Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 3/8 maq. 23-25
  • Boiteko ba ho Kopana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boiteko ba ho Kopana
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšimoloho ea Mokhatlo Ona
  • Ho Iphapanya ha K’hatholike
  • Na ke Phetoho Har’a Mak’hatholike?
  • Matsatsi a Tsebahalang Mokhatlong o Buellang ho Kopanngoa ha Malumeli
    Tsoha!—1991
  • Qaka eo Kereke e K’hatholike e Tobaneng le Eona
    Tsoha!—1991
  • Na Bonngoe ba Bokreste ke Ntho e ka Finyelloang?
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha li Kōpa Tšoarelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 3/8 maq. 23-25

Boiteko ba ho Kopana

Ka mongolli oa Tsoha! Fora

MAHLABISA-LIHLONG! E, mahlabisa-lihlong ke oona a simollotseng mokhatlo o buellang ho kopanngoa ha malumeli (ecumenical movement). Ke mahlabisa-lihlong a eng? Ke mahlabisa-lihlong a pono e utloisang bohloko eo Bokreste-’mōtoana bo e fileng lefatše leo eseng la Bokreste ea karohano.

Sebokeng sa pele feela sa WCC (World Council of Churches [Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke]), mongoli-kakaretso oa sona, Dr. W. A. Visser ’t Hooft, o ile a hlalosa: “Re Lekhotla la Likereke, eseng feela Lekhotla la Kereke e le ’ngoe e arohaneng. Lebitso la rōna le senola bofokoli ba rōna le mahlabisa-lihlong a rōna ka pel’a Molimo, hobane ho ka ba le Kereke e le ’ngoe feela ea Kreste lefatšeng ebile e qetelletse e le teng.”

Buka ea boitsebiso e sa tsoa hatisoa ea K’hatholike ea Fora ea lumela: “Ho hlokomela mahlabisa-lihlong a bakiloeng ke likereke tse arohileng ho ile ha e-ba matla haholoanyane lekholong la bo19 la lilemo. Ho bile joalo ka ho khethehileng har’a baromuoa bao khohlano e pakeng tsa bona e neng e hanyetsa Kosepele eo ba neng ba tlil’o e ruta batho bao eseng Bakreste. . . . Qeto e harolang letsoalo e ile ea tlisoa ke ho hlahisoa ha tšebeletso ea boromuoa ea Afrika le Asia eo ka ho hlakileng e tlisitseng likarohano mahareng a Bakreste ba neng ba sitisa mosebetsi oa ho bolela evangeli.”

Tšimoloho ea Mokhatlo Ona

Lentsoe la Senyesemane “ecumenical” le nkiloe lentsoeng la Segerike oi·kou·meʹne (lefatše le ahiloeng). Mokhatlo o buellang ho kopanngoa ha malumeli o simolohileng bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, o ikemiselitse ho finyella bonngoe ba lefatše lohle likerekeng tse ipitsang hore ke tsa Bokreste. Ka ho hlokomela likotsi tsa likarohano mahareng a likereke, batho ba khothalletsang liphetoho ba ile ba hlophisa mekhatlo e amang mekhatlo e fapaneng ea bolumeli lekholong la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo.

Ka ho khetheha, ba ileng ba rongoa hore ba sokolle batho bao e neng e se Bakreste ba ne ba le seli haholo ka liphapang tse teng Bokreste-’mōtoaneng. Ba ne ba sitoa ho supa maqephe a histori ea kereke a khenathetseng mali e le bopaki ba bophahamo ba bolumeli ba bona. Ke joang ba neng ba ka lokafatsa ho ba teng ha likereke tse ngata joalo, tseo kaofela li iketsang eka ke tsa Bokreste empa ka nako e tšoanang li qotsa mantsoe a Jesu kapa a moapostola Pauluse bao ka bobeli ba ileng ba hatella bohlokoa ba bonngoe ba Bokreste?—Johanne 13:34, 35; 17:21; 1 Ba-Korinthe 1:10-13.

Ntle ho pelaelo boemo bona bo tlatselitse bakeng sa ho theoa ha mokhatlo oa joale o buellang ho kopanngoa ha malumeli o ileng oa epa pitso ea Seboka sa pele sa Baromuoa sa Lefatše, Edinburgh, Scotland, ka 1910. Hamorao, ka 1921, ho ile ha theoa Lekhotla la Machaba la Baromuoa. New Catholic Encyclopedia ea bolela: “Lekhotla la Machaba la Baromuoa ha lea ka la theoa feela hore le hase boitsebiso ka mekhoa e sebetsang ea boromuoa, empa hape le ho fokotsa mahlabisa-lihlong a likarohano tsa Bokreste ka ho qoba tlhōlisano linaheng tseo eseng tsa Bokreste.”

Ho Iphapanya ha K’hatholike

Leha ho le joalo, Kereke ea Roma e K’hatholike e entse eng ho fokotsa mahlabisa-lihlong a likarohano tsa Bokreste? Ka 1919 Kereke ea K’hatholike e ile ea memeloa ho nka karolo puisanong e pakeng tsa likereke ka tumelo le taolo, moo ho neng ho tla buisanoa ka liphapang tsa thuto ea motheo le tšebeletso ea kereke. Empa Mopapa Benedict XV o ile a hana memo ena. Hape, ka 1927, Kereke ea K’hatholike e ile ea fumana memo ea ho nka karolo Sebokeng sa Pele sa Lefatše sa Tumelo le Taolo, se neng se tšoaretsoe Lausanne, Switzerland. Baemeli ba tsoang likerekeng tse ngata tsa Protestanta le tsa Orthodox ba ile ba kopana ho buisana ka litšitiso tsa bonngoe, empa Mopapa Pius XI o ile a hanela K’hatholike ho nka karolo leha e le efe lipuisanong tseo.

New Catholic Encyclopedia sehloohong sa eona ka Mopapa Pius XI, e itse: “Setsi se Tlas’a Taolo ea Mopapa se bile le boikutlo bo bobe ka mokhatlo o buellang ho kopanngoa ha malumeli a ipitsang hore ke a Bokreste ao eseng a K’hatholike.” Boikutlo bona bo fosahetseng bo ile ba fetoha bora ba phatlalatsa ha ka 1928 mopapa a ne a ntša lengolo la hae le akaretsang la bopapa Mortalium animos. Lengolong leo o ile a nyatsa mokhatlo o buellang ho kopanngoa ha malumeli ’me a thibela Mak’hatholike ho tšehetsa mekhatlo e buellang ho kopanngoa ha malumeli ka tsela leha e le efe.

Ka 1948 ho ile ha theoa WCC (World Council of Churches [Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke]). Ha e ne e theoa, litho tsa eona li ne li kopanyelletsa hoo e batlang e le likereke tse 150 tseo boholo ba tsona e neng e le tsa Protestanta. Likereke tse ling tsa Orthodox ea Bochabela li ile tsa kopanyelletsoa, ’me likereke tse ling tsa Orthodox hamorao ebile litho tsa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke. Likereke tsena tsohle li ile tsa amohela qeto ena e le motheo oa ho ba setho sa tsona: “Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke ke lequloana la likereke tse amohelang Morena Jesu Kreste e le Molimo le ’Moloki.” Ho sa tsotellehe tlhaloso ena e tobileng ea Boraro-bo-bong, Mopapa Pius XII o ile a hana memo ea ho amahanya Kereke ea K’hatholike le lekhotla lena le buellang ho kopanngoa ha malumeli.

Na ke Phetoho Har’a Mak’hatholike?

Mak’hatholike a mangata a ne a talima John XXIII, ea ileng a khethoa e le mopapa ka 1958 a le lilemo li 77 joaloka papa di passaggio feela, kapa mopapa ea tšoereng mokobobo. Joalokaha ho ile ha fela ha e-ba joalo, o ile a etsa lefene-fene la hore ho be le liphetoho Vatican tseo ho fihlela kajeno li ntseng li baka pherekano ka hare ho K’hatholike. E ’ngoe ea liqeto tsa pele tsa Mopapa John mathoasong a 1959 e bile ho etsa lekhotla le buellang ho kopanngoa ha malumeli, moo puisano ea K’hatholike e neng e hlile e bolela seboka se akaretsang sa babishopo bohle ba Kereke ea K’hatholike.

Pele, morero oa seboka sena e ne e le “ho beha kereke nakong” ’me oa bobeli e ne e le ho “bula tsela ea ho kopanngoa bocha ha litho tse arohaneng tsa Bochabela le Bophirima lesakeng le le leng la Kreste.” Tumellanong le morero ona oa bobeli, ka 1960 Mopapa John XXIII o ile a hlomamisa Mokhatlo oa Boruti oa Ntšetso-pele ea Bonngoe ba Bokreste Vatican. Mokhatlo ona o ile oa thooletsoa e le “ho ngolisoa ha pele ka molao ha mokhatlo o buellang ho kopanngoa ha malumeli a Kereke ea Roma e K’hatholike.”

Ka sebele ho ne ho bonahala lefene-fene lena la ho hlahisa liphetoho le hlile le sebetsa. Empa na Lekhotla la Roma, e leng sehlopha se matla sa babishopo se etsang lekhotla la tsamaiso la kereke le ile la chaela liphetoho tsee monoana? Haeba ho joalo, khopolo ea bona e ne e le efe ka bonngoe ba Bokreste?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela