Naoa e Potileng Lefatše
Buka e reng “All About Coffee,” e hlalosa pale ea boitelo ba monna e mong bakeng sa lehlomela la sefate sa kofi e le “pale e hlollang ka ho fetisisa historing ea ho jaleha ha semela sa kofi.” Semela seo se senyenyane se phethile karolo e khōlō ho qaleng indasteri ea kofi eo kajeno e kenyang chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse likete tse 455 ka selemo, e leng indasteri e fetoang feela ke ea oli ha ho tluoa lidolareng tse kenang lefatšeng ka bophara, ho latela “Journal Scientific American.”
PALE e hlollang ea kofi e qala Hloahloeng ea Arabia, sebaka seo e leng lehae la semela sa kofi ea naha. Coffea arabica, mofuta o tsoang hona mona, ke oona o etsang likarolo tse peli ho tse tharo tsa kofi eohle e hlahisoang lefatšeng. Leha ho le joalo, ha ho tsejoe hantle hore na linaoa tse halikiloeng tsa kofi ena li sibolotsoe neng. Se tsejoang ke hore kofi ea arabica e ne e se e ntse e lengoa Hloahloeng ea Arabia lekholong la bo15 la lilemo. Ho sa tsotellehe thibelo ea ho romela peō ea kofi ka ntle ho naha, Madache a ile a fumana lifate kapa peō ea kofi ka selemo sa 1616. Ka potlako a ile a lema masimo a eona Ceylon, eo hona joale e leng Sri Lanka, le Java eo hona joale e leng karolo ea Indonesia.
Ka 1706 Madache a ile a tlosa sefate se senyenyane masimong a Java ho se isa serapeng sa limela tse fapa-fapaneng Amsterdam, linaheng tsa Netherlands. Sefate sena se ile sa atleha. Mahlomela a sona a ile a tsamaisoa ka sekepe ho ea likoloneng tsa Madache tse Suriname le linaheng tsa Caribbean. Ka 1714 ramotse oa Amsterdam o ile a fa Morena Louis XIV oa Fora lehlomela la lifate tsena. Morena o ile a lema sefate sena lephepheng la sethopo le Jardin des Plantes, Serapa sa Ntlo ea Borena se Paris.
Mafora a ne a chesehela ho kena khoebong ea kofi. A ile a reka peō le lifate ’me a li romela sehlekehlekeng sa Réunion. Peō e ile ea hana ho mela, ’me ho latela boitsebiso bo bong, lifate le tsona li ile tsa shoa ntle ho se le seng feela. Leha ha ho le joalo, lithollo tse 15 000 tsa peō e tsoang sefateng seo li ile tsa lengoa ka 1720 ’me qetellong e felletse e se e le masimo a maholohali. Lifate tsena e ne e le tsa bohlokoa hoo motho a neng a fuoa kotlo ea lefu ha a ne a ka fumanoa a senya se seng! Mafora a ile a lakatsa ho ba le masimo linaheng tsa Caribbean, empa boiteko ba ’ona ka makhetlo a mabeli a qalang bo ile ba nyopa.
Ofisiri ea lebotho la metsing ea Mofora, Gabriel Mathieu de Clieu, ea neng a le phomolong Paris, o ile a ipha mosebetsi oa ho tsamaea le sefate se seng ho se isa tšimong ea hae e neng e le Martinique ha a khutla leetong la hae Fora. O ile a tsamaea ka sekepe ho ea sehlekehlekeng seo ka May 1723 a nkile lehlomela la sefate sa Paris.
Buka ea All About Coffee e hlalosa hore leetong la hae, de Clieu o ile a beha semela sena sa hae sa bohlokoahali ka har’a lebokose leo likarolo tse ling tsa lona e neng e le tsa khalase e le hore sefate sena se ka fumana khanya ea letsatsi ’me se lule se futhumetse nakong eo maru a thibileng. E mong ka sekepeng, eo ho ka etsahalang hore o ne a honohela de Clieu ’me a sa batle ho mo bona a thabela katleho ea hae, o ile a leka ho hlothola semela sena ho eena empa a hlōleha. Sefate sena se ile sa pholoha. Se ile sa boela sa pholoha ha sekepe sa bona se ne se hlaseloa ke masholu a Tunisia, sa pholoha sefefo se matla, ’me ho hobe le ho feta, sa pholoha nakong eo metsi a hloekileng a neng a haella ha sekepe se ne se eme tsi! ka lebaka la ho hloka moea o se tsamaisang leoatleng. De Clieu o ile a ngola: “Metsi a ne a le pakeng tsa majoe hoo ka nako e fetang khoeli ke neng ke tlameha ho arolelana metsi a fokolang ao ke neng ke e-na le ’ona le semela sena seo e neng e le sona tšepo ea ka le mohloli oa thabo ea ka.”
Boitelo ba de Clieu bo ile ba putsoa. Sefate sa hae se ile sa fihla se phela hantle Martinique ’me se ile sa tlokoma sa ba sa ikatisa tikolohong eo ea tropike. Gordon Wrigley bukeng ea hae ea Coffee, o re: “Ka sefate sena se le seng, Martinique e ile ea fana ka peō ka ho toba le ka tsela e sa tobang linaheng tsohle tsa Amerika, kantle ho Brazil, French Guiana le Surinam[e].”
Ka nako eona eo, Brazil le French Guiana le tsona li ne li batla lifate tsa kofi. Suriname, Madache a ne a ntse a e-na le mahlomela a sefate sa Amsterdam empa a ne a lebeloa ka thata-thata. Leha ho le joalo, ka 1722 French Guiana e ile ea fumana peō ka motlōli e mong oa molao ea ileng a balehela Suriname ’me a tloha moo a utsoitse peō. French Guiana e ile ea lumela ho mo fa tokoloho haeba a ka fana ka peō eo ea hae, ’me o ile a khutlisetsoa naheng ea habo.
Qalong, boiteko ba bolotsana ba ho utsoetsa peō kapa sethopo Brazil bo ile ba hlōleha. Joale Suriname le French Guiana li ile tsa loanela meeli ’me tsa kōpa Brazil hore e kene lipakeng. Brazil e ile ea romela Francisco de Melo Palheta, ofisiri ea lebotho la ntoa ho ea French Guiana, ka taelo ea hore a namole ntoa a be a tle le lifate tsa kofi ha a khutla.
O ile a atleha ho namola, ’me ’musisi o ile a etsetsa Palheta mokete oa tsela-tšoeu. E le pontšo ea hore o ananela moeti enoa oa bohlokoa, mosali oa ’musisi o ile a fa Palheta sehlopha se setle sa lipalesa. Leha ho le joalo, ka har’a sona ho ne ho patiloe peō ea kofi hammoho le sethopo sa eona. Ka hona, ho ka boleloa hore ka 1727 sehlopha sa lipalesa ke ha se qala indasteri ea kofi eo hona joale e kenyang liranta tse limilione tse sekete Brazil.
Ka hona, sefate se senyenyane se ileng sa tloha Java sa ea Amsterdam ka 1706, hammoho le mahlomela a sona Paris, se ile sa theha masimo ’ohle a Amerika Bohareng le Amerika Boroa. Wrigley oa hlalosa: “Ka lebaka leo, indasteri ea kofi ea arabica e thehiloe mohloling o neng o se moholo hakaalo.”
Kajeno, linaheng tse ka bang 80, lipolasi tsa malapa ka bomong tse ka bang limilione tse 25 li lema lifate tsa kofi tse hakanyetsoang ho tse limilione tse likete tse 15. Tsona li qetella li hlahisitse likopi tsa kofi e nooang letsatsi le leng le le leng tse ka bang limilione tse likete tse 2,25.
Ho makatsang ke hore, bothata kajeno ke tlhahiso e ngata ho tlōla ea kofi. Boemo bona bo thatafatsoa ke lipolotiki, moruo le mekhatlo e nang le matla, tseo kaofela ha tsona li siileng lihoai tsa kofi linaheng tse ngata li futsanehile kapa li hlile li le bohloking bo boholo. Boemo bona boa makatsa, haholo-holo ha re nahana hore de Clieu eena o ile a tlameha ho arolelana metsi a fokolang ao a neng a e-na le ’ona le sefate se senyenyane lilemong tse ka bang makholo a mararo tse fetileng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
MEFUTA E ’MELI E RATOANG HAHOLO EA KOFI
Makasine e ’ngoe e bitsoang Scientific American e re: “Linaoa tsa kofi ke peō ea limela tsa mofuta oa Rubiaceae, o akarelletsang bonyane mefuta ea limela tse sa tšoaneng tse ka bang 66 tse bitsoang Coffea. Mefuta e ’meli e rekisoang haholo ke o bitsoang Coffea arabica, e leng mofuta o hlahisang likarolo tse peli ho tse tharo tsa kofi lefatšeng lohle, hammoho le o bitsoang C[offea] canephora, e atisang ho bitsoa kofi ea ’muru, e hlahisang karolo e le ’ngoe ho tse tharo tsa kofi lefatšeng lohle.”
Kofi ea ’muru e na le monko o bohale haholo ’me hangata e qetella e sebelisitsoe ha ho etsoa kofi e sa sefuoeng ha e riteloa. Sefate sa eona se beha haholo ebile ha se hlaseloe habobebe ke mafu. Se hōla ho fihlela se le bolelele ba limithara tse 12, e leng hore se kopola habeli sefate sa arabica se sa faoloang, se robehang le feela se bileng se sa beheng haholo. K’hafeine e fumanoang naoeng ea kofi ea ’muru e ka fihla liphesenteng tse 2,8, athe e fumanoang naoeng ea arabica le ka mohla e ke ke ea feta liphesente tse 1,5. Le hoja arabica e na le mekotlana ea liphatsa tsa lefutso e 44, ha kofi ea ’muru le limela tsohle tsa kofi ea naha li e-na le e 22, tse ling li ’nile tsa nyalisoa mofuta o mong e le hore ho hlahisoe mofuta o tsoakaneng oa kofi.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
“HO KOLOBETSA” KOFI
Ha kofi e qala ho fihla Europe lekholong la bo17 la lilemo, baprista ba bang ba K’hatholike ba ile ba re seno sena ke sa Satane. Ba ile ba bona eka seno sena se tla nkela veine sebaka, eo eona ba neng ba e nka e hloekisitsoe ke Kreste. Leha ho le joalo, ho bonahala Mopapa Clement VIII a ile a latsoa seno sena ’me a sokoloha hang-hang, ho ea ka buka ea Coffee. O ile a rarolla qaka ena ea bolumeli ka ho kolobetsa kofi ka tsela ea tšoantšetso, eaba ke ho amoheleha ha eona ho Mak’hatholike.
[Chate/’Mapa o leqepheng la 18, 19]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
KAMOO KOFI E ILENG EA NAMA KATENG
1. Ka bo-1400 Kofi ea arabica e lengoa Ethiopia
2. 1616 Madache a fumana lifate tsa kofi kapa peō ea tsona
3. 1699 Madache a isa lifate Java le lihlekehlekeng tse ling
East Indies
4. Ka bo-1700 Kofi e lengoa Amerika Bohareng le Linaheng Tsa
Caribbean
5. 1718 Mafora a isa kofi Réunion
6. 1723 G. M. de Clieu o tloha le sefate sa kofi Fora ho ea
Martinique
7. Ka bo-1800 Kofi e lengoa Hawaii
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Source: From the book “Uncommon Grounds”
[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]
Gabriel de Clieu o arolelana metsi ao a a noang le sefate sa kofi ha a le leetong le lebang Martinique, ka 1723
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 19]
Map: © 1996 Visual Language; De Clieu: Tea & Coffee Trade Journal