Tsela ea ho Etsa Kofi ea Espresso
Kofi ke se seng sa lino tse ratoang ka ho fetisisa lefatšeng, kaha ka selemo batho ba noa likomiki tse limilione tse likete-kete.
MAKASINE ea Scientific American e re ho batho ba ratang kofi e ritetsoeng hamonate, espresso ke “kofi e monate ka ho fetisisa, kaha tsela e ikhethang eo e entsoeng ka eona e eketsa le ho ntša tatso ea linaoa tseo e entsoeng ka tsona.” E riteloa ka hore ho tjoatlisoe kofi e thumisehileng ka mochineng o etsang kofi.
Setsebi se seng khoebong ena, se ile sa bolella Tsoha! hore “batho ba rata kofi ea espresso e rekisoang lireschorenteng, ’me ba batla ho e etsa le malapeng.” Hona joale mechine e meng ea malapeng e etsang espresso e ba nolofalletsa ho etsa seo. Ka lebaka leo, libakeng tse ling batho ba noang kofi ea espresso e entsoeng hae ba ntse ba eketseha.
Na u rata ho noa kofi? Na u ka rata ho ithuta ho etsa kofi ea espresso? Ho hlokahala eng e le hore motho a tsebe ho e ritela hamonate? Tsoha! e ile ea botsa John lipotso tsena le ntate oa hae, Gerardo, ba ipabolang tabeng ea ho etsa kofi, ba lulang Sydney, Australia.
Ho Hlahisa Motsoako o Loketseng
Maboteng a fektheri ea kofi ea John le Gerardo, ho tšetlehiloe mekotla ea linaoa tse tala tse tsoang likarolong tsohle tsa lefatše. John o re: “Ke kopanya ka hloko linaoa tse tala ho latela risepe e itseng. Naoa ka ’ngoe ea ikhetha ’me e tlatsetsa tatsong ea kofi. Ho nka nako hore motho a hlahise kofi e nang le tatso eo a e batlang. Ha e le hantle, ke qetile likhoeli tse tšeletseng ke leka sena le sane e le hore ke hlahise motsoako o loketseng oa espresso e itlhommeng pele.” Ha ho makatse hore ebe batho ba etsang kofi ba pata lirisepe tsa bona hakana!
Gerardo o hlokomela mosebetsi oa ho halika linaoa tsa kofi, o hlokang hore motho a koetlisoe hantle, kaha ho li halika ho fetola lik’hemik’hale tsa linaoa ’me ho hlahisa metsoako e ka bang 500 e fofang. Ha linaoa li ntse li le ka moqomong o beseletsoang ka khase, li futhumala ho fihlela li etsa molumo o kang oa liqhoome ha metsi le carbon dioxide li tsoa li chesa ’me linaoa tseo li kokomoha. Ha li kokomoha tjena lia petsoha ebe li ntša oli e nkhang hamonate. Oli ena ke eona e etsang hore espresso e be le monko le tatso e monate. Ho finyella seo ho itšetlehile ka mokhoa oo linaoa li halikoang ka oona—mocheso le hore na li halikoa nako e kae.
Ha li se li halikehile hantle, Gerardo o tšela linaoa tseo tse sootho tse chesang ka basketeng ea tšepe ebe o fehla moea o batang e le hore li se ke tsa butsoa ho feta tekano. John o re: “Tatso ea kofi e utloahala hantle letsatsi kapa a mabeli ka mor’a hore linaoa li halikoe.” Mothating oo oli e ntšang monko o monate e se e loketse ho menyolosoa.
Tsela ea ho e Ritela
John o re: “Ho hlahisa kofi ea espresso ke e ’ngoe ea litsela tse thata ka ho fetisisa tsa ho ritela kofi.” Ha motho a ritela kofi ea espresso ho hlokahala hore a tsebe ho etsa lintho tsena tse tharo tse ka sehloohong: ho sila linaoa (1), ho katela kofi e sitsitsoeng ka mochineng oa kofi (2), le ho tšela oli e seng kae e tsoang linaoeng tsa kofi (3). John o re: “Ke habohlokoa hore linaoa li siloe ka tsela e nepahetseng. Haeba li haitsoe, li tla etsa hore espresso e se ke ea loea. Haeba li thumisehile haholo, li tla etsa hore kofi e babe ’me e utloahale eka e chele. Ebang kofi e haitsoe kapa e thumisehile, ha espresso e tsoa ka mochineng, e tsoa e e-na le lekoeba le lebejana le ’mala oa khauta le phophomang ka holimo le tla bontša hore na oli e menyelositsoe hantle hakae.”
Ha linaoa li se li sitsoe, John o sebelisa mochine o katelang kofi ka basketeng, o etsang hore e be boreleli ’me e bonahale e phatsima. Ha a qeta o kenya baskete ena ka mochineng, ebe o bulela pompo. Ho tsoa mokelikeli o chesang o ’mala o mosootho. John o bona li sa tloha feela hore kofi ena e haitsoe. O re: “Hangata ho ritela kofi e monate ea espresso ho nka nako. A re leke ho ritela e ’ngoe hape re sebelisa kofi e batlang e thumisehile. Re tla boela re katele kofi butle e le hore e liehe ho tsoa.”
John o etsa kofi e ’ngoe hape ka mochine. Ho tsoa kofi ea espresso e lebejana, e phophomang lekoeba, e kang ke mahe a linotši a futhumetseng. Ha ho tlala monko o monate moeeng, John oa bososela ho bontša hore o khotsofetse. O re “ke habohlokoa hore re khaotse ho e tšela hang ha e qala ho fetola ’mala.” Seo se nka metsotsoana e ka tlaase ho e 30. Ha a tsoela pele, o re: “Ha motho a e tšela ho ea pele, e se e tla tsoa e baba ebile e na le caffeine e ngata.”
John o bua a shebile lekoeba le lengata le phophomang, ’me o re: “Ke nahana hore re ritetse espresso e monate.” Oa botsa: “Na ho na le ea ka e thabelang?”
Batho ba bang ba rata espresso e le joalo feela. Ka mantsoe a mang, ha ba e tšele letho haese tsoekere e seng kae. Leha ho le joalo, ba bang ba e tšela lebese le chesang e le hore ba etse cappuccino, latte, kapa mefuta e meng ea espresso. Fresh Cup Magazine e re: “Mehleng ena, karolo e fetang ea 90 lekholong ea kofi ea espresso e rekisoang, e tšeloa ka lebese.”a
Ka sebele batho ba bang ba iqoqela hamonate ha ba ntse ba e-noa kofi kapa tee eo ba e thabelang e ritetsoeng hamonate—e leng e ’ngoe ea lintho tse thabisang bophelong. John o re: “Lino tse monate li kopanya batho. Mohlomong ke eona ntho e ntle ka tsona!”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u amehile ka hore na Mokreste o lokela ho qoba kofi le tee hobane li e-na le caffeine eo motho a ka ’nang a e lemalla, u ka ’na ua rata ho bala sehlooho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa April 15, 2007, e leng makasine eabo ena.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
TSELA EA HO REKA KOFI LE HO E BOLOKA
Batho ba thusang bareki ba kofi, ba re: “Linaoa tsa kofi tse halikiloeng li qala ho lahleheloa ke tatso ka mor’a beke, tsa kofi e tloaelehileng ka mor’a hora li sitsoe ’me kofi e ritetsoeng e lahleheloa ke tatso ka mor’a metsotso e entsoe.” Kahoo, haeba u ithekela linaoa, ho molemo hore u reke tse seng kae ’me u li behe sebakeng se pholileng, se lefifi. Empa u se ke ua li kenya ka sehatsetsing, kaha li ka ’na tsa e-ba mongobo ’me tsa felloa ke tatso. U ritele kofi hang ha u qeta ho li sila.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Photo 3: Images courtesy of Sunbeam Corporation, Australia