U Talima Batho ba Morabe o Mong Joang?
“Sehlopha sa batho ba Amerika ba ipeōlang lihlooho, joaloka sehlopha se matla sa batho ba Europe ba ipeōlang lihlooho ke bacha ba sebetsang ba morabe oa Aryan.
Re hanyetsa bosaoana ba tsamaiso ea khoebo le bokomonisi bo senyang morabe oa rōna oa Aryan. . . . Morabe oa Bajode ba meharo ke sesosa sa bothata ba rōna.”
KE KAMOO ho bolelang pampitšana e tsoang sehlopheng sa batho ba ipeōlang lihlooho ba Chicago. Ke bacha ba ipeōlang lihlooho, ba aparang liaparo tse thata ka ho khethehileng tse khabisitsoeng ka li-swastika, ba phahamisang pefo, ba mamelang ’mino o ‘hlohlelletsang khethollo ea merabe ho ba basoeu’ ’me ba khella Bajode fatše, batho ba batšo, le merabe e meng.
Moeta-pele oa sehlopha se bitsoang Romantic Violence o ile a bolella seboka sa baeta-pele ba basoeu ba tšehetsang khethollo ea morabe hore sehlopha sa hae se ka “lehlakoreng la ntoa,” ’me a phaella: “’Na ke motho ea mabifi. Ke rata morabe oa ba basoeu, ’me haeba u rata ntho e itseng, u motho ea mabifi ka ho fetisisa lefatšeng.”
Ha nako e ntse e tsamaea, lenane la batho ba ipeōlang lihlooho le ile la qepha. Lipono tsa bona ke tse fetelletseng. Ha ho bapisoa ke batho ba ’maloa kajeno ba bontšoang leeme la morabe pontšeng, le bao ponahalo ea bona e leng mabifi. Leha ho le joalo, ba bangata ba koetla lehloeo la bona ho batho ba morabe o mong ’me ha ba ba tšepe. Lefatšeng lohle, batho ba ahloloa ka sebōpeho sa mahlo a bona kapa ’mala oa letlalo la bona. Na ho na le motheo leha e le ofe oa sena? Na ho na le liphapang tse futsitsoeng tsa kelello kapa tsa boikutlo mahareng a merabe? Ho arabela lipotso tsena, re lokela hore pele re hlahlobisise kamoo lipono tse fapaneng ka morabe li ’nileng tsa hōla ka teng ho theosa le makholo a lilemo.