Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/08 maq. 16-18
  • Ho Futhumala Lehloeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Futhumala Lehloeng
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ka Tlas’a Lehloa
  • Ho Ubella ka Har’a Lehloa!
  • Ho Apara Kobo ea Mariha
  • Mokete Oa Sapporo Oa Lehloa Le Leqhoa
    Tsoha!—1994
  • Na Jesu o Hlahetse Lehloeng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Tsoha!—2008
g 2/08 maq. 16-18

Ho Futhumala Lehloeng

KA MONGOLI OA TSOHA! FINLAND

HAEBA batho ba ne ba se na liaparo tse mofuthu le lieta, ba ne ba ka qetoa ke serame, mohlomong ba be ba bolaoe ke se kenang masapong nakong ea mariha Leboea le Hōle. Empa ho liphoofolo tse ngata-ngata, bophelo bo tsoela pele ho sa tsotellehe hore na ke nako efe ea selemo. Ntle le hore liphoofolo li rua molemo ka kobo ea tsona e mofuthu ea tlhaho ea masiba kapa boea, li boetse li sebelisa matla a hlollang a lehloa a li sireletsang serameng.

Lehloa ke lipepa tsa leqhoa tse hlahisoang ke mouoane, ’me lehloa la lisenthimithara tse 25 le lekana le metsi a ka etsang lisenthimithara tse 2,5. Ka hona, lehloa le na le moea o mongata, o pakeng tsa lipepa. Moetso ona o hlollang oa lehloa o etsa hore e be kobo e mofuthu ha ho bata haholo, le sireletsa peō le limela ho fihlela ha lehloa le qhibiliha ’me ho futhumala. Joale metsi ana a mangata a ipōpileng, a alehang le sebōpeho sa naha, aa qhibiliha, a nosetse mobu le ho phallela melapong.

Bophelo ka Tlas’a Lehloa

Ka tlas’a lehloa ho na le liphoofolo tse ngata tse nyenyane, tse boea, tse tsamaeang mekoting e entseng marangrang, li iketsetsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi, eo o moholo ho eona e leng oa ho hlanasela li batla lijo. Liphoofolo tsena li akarelletsa likhoto, matsoete le metsoere—e leng mofuta oa phoofotsoana e jang likokoanyana e tsomang bosiu, ea habo khoiti. Ka lehlakoreng le leng, litoeba li atisa ho bonoa lehloeng li batla menokotšoai, linate, lipeō le makhapetla a bonojoana a lifate tse nyenyane.

Ho tla joang hore liphoofotsoana tsee tse anyesang li lule li e-na le mocheso o lekaneng ’meleng? Ntle le hore mariha tse ngata li futhumatsoa ke boea ba tsona, li boetse li na le mokhoa oa tlhaho oo li iphuthumatsang ka oona ha ’mele o hlahisa matla ka potlako. Joalokaha u ka inahanela, mokhoa ona oa tlhaho oa ho iphuthumatsa o hloka hore li je haholo. Ka mohlala, letsatsi ka leng, metsoere e ja likokoanyana, tšenyane le pōpane e ngata hoo kaofela boima ba tsona bo batlang bo lekana le ba eona. Mofuta o monyenyane ka ho fetisisa oa motsoere o ja le ho feta, ho latela hore na ’mele oa eona o monyenyane hakae! Ka hona, hoo e batlang e le nako eohle ha e sa robala, e lula e hlaphasela ho batla lijo.

Liphoofotsoana tse ngata tse anyesang le tsona li tsongoa ke liphoofolo tse ling, ho akarelletsa sephooko le mefuta e ’meli ea mechalla. Kaha mechalla e mesesaane ebile e bobebe, e khona ho tsoapela mekoting e patehileng e lehloeng ha e batla lijo. Mechalla e bile e tsoma le mebutlanyana e e fetang hōle ka ’mele.

Liphooko le tsona li batla liphoofolo tseo li ka li jang. Sephooko se sethokoa se tsebe e lethoethoe hoo se ka utloang le ho sala morao letsoete le tsamaeang tlas’a lehloa—hafeela lehloa le sa paka haholo. Hang ha sephooko se fumane moo phofu e leng hona teng, se ubella lehloeng, se tsetsepele phofu eo e malimabe ka linala tsa eona, ’me se fofe ka eona. Empa ha lehloa le pakile haholo, seo se ka bakela liphoofolo tse ngata tse jang tse ling tlala, hape se ka etsa hore liphoofolo tse jeoang li be ngata ho feta tekano.

E le hore li se ke tsa bolaoa ke tlala mariha ha lijo li fumaneha ka thata, liphoofolo tse ngata li sebelisa mafura ao li a bokeletseng ’meleng likhoeling tsa lehlabula. Leha ho le joalo, ho na le lijo tse ling tseo ka tloaelo li fumanehang. Ka mohlala, mofuta oa khama e khōlō o ja letlobo la makhasi a lifate, haholo-holo sefate sa phaena. Mesha e ja lithootse tse nang le phepo tseo e li patileng lilaong tsa eona, ha mebutlanyana eona e ja makhapetla a manyenyane, mahlomela le letlobo le lecha. Mefuta e meng ea linonyana e rata ho ja monokotšoai o hoammeng ke serame le lehlomela la sefate sa phaena.

Ho Ubella ka Har’a Lehloa!

Linonyana tse ngata li sebelisa matla ao lehloa le nang le ’ona a li sireletsang serameng bakeng sa ho lula li futhumetse motšehare ha li phomotse kapa bosiu ha li robetse. Li akarelletsa nonyana e kang khōhō ea lira, kokoi e ntšo, mofuta o kang khaka hammoho le linonyana tse nyenyane tse kang lithaha le lirobele. Haeba lehloa le pakile haholo ’me le le bonolo, linonyana tse ling li qoela ho lona joaloka linonyana tsa leoatle tse qoelang metsing. Mokhoa ona o bohlale o pata mohlala oa tsona ’me liphoofolo tse li jang ha li li bone kapa hona ho li nkhella.

Ha li le har’a lehloa, linonyana tsena li cheka mokoti o tšekaletseng o ka bang bolelele ba mithara, oo ka Sefinnishe o bitsoang kieppi. Meea ea bosiu e hlakola mohlala leha e le ofe o siiloeng ke liphoofolo tse ka har’a lehloa. Ha batho ba tsamaela haufi haholo le o mong oa mekoti ena ea linonyana, lerata le etsoang ke lehloa lea li lemosa. Ho phatloha ha lehloa ha nonyana e tsoa moo e phuphusela ka potlako sebakeng se haufi ho ka tšosa motho ea itsamaelang a sa nahana letho!

Ho Apara Kobo ea Mariha

Ha nako ea selemo e fetoha, liphoofolo tse ling tsa sebakeng se batang haholo li ipata ka ho sola boea ba lehlabula kapa ho hlotheha masiba a lehlabula ’me li apara kobo ea mariha e batlang e tšoana le lehloa. Finland, liphokojoe tsa moo ho batang haholo, mebutlanyana e meputsoa le mefuta e meng ea mechalla li ba le boea bo botenya, bo bosoeu kapa bo batlang bo ba bosoeu nakong ea hoetla.

Ka ho tšoanang, masiba a matheba-theba a ptarmigan a lehlabula aa hlotheha ’me e ba le a masoeu toa! ’Me maoto a eona ao likhoeling tsa lehlabula a nang le boea mona le mane, a phophoma boea bo teteaneng, e leng “lieta tsa lehloa” tse thusang haholo. Ha li hlobola boea kapa masiba a lehlabula ho apara a mariha, mefuta e meng ea liphoofolo tse jeoang ke tse ling e boetse ea sireletseha kaha ’mala oa tsona o maroboko o batla o tšoana le oa lehloa le oeleng mona le mane.

Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha linonyana tse ngata li tsamaea ka maoto lehloeng kapa leqhoeng, empa li sa lemale, kapa hona ho hatsela habohloko? Li na le mokhoa o hlollang oa ho tsamaisa mocheso menotong. Mokhoa ona o hlollang o etsa hore mali a futhumetseng a tsoang pelong a ee menotong ’me a futhumatse mali a batang a khutlang maotong.

Ho tloha North Pole le South Pole ho ea libakeng tse chesang tse mongobo, lintho tse phelang ha li mamelle feela serame se feteletseng kapa mocheso o feteletseng. Ho e-na le hoo, lia atleha. Banna le basali ba sibollang lintho tseo le ba etsang lifilimi ka tsona ba atisa ho thoholetsoa haholo ka boiteko boo ba bona—’me seo se loketse! Joale re lokela ho rorisa ’Mōpi oa lihloliloeng tse phelang tse hlollang tsa lefatše hakaakang! Tšenolo 4:11 e re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”

[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ke Bakreste ba Phathahaneng Leha ho Bata Haholo!

Likhoeling tsa mariha, Lipaki Tsa Jehova tsa Finland li aparela serame ’me li tsoela pele tšebeletsong ea tsona ea borapeli. Lipaki tse ling li nka leeto le lelelele li thabile ho ea libokeng tsa Bokreste. Ha e le hantle, libakeng tsa mahaeng palo ea ba tlang libokeng ha e fokotsehe likhoeling tse ngata tsa mariha. Lipaki Tsa Jehova li boetse li phathahane tšebeletsong ea tsona ea boboleli. Ka sebele, li nka e le tokelo e khōlō ho paka ka ’Mōpi, Jehova Molimo, hoo li ikemiselitseng ho siea mahae a tsona a futhumetseng ho ea bolella ba bang ka ’Muso oa hae.—Matheu 24:14.

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Li-petrel ka lehaheng

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

By courtesy of John R. Peiniger

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Mofuta o mong oa mochalla

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mikko Pöllänen/Kuvaliiteri

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Likhantši

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

’Mutla

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Phokojoe ea moo ho batang haholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela