Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/15 maq. 14-15
  • Ha Motho eo u mo Ratang a Kula

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Motho eo u mo Ratang a Kula
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha le le Sepetlele
  • Lipetlele—Ha e le Uena Mokuli
    Tsoha!—1991
  • Ho Etela Mokuli—Kamoo U ka Thusang
    Tsoha!—1991
  • Lingaka li Imetsoe Kelellong
    Tsoha!—2005
  • Ho Khothatsa Batho ba Kulelang Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 10/15 maq. 14-15

Ha Motho eo U mo Ratang a Kula

“Pele Ntate a tsoa sepetlele, re ile ra kōpa hore ngaka e re hlalosetse liphetho tsa liteko tsa hae tsa mali. Ngaka e ile ea re bolella hore ha ho letho le phoso ka tsona empa e ile ea lumela ho li hlahloba hape. E ile ea makala ha e hlokomela hore liphetho tse peli li bontša hore Ntate oa kula! E ile ea kōpa tšoarelo eaba e bitsa setsebi lefapheng leo. Hona joale Ntate o folile ’me re thabile hore ebe re ile ra kōpa tlhaloso.”—Maribel.

’Mè o thusa ntate ho ngola matšoao a bokulo ba hae hammoho le meriana

Pele le e-ea ngakeng, ngola matšoao a bokulo ba hae, meriana le lipilisi tseo a ntseng a li noa

Ho ea ngakeng le ho kena sepetlele hoa sithabetsa. Ho latela se etsahalletseng Maribel, thuso e tsoang ho metsoalle le ba lelapa e ka tsoela mokuli molemo haholo. U ka thusa motsoalle kapa mong ka uena joang?

Pele le e-ea ngakeng. Thusa mokuli ho ngola matšoao a bokulo ba hae hammoho le meriana le lipilisi tseo a ntseng a li noa. Hape, ngolang lipotso tseo le ka li botsang ngaka. E-re mokuli a hlalose hore na bokulo ba hae bo qalile neng le hore na ho na le mong ka eena ea tšoeroeng ke bokulo bo tšoanang. Le se ke la nka hore ngaka e tla botsa kapa hore e se e ntse e tseba boemo ba hae.

’Mè o ntse a ngola lintlha ha ngaka e ntse e bua le bona

Netefatsa hore lintho li entsoe hantle, botsa lipotso ka tlhompho ’me u ngole lintlha

Ha le le ngakeng. Netefatsang hore le utloisisa seo ngaka e se buang. Botsa lipotso empa u se ke ua iketsetsa liqeto. Lumella mokuli hore a botse lipotso le hore a ipuelle. Mamela ka hloko ’me u ngole lintlha. Botsa ngaka ka mekhoa e meng ea phekolo. Ka linako tse ling ho ka molemo hore u khothaletse mokuli hore a ee ngakeng e ’ngoe.

’Mè o hlahloba lintlha tseo a li ngotseng ha ba le ofising ea ngaka

Hlahloba litaelo tsa ngaka, meriana le lipilisi tseo a li filoeng

Ha le tsoa ngakeng. Netefatsang hore le utloisisitse litaelo tsa ngaka. Netefatsa hore mokuli o fumane meriana e nepahetseng. E-re a noe meriana kamoo ngaka e mo laetseng le hore a e bolelle ha meriana e sa mo tšoare hantle. Mo bolelle hore a se ke a tšoenyeha ’me u mo khothalletse hore a mamele litaelo tse ling tse kang hore a ee chekapong. Mo thuse hore a tsebe bokulo ba hae.

Ha le le Sepetlele

’Muelli o ntse a buisana le ngaka ha ’mè a ntse a le betheng

Netefatsa hore le tlatsitse liforomo hantle

Khoba matšoafo empa u be hlokolosi. Mokuli ea kenang sepetlele a ka ’na a ikutloa a se na thuso a bile a tšoenyehile. Ha u khobile matšoafo ’me u le hlokolosi, sena se ka etsa hore mokuli le eena a se ke a tšoenyeha ’me le qobe ho etsa liphoso. Netefatsa hore le tlatsitse liforomo hantle. Ka mor’a hore ngaka e hlalosetse mokuli lintlha tsohle, mo tlohele hore a iketsetse liqeto. Haeba a kula hoo a sa khoneng ho iketsetsa liqeto, hlompha liqeto tseo a li ngotseng ’me u lumelle motho eo a mo khethileng hore a mo etsetse liqeto tsa kalafo.a

’Mè le ’muelli oa hae ba buisana le mosebetsi oa sepetlele

Hlalosetsa lingaka ka tlhompho liphetoho tseo u li hlokometseng ho mokuli

Bua. U se ke ua tšaba ho bua. Ha u apere hantle u bile u e-na le mekhoa e metle, sena se ka etsa hore lingaka li thahaselle mokuli haholoanyane ’me li mo fe kalafo e molemo le ho feta. Lipetleleng tse ngata, bakuli ba bonoa ke lingaka tse fapaneng. U ka ba thusa ka hore u ba bolelle seo lingaka tse ling li se buileng. Kaha u tseba mokuli, li bolelle liphetoho tseo u li hlokometseng ’meleng le tseleng eo a nahanang ka eona.

Ha ’mè a ntse a le betheng, ’muelli oa hae litabeng tsa kalafo o bua le nese

Etsa seo u ka se khonang empa u se ke ua etsetsa mokuli liqeto

Bontša tlhompho ’me u lebohe. Hangata basebetsi ba sepetlele ba sebetsa tlas’a khatello. Kahoo, ba tšoare ka tsela eo u batlang ho tšoaroa ka eona. (Matheu 7:12) Ba hlomphele tsebo eo ba nang le eona ea mosebetsi, u ba tšepele ho o etsa ’me u ba lebohe. Ha u bontša hore u ananela seo ba se etsang, seo se ka etsa hore ba etse sohle seo ba ka se khonang ho thusa mokuli.

Ha ho motho ea ka qobang ho kula. Leha ho le joalo, u ka etsa hore motsoalle kapa mong ka uena a se ke a nyahama ka hore u mo thuse.—Liproverbia 17:17.

a Melao e mabapi le litokelo tsa mokuli e fapana ho ea ka libaka. Netefatsa hore litokomane tsa mokuli tse ngotseng hore na o batla ho alafshoa joang li feletse le hore li ntse li le nakong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela