Pale ea Bophelo
Le Hoja ke ne ke Foufetse, ke Ile ka Buloa Mahlo!
JOALOKAHA HO BOLETSE EGON HAUSER
Ka mor’a likhoeli tse peli ke foufetse, mahlo a ka a ile a buleha hore ke bone linnete tsa Bibele tseo ke neng ke li hlokomolohile bophelong bohle ba ka.
HO NA le lintho tse ngata tse nkhotsofatsang haholo ha ke nahana ka bophelo ba ka ba lilemong tse fetileng tse fetang mashome a supileng. Empa hoja ho hōloa ho boeloa, ke ne ke tla khetha hore ebe nka be ke ile ka tseba Jehova Molimo bocheng ba ka.
E ne e le ka 1927 ha ke hlahela naheng e nyenyane ea Uruguay e pakeng tsa Argentina le Brazil e khabileng ka pono e ntle e sabaletseng ho thatika le Lebōpo la Atlantic. Boholo ba baahi ba eona ke lesika la bajaki ba Mataliana le Maspanishe. Leha ho le joalo, batsoali ba ka e ne e le bajaki ba tsoang Hungary, ’me bonyenyaneng ba ka re ne re lula motseng oa boemo bo tlaase oa batho ba momahaneng haholo. Mamati a ne a sa notleloe ebile ho ne ho se na litšepe lifensetereng. Re ne re se na khethollo ea merabe. Batho ba tsoang ka ntle ho naha le matsoalloa, ba batšo le ba basoeu—re ne re le metsoalle kaofela.
Batsoali ba ka e ne e le Mak’hatholike a chesehang, ’me ke ile ka ba mosebeletsi oa aletare ha ke le lilemo li leshome. Ha ke se ke hōlile, ke ile ka sebetsa pharisheng ea motse ’me ke ne ke le setho sa sehlopha sa baeletsi ba mobishopo oa sebaka seo. Kaha ke ne ke khethile mosebetsi oa bongaka, ke ile ka kōptjoa hore ke kopanele seminareng e ’ngoe Venezuela e neng e hlophisitsoe ke Kereke e K’hatholike. Kaha re ne re le lingaka tse ikhethang tsa mafu a basali, sehlopha sa rōna se ile sa abeloa ho ithuta lithibela-pelehi tse nooang tse neng li qala ho rekisoa ka nako eo.
Maikutlo a Pele ha ke Ntse ke Ithutela Bongaka
Ha ke ntse ke ithutela bongaka ’me ke ntse ke ithuta ’mele oa motho, ke ile ka khahloa ka ho eketsehileng ke bohlale bo bonahalang tseleng eo o entsoeng ka eona. Ka mohlala, ke ne ke hlolloa ke bokhoni ba ’mele ba ho iphekola le ho ipholisa maqeba, joaloka nakong ea ha sebete kapa likhopo tse ling li hlōmela hore li khutlele boholong ba tsona ka mor’a hore ho pongoe karolo e ’ngoe ea tsona.
Ka nako e tšoanang, ke ne ke bona batho ba bangata ba bileng likotsing tse tšabehang, ’me ke ne ke utloa bohloko ha ba e-shoa ka lebaka la hobane ba tšetsoe mali. Ke sa ntse ke hopola hore na ho ne ho le boima hakaakang ho bua le beng ka mokuli ea shoeleng ka lebaka la mathata a ho tšeloa mali. Hangata, beng ka eena ba ne ba sa bolelloe hore ho tšeloa mali ke hona ho bolaileng moratuoa oa bona. Ho e-na le hoo, ba ne ba fuoa mabaka a mang. Le hoja ho fetile lilemo tse ngata, ke sa ntse ke hopola kamoo ke neng ke tšoenyeha kateng ka tšelo ea mali, ’me qetellong ke ile ka fihlela qeto ea hore ho na le ho hong ho phoso ka mokhoa ona. Boemo bo ka be bo ile ba e-ba molemo hakaakang hoja ka tseba molao oa Jehova ka khalalelo ea mali ka nako eo! Tabeng eo, nka be ke ile ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke tšoenyehile ka tšelo ea mali.—Liketso 15:19, 20.
Ho Khotsofatsoa ke ho Thusa Batho
Ka mor’a nako ke ile ka ba ngaka e buoang le mookameli oa sepetlele sa Santa Lucía. Ke ne ke boetse ke etsa mesebetsi e itseng National Institute of Biological Science. Sena se ne se nkhotsofatsa haholo. Ke ne ke thusa batho maloetseng a bona, ke ba phekola mahlaba, maemong a mangata ke ne ke pholosa bophelo ba bona, ’me ke ne ke tlisa bana lefatšeng ka ho thusa bo-’mè ha ba beleha. Ka lebaka la liphihlelo tseo ke neng ke bile le tsona ka tšelo ea mali, ke ne ke qoba ho tšela bakuli mali ’me ke ile ka buoa batho ba bangata haholo ntle ho mali. Ke ne ke e-na le maikutlo a hore ho tsoa mali ho tšoana le metsi a lutlang nkhong. Pheko feela ea sebele ke ho thiba lesoba, eseng hore ho ’ne ho tšeloe metsi ka nkhong.
Ho Phekola Bakuli ba Lipaki
Ke ile ka qala ho tseba Lipaki Tsa Jehova ka bo-1960 ha li qala ho ’na li tla tleliniking ea rōna bakeng sa ho buuoa ntle ho mali. Ho hang nke ke ka lebala taba ea mokuli e mong, ea neng a bitsoa Mercedes Gonzalez, eo e neng e le pula-maliboho (mosebeletsi oa nako e tletseng). O ne a haelloa ke mali hoo lingaka tsa sepetlele sa univesithi li neng li sa batle ho ipeha kotsing ka ho mo buoa hobane li ne li kholisehile hore a ke ke a phela. Le hoja a ne a ntse a tsoa mali, re ile ra mo buoa tleliniking ea rōna. Re ile ra phetha mosebetsi oo ka katleho, ’me o ile a tsoela pele e le pula-maliboho ka lilemo tse fetang tse 30 ho fihlela a e-shoa a le lilemo li 86.
Kamehla ke ne ke khahloa ke lerato le thahasello eo Lipaki li neng li e bontša ha li ntse li hlokometse barab’abo tsona ba Bakreste ba sepetlele. Ha ke ne ke potoloha le bakuli sepetlele, ke ne ke thabela ho li mamela ha li qoqa ka tumelo ea tsona, ’me ke ne ke amohela lingoliloeng tseo li neng li mpha tsona. Ho hang ke ne ke sa nahane hore haufinyane ke ne ke tla ba ngaka ea tsona le mor’abo tsona moeeng.
Ke ile ka amana haholo le Lipaki ha ke nyala Beatriz eo e neng e le morali oa mokuli e mong. Boholo ba lelapa labo bo ne bo se bo kopanela le Lipaki, ’me ka mor’a hore re nyalane, le eena e ile ea e-ba Paki e chesehang. Ka lehlakoreng le leng, ’na ke ne ke phathahane mosebetsing oa ka ’me ke hlahelletse ka tsela e itseng lefapheng la bongaka. Ho ne ho bonahala bophelo bo khotsofatsa haholo. Ke ne ke sa tsebe ho hang hore ke tla tloha ke oeloa ke koluoa.
Ke Oeloa ke Koluoa
Ho foufala ke e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa tse ka hlahelang ngaka e buoang. Ke sona se ileng sa ntlhahela. Methapo ea ka e ’meli ea pono e ile ea phatloha ka tšohanyetso—ke ile ka foufala ’me ke ne ke sa tsebe hore na ebe ke tla boela ke bone. Ka mor’a ho buuoa, ke ile ka robala betheng ke tlamisitsoe mahlo ka bobeli ’me ke ile ka imeloa kelellong. Ke ile ka ikutloa ke se na thuso ho hang ke bile ke feletsoe ke tšepo hoo ke ileng ka etsa qeto ea ho ipolaea. Kaha ke ne ke le mokatong oa bone, ke ile ka theoha betheng eaba ke phopholetsa lebota, ke leka ho fumana fensetere. Ke ne ke il’o itihela hore ke shoe. Ho e-na le hoo, ke ile ka kena ka phasejeng ea sepetlele ke sa ikemisetsa, eaba mooki e mong o nkhutlisetsa betheng ea ka.
Ha kea ka ka hlola ke leka ho ipolaea hape. Empa ha ke ntse ke foufetse, ke ile ka tsoela pele ke imetsoe kelellong ke bile ke khopeha le feela. Nakong ena eo ke neng ke foufetse ka eona, ke ile ka tšepisa Molimo hore haeba nka bona hape, ke tla bala Bibele ho tloha qalong ho fihlela qetellong. Hamorao, ke ile ka bonela leroothong, ’me ka khona ho bala. Empa ke ne ke sa khone ho tsoela pele ke le ngaka e buoang. Leha ho le joalo, Uruguay ho na le polelo e tloaelehileng e reng “No hay mal que por bien no venga,” e bolelang “Ha ho ntho e mpe e se nang molemo.” Ke ne ke tla tloha ke tseba ’nete ea polelo eo.
Ho Tloha ka Leoto Lesele
Ke ne ke batla ho reka The Jerusalem Bible ea mongolo o moholo, empa ke ile ka bolelloa hore Lipaki Tsa Jehova li na le Bibele ea theko e tlaase, eo mocha e mong oa Paki a ileng a ithaopela ho e tlisa lapeng ha ka. Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, o ne a eme ka pel’a monyako oa ntlo ea ka a nkile Bibele eo. Mosali oa ka o ile a bula monyako ’me a bua le eena. Ke ile ka hoeletsa ka bohale ke le ka tlung ke bolela hore haeba o mo file chelete ea Bibele, a ntsoele ka ntlo, ’me o ile a hla a itsamaela hang-hang. Ke ne ke sa hlokomele hore motho eena enoa o ne a tla tloha a nthusa haholo bophelong.
Ka letsatsi le leng ke ile ka tšepisa mosali oa ka ntho eo ke ileng ka sitoa ho e phethahatsa. Kahoo, ho lefa molato oo le ho mo thabisa, ke ile ka re ke tla ea le eena Sehopotsong sa Lefu la Kreste sa selemo le selemo. Ha letsatsi leo le fihla, ke ile ka hopola tšepiso ea ka eaba ke ea le eena Sehopotsong. Ke ile ka khahloa ke moea oa botsoalle le tsela e mosa eo ke ileng ka amoheloa ka eona. Ha sebui se qala puo ea sona, ke ile ka makala ha ke bona hore ke mohlankana eane eo ke neng ke ile ka mo ntša ha ka ka ntšoe-li-sa-fohloa. Puo ea hae e ile ea nkama ka botebo, ’me ke ile ka itšoabela haholo hore ebe ke ile ka mo buisa hampe. Ebe ke ne ke tla etsa’ng hore ke phaphathe khotso?
Ke ile ka kōpa mosali oa ka hore a mo memele lijong tsa mantsiboea, empa eena a re: “Na ha u nahane hore ho ka ba molemo haholo ha a ka mengoa ke uena? Lula hona mona, o tla tla ho uena.” O ne a bua ’nete. O ile a tla ho tla re lumelisa ’me o ile a thabela ho amohela memo eo.
Moqoqo oo re ileng ra ba le oona mantsiboeeng ao a ileng a re etela ka ’ona o ile oa nthusa hore ke qale ho etsa liphetoho tse ngata. O ile a mpontša buka e bitsoang ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng,a eaba ke mo bontša likopi tse tšeletseng tsa buka eona eo. Bakuli ba fapa-fapaneng ba Lipaki ba ne ba mphile tsona sepetlele, empa ho ne ho se mohla nkileng ka li bala. Ha re ntse re ja le ha re se re qetile ho ja, ho fihlela ka khitla, ke ile ka mo seohela ka lipotso—’me o ile a li araba kaofela ka Bibele. Re ile ra qoqa ho fihlela ka meso. Pele mohlankana enoa a tsamaea, o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le ’na ka buka ea ’Nete. Ho ile ha re nka likhoeli tse tharo ho qeta ho ithuta buka ena eaba re tsoela pele ka buka ea “Babylon the Great Has Fallen!” God’s Kingdom Rules!b Ka mor’a moo, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova Molimo eaba kea kolobetsoa.
Ho Ikutloa ke E-na le Thuso Hape
Ka lebaka la bofofu bo feletseng, ‘mahlo a pelo ea ka’ a ile a tutuboloha hore ke bone linnete tsa Bibele tseo ke neng ke li hlokomolohile ho fihlela nakong eo! (Baefese 1:18) Ho tseba Jehova le morero oa hae o lerato ho ile ha fetola bophelo bohle ba ka. Ke boetse ke ikutloa ke e-na le thuso ke bile ke thabile. Ke thusa batho ’meleng le moeeng, hape ke ba bontša hore na ba ka lelefatsa bophelo ba bona joang ka lilemo tse ’maloa hona joale tsamaisong ena ea lintho le ho bo lelefatsa ka ho sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho.
Ke ntse ke khema le lefapha la bongaka, ’me ke entse liphuputso ka likotsi tse bakoang ke mali, ka litsela tse ling tse sa hlokeng hore motho a tšele mali, ka litokelo tsa bakuli le ka thuto ea melao e tataisang lingaka. Ha ke memetsoe ho ea bua ka litaba tsena liseminaring tsa bongaka, ke ’nile ka ba le menyetla ea ho fetisetsa boitsebiso bona ho basebeletsi ba tsa bongaka ba lebatooa la heso. Ka 1994, ke ile ka ea Rio de Janeiro, Brazil, sebokeng sa pele sa ho phekola ntle ho mali, ’me ka fana ka puo e neng e bua ka mokhoa oa ho thibela ho tsoa mali. Karolo e ’ngoe ea boitsebiso boo e ile ea akarelletsoa sehloohong seo ke ileng ka se ngola se reng, “Una propuesta: Estrategias para el Tratamiento de las Hemorragias” (“Tšisinyo ea Bohlokoa Bakeng sa Phekolo ea ho Thibela ho Tsoa Mali a Mangata”), se ileng sa hatisoa makasineng ea bongaka ea Hemoterapia.
Ho Tšepahala Tlas’a Khatello
Qalong, lipelaelo tsa ka ka tšelo ea mali li ne li thehiloe haholo tsebong ea saense. Leha ho le joalo, ha ke se ke le mokuli oa sepetlele ka bonna, ke ile ka fumana hore ha ho bonolo ho hana tšelo ea mali le ho boloka tumelo ea ka ha ke tobane le khatello e matla ea lingaka. Ka mor’a tlhaselo e matla ea lefu la pelo, ke ile ka tlameha ho nka nako e fetang lihora tse peli ke hlalosetsa ngaka e buoang hore na maikutlo a ka ke afe. E ne e le mora oa metsoalle ea ka e meholo ’me o ile a re a ke ke a ntlohela hore ke shoe haeba a nahana hore tšelo ea mali e ka pholosa bophelo ba ka. Ke ile ka rapela Jehova ka pelong, ke mo kōpa hore a thuse ngaka ena hore e utloisise le hore e hlomphe maikutlo a ka le haeba e sa lumellane le ’ona. Qetellong, ngaka ena e ile ea tšepisa hore e tla hlompha maikutlo a ka.
Ketsahalong e ’ngoe, ke ile ka tlameha ho tlosoa hlahala e khōlō tšoeleseng e ka tlas’a senya. Ke ile ka tsoa mali a mangata. Le hona mona, ke ile ka tlameha ho hlalosa mabaka a ka a ho hana tšelo ea mali, ’me le hoja ke ile ka tsoa karolo ea boraro ea mali a ka, ba lefapha la bongaka ba ile ba hlompha qeto ea ka.
Boikutlo bo Fetohileng
Kaha ke setho sa Mokhatlo oa Machaba oa Thuto ea Melao e Tataisang Lingaka, ke ’nile ka khotsofala ha ke bona phetoho boikutlong ba basebetsi ba lefapha la bongaka le la molao mabapi le litokelo tsa bakuli. Boikutlo bo feteletseng ba lingaka ba ho sireletsa bakuli bo ntse bo nkeloa sebaka ke ho hlompha khetho ea batho e thehiloeng tsebong. Hona joale li lumella bakuli ho ikhethela hore na ba phekoloe joang. Lefapha la bongaka ha le sa na maikutlo a hore Lipaki Tsa Jehova li chesehela bolumeli ka mokhoa o feteletseng hoo li sa lokelang ho phekoloa ke lingaka. Ho e-na le hoo, ho nkoa hore ke bakuli ba nang le tsebo bao litokelo tsa bona li lokelang ho hlomphuoa. Liseminaring tsa bongaka le mananeong a thelevishene, litsebi tse tummeng li ’nile tsa re: “Hona joale re na le kutloisiso ka lebaka la Lipaki Tsa Jehova . . . ” “Re ithutile ho Lipaki . . . ” ha tse ling li itse “Li re rutile hore re tsoele pele.”
Ho ’nile ha boleloa hore bophelo ke ntho ea bohlokoa ho feta eng kapa eng hobane ntle ho bona ho ne ho ke ke ha e-ba le bolokolohi, tokoloho le ho ba le seriti. Batho ba bangata ba se ba amohela khopolo e phahameng ka ho fetisisa ea molao, baa hlokomela hore litokelo tsa motho li laoloa ke eena ka boeena ebile ke eena feela ea ka etsang qeto ea hore na ke litokelo life tseo a lokelang ho li eteletsa pele boemong bo itseng. Kahoo, ho ba le seriti, bolokolohi ba ho ikhethela le litumelo tsa bolumeli, ke tsona tse tlang pele. Mokuli o na le tokelo ea ho iketsetsa liqeto. Lefapha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele, le thehiloeng ke Lipaki Tsa Jehova, le thusitse lingaka tse ngata hore li tsoele pele kutloisisong ea litaba tsena.
Kaha lelapa la ka le tsoela pele ho ntšehetsa, sena se nthusitse hore ke be ea nang le thuso tšebeletsong ea Jehova le hore ke sebeletse ke le moholo ka phuthehong ea Bokreste. Joalokaha ke se ke boletse, ke llela metsotso hore ebe ha kea ka ka ithuta ka Jehova ke sa le mocha. Leha ho le joalo, ke leboha haholo hore ebe o ile a ntutubolla mahlo hore ke bone tšepo e hlollang ea ho phela tlas’a tokisetso ea ’Muso oa Molimo, moo ‘ho seng moahi ea tla re: “Kea kula.”—Esaia 33:24.c
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
c Mor’abo rōna Egon Hauser o hlokahetse ha ho ntse ho hlophisoa sehlooho sena. O hlokahetse a tšepahala, ’me re thabela hore o tla fumana seo a neng a se lebeletse.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ke ha ke ne ke sebetsa sepetleleng sa Santa Lucía ke le lilemong tsa bo-30
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le mosali oa ka, Beatriz, ka 1995