Joale ke Hobane’ng ha ba ho Etsa?
“Joaloka motho ea tsubang, nke ke ka hanyetsa ’nete ea hore ke bothoto bo boholo ho ameha mokhoeng ona oa ho tsuba. Esita le motho e mong le e mong ea sa fellang kelellong oa tseba hore ho tsuba koae ho sokela bophelo ba motho bo botle. Ke mokhoa o litšila, o nyonyehang, o turang. . . . Ho batho ba tsubang bophelo ke mokoloko o molelele oa li-ashtray tse litšila, matheba a bokoali liaparong, matšoao a ho cha le litefello tse ngata tsa dry-clean—ka baka la liaparo tse nkhang mosi.”—Diane Francis, makasine oa Maclean’s, Canada.
“Batho ba tsubang ba ka lebella lilemo tse khutšoanyane ho feta batho ba sa tsubeng: ka mohlala, bophelo ba motho ea lilemo li 25 ea tsubang mabokose a mabeli a lisakarete ka letsatsi bo tla khutsufala ka lilemo tse 8,3 ho feta ba motho ea sa tsubeng. Ho ka etsahala hore batho ba tsubang ba bolaoe ke kankere ka makhetlo a mararo ho feta batho ba sa tsubeng.”—The Columbia University College of Physicians and Surgeons Complete Home Medical Guide.
“Selemo le selemo lisakerete li bolaea Maamerika a mangata ho feta a bolailoeng Ntoeng ea I ea Lefatše, Ntoeng ea Korea, le Ntoeng ea Vietnam li kopane; e batla e le lenane le lekanang le la batho ba bolailoeng Ntoeng ea II ea Lefatše. Selemo le selemo lisakerete li bolaea Maamerika a mangata ka makhetlo a mahlano ho feta likotsi tsa sephethe-phethe. Kankere ea matšoafo feela e bolaea lenane le lekanang le la batho ba shoang likotsing tsa mebileng. Feme ea koae e rekisa sebetsa se bolaeang.” (Setho sa Paramente Robert F. Kennedy, Seboka sa Pele sa Lefatše Mabapi le ho Tsuba le Bophelo bo Botle, September 11, 1967)—The Cigarette Underworld, e hlophisitsoeng ke Alan Blum, M.D.
“Koae e bolaea batho ba ka bang limillione tse peli le halofo selemo le selemo lefatšeng lohle. Ke sesosa se le seng sa lefu se seholo ka ho fetisisa se ka thibeloang lefatšeng kajeno. . . . E sebelisoa e le sebōpehong leha e le sefe, ke mokhoa o kotsi, o turang le o lemalloang.”—Dr. Judith Mackay, motsamaisi ea ka sehloohong oa Lekhotla la ho Tsuba le Bophelo bo Botle Hong Kong, ea qotsitsoeng makasineng oa World Health.
“Haeba letsoho le kileng la mphepa ke feme ea koae, joale letsoho lona leo le bolaile batho ba limillione ’me le tla tsoela pele ho bolaea batho ba limillione tse eketsehileng ntle leha batho ba ka elelloa likotsi tsa lisakerete. . . . Ke batla ho thusa batho hore ba elelloe kamoo lisakerete li leng chefu ka teng.”—Patrick Reynolds, setloholo sa mothei oa K’hamphani ea Koae ea R. J. Reynolds.
Joale ke hobane’ng ha banna, basali, le bacha ba limillione ba tsuba koae? Ho ba bang karabo e ka ’na ea e-ba khatello ea lithaka, takatso ea ho bonahala joaloka batho ba bohlale. Empa ho ba bangata karabo e bonolo feela ke temalo e lebisang bokhobeng. Ho joalokaha mohloli o mong oa keletso ea phekolo ea meriana o hlalosa: “Lebaka la sebele le etsang hore batho ba bangata ba tsube koae ke hore ba lemalletse sethethefatsi se matla se fumanoang ho eona—bokoali.”
Joale motho ea tsubang a ka khaotsa joang? Ka ho fumana tšusumetso e matla, tšusumetso e matla ho feta takatso eo ’mele o batlang bokoali ka eona. Ho motho ea batlang ho finyella litekanyetso tsa Bokreste, hona ho tla bolela ho hōlisa lerato bakeng sa Molimo le moahisani le nang le tšusumetso e fetang takatso ea nama ea boithati.—Mattheu 22:37-40; 1 Ba-Korinthe 13:5, 7, 8.
Ho joalokaha buka ea phekolo ea meriana e qotsitsoeng pelenyana e bolela: “Batho ba tsubang ba batlang ho khaotsa ho tsuba ba lokela ho hopola sebōpeho sa bokoali se bakang temalo ’me ba ikemisetse ho amohela matšoao a ho ikhula joaloka phello ea tlhaho ea ho khaotsa. Ba lokela ho hopola hore le hoja ho ikhula ho se monate, ke boemo ba nakoana bo seng kotsi. Motho e mong le e mong ea tsubang, ho sa tsotellehe hore na o lemalletse koae hakae, a ka khaotsa ho tsuba.”—The Columbia University College of Physicians and Surgeons Complete Home Medical Guide.
Haeba u rata ho thusoa ho fumana tšusumetso e hlokahalang bakeng sa ho khaotsa ho tsuba, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho ikopanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea tsona ea ’Muso e sebakeng sa heno kapa ka aterese ea bahatisi ba makasine ona.