Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 2/15 maq. 19-20
  • Thuto ea Melao e Tataisang Lingaka le ho Buoa Ntle ho Mali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea Melao e Tataisang Lingaka le ho Buoa Ntle ho Mali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fapanyetsana Mehopolo
  • Tlhokahalo e Hōlang ea ho Phekola le ho Buoa Ntle ho Mali
    Tsoha!—2000
  • Ho Koala Lekhalo Pakeng tsa Lingaka le Bakuli ba Lipaki
    Tsoha!—1990
  • Le Hoja ke ne ke Foufetse, ke Ile ka Buloa Mahlo!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Seboka se Ikhethang sa ho Buoa Ntle ho Mali Moscow
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 2/15 maq. 19-20

Thuto ea Melao e Tataisang Lingaka le ho Buoa Ntle ho Mali

LILEMONG tsa morao tjena ho ’nile ha e-ba le tsoelo-pele eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng karolong ea bongaka. Leha ho le joalo, ha ho ntse ho rarolloa mathata a bongaka, mehato e meng e bakile mathata a melao e tataisang litsebi tsa bongaka.

Lingaka li lokela ho nahana ka lipharela tse kang: Na phekolo ea bongaka e hatellang mokuli e lokela ho tloheloa ka linako tse ling e le hore mokuli a ka shoa ka tsela e hlomphehang? Na ngaka e lokela ho hlokomoloha qeto ea mokuli haeba e ikutloa hore ho etsa joalo ho tla ba molemong oa mokuli? Tlhokomelo ea bophelo bo botle e lokela ho fanoa joang ka ho lekana, ha phekolo e bitsang chelete e ngata e sa fumanehe bakeng sa e mong le e mong?

Litaba tse joalo tse rarahaneng li entse hore ho hlakisoe thuto e bitsoang bioethics (thuto ea melao e tataisang lingaka). Thuto ena e ikhethang e reretsoe ho thusa lingaka le bo-rasaense ho sebetsana le se boleloang ke melao e tataisang litsebi tsa bongaka patlisisong e amanang le bophelo le mehato ea bongaka. Kaha bongata ba liqeto tse thata ka ho fetisisa bo hlaha lipetlele, lipetlele tse ngata li thehile likomiti tsa thuto ea melao e tataisang lingaka. Hangata litho tsa likomiti tsena—ho akarelletsa le lingaka le babuelli ba molao—li ba teng liseminaring tse mabapi le thuto ea melao e tataisang lingaka, moo mathata a melao e tataisang litsebi tsa bongaka a hlahlobisisoang.

Lipotso tse ling tseo hangata li phahamisoang liseminaring tse joalo ke tse reng: Ke ho isa bohōleng bofe moo lingaka li lokelang ho hlompha litumelo tsa Lipaki tsa Jehova tseo, haholo-holo ka mabaka a bolumeli, li hanang ho amohela tšelo ea mali? Na ngaka e lokela ho tšela mokuli mali khahlanong le thato ea mokuli haeba ho bonahala hore seo se “molemo” phekolong ea bongaka? Na e ka ba ho lumellanang le melao e tataisang litsebi tsa bongaka ho etsa seo mokuli a sa tsebe, joalokaha eka ‘seo mokuli a sa se tsebeng se ke ke sa mo ntša kotsi’?

Ho sebetsana le litaba tse joalo ka ho loketseng, ho hlokahala hore lingaka li utloisise pono ea Lipaki ka tsela e hlokang leeme. Ka lehlakoreng la tsona, Lipaki tsa Jehova li thahasella ho hlalosetsa lingaka boemo ba tsona, li hlokomela hore ho utloisisa taba ka tsela e tšoanang ka mahlakoreng ka bobeli ho ka thusa ho qoba khohlano.

Ho Fapanyetsana Mehopolo

Moprofesa Diego Gracia, Lesepanishe le tummeng leo e leng setsebi sa thuto ea melao e tataisang lingaka, o ne a batla hore sehlopha sa hae se be le puisano e joalo. Moprofesa enoa o itse: “Ke ho loketseng hore lōna [Lipaki tsa Jehova] le fuoe monyetla oa ho hlalosa lingongoreho tsa lōna . . . ka lebaka la mathata ao le bileng le ’ona mabapi le tšelo ea mali.”

Kahoo, ka la 5 June, 1996, baemeli ba bararo ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba memeloa Univesithing ea Complutense, Madrid, Spain, ho hlalosa pono ea bona. Lingaka le litsebi tse ling tse ka bang 40 li ne li le teng.

Ka mor’a hore Lipaki li fane ka nehelano e khutšoanyane, ho ile ha lumelloa lipotso lenaneong leo. Bohle ba neng ba le teng ba ile ba lumellana hore motho e moholo ea kulang o lokela ho ba le tokelo ea ho hana phekolo e itseng ea bongaka. Sehlopha sena se ile sa boela sa lumela hore mokuli ha aa lokela hore le ka mohla a tšeloe mali ntle leha a lumela seo ka mor’a ho hlalosetsoa se amehang. Empa litšobotsi tse ling tsa boemo ba Lipaki li ne li ba tšoenya.

Potso e ’ngoe e ne e amana le chelete. Ka linako tse ling ho buoa ntle ho mali ho hloka thepa e khethehileng, e kang ho buoa ka ho sebelisa laser, hammoho le meriana e bitsang chelete e ngata, e kang erythropoietin, e sebelisoang bakeng sa ho eketsa tlhahiso ea lisele tse khubelu tsa mali. Ngaka e ’ngoe e kile ea ipotsa hore na ka ho hana ho khetha ntho e bitsang chelete e nyenyane (mali a tšoanang le a motho), ho ka etsahala hore Lipaki li lebelle hore litšebeletso tsa sechaba tsa bophelo bo botle li li fe litokelo tse khethehileng.

Le hoja moemeli oa Lipaki a ne a hlokomela hore ha e le hantle chelete ke ntho eo lingaka li lokelang ho nahana ka eona, o ile a lebisa tlhokomelo liphuputsong tse hatisitsoeng tse seka-sekang litšenyehelo tse patehileng tsa tšelo ea mali a tšoanang le a motho. Tsena li akarelletsa litšenyehelo tsa ho sebetsana le mathata a amanang le tšelo ea mali, esita le chelete e senngoang ka lebaka la mathata a joalo. O ile a qotsa phuputso e pharaletseng e tsoang United States e neng e bontša hore le hoja limililithara tse 500 tsa mali li rekoa ka R1100, ha e le hantle li ile tsa baka litšenyehelo tse ka holimo ho R5700—e leng chelete e fetang e sebelisitsoeng qalong ka makhetlo a mahlano. Kahoo, o ile a bontša hore ha ho nahanoa ka lintho tsohle tse amehang, litšenyehelo tsa ho buoa ntle ho mali li tlaase. Ho feta moo, boholo ba seo ho thoe’ng ke litšenyehelo tse eketsehileng tsa ho buoa ntle ho mali ke tsa thepa e ka sebelisoang ka makhetlo-khetlo.

Potso e ’ngoe e neng e le likelellong tsa lingaka tse ngata e ne e amana le khatello e tsoang sehlopheng. Li ile tsa ipotsa, Ho ne ho tla etsahala eng haeba Paki e ne e ka tsilatsila ’me ea amohela tšelo ea mali? Na Lipaki li ne li tla e leleka har’a tsona?

Karabelo e ne e tla itšetleha ka boemo ba sebele, hobane ka sebele ho se mamele molao oa Molimo ke taba e tebileng, e leng ntho eo baholo ba phutheho ba lokelang ho e hlahloba. Lipaki li ka rata ho thusa motho ofe kapa ofe ea bileng le phihlelo e sithabetsang ea ho buuoa ho behang bophelo kotsing le ea amohetseng tšelo ea mali. Ha ho pelaelo hore Paki e joalo e ne e tla ikutloa hampe ’me e amehe ka kamano ea eona le Molimo. Motho ea joalo e ka ’na eaba o hloka thuso le ho utloisisoa. Kaha motheo oa Bokreste ke lerato, baholo ba ne ba tla rata ho leka-lekanya ho tiea le mohau, joaloka linyeoeng tsohle tsa boahloli.—Matheu 9:12, 13; Johanne 7:24.

Moprofesa e mong oa thuto ea melao e tataisang lingaka, ea neng a etile a e-tsoa United States, o ile a botsa: “Na ha le na ho boela le hlahloba boemo ba lōna ba melao e tataisang litsebi tsa bongaka haufinyane? Malumeli a mang a entse joalo lilemong tsa morao tjena.”

O ile a bolelloa hore boemo ba Lipaki mabapi le khalalelo ea mali ke ba tumelo ea thuto ea bolumeli ho e-na le ho ba pono e mabapi le melao e tataisang litsebi tsa bongaka e ka hlahlojoang nako le nako. Taelo e hlakileng ea Bibele ha e lumelle ho sekisetsa. (Liketso 15:28, 29) Ho tlōla molao o joalo oa bomolimo ho ne ho ke ke ha amoheleha ho Paki joalokaha ho lumella borapeli ba litšoantšo kapa bofebe ho ne ho ke ke ha amoheleha.

Lipaki tsa Jehova li ananela haholo boikemisetso ba lingaka—joaloka tse leng seminaring ena ea thuto ea melao e tataisang lingaka e Madrid—ba ho hlompha qeto ea tsona ea ho batla phekolo ea mofuta o mong e lumellanang le litumelo tsa tsona tse thehiloeng Bibeleng. Ha ho pelaelo hore thuto ea melao e tataisang lingaka e tla phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho ntlafatsa likamano pakeng tsa lingaka le bakuli le ho khothalletsa tlhompho e eketsehileng bakeng sa litakatso tsa mokuli.

Joalokaha ho tlalehoa hore ngaka e tummeng ea Lesepanishe e ile ea bolela, lingaka li tlameha hore kamehla li hopole hore li “sebetsa ka thepa ea mosebetsi e sa phethahalang le lisebelisoa tse ka etsang liphoso.” Ka lebaka leo ho hlokahala hore li “kholisehe hore lerato le lokela hore kamehla le atolohele moo tsebo e sa khoneng ho finyella teng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela