Pono ea Bibele
Ke Eng e Phoso ka ho Nyala Sethepu?
Mathata a Jane a ile a qala ha ntate oa hae a fumana mosebetsi toropong.a
Moo, a le hōle le lehae la bona le mahaeng Afrika, o ile a qala ho lula le mosali e mong.
Jane oa hlalosa: “Bophelo bo ne bo se bonolo ho rōna hobane ntate o ne a sa re hlokomele ka chelete; o ne a hlokomela mosali oa hae oa bobeli le bana ba hae. Lilemong tsa ka tsa ho qetela sekolong, hangata ke ne ke robala ka lephako. Ntlo ea rōna e ne e le boemong bo bobe bo hlokang ho lokisoa. Mafelong a beke ke ne ke leka ho thusa ’mè ka ho rekisa litholoana, empa re ne re sa fumane chelete e lekaneng. Ke ne ke atisa ho lla bosiu bo bong le bo bong.”
PHIHLELO ea Jane e bontša mathata ao lenyalo la sethepu le a tlisetsang litho tsa lelapa tse se nang molato. Mavenda a Afrika e ka boroa a na le lebitso, muhadzinga, leo mosali e mong a ka bitsang mohalitsong oa hae ka lona lenyalong la sethepu. Lentsoe lena le tsoa lentsoeng le bolelang ho “halika,” leo mohlomong le hlalosang hantle khathatso eo hangata ho nyala sethepu ho e bakang mahareng a basali ba nyetsoeng.
U ka ’na ua botsa: ‘Empa na ho nyala sethepu ho fosahetse? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha batho ba bang ba tsebahalang ka Bibeleng ba ne ba nyetse sethepu?’
Ho Nyala Sethepu ka Bibeleng
Molimo o ile oa lumella sethepu ka nakoana, joalokaha se ne se tlatsetsa phethahatsong ea tšepiso ea hae ho Abrahama: “Ke tla u etsa sechaba se seholo.” (Genese 12:2; Exoda 1:7) Ka nako eo, Sara, mosali oa Abrahama o ne a se na bana. Qetellong o ile a kōpa Abrahama ho mo hlahisetsa bana ka lekhabunyane la hae, Agare. Ka ho thahasellisang, Bibele e hlalosa ka ho hlakileng mathata ao sena se ileng sa a tlisa lelapeng la Abrahama.—Genese 16:5, 6; 21:8-10.
Ha e le Jakobo, setloholo sa Abrahama, o ne a rerile ho nyala mosali a le mong feela, Ragele. (Genese 44:27) Ke mohoe oa Jakobo, Labane, ea ileng a mo qhekella hore a nyale barali ba hae ba babeli, Ragele le Lea. (Genese 29:21-28) ’Me e ne e le ka baka la tšusumetso ea basali bana hore Jakobo o ile a ba le bana ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali le makhabunyane a bona, Bilha le Zilpa. Hape, Bibele ha e pate mathata a mangata ao ho nyala sethepu ho a tliselitseng lelapa le leholo la Jakobo.—Genese 29:30, 31; 30:1-3, 15, 16, 20; 37:2-4; 44:20-29.
Bibele e boetse e tlaleha pale ea Elkana, eo e neng e le ntat’a moprofeta Samuele, le basali ba babeli ba Elkana, Anna le Peninna. Peninna o ne a tšoere Anna hampe hoo hangata a neng a lla le ho lahleheloa ke takatso ea lijo. Ho bonahala hore Peninna o ne a le mōna hobane Elkana a ne a rata Anna ho mo feta.—1 Samuele 1:4-7.
Ka sebele, mokhoa oa ho nyala sethepu o bakile mathata. Le hoja o ne o lumelletsoe har’a batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo, ka ho hlakileng Bibele e bontša hore na qalong Molimo o ne o rerile hore motho o lokela ho nyala sethepu kapa che.
Tekanyetso ea Molimo ea Mathomo
Hore re utloisise tekanyetso ea Molimo ka lenyalo, re lokela ho khutlela morao qalong ea histori ea motho. Lentsoe la Molimo le hlalosa khoheli eo Adama a ileng a e utloa ha a hlahisoa ho mosali oa hae a le mong ea sa tsoa bōptjoa, Eva. O ile a re: “Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka.” Bibele e tsoela pele: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.”—Genese 2:21-24.
