Ketso ea Boenjinere ea Bere e Phelang Karolong e Batang Haholo ea Lefatše
HO LATELA bo-rasaense ba bang, bere e phelang karolong e batang haholo ea lefatše e ne e ka ruta batho ho hongata mabapi le ho sebelisa matla a letsatsi. Setsebi sa saense ea tlhaho Richard E. Grojean o ile a etsa patlisiso ka khopolo ena bohareng ba lilemo tsa bo-1970 ka mor’a ho senoloa ha boitsebiso bo thahasellisang mabapi le liphoofolo tse tšoeu tsa Arctic.
Batho ba balang lenane la liphoofolo tse hlaha ba Canada ba ile ba fumana hore ha ba khone ho nka lifoto tse hlakileng tsa liphoofolo tsena ba le sepaka-pakeng, hobane li tsoakana le ponahalo e tšoeu ea lefatše. Filimi ea infrared eo hangata e leng e loketseng ho nka lifoto tsa liphoofolo, le eona e ile ea hlōleha. Liphoofolo tseo li ne li koahetsoe ke boea hoo li neng li sa khone ho ntša mocheso o lekaneng hore filimi e khone ho o khetholla. Leha ho le joalo, ha ho sebelisoa filimi ea ultraviolet, li-seal tse tšoeu le libere tse phelang likarolong tse batang haholo tsa lefatše li ile tsa hlaha e le tse botšo bo lefifi sebakeng se sesoeu. The Toronto Star e-ea tlaleha: “Le hoja lehloa le ile la khutlisa mahlaseli a ultraviolet, liphoofolo li ile tsa amohela mahlaseli ana.”
Hobane’ng? Ho latela setsebi sa saense ea tlhaho Grojean le motsoalle oa hae eo e leng moprofesa oa boenjinere ba mechine Gregory Kowalski, boea ba bere ke bona bo nang le karabo. Karolong e sa bonahaleng ea ultraviolet qetellong ea lehlaseli la ultraviolet, boea ba bere bo tšoara karolo ea 90 lekholong ea mahlaseli a ultraviolet le ho a fetisetsa letlalong le letšo le ka tlaase, ’me ka ho etsa joalo bere ea futhumala. Arctic, moo hangata mohatsela o theohelang ho -29 degrees Celsius, ke ho tsotehang hore boea ba bere bo khona ho e boloka e futhumetse. Ho fapana le hoo, lisebelisoa tse behoang holim’a ntlo ho bokella matla a letsatsi li atleha ka mokhoa o fokolang. Ha e le hantle, Kowalski o lekanyetsa hore lisebelisoa tse bokellang matla a letsatsi tse iketselitsoeng li ka fumana katleho e eketsehileng ea karolo ea 50 lekholong ka ho sebelisa melao-motheo ea boea ba bere e phelang karolong e batang haholo ea lefatše.
Karolong e bonahalang ea mahlaseli, boea bo etsa se fapaneng; bo khutlisa karolo ea 90 lekholong ea khanya. Sena se neha bere ponahalo ea eona ea bosoeu bo khanyang, esita leha boea ka bobona bo hlile bo se bosoeu empa e le bo bonaletsang le bo se nang ’mala. Bosoeu ba boea ba bere bo e nolofaletsa ho tsoma e sa bonoe sebakeng sa lehloa sa Arctic. Batho ba bang ba seli ba ile elelloa hore libere li koahela linko tsa tsona tse ntšo ha li nanarela phofu ea tsona joalokaha eka li hlokomela bohlokoa ba ho sunya linko tsa tsona lehloeng hore li tšoane le lona.
Kahoo boea ba bere e phelang karolong tse batang haholo tsa lefatše bo bontša lintho tse peli tsa bohlokoa tsa phoofolo eo ka ho phethahetseng: hore e shebahale e le e tšoeu le ho lula e futhumetse. Ha ho makatse hore setsebi sa saense ea tlhaho Grojean o ile a babatsa boea ba bere e le bo etsang “ketso e tsotehang ea boenjinere.” Ka kakaretso, sebōpuoa sena se ikhethang le se hlollang se fana ka bopaki ba bohlale ba ’Mōpi oa sona.