Mokete Oa Sapporo Oa Lehloa Le Leqhoa
Ka mongolli oa Tsoha! Japane
AKONG ea likhoeli tse telele tsa mariha, Sapporo, motse o ka leboea oa Japane, o lula o koahetsoe ke lehloa. Ka likhoeli tse hlano ho isa ho tse tšeletseng tsa selemo, ho ne ho se na letho leo baahi ba ka le etsang bakeng sa ho ikhatholla ho fihlela ha banna ba lekhotla la motse ba buisana ka boemo boo ho fumana tharollo ’me ba nahana ka khopolo ena: mokete oa lehloa o bontšang ka liemahale tse khōlō tsa lehloa.
Ka 1950, liithuti tsa sekolo se phahameng li ile tsa thusoa ho etsa liemahale tse tšeletseng, ho tloha ka tse bolelele ba limithara tse tharo ho isa ho tse ’nè. Batho ba ka bang 50 000 ba ile ba tla ho tla bona “Venus de Milo” e entsoeng ka leqhoa le lehloa le liemahale tse ling. Yuki Matsuri, kapa Mokete oa Lehloa, o ile oa qala hantle.
Ho theosa le lilemo mokete ona o ’nile oa hōla le ho ba le botumo. Hona joale selemo ka seng, bahahlauli ba ka bang limilione tse peli, ho akareletsa le ba bangata ba tsoang linaheng lisele, ba tlela ho tla sheba ka ho makala ho hoholo litšoantšo tsena tse makholo-kholo tsa leqhoa le lehloa. Ketsahalo ena e khethehileng ea matsatsi a supileng eo e seng ea bolumeli e fetohile e khōlō ka ho fetisisa ea mofuta oa eona Japane eohle.
Ho Otlolla Maoto Nakong ea Mokete
Har’a libaka tse tharo tseo ho tšoareloang mokete teng, Serapa sa Boikhathollo sa Ōdori ke sona se seholo. Sebaka sena seo pele ho neng ho qhalloa lehloa ho sona se boholo ba lihlopha tse 11 tsa mehaho ea motse ho phatlalla le Sapporo. Mona hammoho le Makomanai, e leng sebaka se haufinyane le mona, ho ka bonoa mesebetsi e khethehileng e entsoeng ka matsoho e meholoanyane. Bana ba makatsoa ke libapali tse khōloanyane ho feta tsa sebele tseo ba li bonang lipontšong tsa thelevishene le libukeng tsa metlae tseo ba li ratang haholo. Ho na le Ultraman ea makatsang oa mehleng ea kajeno eo bashanyana ba ratang ho mo etsisa. ’Me haufinyane le moo ke Chibi Maruko-chan a e-na le metsoalle ea hae, e leng bana ba bontšoang litšoantšong tsa lipopi tse tummeng tsa thelevishene.
Batho ba baholo le bona ba hloletsoe. Ntlo ea Opera ea Paris e entsoeng ka botle bo ikhethang, e nang le mabota a khabisitsoeng ka ho feletseng ka litšoantšo tse ngata esita le liemahale tsa libini marulelong, ea hohela. Ho na le Ntlo ea Borena bo Boholo ba Jeremane ea khale, mohaho oa mofuta o khabisitsoeng haholo o entsoeng ka lehloa. Qhobosheane e khōlō ea Maarabia e bontšang Aladdin le ‘lebone la hae la boselamose’ e bonahala habonolo.
Ka tsela e itseng mesebetsi e entsoeng ka matsoho e Lepatlelong la Baahi e nyenyefalitsoe ke litšoantšo tse khōloanyane, tseo bongata ba tsona li nang le molaetsa o khethehileng. Mosebetsi o entsoeng ka matsoho oa Brandenburg Gate o eme e le khopotso ea ho kopanngoa hoa Jeremane ho sa tsoa etsahala haufinyane. Mesebetsi e meng e entsoeng ka matsoho e bonahatsa ho ameha ka lefatše, lihloliloeng tsa lona le liphoofolo.