Bakeng sa manyalo a Bakreste, Jesu o ile a tsosolosa tekanyetso ea Molimo ea mathomo—ho nyala mosali a le mong. (Mattheu 19:4, 5) Ho feta moo, o bontšitse hore batho ba nyalaneng joale ba lokela ho khomarela tekanyetso ena ea bomolimo. Ho joalokaha a hlalositse: “Ha ba sa hlola ba e-ba babeli, empa e le nama e le ’ngoe feela. Ke moo ke reng: Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.” (Mattheu 19:6) Kahoo, Mokreste ea lenyalong o tlameha ho sireletsa tlamo ea “nama e le ’ngoe” e teng mahareng a hae le molekane oa hae oa molao.b Likamano tsa botona le botšehali le motho oa bobeli ea nyetseng sethepu li silafatsa tokisetso eo ea bomolimo. Ketso e joalo ha e lumelloe ka phuthehong ea Bokreste.—1 Ba-Korinthe 5:11; 6:9, 16, 18; Ba-Heberu 13:4.
Joale, ha ho makatse hore e be Mangolo a bua ka tsela e ntle ka Bakreste ba nyetseng ba nang le basali ba le bang feela. (1 Ba-Korinthe 9:5; 1 Timothea 3:2) Bibele ea hlalosa: “Monna ka mong a be le mosali eo e leng oa hae, [eseng basali] le mosali ka mong a be le monna eo e leng oa hae [eseng monna ea seng a e-na le mosali oa hae oa molao].”—1 Ba-Korinthe 7:2; Liproverbia 5:18.
Ka mor’a ho ithuta ka thibelo ea Bibele mabapi le ho nyala sethepu, ba bang ba ile ba nka mehato e matla e bontšang sebete hore ba etse hore bophelo ba bona bo lumellane le thato ea Molimo. Nahana ka John, ea lulang toropong e bohareng ba Afrika.c O ne a na le basali ba bararo. Empa ka mor’a ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, John o ile a etsa qeto ea botho ea ho buisana le basali ba hae. Ka mor’a ho etsa litokisetso tsa hore o tla hlokomela mosali oa hae oa bobeli le oa boraro le bana ba bona ba lenyalo la hae la sethepu, ba ile ba khutlela ha habo bona libakeng tsa mahae. Ka tsela ena John o ile a tšoaneleha bakeng sa tokelo ea ho sebeletsa Molimo ka ho kopanela le phutheho e sebakeng seo. Hape o ile a fumana mahlohonolo a mang.
Oa hlalosa: “Bosiu bo bong le bo bong ke ne ke atisa ho tla hae ntlong e tletseng mathata. Ka mohlala, mosali e mong o ne a tla tšoaea bana ba mosali e mong liphoso, ’me bana ba ne ba nka mahlakore le bo-’m’a bona. Ntho ea pele eo ke neng ke tlamehile ho e etsa e ne e le ho rarolla molube-lube oo. Joalokaha ke se ke ithutile ho phela le mosali a le mong, lelapa la ka le fetohile sebaka sa phomolo le khotso.”
Ka sebele, khotso hammoho le tlhohonolofatso ea Molimo li lokeloa ke boiteko.—Ba-Roma 12:1, 2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha hoa sebelisoa lebitso la sebele.
b The New International Dictionary of New Testament Theology e tlaleha hore mantsoe a Segerike a fetoletsoeng e le “nama e le ’ngoe” ho Mattheu 19:5b a na le bohlokoa bo khethehileng joaloka phetolelo ea mantsoe a Seheberu a Genese 2:24 ’me e bolela “bolekane bo felletseng ba monna le mosali bo ke keng ba khaoloa ka ntle le ho lematsa balekane ba leng ho bona.”
c Ha hoa sebelisoa lebitso la sebele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Mohono oa likamano tsa botona le botšehali le liphapang ke mathata a tloaelehileng lelapeng [la basali ba sethepu]; ’me monna e tlameha e be ea bohlale, ea matla, ea tsebang ho tlisa poelano, le ea nang le kelello hore a boloke kutloano.”—The New Encyclopædia Britannica
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Setšoantšo sa letsopa la “terra-cotta” sa sehlopha sa lelapa la Maafrika; monna oa morabe oa Igbo le basali ba hae
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of The British Museum