Mpho ea Bophelo Kapa Sesosa sa Lefu?
“Ke batho ba bakae ba lokelang ho shoa? U hloka mafu a makae? Re feng palo ea batho ba seng ba shoele eo le e hlokang hore le lumele hore hona hoa etsahala.”
DON FRANCIS, mohlanka oa CDC (U.S. Centers for Disease Control [Litsi tsa Taolo ea Mafu U.S.]), o ile a otlanya setebele sa hae holim’a tafole ha a ne a bua mantsoe ao a ka holimo sebokeng sa baemeli ba phahameng ba khoebo ea banka ea mali. CDC e ne e leka ho kholisa bo-ralibanka tsa mali hore AIDS e jaloa ke ho fana ha sechaba ka mali.
Bo-ralibanka tsa mali ba ne ba sa kholiseha. Ba boletse hore bopaki boa fokola—e ne e mpa e le litlaleho tse ’maloa—’me ba etsa qeto ea ho se ntlafatse teko ea mali le ho a hlahlobisisa. Hoo e ne e le ka January 4, 1983. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, mopresidente oa Mokhatlo oa Libanka tsa Mali oa Amerika o ile a tiisa: “Ka kakaretso ha ho kotsi bathong.”
Bakeng sa litsebi tse ngata, ho ne ho na le bopaki bo lekaneng ho tiisa mehato e meng. Ho tloha nakong eo, “litlaleho tse ’maloa” tsa pele li eketsehile ka ho tšosang. Pele ho 1985, mohlomong batho ba 24 000 ba ile ba tšeloa mali a silafalitsoeng ke HIV (Human Immunodeficiency Virus), e bakang AIDS.
Ka ho tšosang mali a silafalitsoeng ke tsela e bonolo ea ho jala kokoana-hloko ea AIDS. Ho ea ka The New England Journal of Medicine (December 14, 1989), karolelano e le ’ngoe ea mali e ka tsamaisa likokoana-hloko tse lekaneng ho baka litšoaetso tse ka bang limillione tse 1,75! CDC e bolelletse Tsoha! hore ka June 1990, United States feela, batho ba 3 506 ba ne ba se ba tšoaelitsoe ke AIDS tšelong ea mali, le ka likaroloana tsa mali, le ho kenngoa litho tsa batho ba bang.
Tseo e mpa e le lipalo feela. Li ke ke tsa tseba ho fetisa botebo ba likotsi tsa botho tse amehang. Ka mohlala, nahana ka kotsi ea Frances Borchelt ea lilemo li 71. O ile a bolella lingaka a lomahantse meno hore ha a batle tšelo ea mali. Leha ho le joalo o ile a tšeloa mali. O ile a bolaoa ke AIDS ka sehlōhō lelapa la hae le ntse le mo shebelletse ka ho se nang thuso.
Kapa nahana ka tlokotsi ea ngoanana ea lilemo li 17 ea neng a khathatsoa haholo ke ho ilela khoeli ea ileng a fuoa likarolo tse peli tsa mali ho lokisa lefu la hae la khaello ea mali. Ha a le lilemo li 19 ’me e le moimana, o ile a fumana hore tšelo ea mali e mo tšoaelitse kokoana-hloko ea AIDS. Ha a le lilemo li 22 o ile a kulisoa ke AIDS. Ka ntle le ho tseba hore haufinyane o tla bolaoa ke AIDS, o ile a sala a ipotsa hore na mohlomong ha a tšoaetsa lesea la hae na. Letoto la litlokotsi tsena le tsoela pele ka ho sa khaotseng ho tloha ka masea ho isa ho ba baholo hohle lefatšeng.
Ka 1987 buka Autologous and Directed Blood Programs e ile ea tletleba: “Hang feela ha lihlopha tsa pele tse kotsing e khōlō li se li le haufi le ho fumanoa, ho etsahala ntho e neng e sa nahanoe: pontšo ea hore lefu lena le bolaeang [AIDS] le fetisetsoa ka phepelo ea mali ao ho fanoang ka oona. Tsena e ne e le likhopolo tse bosula ka ho fetisisa tsa bongaka; hore mpho e babatsehang ea bophelo e leng mali e ka fetoha kofuto ea lefu.”
