlanka ba ˈmuso; “Totalitarianism”: puso e laoloang ke motho a le mong, ea etsang hore baahi ebe bafo ba taolo ea ˈMuso ka ho felletseng.

MEBUSO ea motho a le mong ea nang le matla a hlokang meeli, e busitseng ka nako e telele le ka nakoana bakeng sa tokoloho ea motho ka mong, e re hopotsa mabitso a kang “bohatelli,” “bompoli,” le “botubo.” E na le bochaba bo phahameng ka ho fetisisa, ke puso e laolang lekala le leng le le leng la ˈmuso, e beha baahi ba eona bohle leihlo ka thata, ˈme e thibela mesebetsi e sa ntšetseng lithahasello tsa sechaba pele le hoja e se kotsi. Ka masoabi, histori ea motho ha e haelloe ke mebuso ea motho a le mong ea nang le matla a hlokang meeli eo ho ka tlalehoang ka eona.

Taba ea Tekanyo ea Matla a Puso

The World Book Encyclopedia e re: “ˈMuso oa Russia tlasˈa baemphera o batlile o fetoha puso ea motho a le mong ka ho felletseng.” Empa hase puso eohle ea motho a le mong e nang le matla a puso a felletseng; hangata ke taba ea tekanyo ea matla a puso. Hase lipuso tsohle tsa motho a le mong tseo e leng puso ea bobusi ka ntle ho tumello ea sechaba, ke hore, mebuso e etelletsoeng pele ke ˈmusi a le mong, mohatelli, kapa moemphera.

Mohlomong e meng e ka tsamaisoa ke sehlopha, mohlomong sa sesole, kapa sehlotšoana sa baithati kapa sehlotšoana sa barui.

Esita le puso ea sechaba ka sechaba e ka ba puso ea motho a le mong ea nang le matla a hlokang meeli. Ke ˈnete hore li na le mekha ea lipolotiki, li tšoara likhetho, li boloka melao ea lekhotla, ebile li ithorisa ka palamente kapa lekhotla la ketsa-melao. Empa ho fihla tekanyong eo ˈmuso o laoloang ke mekha ena e fapaneng ka eona, o e qobella ho sebetsa ho ea ka litaelo tsa oona ˈme ke ka tekanyo eo o fetohang puso ea motho a le mong ho sa tsotellehe sebōpeho sa eona. Hase hore e ne e reretsoe hore e be joalo. Linakong tsa ntoa kapa mofere-fere oa sechaba, mohlomong boemo bona bo ile ba qobella mebuso ena hore e fuoe matla a tšohanyetso. Leha ho le joalo, mohlomong maemo a tšohanyetso a ile a kokobela empa matla a tšohanyetso ha a ka a kokobela.

Lipuso tsa borena lia fapana ka litekanyetso tsa puso e nang le matla a hlokang meeli. Empa puso e felletseng ea borena, boholo e nketsoe sebaka ke puso ea borena e nang le matla a lekanyelitsoeng. Lihlopha tsa ketsa-melao ˈme mohlomong le melao e ngotsoeng li thibela litsamaiso tsa puso tse kang puso ea borena, ho sebelisa matla a tsona bakeng sa ho fokotsa matla a puso ea motho a le mong ea nang le matla a hlokang meeli. Kahoo, ho thabela ha motho ka mong tokoloho lipusong tsa kajeno tse hlokang meeli ho tšetse meeli ea puso ea borena e felletseng ea nakong e fetileng.

Esita leha lipuso tse felletseng tsa borena li ne li tloaelehile, matla a tsona a ne a e-na le meeli. Moprofesa oa histori Orest Ranum o hlalosa hore “boholo ba marena bo ne bo haelloa ke matla a boikutlo bo phahameng le matla a sebele bakeng sa ho busa bafo ba ˈona ka ho felletseng kapa ho felisa sehlotšoana sa batho se buellang khethollo le moetlo joaloka Hitler kapa Mussolini kapa Stalin.” Ka ho hlakileng, litšobotsi tse phahameng tsa boitšoaro ba morena tse khabane—kapa ho haella ha tsona—li ne li e-na le matla. Leha ho le joalo, Ranum o re: “Ha ho puso e felletseng ea borena e ileng ea atamela linaha tsa puso ea motho a le mong ka matla a ˈona a setso le moruo.”

Ho Ikemisetsa ho Finyella Matla ka ho Felletseng

Lilemong tsa bo-1920 le tsa bo-1930, Italy, Soviet Union, le Jeremane, ho ile ha hlahella mofuta o mocha oa puso ea motho a le mong o nang le matla a hlokang meeli ponong ea lefatše, puso e ˈngoe e ile ea hlokahala hore ho amoheloe lentsoe le lecha ho e hlalosa ka ho lekaneng. Linaheng tsena khaso e ile ea ba tlasˈa taolo ea ˈMuso. Mapolesa a ne a fetohile basebeletsi ba mokha o busang oa lipolotiki ˈme e ne e se e se basebeletsi ba sechaba. Lipuo tsa leshano, palo ea sechaba, sesole, mapolesa a sekhukhu, esita le matla li ile tsa sebelisoa ho thibela bohanyetsi. Baahi ba ile ba qobelloa ho lumela likhopolo tsa lipolotiki le tsa sechaba e le tsa ˈmuso. Ba ileng ba hanana le tsona ba ile ba talingoa joaloka mahlaba-phio. Kahoo ho ne ho bonahala lentsoe “fota/itarianism” (puso ea motho a le mong ea nang le matla a hlokang meeli) le loketse—ke puso e phehellang lipakane tsa eona, e laolang baahi ba eona ka ho felletseng.

Makasine oa Sejeremane Informationen zur politischen Bildung (Boitsebiso ba Thuto ea Lipolotiki) oa hlalosa: “ˈMuso o ikemiselitseng ho ba le taolo e felletseng, ho fapana le puso ea motho a le mong e nang le matla a hlokang meeli, ha o ikhotsofatse ka ho nka litulo tsa matla a bobusi. Ha oa ikemisetsa ho neha baahi mohato o itseng oa tokoloho empa o batla botšepehi le ho tšehetsa thuto ea bona ka mafolo-folo ka linako tsohle. Patlo ena e hlokang meeli e batla hore puso ea motho a le mong e susumetse linaha tsa puso ea motho a le mong ho kenella libakeng tse ling tseo e neng e sa kenelle ho tsona joaloka lelapa, bolumeli, le nako ea boikhathollo. Bakeng sa ho finyella litlhoko tsena, naha ea ˈmuso o laoloang ke motho a le mong e tlameha ho ba le tlhophiso e ka khonang ho laola motho e mong le e mong ka linako tsohle.”

Ha e le hantle, ponong ea ˈMuso le lithahasello tsa ˈona, puso ea motho a le mong e hlokang meeli e molemo haholo. Empa ho ke ke ha etsahala ho sireletsa sena, joalokaha mongoli oa litaba tsa koranta Charles Krauthammer a bolela. Ho na le lintho tse ngata haholo tse ka laoloang. O re: “Ka nakoana, u hlahlela batho ba bangata teronkong, le ho ba thunya, empa ka morˈa nakoana, u tla felloa ke likulo, literonko, matla, le bahlaseluoa. . . . Ke feela khatello ea ka mehla e ka finyellang se hlokoang ke puso ea motho a le mong e hlokang meeli, ˈme khatello ea ka mehla ha e bonolo. Khatello le eona e lokela hore e ke e re khoe!”

E Etsoa ke ˈMatšoele a Batho ba Phelang Setsoelo-peleˈ

Ho ile ha ntšetsoa pele likhopolo tse ngata bakeng sa ho hlalosa lebaka leo puso ea motho a le mong e nang le matla a hlokang meeli, haholoholo ka mokhoa oa eona o fetelletseng le o atlehileng, ebile eona e hlahelletseng ka ho khethehileng lekholong la bo-20 la lilemo. Ho latela The World Book Encyclopedia, “likarolo tse peli ho tse tharo tsa lilemo tsa bo-1990 ebile nako ea phetoho e khōlō—mohlomong phetoho e potlakileng ka ho fetisisa le e jeleng setsi haholo historing eohle.” Ntle ho pelaelo, sena se amana haholo le puso ea motho a le mong e nang le matla a hlokang meeli.

Sepenya sa baahi, ho fallela metseng ea litoropo, le tsoelo-pele ea boqapi ba saense ke lintho tsa joale tse thusitseng ho bōpa se bitsoang matšoele a batho ba phelang setsoelo-pele. Lentsoe lena le hlalosa mokhatlo oa batho o tsoetseng pele o tsebahalang ka bonngoe le o kopaneng, baeta-pele ba sa khethoeng ka ho vouteloa, le o sa itšunya-tšunyeng litabeng tsa batho ba bang. Ke moo likamano tsa sechaba li bonahalang li sa teba ˈme li ntse li nyamela butle-butle. Ke mokhatlo oa batho moo esita le harˈa letšoele, batho ka bomong ba bolaoang ke bolutu ka linako tsohle ˈme ba batla setso sa bona le boikutlo ba hore ke karolo ea sechaba.

Hore na ke ho isa bohōleng bofe matšoele a batho ba phelang setsoelo-pele a ntšelitseng pele puso ea motho a le mong e hlokang meeli ha ho tsejoe hantle. Ho latela rasaense oa lipolotiki oa Mojeremane ea seng a shoele Hannah Arendt, tšusumetso ea eona e ne e le matla haholo. Buka ea hae The Origins of Totalitarianism e hlokomela hore puso ea motho a le mong e hlokang meeli ha ea theoa holimˈa lihlopha tsa batho, empa holimˈa letšoele la batho bao “mohlomong ka lebaka la bongata, kapa ho iphapanya, kapa metsoako ea lintho tsena tse peli, ba ke ke ba kopannga mokhatlong leha e le ofe o theiloeng lithahasellong tse tšoanang, mekheng ea lipolotiki kapa mebusong e taolong ea bommasepala kapa mekhatlong ea litsebi kapa mekhatlong ea khoebo.”

Arendt o boetse o bolela mabaka a mang a tlatselitseng keketsehong ea puso ea motho a le mong e hlokang meeli: puso ea ho hapa taolo ea moruo ea linaha tse ling, khethollo ea Bajode, le ho felisoa ha meetlo ea naha moo ho busang ˈmusi a le mong.

Puso ea ho Hapa Taolo ea Moruo ea Linaha Tse Ling

Nakoana pele ho bofelo ba lekholo la lilemo, bokolone bo ile ba eketseha haholo. Seithuti sa moruo sa Brithane John Atkinson Hobson o hlalosa lilemo tsa bo-1884 ho ea ho 1914 e le nako ea ho hapa taolo ea moruo ea linaha tse ling e ncha. Sena se ne se tšoana le tšebeliso ea matla ea puso ea motho a le mong e hlokang meeli kapa mebuso ea sechaba ka sechaba bakeng sa ho eketsa sebaka sa eona. Matla a ho busa linaha tse ling a ile a finyelloa ka lekhotla le otlang bakhelohi ka puso e tobileng kapa ka tsela e sa tobang litabeng tsa lipolotiki le moruo. Hobson o hlalosa puso ea ho hapa taolo ea moruo ea linaha tse ling e le taba e ka sehloohong ea moruo. Ha e le hantle, lebitso lena le lecha la bokolone hangata le ne le sa amane le matla a bopolotiki ho feta keketseho ea moruo le ho sibolloa ha ˈmaraka e mecha bakeng sa thepa ea sechaba.

Ha ho moo sena se ileng sa hlaka teng ho feta se ileng sa tsebahala e le Lebelo la ho Fumana Likolone Afrika. Mathoasong a lilemo tsa bo-1880, Brithane, Fora le Portugal li ne li e-na le likolone tse ngata Afrika. Empa ha Belgium le Jeremane li simolla bora, sena se ile sa potlakisa lintho. Ka ntle ho Ethiopia le Liberia, ka potlako Afrika eohle e ne e le tlasˈa puso ea Europe. Maafrika a matšo a ile a qobelloa ho lula a phuthile matsoho ha bafalli ba “Bakreste” ba basoeu ba nka naha ea ˈona.

United States of America le eona e ile ea fetoha puso ea ho hapa taolo ea moruo ea linaha tse ling. Bofelong ba lekholo la bo-19 la lilemo, United States e ile ea nka Alaska, Hawaii, Lihleke-hleke tsa Philippine, Guam, le Samoa le lihleke-hleke tse ling tsa Pacific, esita le Puerto Rico le lihleke-hleke tse ling tsa Caribbean. Tlhaloso ea bohlokoa ke e entsoeng ke Henry F. Graff, moprofesa oa histori Univesithing ea Columbia, ea ileng a ngola: “Mesebetsi ea baromuoa ba Bakreste ebile le tšusumetso joaloka ea baphatlalatsi ba puso ea ho hapa taolo ea moruo ea linaha tse ling ba mehleng ea joale.” Empa haeba baromuoa bana ba Bokreste-ˈmōtoana e ne e le Bakreste ba sebele, ba ka be ba sa itšunya lipolotiking lebelong la ho fumana likolone Afrika esita le mebuso e meng ea bokolone tumellanong le mantsoe a Jesu: “Hase karolo ea lefatše, joalokaha le ˈna ke se karolo ea lefatše.”—Johanne 17:16, NW; Jakobo 4:4.

Ho nahanoa hore puso ea ho hapa taolo ea moruo ea linaha tse ling e felile ka 1914. Leha ho le joalo, sena hase ˈnete ka lebaka la moea oa eona oa puso ea motho a le mong e hlokang meeli. Moea oona o ile oa bontšoa hantle ke Cecil Rhodes eo e neng e le tona-khōlō ea seo hona joale e leng karolo ea Afrika Boroa lilemong tsa bo-1890 ha a re: “Keketseho ke ntho e ˈngoe le e ˈngoe.” Ka lebaka la sesole se matla se hōlisang Lebotho la Brithane, o kile a ithorisa: “Ke ne ke tla kopanya lipolanete haeba ke ne nka tseba ho etsa joalo.” Moea oona oa boithati o sa ntse o susumelletsa lichaba ho laola ho isa moo li khonang litsamaiso tsa lipolotiki le moruo tsa linaha tse ling molemong oa tsona. Ka mohlala, kaha Japane e ne e hlōlehile ho hlōla sesoleng, hona joale e qosoa ka ho leka ho “hlōla” moruong.

Na ho Liha Puso ea Motho a le Mong e Nang le Matla a Hlokang Meeli ke Tharollo?

Puso e hlokang meeli e tsamaisoang ke batho ba hlokang botho le ba meharo ke thohako, hase tlhohonolofatso. Mantsoe a Morena Salomone oa boholo-holo ke a loketseng hakaakang: “Bonang! meokho ea ba hatelletsoeng, empa ba ne ba hloka motšelisi; ˈme ka lehlakoreng la bahatelli ba bona ho ne ho e-na le matla, e le hore ba hloke motšelisi.”—Moeklesia 4:1, NW.

Ka sebele, tlasˈa puso ea motho a le mong e hlokang meeli “meokho ea ba hatelletsoeng” e bile mengata. Leha ho le joalo, bukeng ea hae ea 1987 Perestroika, Mikhail Gorbachev o ile a hlokomelisa: “Ho bonolo ho hatella, ho qobella, ho ntša tjotjo, ho pshatla kapa ho phatlola, empa ke ka nakoana e itseng feela.” Ka ho loketseng, ho sa tsotellehe matla “ka lehlakoreng la bahatelli” baahi ba ˈnile ba ipha matla bakeng sa ho liha lipuso tsa motho a le mong tse nang le matla a hlokang meeli. Mohlala oa sena ke ho lihoa ha puso ho tletseng mali ha Nicolae Ceausescu oa Romania le mabotho a hae a tšireletso, Securitate ka December ea selemo se fetileng.

Ho lihoa ha puso ea motho a le mong e hlokang meeli ho ka tlisa pheko. Empa hape ke ˈnete joalokaha maele a Burma a hlokomela hore, “ke ka ˈmusi e mocha feela u hlokomelang bohlokoa [ba ˈmusi] oa khale.” Ke mang ea ka tiisang hore se sebe se ke ke sa nkeloa sebaka ke se sebe ka ho fetelletseng?

Ha re bolela mohlala o le mong feela, puso ea motho a le mong e hlokang meeli naheng e ˈngoe ea Latin-America e ile ea ketoloa. Sechaba se ne se tletse tšepo ea hore lintho li tla ntlafala, empa na li ile tsa ntlafala? Ha makasine o mong o hlalosa ka boemo bona lilemong tse latelang o boletse hore bophelo “bo mpefetse haholo.” Ha makasine ona o bua ka litšenyehelo tsa bophelo tse eketsehang ka sekhahla, o bitsitse chelete ea sechaba “e le e batlang e se na thuso,” ˈme oa nyatsa khaello ea litšebeletso tsa bophelo bo botle ka matla naheng eo ˈme oa hlokomela hore phepo e mpe e ne e eketseha. Ka morˈa nako, ˈmuso oo le oona o ile oa ketoloa.

Na hase ho hlakileng hore puso ea motho ka mefuta ea eona eohle e fumanoe e fokola? ˈMe leha ho le joalo, batho ba bang ba tsoela pele ho batla ˈmuso oa sebele. Mehlala e ˈmeli e hlahelle-tseng ka mahetla ea masoabi a ka tlisoang ke sena, ho lihela lichaba tsohle botebong ba tsieleho ˈhore li hloke motšelisi,ˈ e tla tšohloa tokollong ea rōna e latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Mohlala oa puso ea motho a le mong ebile Russia tlasˈa baemphera

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Alexander II by Krüger, c. 1855

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela