Lingaka Lefatšeng le Ntseng le Fetoha
Ka 1174, Maimonides o ile a khetheloa ho ba ngaka ea lelapa la borena la babusi ba Egepeta ’me o ile a qeta boholo ba bophelo ba hae a le ntlong eo ea borena. Mabapi le ha a fihla hae letsatsi le leng le le leng, o ile a ngola: “Ke ja lijonyana tse bobebe, e leng tsona feela lijo tseo ke li jang lihoreng tse 24. Ebe joale ke il’o bona bakuli ba ka le ho ba ngolla meriana le litaelo tsa hore na ba e sebelise joang bakeng sa mafu a bona. Bakuli baa kena ’me baa tsoa ho fihlela e e-ba bosiu, ’me ka linako tse ling . . . ke khathala hoo ke sitoang le ho bua.”
HO BA ngaka kamehla ho ’nile ha hloka boitelo. Empa lefatše leo lingaka li sebeletsang ho lona kajeno le fetoha ka potlako e khōlō. Kemiso ea tsona ea mosebetsi e ntse e ka ba e khathatsang joaloka ea Maimonides. Empa na li hlomphuoa joalokaha lingaka li kile tsa hlomphuoa? Maemo a macha a amme tsela ea bophelo ea lingaka joang? Hona liphetoho tsa morao tjee li fetotse kamano ea ngaka le mokuli joang?
Kamano e Fetohileng
Ba bang ba ntse ba hopola nako eo ngaka e neng e tsamaea e nkile meriana eohle ea eona ka mokotlaneng o motšo. Mehleng eo batho ba ne ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka lingaka, joaloka kajeno. Tse ngata li ne li rōleloa khaebana ka lebaka la tsebo ea tsona, li hlompheloa boemo ba tsona le ho hapa maikutlo a batho ka lebaka la litekanyetso tsa tsona tsa boitšoaro. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang li ne li ka nyatsetsoa litefiso tsa tsona, tsa khalemeloa ka bohale ka lebaka la ho hlōleha ha tsona, le ho qosetsoa ho bonahala eka li haelloa ke kutloelo-bohloko.
Leha ho le joalo, lingaka tse ngata li fumane khotsofalo e khōlō ka ho thusa leloko la lelapa le le leng. Li ne li atisa ho etela matlo a ’maloa ’me libakeng tsa mahaeng, ka linako tse ling li ne li emela lijo kapa li be li robaletse ha li pepisa. Lingaka tse ngata li ne li fa bakuli ba tsona meriana ka ho toba. Lingaka tse se nang boithati li ne li phekola ba futsanehileng mahala ’me li fumaneha lihora tse 24 ka letsatsi, matsatsi a supileng ka beke.
Ke ’nete hore lingaka tse ling li ntse li sebetsa ka tsela eo, empa libakeng tse ngata tsela eo kamano ea ngaka le mokuli e leng ka eona e ka ’na eaba e fetohile haholoanyane lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng ho feta lilemong tse makholo a mangata tse fetileng. Liphetoho tsee li bile teng joang? A re shebeng pele taba ea ho etela malapa.
Ho Etsahetse’ng ka ho Etela Malapa?
Ho etela bakuli malapeng a bona ho kile ha nkoa e le mokhoa o tloaelehileng oa lingaka, ’me linaheng tse ling ho ntse ho le joalo. Empa lefatšeng ka bophara tloaelo eo e ntse e fokotseha. The Times of India e itse: “Ngaka ea lelapa e buang ka mokhoa o thobang maikutlo haufi le bethe ea mokuli, e tsebang lelapa leo e le phekolang hantle le e ikemiselitseng ho ea malapeng a bakuli ha ho hlokahala, e ea e timela mehleng ena eo lingaka e bang litsebi tsa mafu a itseng ka ho khetheha.”
Ka lebaka la ho ata ha tsebo ea bongaka, lingaka tse ngata li ithutetse tsebo e itseng ka ho khetheha ’me li sebetsa hammoho e le sehlopha, e leng ho ka etsang hore ha bakuli ba etela ngaka ba fumane e fapaneng nako le nako. Ka lebaka leo, lingaka tse ngata ha li sa ba le kamano ea nako e telele le malapa joaloka pele.
Ho tlohela mokhoa oa ho etela bakuli malapeng ho qalile lilemong tse lekholo tse fetileng, ha lingaka li qala ho sebelisa lilaboratori le thepa e itseng bakeng sa ho hlahloba mafu. Libakeng tse ngata mekhatlo e mengata ea bophelo e ile ea nka ho etela malapa e le mokhoa o jellang lingaka nako. Kajeno bakuli ba bangata ba sebelisa lipalangoang ha ba ea ngakeng. Hape, kajeno ba koetliselitsoeng ho thusa lingaka le ba maemo a tšohanyetso ba etsa mosebetsi oo pele o neng o etsoa ke lingaka.
Maemo a Fetohileng
Lefatšeng la kajeno ke lingaka tse fokolang tse itšebetsang. Litšebeletso tsa bongaka hangata li fanoa ke mekhatlo ea ’muso kapa lik’hamphani tsa tlhokomelo ea bophelo tse hirang lingaka. Leha ho le joalo, lingaka tse ngata ha li rate hore ho be le motho oa boraro kamanong ea tsona le mokuli. Hangata mekhatlo eo e batla hore lingaka li bone bakuli ba eketsehileng ka nako e fokolang. Dr. Sheila Perkins, ngaka ea Brithani, o re: “Ke tlameha ho bona mokuli metsotso e meng le e meng e supileng ho ea ho e leshome. ’Me boholo ba nako eo ke tlameha ho bo qeta ke kenya boitsebiso k’homphieutheng. Ha ho sa na nako e setseng ea ho haha kamano le mokuli. E ka ba ho ferekanyang haholo.”
Lefatšeng lena le ntseng le fetoha leo lingaka li sebeletsang ho lona ke la bakuli ba seng ba e-na le matla a eketsehileng. Ho na le nako eo “litaelo tsa ngaka” li neng li sa fetoloe. Empa kajeno linaheng tse ngata ho hlokahala hore lingaka li tsebise mokuli ka mefuta e fapaneng ea phekolo le ka liphello tse ka hlahang e le hore mokuli a ka amohela phekolo eo a e-na le boitsebiso bo feletseng ka eona. Kahoo kamano pakeng tsa ngaka le mokuli e fetohile. Ho batho ba bang ngaka ha e sa le ngaka empa e se e le feela setsebi.
Sechabeng sa rōna se fetohang ka potlako e khōlō, karolo e khōlō ea lingaka ke basali. Hangata lingaka tse ratoang haholo ke tsa basali hobane li batla li e-na le tšekamelo ea ho mamela haholoanyane, kahoo tšusumetso ea tsona mosebetsing ho bonahala e le ho etsa hore ho be le kutloelo-bohloko haholoanyane.
Boholo ba batho bo ananela ngaka e utloisisang maikutlo a bakuli le khatello eo ba phelang le eona. Empa ke ho utloahalang ho botsa, Ke bakuli ba bangata hakae ba utloisisang maikutlo a lingaka tsa bona le khatello eo li phelang le eona? Ho etsa joalo ka sebele ho ka ntlafatsa kamano ea ngaka le mokuli. Sehlooho se latelang se ka ’na sa thusa.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Maimonides
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Brown Brothers
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Nakong e fetileng, hangata lingaka li ne li etela batho malapeng