Lingaka li Imetsoe Kelellong
“Banyalani ba bang ba bacha ba ile ba tla ho ’na ba e-na le tšepo e feletseng ea hore nka etsa ho hong ho thusa lesea la bona le sa tsoa hlaha. Ha ke ntse ke le hlahloba, ke ile ka tetebela pelo. Le ne le e-na le lefu le sa phekoleheng. U ka inahanela hore na ke ile ka ikutloa joang ha ke bolella batsoali bana ba bacha hore mora oa bona a ke ke a hlola a bona! Ka mor’a hore ba tsoe ka ngakeng, ke ile ka sithabela maikutlong. Empa motsotsoana ka mor’a moo mokuli oa ka ea latelang o ne a se a le teng a lebeletse hore ke mo amohele ka pososelo! Ke sona seo ke fumanang se nkimela kelellong.”—Ngaka e buoang mahlo Amerika Boroa.
KA TLOAELO bakuli ha ba kene ka ngakeng ho ea hlahloba mathata a lingaka tsa bona. Mokuli o nahanne feela ka thuso eo a e hlokang. Ka lebaka leo, ke batho ba ’maloa ba lemohang hore na lingaka li imetsoe ho le hokae.
Ke ’nete hore e mong le e mong o tlameha ho sebetsana ka katleho le ho imeloa kelellong ’me mosebetsi oa bongaka hase oona feela mosebetsi o bakang khatello. Leha ho le joalo, kaha hoo e batlang e le e mong le e mong o na le kamano le ngaka ka tsela ena kapa eane, ke habohlokoa ho utloisisa khatello eo lingaka li bang le eona le liphello tsa eona ho tsona.
Lingaka li ithuta ho tloaela ho phela li imetsoe kelellong ho tloha ha li batla ho amoheloa sekolong sa bongaka. Empa ha thupelo ea bongaka e qala, hangata e ba ho thefulang maikutlo ka tsela e sa lebaleheng. Ke qalo ea letoto la lintho tse ka fetolang maikutlo a seithuti sa bongaka, e leng botho ba hae.
Ho Koetlisetsoa Bongaka—Phihlelo e Nyarosang
Ho kena ka lekhetlo la pele kamoreng ea ho seha litopo ho ka ’na ha etsoa bekeng ea pele ea ho ithutela bongaka. E ka ’na eaba liithuti tse ngata ha li e-s’o bone litopo pele ho moo. Ho bona litopo tse tsotseng, tse omeletseng, tse maemong a fapa-fapaneng a ho buuoa ho senola kaheho ea ’mele, e ka ba ntho e nyontšang. Liithuti li tlameha ho ithuta mekhoa ea ho sebetsana ka katleho le maikutlo a tsona. Hangata li retelehela mesoasong, ka ho reha setopo se seng le se seng lebitso le qabolang. Se bonahalang e le ho ba pelo e thata hape e le ho se hlomphe ho motho ea shebeletseng, ke ntho ea bohlokoa ho liithuti tse lekang ho qoba ho nahana ka setopo sena e le motho.
Joale ho latela ho koetlisetsoa ho hlahloba mokuli sepetlele. Batho ba bangata ha ba ke ba nahana ka hore bophelo bo bokhutšoanyane ho fihlela ha ba le lilemong tse mahareng. Empa liithuti tsa bongaka li tobana le maloetse a sa phekoleheng le lefu bocheng ba tsona. Seithuti se seng se ile sa hlalosa phihlelo ea sona ea pele sepetlele e le “ntho e nyontšang hoo ho neng ho re motho a hlatse.” Hape e ka ba ntho e tšosang haholo ho liithuti linaheng tse ruileng le tse futsanehileng ha li qala ho hlokomela kamoo bakuli ba haneloang ka phekolo hangata kateng ka lebaka la ho se be le chelete e lekaneng.
Lingaka tse ncha li sebetsana ka katleho joang le ho imeloa kelellong? Hangata ba sebetsanang le bakuli ba tlameha ho qoba ho ameha maikutlong ka hore ba sebetsane le boemo joalokaha eka ha ba sebetsane le motho. Ho e-na le ho re motho e mong o hloka tlhokomelo, mosebetsi a ka ’na a re, “Ngaka, ho na le leoto le robehileng ka phaposing ea bobeli.” Ena e ka ’na ea utloahala e le ntho e qabolang haeba u sa utloisise lebaka la ho bua joalo.
Mokhathala o Bakoang ke Kutloelo-bohloko
Lingaka li koetlisitsoe e le litsebi sa saense, empa ho tse ngata karolo e khōlō ea mosebetsi oa tsona ke ho buisana le bakuli. Lingaka tse ling li ikutloa li sa lokela maikutlo a bang teng ka kamano ea ngaka le mokuli. Joalokaha ho boletsoe kenyelletsong, bo bong ba maemo a thata ka ho fetisisa ho ngaka ke hore a bolele litaba tse bohloko. Tse ling li tlameha ho etsa joalo letsatsi le leng le le leng. Batho ba maqakabetsing hangata ho hlokahala hore ba ntše bohloko ba bona, ’me lingaka li lebeletsoe hore li mamele. Ho sebetsana le batho ba tšoenyehileng, ba tšohileng, e ka ba ntho e khathatsang haholo hoo lingaka tse ling li bang le mokhathala oo ho thoeng ke mokhathala o bakoang ke kutloelo-bohloko.
Ngaka e ’ngoe ea lelapa Canada ha e hopola lilemo tsa eona tsa pele, e ile ea ngola: “Mosebetsi o ne o nkimela: ho ne ho e-na le batho ba hlokang nako ea ka hore ke ba thuse; batho ba tsielehileng ba batlang ho ikimolla se ba imetseng; batho ba kulang ba hlokang hore ke nke bohato; batho ba ratang ho laola ba bang ba iketelletsa pele; batho ba tl’o mpona; batho ba nqophellang hore ke e’o ba bona; batho ba ntetsetsang mohala lapeng—esita leha ke se ke robetse. U ka re u kena mona le mane ke batho hohle. Ke ne ke batla ho thusa batho, empa boemo bona e ne e le bo feteletseng.”—A Doctor’s Dilemma, ea John W. Holland.
Na ho imeloa kelellong hoa kokobela ha lilemo li ntse li feta? Hangata ho hōla lilemong ho tsamaea le boikarabelo bo eketsehileng. Hangata ho tlameha hore ho etsoe liqeto tse amang lefu le bophelo hang-hang, mohlomong ho itšetlehiloe ka boitsebiso bo sa lekanang. Ngaka e ’ngoe ea Brithani e ea hlalosa: “Ha ke sa le mocha, ho ne ho sa nkhathatse, feela joalokaha ho sa khathatse bacha hore ebe ba khanna ka tsela e kotsi. Empa ha motho a ntse a hōla o nka bophelo e le ba bohlokoa haholoanyane. Hona joale, ho etsa qeto ea hore na ke fa mokuli phekolo efe ho ntšoenya haholoanyane ho feta leha e le neng pele.”
Ho imeloa kelellong ho ama lingaka joang? Ho ba le tloaelo ea ho se batle ho ameha maikutlong ka lebaka la bakuli ho ka fetela le likamanong tsa lelapa. Ho qoba tloaelo eo ho ka ba thata. Lingaka tse ling li na le kutloelo-bohloko e ikhethang ha li thusa bakuli ka maikutlo a bona. Empa li ka ea bohōleng bofe li sa tšoaroe ke mokhathala oa kutloelo-bohloko? Ena ke pharela ho lingaka.
Ho Sebetsana le Bakuli ba Sokolisang
Ha li botsoa ka khatello ea maikutlo e bakoang ke kamano ea lingaka le bakuli, hangata lingaka li qala ka bakuli ba sokolisang. Mohlomong u hlokomela e meng ea mefuta e latelang.
Ntlha ea pele, ho na le bakuli ba senyetsang ngaka nako ka ho ’na ba hlatha koana le koana ba sa tobe taba ’me ba sa hlalose hore na bothata ba bona ke bofe. Hape ho na le bakuli ba batlang ho fetang se lebeletsoeng, ba letsetsang ngaka bosiu kapa mafelong a beke ka maemo ao e seng a tšohanyetso kapa ba batlang phekolo eo ngaka e neng e ke ke ea rata ho ba fa eona. Hape ho na le bakuli ba sa tšepeng lingaka. Ba bang ba batlisisa boitsebiso bo ka thusang ka boemo ba bona, mohlomong Inthaneteng, ’me sena se ka ba tsoela molemo. Empa patlisiso e joalo e ka etsa hore ba lahleheloe ke ho tšepa ngaka eo ba tlileng ho eona. Ngaka e ka ’na ea se ke ea e-ba le nako ea ho sekaseka melemo le mathata a ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a e fumaneng phuputsong ea hae. Ke ntho e nyahamisang ho ngaka ha ho hloka tšepo ho eena ho etsa hore mokuli oa hae a be leqe ho latela litaelo tsa hae. Qetellong, ho na le mokuli ea hlokang mamello. O khaotsa ho noa meriana le pele e ka sebetsa, mohlomong a batla keletso ng’e ’ngoe.
Leha ho le joalo, likarolong tse ling tsa lefatše, mohloli o moholo oa ho imeloa ha lingaka kelellong hase bakuli empa ke babuelli ba molao.
Lingaka li Sebetsa li Ikatetse
Linaha tse ngata li tlaleha keketseho e khōlō ea lingaka tse qosoang ka ho se sebetse hantle. Babuelli ba bang ba molao ba bolela mabaka a fofotsang hore ba rue ka tsona. Mookameli oa American Medical Association o ile a hlalosa: “Ba entse hore ho lefelloa ha melato ea inshorense ea bongaka ho phahame haholo. Liqoso tsena li boetse li baka masisa-pelo a mang. Ho ngaka, ho qosoa ka phoso ho ka baka kotsi e khōlō—masoabi, ho lahleheloa ke nako, . . . ho imeloa kelellong le ho ngongoreha.” Lingaka tse ling li bile tsa khanneloa ho ipolaeeng.
Ka lebaka leo, lingaka tse ngata li ikutloa li tlamehile ho “sebetsa li ikatetse,” li etsa liqeto li itšetlehile ka haeba ho ka hlokahala hore li itšireletse lekhotleng ho e-na le hore na se molemong oa mokuli ke sefe. Physician’s News Digest e itse: “E se e le tsela ea bophelo hore lingaka li sebetse li ikatetse.”
Ha khatello ho lingaka e ntse e eketseha, tse ngata li ea ipotsa hore na bokamoso bo li tšoaretse eng. Bakuli ba bangata ba na le potso e tšoanang, ha ba ntse ba bona ho eketseha ha mahlomola a bakoang ke mafu a mang ho sa tsotellehe tsoelo-pele e entsoeng saenseng ea bongaka. Sehlooho se latelang se fana ka pono ea sebele ka bokamoso ba lingaka le bakuli.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
HO SEBELISANA LE NGAKA EA HAO
1. Sebelisa nako eo u nang le ngaka ka bohlale ka ho lokisetsa hore na u tla e hlalosetsa bothata ba hao ka botlalo joang empa e le ka tsela e tobileng, u qala ka seo u amehileng ka sona haholo
2. Qoba ho bitsa ngaka ea hao e se mosebetsing ho se na maemo a tšohanyetso
3. E-ba le mamello. Ho fumana hore na u tšoeroe ke eng le ho fumana phekolo e nepahetseng ho nka nako
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]
‘ESITA LE MAEMO A TLOAELEHILENG A KA KHOTSOFATSA’
“Lekhalo le teng pakeng tsa lingaka tsa mona le tsa libakeng tse batlang li tsoetse pele le leholo. Mona, ho ithutela mosebetsi o khethehileng ho talingoa e le tsela ea ho baleha bofutsana, kahoo ho ithutela bongaka ho ratoa haholo. Empa ho na le lingaka tse ngata haholo ho feta mesebetsi. Ka lebaka leo, lingaka li lefshoa hanyenyane haholo. Ke batho ba fokolang ba ka khonang ho ipatalla ngakeng. Ke sebetsa sepetleleng sa khale se marulelo a lutlang ’me ho na le thepa ea lintho tsa motheo feela. Basebetsi ba rōna ke lingaka tse peli le baoki ba bahlano ba thusang. Re sebeletsa batho ba 14 000.
“Ka linako tse ling bakuli ba nahana hore ha ke ba hlahlobe ka ho lekaneng, empa ha u emetsoe ke bakuli ba 25, ha u na nako ea ho ba bona nako e telele. Ho ntse ho le joalo, ho phekola bakuli ho ntlisetsa khotsafalo, esita le maemong a tloaelehileng. Ka mohlala, hangata bo-’mè ba tlisa bana ba sa fepehang, ba feletsoeng ke metsi ’meleng ba nang le letšollo. Ba nang le mahlo a khathetseng le lifahleho tse tšoenyehileng. Sohle seo ke tlamehang ho se etsa ke ho bolella ’mè mokhoa oa ho sebelisa moriana oa ho khutlisetsa metsi ’meleng, oa ho bolaea likokoana-hloko le oa lithibela-mafu. Hang ha e qala ho sebetsa, ngoana o qala ho ja hape. Ka mor’a beke o shebahala e le ngoana ea fapaneng—o mahlo a khanyang, oa bososela hape oa bapala. Ho lebella ho ba le liphihlelo tse joalo ho ile ha nketsa hore ke batle ho ba ngaka.
“Ho tloha bongoaneng, haesale ke labalabela ho thusa batho ba kulang. Empa ho koetlisetsoa bongaka ho mphetotse ka tsela eo ke neng ke sa e lebella. Ke bone batho ba shoa ka lebaka la ho haelloa ke chelete e fokolang eo ba e hlokang ho fumana phekolo e ka pholosang bophelo, ’me ke ile ka tlameha ho iketsa ea se nang kutloelo-bohloko hore ke se ke ka ameha ha bohloko. E bile feela ha ke bontšoa sesosa sa mahlomola ka Bibeleng moo ke ileng ka utloisisa kutloelo-bohloko ea Molimo ’me ka boela ka utloela ba bang bohloko. Joale ke ile ka boela ka lla hape.”
[Litšoantšo]
Dr. Marco Villegas o sebetsa motseng oa mahaeng oa Amazonia, Bolivia