“Batho ba Lulang ka Likotopong”
MARIHA a batang. Ke litsela tsa literene tse chekiloeng ka tlas’a lefatše tse lik’hilomithara li 1 100 tseo bonyane li futhumetseng ho feta motse o ka ntle. Ho lekanyetsoa hore ke lenane le ntseng le hōla la batho ba se nang matlo—ke batho ba ka bang 75 000. Motseng oa New York, U.S.A, lintlha tseo tse tharo li kopane hammoho ho hlahisa ketsahalo eo e tšoenyang toropong: batho ba lulang litseleng tsa literene tse chekiloeng ka tlas’a lefatše, kapa “batho ba lulang ka likotopong,” kamoo ba bang ba ba bitsang ka teng. Ba iketselitse matlo litselaneng tsa maoto pel’a marokho, methating e nyolohang, matlo a bolokang thepa a seng a sa sebelisoe, litseleng tsa literene tse chekiloeng ka tlas’a lefatše, le lihukung tse patehileng tse hlokomolohiloeng motsoebereng ona o moholo. Tseleng e ’ngoe ea terene e chekiloeng ka tlas’a lefatše ea Manhattan e neng e sa sebelisoe ka nako e telele, ba bangata ba batho bana ba lula ka har’a litanka tse sa sebelisoeng tsa konkreiti, mehahong e menyenyane e potelletseng le linthong tse kang liraka. Ba bang ba bile ba hahile mek’huk’hu ka har’a tsela ea terene e chekiloeng ka tlas’a lefatše.
Leha ho le joalo, bophelo ba litselaneng tsa terene tse chekiloeng ka tlas’a lefatše bo thata. Likhoto tse boholo ba katse li ntse li tlōlaka lefifing. Selemo le selemo batho ba bangata ba bolaoa ke literene tse tsamaeang ka lerata litseleng tse chekiloeng ka tlas’a lefatše le seporo sa motlakase. Mapolesa a hlahloba liporo tsena ka mehla ho leleka batho ba hlokang matlo. Ka mor’a moo ho latela basebetsi ba hloekisang bakeng sa ho qhaqha mek’huk’hu eo. Ba ntša libethe le likatana, lia-le-moea le lithelevishene, esita le ho khomarolla wallpaper ho a mang a mabota a litselana tse chekiloeng ka tlas’a lefatše.
Ka mor’a hore mapolesa a tsamaee, batho ba hlokang matlo ba khutla hape. Ho joalokaha ofisiri e ’ngoe ea sepolesa e bolelletse The New York Times hore boiteko bohle ba ’ona ba ho tlosa batho ba hlokang matlo e ka ’na ea e-ba feela ho ba fallisetsa sebakeng se seng ka har’a litsela tsa literene tse chekiloeng ka tlas’a lefatše. O beha taba tjena: “Ena ke tharollo ea nakoana.” Empa ho hloka matlo hase bothata ba nakoana. Ho latela khakanyo e ’ngoe, United States feela, batho ba limillione tse peli ba hloka matlo. Ka selemo se le seng feela, manane a bona a ile a eketseha ka karolo e tšosang ea 18 lekholong. Ka ho hlakileng, re hloka tharollo ea ka ho sa feleng. Sena ke seo ’Mōpi oa batho a se tšepisang ka Bibeleng—nako eo ka eona motho e mong le e mong a tla tseba ho haha ntlo ea hae ’me a lule ho eona, a thabele bophelo bo se nang pono e sisimosang ea bofutsana le ho hloka matlo.—Esaia 65:21-23.