Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 3/8 maq. 9-11
  • Ho Etela Mokuli—Kamoo U ka Thusang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Mokuli—Kamoo U ka Thusang
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mantsoe a Eang ho Motho ea Bohlale le a Tsoang ho Eena
  • U Lokela ho Qeta Nako e Kae ha U mo Etetse?
  • Thuso ea Hao e Sebetsang
  • Haeba ho E-na le Bothata bo Tebileng
  • Ho Hetla Morao Ketelong ea Hao
  • Lipetlele—Ha e le Uena Mokuli
    Tsoha!—1991
  • Ha Motho eo u mo Ratang a Kula
    Tsoha!—2015
  • Lula u E-na le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Ho Khothatsa Batho ba Kulelang Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 3/8 maq. 9-11

Ho Etela Mokuli—Kamoo U ka Thusang

MOTSOALLE oa hao o kene sepetlele, ’me kannete u rata ho mo etela. Ke eng seo u lokelang ho se bua le ho se etsa? U ka mo tlisetsa eng? Ke eng e neng e tla ba molemo ka ho fetisisa? Hona na ho na le lintho tseo u lokelang ho qoba ho li bua kapa ho li etsa?

U batla hore ketelo ea hao e be e molemo, eseng feela “Lumela,” le “U phela joang?” e sa bontšeng kameho, ’me ka mor’a moo e be “Sala hantle” e potlakileng, mohlomong le “U phakise u fole” e kenyelletsoang feela ho eketsa se buuoang. Kahoo u lokela ho etsa ketelo eo joang?

Ntlha ea pele ea keletso: Bontša bohlale mabapi le nako ea ketelo ea hao. U lokela ho botsa mokuli kapa lelapa labo hore na nako e molemohali e ka ba efe, e kang ha a se na baeti ba bang kapa beng ka eena ba haufi. Mohlomong ho molemo ho mo etela mantsiboeeng a letsatsi le ka pele ho letsatsi la tšebetso ea ho buuoa e leng nako eo ka eona mokuli a ka ruang molemo moqoqong o thabisang, o faposang tlhokomelo ea hae boemong boo ho e-na le ho mo etela hang-hang ka mor’a ho buuoa, nakong eo e ka ’nang eaba o sa ntsane a fokola haholo kapa a opeloa.

Mantsoe a Eang ho Motho ea Bohlale le a Tsoang ho Eena

Re ka ’na ra hlahloba polelo ‘moqoqo o thabisang.’ Lebella hore e be uena ea nkang bohato ba pele nakong ea ketelo, ’me u boloke moqoqo e le o thabisang ka tsela e itekanetseng. Motho ea robetseng sepetlele ha aa lokela ho itšoenya ka ho bontša hore o u amohetse hantle. U ka nka mojaro oo ka mokhoa o bobebe le ka pono ea litaba e nang le botsoalle. Joale, u lokela ho re’ng, ’me ha ua lokela ho re’ng.

U se ke ua tla ka sefahleho se saretsoeng kapa se hlokofetseng, esita le haeba mokuli a se boemong bo botle. Mongoli ea bohlale oa Liproverbia o re: “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” (Liproverbia 17:22) Kahoo, hopola hore ke boikarabelo ba hao hore u boloke moqoqo e le o khothatsang le o monate.—Liproverbia 25:11; bapisa le Esaia 41:13.

Litaba tsa morao-rao tse tsoang lelapeng labo mokuli kapa phuthehong ea habo e ka ’na ea e-ba tse thahasellisang le tse hahang, haholo-holo haeba u tšoere litaba tse monate. Hape, u se lebale phello eo ho soasoa ho itseng ho ka bang le eona bakeng sa ho fola; batla menyetla ea ho etsa hore mokuli a bososele kapa a tšehe. U tlameha ho bontša ho leka-lekana ntlheng ena. Ha ua eta ka morero oa ho tla iketsa sesoasoi kapa ra-metlaee empa u tlile ka morero oa ho tla bontša kameho le qenehelo ea sebele.

Mokuli o boetse o hloka kholiseho. Ka hona, ela hloko hore u se bue hampe ka ngaka kapa sepetlele. Hangata ha ho na molemo ho bapisa boemo kapa bothata ba mokuli le ho hong hoo uena ka bouena u ileng ua thulana le hona kapa ho mo bapisa le ba bang ba ileng ba thulana le bothata bo tšoanang, ntle le haeba phello e ile ea e-ba e thabisang. Motho e mong le e mong o fapane le ba bang, ’me boemo ba mokuli e mong le e mong ke bo ikhethang.—Liproverbia 18:13.

Ntlha ea ho qetela eo u lokelang ho e ela hloko mabapi le moqoqo oa hao: Na u kile ua ba le phihlelo e lekang, e khathatsang ea ho lula le motho ea phepheretsang litaba joaloka likulo tsa morathatha, joaloka melapo e lumang ka holim’a Phororo ea Iguaçú? Seo se ile sa u tena, na ha ho joalo? Kahoo ka kōpo u se ke ua etsa hoo ha u etetse motsoalle kapa mong ka uena ea keneng sepetlele. Le hoja moqoqo oa hao e lokela ho ba o thabisang le o khothatsang, o laole e le hore o se ke oa ba mongata ka ho tlōlisang le hore o tsoele pele ka lebelo le itekanetseng. Ha ho hlokahale hore u ikutloe u le tsietsing, joalokaha eka ha ho motsotso o lokelang ho feta ho se seo u se buang. Nako e itseng eo le e qetang hammoho le khutsitse le eona e ka ba e tšelisang. E, ela hloko hore u se ke ua tlatsetsa mokhathaleng oa mokuli ka baeti ba bangata haholo ba sa feleng ba mo qobellang ho bua litaba tse ngata haholo tse sa feleng.

U Lokela ho Qeta Nako e Kae ha U mo Etetse?

Likarolong tse itseng tsa lefatše, ho tšoana leha eka lelapa le lula le mokuli sepetlele. Kahoo le ka lebelloa hore le mo hlatsoe le ho fana ka lijo hore ketelo e joalo e be telele. Empa lipetleleng tse ngata, lihora tsa ho etela bakuli ke tse lekanyelitsoeng e le hore mokuli a se ke a khathala le hore basebetsi ba sepetlele ba khone ho etsa mesebetsi ea bona. Ka hona, maemong a mangata ketelo ea hao ha ea lokela ho feta hora haeba u le mong ka mokuli kapa u le motsoalle oa hae ea haufi-ufi, ’me ha ea lokela ho feta halofo ea hora haeba u mpa u le motho ea mo tsebang feela. Ho thoe’ng haeba mokuli a u kōpa hore u lule haleletsana? Ho ntse ho ka ’na ha e-ba molemo hore u lekanyetse ketelo ea hao, hobane e ka ’na eaba o khathetse kapa ha a na kahlolo e molemo. Ho hlakile hore u tlameha ho sebelisa kahlolo ea hao e molemo, empa ntlha ea bohlokoa ke hore u se ke ua qeta nako e telele haholo hoo u ka tenang mokuli.

Ho hlokahala hore keletso eo e hatisoe ka mokhoa o khethehileng haeba mokuli a se a ntse a bonahala a e-ba le baeti ba bangata haholo hoo ho seng ho se hotle bakeng sa hae kapa bakeng sa tloaelo ea sepetlele. Ha e le hantle, ho mo etela ha hao ka nako e khutšoanyane ka makhetlo a ’maloa ho ka ba molemo ’me ho bontša kameho ea hao ho feta ha u mo etela nako e telele hanngoe feela. Hopola hape hore ho hlokahala mosa le tlhompho haeba mokuli a e-na le beng ka eena ba bonahalang ba batla ba le khahlanong le boteng ba hao kapa ba bo nyatsa.—Bapisa le Liproverbia 25:17.

Thuso ea Hao e Sebetsang

Esita le pele u qala ketelo ea hao, ho na le mokhoa o mong oa ho e lokisetsa esale pele o ka u thusang. Na ho na le ho hong ho molemo hoo u ka mo tlisetsang hona? Ho thoe’ng ka ntho e ’ngoe e ncha eo a ka e balang? Mohlomong letsatsing lona leo u fumane tokollo ea hao ea morao-rao ea makasine oo mokuli le eena a thabelang ho o bala. Mokuli a ka ’na a angoa maikutlo ke ho ithaopela ha hao ho arolelana le eena tokollo ea hao e ncha eo e leng ea bohlokoa haholo. U ka ba ua ithaopela ho ’malla sehlooho se le seng kapa tse peli tseo u fumaneng e le tse thahasellisang ka ho khethehileng.

Lintho tse ling tseo u ka tlang le tsona ke life? Ntho e nyenyane e kang lipalesa kapa litholoana e tla etsa hore a u hopole e ka etsa hore letsatsi leo e be le thabisang. Ntho e ’ngoe eo u ka ’nang ua mo nkela eona ke lipompong tseo mokuli a li ratang haholo kapa esita le lijo tse ling tse phehiloeng lapeng—haeba lintho tseo li lumelletsoe. U ka botsa lelapa labo ka lijo tse joalo kapa ua botsa baoki esita le pele u kena le tsona ka kamoreng ea hae.

U ka ’na ua botsa ngaka kapa baoki hore na ho na le ho hong hoo u ka ho tlisetsang mokuli, kapa hoo u ka mo etsetsang hona ho tla bebofatsa moroalo oa bona kapa ho tla etsa hore a thabele boiketlo bo eketsehileng. Ba ka ’na ba thabela thuso ea hao.

Na u batla ho thusa ka litsela tse ling? Botsa mokuli ka litaba tse nyenyane tse hlokahalang. Ke mang ea mo nkelang poso kapa ea mo tlisetsang eona? Na u ka ithaopela ho ea hloela ntlo ea hae kapa kamore eo a e hirileng, mohlomong esita le ho kōpa metsoalle e meng ea hao hore e u thuse ho e hloekisa pele mokuli a khutlela hae? Na ho hlokahala hore motho e mong a tlose lehloa tselaneng eo batho ba tsamaeang ho eona ka jareteng, a nosetse lijalo, kapa a nke mehato e itseng e etsang hore ntlo e bonahale eka ho na le motho ea lulang ho eona e le hore e se ke ea hohela masholu a thuhang matlo? Na o tšoenyehile ka tlhokomelo ea phofotsoana eo a e ruileng? E ka ’na eaba mokuli o tšoenyehile ka lintho tsena esita le tse ling empa a ke ke a bua ka tsona ka ho toba ntle le haeba u botsa ka tsona. Lipotso tsa hao tse mosa li tla thusa hape ka hore li tla hatisa hore u hlile ua tsotella.

Ke ho loketseng hore ho fanoe ka tlhokomeliso mabapi le ponahalo e loketseng ha u ea sepetlele. Le hoja ho ka ’na ha bonahala e le ho makatsang, tsela eo u aparang ka eona le eo u etsang lintho ka eona e ka ama tsela eo basebetsi ba sepetlele ba tšoarang mokuli ka eona. Ba ka ’na ba khahloa ke ho bona hore mokuli o amohela baeti ba itlhophileng hantle. Ha ba bona baeti ba ’maloa ba nang le seriti joalo ba tlil’o botsa hore na mokuli o ntse a ea joang, basebetsi ba ka ’na ba fihlela qeto ea hore e tlameha e be mokuli enoa ke motho ea hlomphehang, etsoe ka sebele oa hlompheha. Bibele e bua ka ho ikhabisa ‘ka tsela e tšoanelang batho ba bolelang hore ba sebeletsa Molimo,’ ’me ka ho etsa ha hao joalo, u ka ’na ua khothalletsa basebetsi ho tšoara mokuli ka tsela e lumellanang le hoo.—1 Timothea 2:9, 10.

Haeba ho E-na le Bothata bo Tebileng

Ka linako tse ling, e ka ’na eaba mokuli eo u mo etetseng o na le bothata bo tebileng ba ho buisana le basebetsi ba sepetlele. Potso e ntle eo u ka lokisetsang ho e botsa, u sa kena-kenane le makunutu a mokuli, ke hore, “Ngaka e nahana hore tsoelo-pele ea hao e-ea joang?” Haeba lintho ha li tsamaee hantle, ’me ke uena setho sa lelapa kapa mosebeletsi ea ikarabellang, mohlomong u ka thusa. Bakeng sa boiketlo ba mokuli, ho ka ’na ha hlokahala hore u nke bohato ba pele ba ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ho basebetsi ba sepetlele. Kapa mohlomong u ka ithaopela ho tsamaea le lelapa, leo e ka ’nang eaba ka lebaka le leng le itseng le lesisitheho ho buisana le ngaka.

Haeba boemo e le bona, ntho ea bohlokoa eo u lokelang ho e hopola ke hore u se tšosoe ke boemo bo u pota-potileng ba sepetlele kapa basebetsi. E ka ’na eaba mokuli o bile o ka karolong ea sepetlele e fanang ka tlhokomelo e khethehileng, o pota-potiloe ke mechine ea mefuta-futa le batho ba kulang haholo. Basebetsi ba ka ’na ba bonahala ba tšoarehile haholo kapa mohlomong ba bile ba fela pelo. Tšekamelo e tloaelehileng ke ho tšaba ho kena-kenana le bona, re se re sa re letho ka ho bua letho le ka bonahalang eka ke phephetso. Empa haeba ka nepo u le ’muelli oa mokuli, uena (le eena) le lokela ho fumana likarabelo tse hlakileng esita le mekhoa e meng ea phekolo. Ha ua lokela ho thibjoa ke mang kapa mang ho fihlela u phethile mosebetsi oa hao. Le hoja u tla be u ntse u le seli hore u se ke ua iketsa khopiso, hopola hore esita le Jesu ka setšoantšo o ile a hatisa hore ka linako tse ling ho hlokahala hore motho a ’ne a kōpe ho fuoa tlhokomelo kapa boitsebiso boo a nang le tokelo ea ho bo fumana.—Luka 18:1-6.

Ho Hetla Morao Ketelong ea Hao

Ha u se u phethile ketelo ea hao, ’me u mo siile ka boikutlo bo thabileng, u ka hlahloba seo u ileng ua se bua le seo u ileng ua se etsa. Ho nahanisisa ho joalo ho ka ’na ha u thusa ho lemoha hore na ke joang ketelo ea hao e latelang, ho mokuli enoa kapa e mong, e ka etsoang hore e atlehe ’me e be e khotsofatsang haholoanyane.

Ka kakaretso, ho na le ho hongata hoo u ka ho finyellang ka ho etela sepetlele. Hopola tokisetso le takatso ea ho thusa. Ka ho sebelisa monyetla oo hantle, u ka finyella ho molemo ka ho fetisisa ho oona ’me ua ipaka u le ‘motsoalle ea mo khomarelang ho feta ngoan’abo [oa nama].’—Liproverbia 18:24.

[Lebokose le leqepheng la 10]

Ketelo ea Hao e Thusang Mokuli

1. Itokise.

2. Nahanela boemo ba mokuli. U se ke ua lula nako e telele haholo ketelong ea hao.

3. Apara ka mokhoa o loketseng.

4. Etella pele moqoqong, empa u lekanye litaba tsa hao.

5. E-ba ea thusang mabapi le seo u mo tlelang le sona kapa seo u ithaopelang ho se etsa.

6. E-ba ea mofuthu le ea hahang.

7. Khutla hape bakeng sa ketelo e ’ngoe e khutšoanyane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela