Qaka ea Kofi
LIKOPI tse fetang 1 500 000 000 ka letsatsi! Ke kamoo lefatše le noang kofi e ngata ka teng ho latela tekanyetso ea morao-rao. Ho noa kofi e ngata hakana ho ’nile ha tsoela pele ho sa tsotellehe litemoso tsa bo-rasaense tse pheta-phetiloeng ho theosa le lilemo hore batho ba noang kofi ba tobane le ho bonahalang e le likotsi tse ngata ka ho fetelletseng, ho tloha ho lefu la pelo ho ea ho lefu la tsoekere esita le mefuta e fapaneng ea kankere. Joale, ke hobane’ng ha e le batho ba ’maloa hakaalo ba ileng ba khaotsa ho noa kofi?
Lilemong tse 40 tse fetileng, bo-rasaense ba ile ba hatisa litlaleho tse fetang 500 ka liphello tsa ho noa kofi. Empa ho tla fihla nakong ena liqeto tsa bona e bile tse sa fellang. Hobane’ng? Tabeng ea pele, kofi e rarahane ho feta kamoo e bonahalang ka teng. Kopi ea kofi e ka ’na ea e-ba le lik’hemik’hale tsa tlhaho tse 500. Leha ho le joalo, liphuputso tse ngata li lebisa tlhokomelo motsoakong o le mong feela, sethethefatsi sa caffeine.
Ho batho ba bang, caffeine e ka baka ho hlobaela le ho hloka mamello kapa ea etsa hore ho be thata ho tsepamisa mohopolo nthong e itseng. Empa ho thoe’ng ka kankere? Makasine oa bareki Which? oa tlaleha: “Bakeng sa hoo e batlang e le phuputso e ’ngoe le e ’ngoe e bontšang kamano e ka bang teng [mahareng a caffeine le kankere] , ho boetse ho na le boitsebiso bo sa lumellaneng.” Joale, ha ho makatse ha setsebi sa kofi sa London se tlaleha hore har’a batho ka kakaretso, “ha ho e-s’o be le khato ea bophelo bo botle ea ho tlohela ho noa kofi.” Ka ntle ho moo, batho ba bangata baa tseba hore tee, cocoa le lino tsa cola le tsona li na le caffeine. Ha e le hantle, makasine Which? o hlokomela hore “boimeng bo lekanang ba tee le kofi, tee e na le caffeine e ngata ho feta kofi, empa ka tloaelo ho sebelisoa boima bo fokolang ho etsa kopi ea tee.”
Ho ntse ho le joalo, ho na le litemoso tse ’maloa tseo motho ea noang kofi a ka ’nang a rata ho li ela hloko. Haufinyane tjena, The Times ea London e ile ea qotsa boitsebiso bo fumanoeng tlalehong ea Netherlands: “Kofi e lithollo e belisitsoeng e ka phahamisa cholesterol ka karolo ea 10 lekholong ha e bapisoa le kofi e sefiloeng kapa ho se noe kofi ho hang.” Cholesterol ke sesosa se tsebahalang se tlatsetsang lefung la pelo. Tokollong ea eona ea morao-rao, The Times e ile ea qotsa setsebi se ka sehloohong sa phepo Brithani se re: ‘Batho ba noang kofi ka mehla ba lokela ho noa kofi e qetang ho etsoa ’me ba qobe kofi e belisitsoeng.’
Haeba ho le teng ntho eo litsebi li lumellanang ka eona ke tekanyetso ea kofi. Ka kakaretso lingaka li khothalletsa hore batho ba se ke ba noa likopi tsa kofi tse fetang tse tšeletseng (kapa mabekere a mane) ka letsatsi. Ba nang le mathata a bophelo bo botle a kang lefu la pelo kapa lefu la liphio kapa khatello ea mali ba lokela ho noa likopi tse ka tlaase ho moo. ’Me basali ba baimana kapa ba anyesang bana ba bona ha baa lokela ho noa kopi e fetang e le ’ngoe ka letsatsi.