Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 3/8 maq. 14-15
  • Lefu la Ngoana—Ke Hobane’ng ha Molimo o le Lumella?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefu la Ngoana—Ke Hobane’ng ha Molimo o le Lumella?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Mōpi o le Utloela Bohloko
  • Ha Lefu le Simoloha
  • Tseko ea Bokahohleng e Amehang
  • Ha Motho a Shoa o ea Hokae?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Bafu ba Hokae?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 3/8 maq. 14-15

Pono ea Bibele

Lefu la Ngoana—Ke Hobane’ng ha Molimo o le Lumella?

BATSOALI ba bangata ba utloileng bohloko ka baka la lefu la ngoana oa bona, ba ile ba imolloa ke ho tseba hore Molimo ha o nke bana ba bona ka lefu, joalokaha malumeli a mang a ruta.a Leha ho le joalo, ’nete ena e thobang pelo e-ea sala: Molimo o na le matla a ho thibela lefu. Leha ho le joalo, o le lumella hore le ’ne le tsoele pele.

Kahoo ha ngoana a shoa, batsoali ba ka ’na ba meketsa habohloko, “Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa ho lumella hore ho etsahale?” Ho sa tsotellehe hore na lefu le tlile ka kotsi, ho kula, kapa pefo, ka mehla le bonahala e le ho hloka toka ho sehlōhō. Lefu la ngoana le bonahala ka tsela eo haholoanyane. Setšeng se seng sa mabitla lejoeng la lebitla la ngoana ho ne ho ngotsoe mantsoe ana a ho ipelaetsa ka tsela e hlomolang: “O monyenyane hakaakang, o motle hakaakang, kapele hakaakang.”

’Mōpi o le Utloela Bohloko

Ke joang Molimo o neng o ka lumella bohloko bo bokaalo? Haeba haufinyane u lahlehetsoe ke ngoana ka lefu, ha ho tlhaloso e ka felisang bohloko habonolo, ho sa tsotellehe hore na e utloahala hakae. Linakong tsa Bibele, esita le banna ba nang le tumelo e matla ba ile ba hlokofatsoa ke litlokotsi tse khopo ’me ba botsa Molimo hore na ke hobane’ng ha o lumelletse lintho tse joalo. (Bapisa le Habakuke 1:1-3.) Empa Bibele e na le likarabo tseo ha nako e ntse e-ea li ka re tšelisang.

Taba ea pele, tseba hore Molimo ha o-oa ka oa rata hore ngoana oa hao a shoe. Esita le pheliso ea ba khopo Molimo ha o e thabele, kahoo o ke ke oa thabela lefu la ngoana. (Bapisa le 2 Petrose 3:9.) Ruri, o utloa bohloko bo tebileng ha ngoana a shoa. Ke ’nete hore re utloa liphello tse bohloko tsa lefu feela hobane re na le lerato, re bile re utloela bao le ba hlahetseng bohloko. ’Me re khona ho rata feela hobane re entsoe ka setšoantšo sa Molimo. Re bonahatsa matla a Molimo a phethahetseng a ho rata, le hoja re fokola le ka tlas’a maemo a molemo ka ho fetisisa. (Genese 1:26; 1 Johanne 4:8) Bibele e re tiisetsa hore Molimo o lekola maikutlo a tebileng a lipelo tsa rōna, o balile le tsona liqōba tsa meriri ea lihlooho tsa rōna, o tseba leha serobele se sefateng se oela fatše. Ke kahoo o bitsoang “Ntat’a mehauhelo.”—2 Ba-Korinthe 1:3; Mattheu 10:29-31.

Hoa hlaka, he, hore Molimo ha o rate hore ho shoe leha se le seng sa libōpuoa tsa oona tse bohlale. O rerile ho felisa lefu ka ho sa feleng. (Esaia 25:8) Empa haeba eo ke tsela eo o ikutloang ka eona, ke hobane’ng ha lekhatheng lee o sa ntse o lumelletse lefu, haholo-holo la bana?

Ha Lefu le Simoloha

Molimo o lumella bana ho shoa ka lebaka le tšoanang le leo ka lona a lumellang batho ba baholo ho shoa. Lefu ebile khetho ea Adama, eseng ea Molimo. Esita le pele Adama le Eva ba fetohela ’Mōpi oa bona Edene, ba ne ba tseba hantle hore Molimo o ne o behile kotlo ea lefu bakeng sa sebe. Haeba ba ne ba sa ka ba ikhethela ho se tšepahale ho Molimo, ba ka be ba ntse ba phela le kajeno. Empa ka ho hlokang kelello ba ile ba lahla lefa la bohlokoa ka ho fetisisa leo ba ka beng ba ile ba le fetisetsa ho bana ba bona—tokelo ea bophelo bo phethahetseng, bo sa feleng holim’a lefatše. Hang ha ba se ba entse sebe, ba ne ba se ba sa phethahala. Sohle seo ba neng ba ka se fetisetsa baneng ba bona ke sebe le lefu.—Genese 3:1-7; Ba-Roma 5:12.

Empa u ka ’na ua ipotsa: ‘Kaha liphello li ne li le boima hakaalo, ke hobane’ng ha Molimo o ile oa lumella Adama le Eva hore ba etse sebe? Kapa ke hobane’ng ha o sa ka oa felisa bofetoheli ba bona pele ba ka fetisetsa sebe le bomalimabe ho bana ba bona—le ba rōna?’

Tseko ea Bokahohleng e Amehang

Molimo o ile oa lumella batsoali ba rōna ba pele ho se utloe hobane le ka mohla Molimo ha o e-s’o rere ho bōpa lefatše la batho ba kang mechine, batho ba sebeletsang Molimo feela hobane litaelo tsa ho etsa joalo li kentsoe ka likelellong tsa bona. Joaloka motsoali ofe le ofe, Molimo o ne o batla hore bana ba oona ba batho ba o utloe hobane ba o tšepa le ho o rata, eseng hobane ba qobelletsoe. O ile oa fa Adama le Eva mabaka a eketsehileng a ho o tšepa le ho o rata, empa ho ntse ho le joalo ha baa ka ba mo utloa ’me ba hana bobusi ba hae.—Genese 1:28, 29; 2:15-17.

Ke hobane’ng ha Molimo o sa ka oa bolaea bafetoheli bao ka nako eona eo? Molimo o ne o se o ntse o boletse morero oa oona oa hore ka letsatsi le leng bana ba Adama le Eva ba lokela hore ba be ba ahile lefatše ka ho felletseng. Le ka mohla ha o e-s’o hlōlehe ho phethahatsa merero ea oona. (Esaia 55:10, 11) Empa habohlokoa le ho feta, potso ea bohlokoa e ile ea phahama Edene. Na Molimo o na le tokelo ea ho busa motho, hona na tsela ea Oona ke e molemohali, kapa na motho a ka ipusa hamolemo?

Tsela feela e nepahetseng ea ho araba potso ena ka tsela e sa belaetseng e bile ea ho lumella motho ho ipusa. Histori e arabetse lipotso tsena ka tsela e nyarosang. Liphello tse nyahamisang tsa puso ea motho li re potile ka hohle—lefatše leo ho lona lefu la bana ba se nang molato le tloaelehileng, le tetebetseng ka har’a lintho tse ling tse ngata tse mpe. Haeba ho se phetoho, lilemo tse 6 000 tsa puso ea motho li pakile sena: Taba ea hore motho a ka ipusa ka ntle ho Molimo e mpe ho feta thetso e soabisang; ke leshano le totobetseng. Ha feela motho a ntse a busa ka ntle ho Molimo, motho o tla phela le ho shoa a ntse a utloa bohloko.

Jehova, Molimo o lerato, le o lokileng o na le khetho e bohlale haholoanyane. Ka tsela e tšoanang le ea motsoali ea lumellang ngoana ea ratoang hore a utloe bohloko ba ho buuoa molemong oa bophelo ba kamoso bo thabileng le bo botle, Molimo o lumelletse motho hore a be mahlomoleng a ho ipusa molemong oa bokamoso ba motho bo sa feleng. ’Me joalokaha bohloko ba ho buuoa bo sa be teng ka ho sa feleng, puso ea motho le ho hloka toka ha eona e tla fela haufinyane.

Ha ’Muso oa Molimo o busa lefatše lena lohle ho se na khanyetso, bana ba limillione ba tla tsosoa ’me ba amoheloe hape ha ba tsoha bafung. Joaloka batsoali bao Jesu a ileng a tsosa bana ba bona lekholong la pele la lilemo C.E., ba bangata nakong eo le bona ba tla “hlolloa haholo.” (Mareka 5:42; Luka 8:56; Johanne 5:28, 29) ’Me qetellong ha batho bohle ba buselitsoe boemong bo phethahetseng boo Adama le Eva ba bo lahlileng, ha ho sa tla hlola ho e-ba le motho ea tla shoa—ho akarelletsa bana!—Tšenolo 21:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “The Bible’s Viewpoint—‘Why Did God Take My Child?’” tokollong ea Awake! ea February 8, 1991.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

Bana ba limillione ba tla tsosoa bafung ’me ba amoheloe hape ha ba tsoha bafung

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela