Moputso oa ho se Tšepahale
LIPHIO tsa Casey Lunsford li ne li mo khathatsa. Lingaka li ile tsa lekanyetsa hore moshemane eo ea lilemo li tharo le halofo o ne a tla phela likhoeli tse ling tse tharo kapa tse ˈnè feela ntle le haeba a ka ntšuoa phio le ho kenngoa e ˈngoe. Batsoali ba hae, bao e leng Lipaki tsa Jehova, ba ile ba lumella ho buuoa hojoalo, hae le hantle, ntatˈa Casey o ne a tla fana ka e ˈngoe ea liphio tsa hae bakeng sa moshemane.a Taba ea bona feela e ne e le hore mali a se sebelisoe—Lipaki tsa Jehova li hana litšelo tsa mali ka mabaka a Mangolo.—Bona Liketso 15:20.
Lelapa la Lunsford le ile la rera hore ho buuoa ho etsetsoe sepetleleng sa Texas se tsebisahalang kaho atleha ha sona ho ntša liphio le ho kenya tse ling ntle le litšelo tsa mali. Empa sepetlele se leng likˈhilomithara tse seng kae ho tloha lelapeng la Lunsford California se ne se ikemiselitse ho ntša phio le ho kenya e ˈngoe ntle ho tšelo ea mali. Lelapa la Lunsford le ile la khetha sepetlele sena se haufi.
Nakong ea beke pele ho buuoa ho etsoa, basebeletsi ba sepetlele le ngaka e tla ntša phio le ho kenya e ˈngoe ka makhetlo a mangata ba tiisetsa batsoali hore ho ne ho ke ke ha hlokahala tšelo ea mali kapa taelo ea lekhotla e laelang hore e etsoe khahlanong le ho hana ha batsoali. Leha ho le joalo, hang ka morˈa hore batsoali ba lumele hore ho buuoa ho etsoe, ngaka e buoang e ile ea qala ho lokisetsa ho fumana taelo ea lekhotla ea ho qobella tšelo ea mali ho Casey. E ile ea ba ea khona le ho fumana mosebeletsi e mong oa sechaba sebakeng sa ea neng a tsitlallela hore batsoali ba na le tokelo ea ho tseba ka taelo leha e le efe ea lekhotla. Hoseng ka letsatsi la ho buoa, sepetlele se ile sa etsa lengolo la bopaki le kopang taelo ea lekhotla ea ho tšela Casey mali. Lengolo leo le ne le ile la etsa hore ho utloahale eka ka nako eo Casey o ne a robetse ˈme a tsoa mali tafoleng ea ho buoa, empa ˈnete e le hore ho buuoa ho ne ho e-sˈo qale! Hora ka morˈa ho buoa, ho ileng ha
atleha ntle le tšelo ea mali, Casey o ile a tšeloa mali.
Lelapa la Lunsford le ile la qosa ngaka le sepetlele khotla ka ho ba amoha litokelo tsa bona tsa molao, le ho qhekella, ho qobelloa ntho ba sa rate, ho lematsa maikutlo ka boomo, le ho tlōla tokelo ea motho ea ho tšepahala. Ka morˈa nyeoe ea libeke tse ˈnè baahloli ba ile ba nahanisisa taba ka matsatsi a mabeli le halofo ˈme ba khutlisa qeto e qo-sang ngaka le sepetlele. Ba ile ba laeloa ho lefa lelapa la Lunsford liranta tse 1 300 000.
Le hoja nyeoe ea lekhotla joale e khutliselitse kahlolo tlōlong ea litokelo tsa molao morao e fane ka kahlolo e ncha bakeng sa ho qhekella le litlōlo tse ling, baaholi ba 12 ba ne ba kholisehile hore ho se tšepahale ha sepetlele le ngaka ho lokafalitsoe ke moputso oa liranta tse 1 300 000. Baemeli ba molao ba lelapa ba bontšitse hore ba tla batla ho khomarela qeto ea boahloli ka ho etsa boipiletso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki li talima ho buuoa ho etsoang ka ho ntša litho tse ling tsa ˈmele le ho kenya tse ling e le taba ea letsoalo la motho ka mong.