Pono ea Bibele
Hanukkah—Na ke “Keresemese ea Bajode”?
JOALOKAHA batho ba limillione ho pota lefatše ba lokisetsa ho keteka Keresemese, Bajode ba atisa ho lokisetsa ho keteka letsatsi la phomolo le fapaneng, la Mokete oa Hanukkah (Chanukah). Hanukkah ke eng? Hangata batho bao e neng e se Bajode ba nahana hore ke mofuta o mong oa “Keresemese ea Bajode,” empa seo se fosahetse.
Ka mohlala, mohlomong Keresemese ke ho ikhopotsa tsoalo ea Jesu Kreste, empa ha e le hantle ho ketekeloa lintho tse kang Santa Claus le lifate tse lulang li le tala tse khabisitsoeng, e leng lintho tse sa amaneng le Molimo, Jesu, kapa Bibele. Esita le letsatsi la la 25 December, hase letsatsi la tsoalo ea Jesu empa ke la tsoalo ea molimo oa tšōmong oa letsatsi Mithra! Ka lehlakoreng le leng, Hanukkah ke mokete oa ho ikhopotsa ketsahalo ea histori e bileng le liphello tse khōlō ho batho ba Molimo ba boholo-holo.
Ha e le hantle, ke ha bohlokoa ho hlokomela hore Mangolo a Segerike a Bakreste a bua ka Hanukkah. Ho Johanne 10:22, 23 (NW) rea bala: “Ka nako eo mokete oa nehelo [chanuk·kahʹ, ka Seheberu] o ile oa ba teng Jerusalema. E ne e le mariha, ’me Jesu o ne a tsamaea tempeleng mathuleng a Salomone.” Ka ho hlakileng, mokete ona o ne o se o ntse o ketekoa nakong ea Jesu ’me ho bonahala hore le eena Jesu o ile a o keteka.
Ho tlile joang hore mokete oo o be teng? Ho araba potso ena, re tlameha ho nahana ka histori ea oona.
Tempele ea Jehova e Hlomphollotsoe
Joalokaha moprofeta Daniele a boletse esale pele makholo a lilemo, ka nako e ’ngoe historing ea Bajode, ba ile ba hatelloa ka ho latellana ke Greece ’me, ka mor’a ho oa ha ’muso oo, ba hatelloa ke Egepeta le Syria. (Daniele 11:2-16) Le hoja babusi ba bangata bao e neng e se Bajode ba ne ba lumella Bajode ho rapela Jehova, mokhelo o le mong o khethehileng e ne e le Antiochus IV oa Syria.
Ka 175 B.C.E., Antiochus o ne a busa batho ba meetlo e fapaneng ’musong oa hae o moholo. O ile a thea bolumeli bo le bong bakeng sa sechaba sohle boo ho bona eena e neng e le “molimo o bonahalang,” ka tšepo ea ho kopanya batho ba hae. Leha ho le joalo, Jehova o batla boinehelo bo khethehileng, kahoo Bajode ba ile ba hana ho rapela Antiochus. (Exoda 20:4-6) Ka hona Antiochus o ile a etsa qeto ea ho felisa borapeli ba Bajode bo sa lumellaneng le ba hae. Ka nako e khutšoanyane feela o ile a thibela ho etsoa ha mahlabelo a liphoofolo, ho bolokoa ha Sabbatha, lebollo, haesita le ho baloa ha Mangolo a Seheberu, ba neng ba tlōla melao ena ba ne ba ahloleloa lefu. Ha e le hantle, likopi tsa Mangolo a Seheberu li ne li khoasolloa ’me li chesoa!
A sa cheche takatsong ea hae ea ho felisa borapeli ba Jehova, makhotla a Antiochus a ile a hapa Jerusalema ’me a kena ka tempeleng ea Jehova, a hapa Sehalalelisiso. Ka la 15 Chislev, 168 B.C.E., Antiochus o ile a hahela Zeus molimo oa Magerike aletare ka holim’a aletare ea Jehova lebaleng la tempele. Matsatsi a leshome hamorao, ka la 25 Chislev, o ile a etsa nyeliso ea ho qetela, ka ho sebelisa aletare eo ho etsa mahlabelo a likolobe (tse sa hloekang ho latela Molao oa Jehova). Ha e le hantle, sena se ile sa nehela tempele ea Jehova ho Zeus.
Phetohelo ea Maccabees
Bajode ba ile ba itšoara joang ho sena sohle? Ho latela tlaleho e sa bululeloang ea histori e tsejoang e le 1 Maccabees, Bajode ba bangata ba ile ba sebelisana le bahapi ba bona, ’me ba furalla borapeli ba Jehova. Ba bang ba ile ba boloka botšepehi ba bona, ka phello ea ho bolaeloa tumelo ea bona.
Selemong sona seo (168 B.C.E.) Bajode ba bang ba ile ba qala ho loantša Basyria, ka tšepo ea ho sireletsa bolokolohi ba bona ba ho rapela Jehova. Ka 167 B.C.E., Judas Maccabeus (Judah Maccabee), moprista oa Molevi, ea e-ba moeta-pele oa sehlopha sena sa bohanyetsi. Judas o ile a bokella makhotla a hae hore a bale Mangolo a Seheberu le ho rapela Jehova, kaha o ne a lumela hore ba ka hlōla hafeela ba tšepile Jehova.
Judas le makhotla a hae ba ile ba loantša Basyria ka lilemo tse tharo ho sa tsotellehe lenane la bona le fokolang la bahlabani. Ka ho makatsang ka 166 B.C.E., Judas o ne a hapile Jerusalema hape. Baprista ba Jehova joale ba ne ba ka khona ho hloekisa tempele le ho haha aletare e ncha. Qetellong, ka la 25 Chislev, 165 B.C.E., lilemo tse tharo ka mor’a letsatsi leo tempele e ileng ea silafatsoa ka lona, e ile ea neheloa hape ho Jehova.
Ho Keteka ho Neheloa Hape
Le hoja Judas a ne a ntse a batla ho tsoela pele ho loantša Basyria Galilea, thabo ea ho neheloa ha tempele hape e ne e le ketsahalo e khōlō haholo hoo ho ileng ha hlongoa mokete oa matsatsi a robeli a ho ikhopotsa hona. ’Me o ile oa tsejoa e le Mokete oa Nehelo (Hanukkah).a
Le hoja mokete ona e ne e se karolo ea selekane sa pele seo Molimo o ileng oa se etsa le Iseraele, Hanukkah e ile ea fetoha karolo e amohelehang ea borapeli ba Bajode, hantle joalokaha ho bile joalo ka Mokete oa Purime lilemong tse fetileng. (Esthere 9:26, 27) Joaloka Purime, Hanukkah e ne e ketekoa ka lipina le lithapelo ka masynagogeng, ho fapana le mekete e meholo e meraro e neng e hlokoa ke selekane seo (Paseka; Mokete oa Liveke, kapa Pentekonta; le Mokete oa Metlotloane) hore ho nkoe maeto a ho ea tempeleng Jerusalema.—Deuteronoma 16:16.
Mokhoa ona oa ho keteka Hanukkah ka mabone o ile oa ata ha nako e ntse e-ea. Ka hona, rahistori Josephus o tlaleha hore lekholong la pele la lilemo C.E., Hanukkah e ne e boetse e tsejoa e le Mokete oa Mabone. Leha ho le joalo, tšimoloho ea mokhoa ona ha e tsejoe hantle. Pale e ’ngoe e bontša hore o hopotsa ka mohlolo o ileng oa etsahala ha tempele e ne e neheloa hape. Ho latela pale ena, ha nako ea ho khantša mabone a tempele ea Jehova e fihla hape, le hoja ho ne ho na le oli e hloekileng ea ho keteka e lekaneng letsatsi le le leng, ka mohlolo e ne e qeta matsatsi a robeli.b
Na pale ee ea oli ea mohlolo e nepahetse kapa ke tšōmo feela? Hape, na Molimo o ne o tšehetsa phetohelo ea Judas Maccabeus Syria?
Na o ne a Tšehelitsoe ke Molimo?
Ha ho na polelo e tobileng ka Mangolong a bululetsoeng a Seheberu ea hore Jehova o ile a neha Judas tlhōlo leha e le hore o ile a mo tataisetsa ho lokisa le ho nehela tempele hape. Ho hlakile hore liketsahalo tsena li etsahetse ka mor’a hore Mangolo a Seheberu a phetheloe, kahoo ha ho polelo e ’ngoe e neng e ka kenngoa Mangolong a Seheberu.
Ho thoe’ng ka Mangolo a Segerike a Bakreste? Jesu kapa baapostola ba hae ha baa ka ba bua ka liketsahalo tsena, kahoo ha baa ka ba bontša hore Molimo o ile oa tšehetsa Judas kapa che.
Leha ho le joalo, Mangolo a Segerike a Bakreste a tlaleha ka ho phethahala ha boprofeta ba Mangolo a Seheberu tšebeletsong ea Jesu Kreste ea Bomessia. Bo bong ba boprofeta bona bo ne bo hloka hore tempele e sebetse nakong ea ho hlaha ha Messia. (Daniele 9:27; Haggai 2:9; bapisa le Pesaleme ea 69:9 le Johanne 2:16, 17.) Ka hona, boprofeta bona bo ne bo ke ke ba phethahala haeba tempele e ne e sa hloekisoa le ho neheloa ho Jehova hape. Ho hlakile hore Molimo o ne o batla hore tempele e neheloe hape. Empa na Judas Maccabeus e ne e le kofuto ea oona e khethehileng bakeng sa ho finyella see?
Ha ho se tlaleho e bululetsoeng, re ke ke ra tiisa sena. Ho hlakile hore lilemong tse fetileng, Jehova o ile a sebelisa batho bao eseng Bajode ba kang Cyruse oa Mopersia, ho phethahatsa likarolo tse ling tsa thato ea hae. (Esaia 44:26–45:4) Molimo o ne o ka sebelisa hakaakang e mong har’a sechaba sa hae se inehetseng sa Bajode!
Ho Thoe’ng ka Bakreste?
Ho thoe’ng ka mokete ka booona? Kaha ho o keteka ke ho ikhopotsa ketsahalo ea bohlokoahali historing ea batho ba Molimo, na Bakreste ba lokela ho o keteka?
Moapostola Pauluse o ile a hlalosa ho Ba-Kolosse 2:14-17: “[Molimo] o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, . . . ’me o le felisitse ka ho le khokhothela sefapanong. . . . Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ea ho ja le ea ho noa, leha e le tabeng ea mekete, le ea likhoeli tse ncha, le ea Lisabbatha, tseo e leng seriti sa tse tlang ho tla, empa ’mele oa tsona ke Kreste.” Feela joalokaha seriti sa ntho e atamelang se ka hlokomelisa motho ka ho fihla ha eona, selekane sa Molao se ile sa tseba ho hlokomelisa batho ka ho fihla ha Messia, kapa Kreste. Leha ho le joalo, hang ha tokomane ena e ngotsoeng ka letsoho e phethile morero oa eona, Molimo o ile oa e hlakola.—Ba-Galata 3:23-25.
Ka hona, selekane sa Molao le mekete eohle ea sona, ponong ea Molimo se ile sa fela ka Pentekonta ea 33 C.E. Ka sebele, ho timetsoa ha Jerusalema le tempele ea eona ke makhotla a Roma ka 70 C.E., ho ile ha netefatsa seo. (Luka 19:41-44) Kahoo le hoja ho neheloa ha tempele hape e ne e le ketsahalo ea bohlokoa historing ea sechaba sa Molimo sa boholo-holo, ha ho na lebaka la hore Bakreste ba ikhopotse Hanukkah.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lereo la Seheberu chanuk·kahʹ le bolela “khakolo kapa nehelo.” Sebōpeho sa lereo lena se bonahala sehloohong sa Pesaleme ea 30.
b Ho tloha lekholong la pele la lilemo B.C.E., malapa a Bajode a ne a khantša kerese e le ’ngoe letsatsing la pele la mokete, tse peli letsatsing la bobeli, joalo-joalo ka matsatsi a robeli. Mokhoa ona o ntse o sebelisoa ke Bajode le kajeno.
[Lebokose le leqepheng la 12]
Linaheng tseo Keresemese e bileng mokete oa lelapa o tloaelehileng, Hanukkah e ile ea ba le sebōpeho se tšoanang, haholo-holo har’a Bajode ba Sokolohileng.—Encyclopædia Judaica
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]
Israel Department of Antiquities and Museums; Israel Museum/David Harris