Esita le meriana e entsoeng ka karolo ea mali e mokeli-keli e thusitse ho jala seoa sena lefatšeng lohle. Batho ba tsoang mali a mangata, bao bongata ba bona bo sebelisang karolo e mokeli-keli ea mali ho etsa mahloele bakeng sa ho phekola lefu la bona, ba shoele ka bongata. United States feela, karolo e mahareng a 60 le 90 lekholong e fumane AIDS pele ho qalisoa mokhoa oa ho futhumatsa moriana bakeng sa ho bolaea HIV.
Leha ho le joalo, ho fihlela kajeno, mali ha a sireletseha ho AIDS. ’Me AIDS hase eona feela kotsi e fumanoang tšelong ea mali. Ho na le tse ling tse ngata.
Likotsi tse Patang AIDS
Dr. Charles Huggins o itse ka mali: “Ke motsoako o kotsi ka ho fetisisa oo re o sebelisang merianeng.” O lokela ho tseba hobane ke motsamaisi oa tšebeletso ea tšelo ea mali sepetleleng sa Massachusetts. Ba bangata ba nahana hore tšelo ea mali e mpa e le ho fumana motho e mong eo mefuta ea lona ea mali e tšoanang. Empa ka ntle ho ho fumana mofuta oa ABO le Rh factor eo ka ho tloaelehileng mali a bapisoang ka eona hore a tšoanelane, ho ka ba le liphapang tse ka bang 400 tseo ka tsona a ke keng a tšoanelana. Joaloka ngaka e buoang pelo Denton Cooley a hlokometse: “Tšelo ea mali ke ho kenngoa setho sa motho e mong. . . . Ke nahana hore ho na le ho se lumellane ho itseng litšelong tsohle tsa mali.”
Ha ho makatse hore tšelo ea mali joalokaha e bonahala e le motsoako o rarahaneng, e “ferekanya” tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung joalokaha ngaka e ’ngoe e hlalositse. Ha e le hantle, tšelo ea mali e ka hatella tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung nako e ka bang selemo. Ho ba bang, hona ke tšobotsi e tšosang haholo ea tšelo ea mali.
Joale ho boetse ho na le mafu a tšoaetsang. A na le mabitso a sa tloaelehang, a kang Chagas le cytomegalovirus. Liphello tsa oona li tloha ka feberu le mohatsela ho isa lefung. Dr. Joseph Feldschuh oa Univesithi ea Bongaka ea Cornell o bolela hore ho na le monyetla o le mong ho e 10 oa ho fumana litšoaetso tsa mofuta o itseng ka lebaka la tšelo ea mali. Ho tšoana le ho bapala papali ea Russia ea ho itšupa ka sethunya se hlahletsoeng. Liphuputso tsa morao-rao li boetse li bontšitse hore litšelo tsa mali nakong ea ho buuoa bakeng sa kankere li ka eketsa kotsi ea ho boela o tšoaroa ke kankere hape.
Ha ho makatse ha lananeo la litaba la thelevishine le boletse hore tšelo ea mali e ka ba tšitiso e khōlō ka ho fetisisa ea ho hlaphoheloa ka mora ho buuoa. Lefu la ho ruruha sebete le tšoaetsa batho ba makholo a likete ’me le bolaea ba eketsehileng ba amohelang tšelo ea mali ho feta kamoo AIDS e bolaeang ka teng, empa le phatlalatsoa ka ho fokolang. Ha ho motho ea tsebang botebo ba mafu ana, empa setsebi sa moruo Ross Eckert o bolela hore ho ka etsahala hore sena se lekana le sefofane sa DC-10 se tletseng batho ’me se soahlamana khoeli le khoeli.
Likotsi le Libanka tsa Mali
Libanka tsa mali li arabetse joang ha ho pepesoa likotsi tsena tsohle tsa sehlahisoa sa bona? Bonneteng bahlahlobisisi ha baa arabela hantle. Ka 1988 Report of the Presidential Commission on the Human Immunodeficiency Virus Epidemic e qositse khoebo ena ka ho ba “lenama” bakeng sa ho nka bohato tšokelong ea AIDS. Libanka tsa mali li phehelletsoe ho se khothalletse litho tsa sehlopha se kotsing e khōlō ho fana ka mali. Ba phehelletsoe hore ba hlahlobe mali ka booona, baa hlahlobisise bakeng sa ho fumana hore na ha a hlahe ho bafani ba kotsi. Libanka tsa mali li liehile. Li tšoha moru o se na nkoe. Hobane’ng?
Bukeng ea hae And the Band Played On, Randy Shilts o boletse hore bo-ralibanka ba bang ba khahlanong le liteko tse tsoelang pele “motheong oa chelete feela. Le hoja e tsamaisoa haholo ke mokhatlo o sa etseng phaello joaloka Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu, khoebo ea mali e etsa chelete e ngata e ka bang liranta tse [limillione tse likete tse 2,6]. Khoebo ea bona ea ho fana ka litšelo tsa mali tse limillione tse 3,5 ka selemo e ile ea sokeloa.”
Ho feta moo, joaloka libanka tsa mali tse sa etseng phaello li itšetlehile haholo ho bafani ba mali ba ithaopang, li tsila-tsila ho khopisa leha e le ofe oa bona ka ho qhelela kathōko lihlopha tse itseng tse kotsing e khōlō, haholo-holo basodoma. Babuelli ba litokelo tsa basodoma ba hlokomelisitse ka sekhukhung hore ho ba thibela ho fana ka mali ho tla tlōla litokelo tsa bona tsa botho ’me ho tla ba nahanisisa ka mehla e meng ea likampo tsa mahloriso.
Ho lahleheloa ke bafani ba mali le ho phaella ka liteko tse ncha ho tla bitsa chelete e eketsehileng. Nakong ea selemo ka 1983, Univesithi ea Banka ea Mali ea Stanford e bile ea pele ho sebelisa teko e nepahetseng ka mali ho bontšang hore haeba mali a tsoa ho bafani ba leng kotsing e khōlō ea AIDS. Libanka tse ling tsa mali li hanyelitse khato eo e le leqheka la ho sireletsa khoebo bakeng sa ho hohela bakuli ba eketsehileng. Litefello tsa liteko lia eketseha. Empa ho joaloka banyalani ba bang, bao lesea la bona le ileng la tšeloa mali ba sa tsebe, ba hlalosa: “Ka sebele re ne re tla lefa [liranta tse eketsehileng tse 13] bakeng sa [halofo ea lithara]” tekong e joalo. Lesea la bona le ile la bolaoa ke AIDS.
Lebaka la ho Itšireletsa
Litsebi tse ling li bolela hore libanka tsa mali ha li tsotelle ho arabela likotsing tsa mali hobane ha ho hlokahale hore li ikarabelle bakeng sa ho hlōleha ha tsona. Ka mohlala, ho ea ka tlaleho ea The Philadelphia Inquirer, FDA (U.S. Food and Drug Administration [Mokhatlo oa Lijo le Lithethefatsi U.S.]) o ikarabella ho bona hore libanka tsa mali li finyella litekanyetso, empa o itšetlehile haholo ka hore libanka tsa mali e be tsona tse behang litekanyetso tseo. Bahlanka ba bang ba FDA ke bao e neng e le baeta-pele ba khoebo ea mali. Kahoo, ho hlahlojoa ha libanka tsa mali ho hlile ha fokotseha haholo ha tlokotsi ea AIDS e senoleha!
Libanka tsa mali tsa U.S. li phehelletse hore li be le molao o li emelang bakeng sa ho li sireletsa liqosong tsa lekhotla. Hoo e batlang e le naheng e ’ngoe le e ’ngoe, joale molao o re mali ke thuso feela, hase sehlahisoa seo ho ka qosoang baetsi ba sona haeba se fosahetse. Hona ho bolela hore motho ea behang banka ea mali molato o lokela ho fana ka mabaka a utloahalang ho bontša bohlasoa ba banka—ke tšitiso e matla ea molao e khinang tsoelo pele. Melao e joalo e ka sireletsa libanka tsa mali liqosong tsa lekhotla empa ha e etse hore mali e be a sireletsehileng haholoanyane bakeng sa bakuli.
Joaloka setsebi sa moruo Ross Eckert a hlalosa, haeba libanka tsa mali li ne li nkoa li ikarabella ka mali ao li a rekisang, li ne li tla etsa sohle se matleng a tsona ho tiisa boleng ba mali ana. Eo e kileng ea e-ba mosebeletsi oa banka ea mali Aaron Kellner oa lumela: “Ka thuso e nyenyane ea phekolo ea molao, mali e bile thuso feela. Motho e mong le e mong o ne a lokolohile, motho e mong le e mong, ke hore, ka ntle ho mohlaseluoa ea se nang molato e leng mokuli.” Oa phaella: “Mohlomong bonyane re ka be re bontšitse leeme la sena empa ha re ea etsa joalo. Re ne re amehile haholo ka kotsi ea rōna empa kameho ea rōna ka mokuli e ne e le kae?”
Ho bonahala qeto e le e ke keng ea baleheloa. Khoebo ea mali e thahasella haholo ho itšireletsa licheleteng ho feta ho sireletsa batho likotsing tsa sehlahisoa sa eona. Ba bang ba ka botsa, ‘Empa na likotsi tsena li hlile li na le taba haeba mali e le eona feela phekolo e ka fumanehang ho sireletsa bophelo? Na melemo ha e fete likotsi?’ Tsena ke lipotso tse ntle. Litšelo tseo tsohle tsa mali tsona li molemo hakae?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
Lingaka li leka ka hohle ho itšireletsa maling a bakuli ba tsona. Empa na bakuli ba sireletsehile ka ho lekaneng maling ao ba a tšeloang?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Na Mali a Sireletsehile ho AIDS Kajeno?
SEHLOOHO sa litaba ho Daily News ea New York ka October 5, 1989 se tsebisitse hore, “Ke Litaba tse Molemo tse Khanathetseng Mali.” Sehlooho seo se tlalehile hore menyetla ea ho fumana AIDS tšelong ea mali o mong ho e 28 000. Se itse mokhoa oa ho thibela kokoana-hloko maling ao ho fanoang ka oona o sireletsehile ka karolo ea 99,9 lekholong.
Khopolo e molemo joalo e rena khoebong ea mali. Ba tlaleha hore, ‘mali ao ho fanoang ka oona a sireletsehile ho feta leha e le neng.’ Mopresidente oa Mokhatlo oa Libanka tsa Mali oa Amerika o boletse hore kotsi ea ho fumana AIDS maling e “batlile e fotholoa ka metso.” Empa haeba mali a sena kotsi, ke hobane’ng ha makhotla a molao le lingaka li ngola matšoao a kang “chefu” le “ho kotsi ka tsela e ke keng ea qojoa”? Ke hobane’ng lingaka tse ling li buoa li apere ho kang liaparo tsa ho ea sepaka-pakeng, li ikoahela ka li-mask tsa sefahleho le lieta tse fihlang litlhafung, bakeng sa ho qoba ho ama mali? Ke hobane’ng ha lipetlele tse ngata hakale li kōpa bakuli ho saena foromo ea tumello e lokollang sepetlele boikarabellong ba liphello tse kotsi tsa tšelo ea mali? Na mali a hlile a sireletsehile mafung a kang AIDS?
Tšireletseho e itšetlehile ka mehato e ’meli e sebelisoang ho sireletsa mali: ho hlahlobisisa bafani ba mali le mali ka booona. Liphuputso tsa morao-rao li bontšitse hore ho sa tsotellehe boiteko bohle ba ho hlahlobisisa bafani ba mali ba leng kotsing e khōlō ea AIDS, ho sa ntse ho e-na le ba bang ba fetang mohoalotso litekong. Ba fana ka likarabo tse fosahetseng lethathamong la lipotso ’me ba fana ka mali. Ba bang ka bohlale ba mpa ba batla ho tseba haeba ba tšoaelitsoe.
Ka 1985 libanka tsa mali li qalile ho etsa liteko ka mali ka boteng ba metsoako e hlahisoang ke lithibela kokoana-hloko ea AIDS. Bothata ba teko ena ke hore motho a ka tšoaetsoa ke kokoana-hloko ea AIDS ka nako e itseng pele a ka ba le metsoako e ka bontšang hore o tšoaelitsoe. Lekhalo lena le bitsoa nako eo matšoao a bohloko a sa bonahaleng ka eona.
Khopolo ea hore ho na le monyetla o mong ho e 28 000 ho fumana AIDS tšelong ea mali e tsoa phuputsong e phatlalalitsoeng ho The New England Journal of Medicine. Makasine oo o bolela hore karolelano ea nako eo matšoao a bohloko a sa bonahaleng ka eona e ka ba libeke tse robeli. Leha ho le joalo, likhoeli feela pele ho moo, ka June 1989, makasine ona oo o phatlalalitse phuputso ea hore nako eo matšoao a bohloko a sa bonahaleng ka eona e ka ba teletsana—lilemo tse tharo kapa ho feta. Phuputso ea pelenyana e entse tlhahiso ea hore nako e telele joalo eo matšoao a bohloko a sa bonahaleng ka eona e ka tloaeleha haholo ho feta kamoo ho neng ho nahanoa ka teng, ’me ho nahanoa hore ho hobe ka ho fetisisa, batho ba bang ba tšoaelitsoeng mohlomong le ka mohla ba ke ke ba tseba ho hlahisa metsoako e thibelang kokoana-hloko ena. Leha ho le joalo, le hoja phuputso ena e le e tšepisang haholo ha ea kopanyelletsa liphello tsena, e li bitsitse tse “sa utloisisoeng habonolo.”
Ha ho makatse ha Dr. Cory SerVass oa Moifo oa Bopresidente oa ho Fuputsa Seoa sa AIDS a itse: “Libanka tsa mali li ka tsoela pele ho bolella sechaba hore ho fana ka mali ho sireletsehile ka hohle, empa sechaba ha se sa reka mali hobane se belaela hore sena ha se ’nete.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
CDC, Atlanta, Ga.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Tšelo ea Mali le Kankere
Bo-rasaense ba ithutile hore tšelo ea mali e ka hatella tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung le hore tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e hatelletsoeng e ka ama lenane la batho ba tsoelang pele ba phela hoba ba buuoe ka lebaka la kankere ka mokhoa o kotsi. Tokollong ea eona ea February 15, 1987, koranta Cancer e tlaleha ka phuputso e rutang e entsoeng Netherlands. Koranta eo e itse: “Ho bakuli ba nang le kankere ea mala, ho ile ha bonoa hore tšelo ea mali e ba le phello e hlokomelehang e mpe bophelong ba bona bo bolelele. Sehlopheng sena ho ile ha e-ba le kakaretso ea batho ba etsang karolo ea 48% ba tšetsoeng mali le ba etsang karolo ea 74% ba sa kang ba tšeloa mali ba ileng ba phela lilemo tse hlano ka mor’a moo.”
Lingaka Univesithing ea California Boroa li boetse li fumane hore ho bakuli ba ileng ba buuoa ka baka la kankere, ba eketsehileng ba ile ba tšoaroa ke kankere hape ka mor’a hore ba tšeloe mali. Annals of Otology, Rhinology & Laryngology, ea March 1989, e tlalehile ka phuputso e entsoeng ke lingaka tsena ho bakuli ba 100: “Lenane la liketsahalo tseo ho tsona kankere ea ’metso e ileng ea boela ea hlaha hape e bile 14% ho ba sa kang ba amohela mali le 65% ho ba ileng ba aa amohela. Bakeng sa kankere ea lehano, kolu, linko kapa mahanana, lenane la liketsahalo tseo ho tsona e ileng ea boela ea hlaha e bile 31% ho ba sa kang ba amohela mali le 71% ho ba ileng ba tšeloa mali.”
Sehloohong sa hae se reng “Litšelo tsa Mali le ho Buuoa ka Lebaka la Kankere,” Dr. John S. Spratt o fihletse qeto ena: “Ho ka ’na ha hlokahala hore ngaka e buoang batho ka lebaka la kankere e fetohe ngaka e sa sebeliseng mali.”—The American Journal of Surgery, September 1986.
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ho phehisanoa ka hore mali ke moriana o pholosang bophelo empa eseng hore ke o bolaeang batho