Qetellong ea Serapa sa Boikhathollo sa Ōdori re fumana Lepatlelo la Machaba moo lihlopha tse tsoang linaheng tse ngata li hlōlisanang teng. Libetli tse ling ke litsebi tseo ka tloaelo li sebetsang ka ’mabole, lejoe le thepa e ’ngoe. Motho ka mong o ile a fuoa lehloa le entsoeng qhoqhoane esale pele la bongata ba li-cubic mithara tse tharo ’me ba fuoa matsatsi a mararo hore ba be ba qetile litšoantšo tsa bona bakeng sa ho kenela tlhōlisano.
Empa litšoantšo tse khōlōhali li bōptjoa joang ’me libetli tsa tsona li fumana makolopetso a nepahetseng joalo le a makatsang joang?
Kamoo ho Etsoang Litšoantšo tse Betliloeng tsa Lehloa
Ho etsa litšoantšo tse khōlō joalo hase mosebetsi o bonolo. Tšebetsong ea ho etsa setšoantšo se le seng, ho se etsa ka bohona ho ka ’na ha nka khoeli, ho akarelletsa le matsatsi a ka holimo ho 1 500 a ho sebetsa ho tloaelehileng ha motho. Setšoantšo se seng se seholohali se neng se kenetse tlhōlisano e ne e le setšoantšo se tšoanang hantle le Seteishene sa literene sa Flinders Street, Melbourne, Australia. Boholo ba sona e ne e le bolelele ba limithara tse 35, bophara ba limithara tse 35 le bophahamo ba limithara tse 15. Ho ile ha hlokahala hore teraka ea boima ba litone tse hlano e boelle ka makhetlo a 1 400 ho thotha lehloa le ileng la sebelisoa la litone tse 7 000. Hase ho makatsang ha ho tloha ka 1955 boholo ba mosebetsi oa ho etsa litšoantšo tse khōlōhali o ’nile oa phethoa ke ba lebotho la tšireletso, ba kopane le basebetsi ba lefapha la mollo ba ntseng ba le koetlisong. A re boneng kamoo ba hahang ka botsebi likaroloana tse hlollang joalo tsa lehloa.
Taba ea pele, ho lokeloa hore ho khethoe ntho e itseng. Ho bokelloa boitsebiso le litšoantšo. Ho itšetlehiloe ka sena, ho etsoa litšoantšo tsa mehlala tse nyenyane ka letsopa, ka pampiri, kapa ka thepa leha e le efe feela. Joale, hoo e ka bang khoeli pele ho mokete, ho bokelloa lehloa le hloekileng ebe le isoa setšeng sa kaho. Le laolleloa moo, ebe le tšeloa ka koseneng e khōlō ea mapolanka ’me le thatafatsoa ka metsi. Ebe joale ho tlosoa kosene, ho emisoa sekefole, ’me ho qaloe ho betla ka cheseho e khōlō.
Hangata ha ba sebetsa bosiu nakong eo ho bata ho leng ka tlaase ho ntlha ea khoamo, babetli ba sebelisa lilepe le lifocholo bakeng sa mosebetsi o qalang le lisebelisoa tse nyenyane tsa ho betla bakeng sa ho lihella likhala.
Batho ka bomong le lihlopha tse nyenyane le bona ba ka kopanela boithabisong bona. Hoo e ka bang karolo ea boraro ea batho ba etsang likōpo ho phatlalla le naha kaofela ba khethiloeng ka lotho ba fuoa litataiso tse tsoang ho sehlopha se khethehileng sa litsebi. Motho ka mong ea entseng kōpo o fuoa lehloa le thatafalitsoeng la bongata ba li-cubic mithara tse peli hore a be a qetile seo a se bōpang ka matsatsi a mahlano.
Lintho tse Khahlang Mahlo Haholo
Litšoantšo tse betliloeng tsa leqhoa la sebele le tsona li eketsa tšobotsi e ’ngoe e ntle moketeng ona. Tsena li etsoa haholo-holo ke litho tsa Mokhatlo oa Babetli ba Leqhoa. Ho na le baapehi ba bangata ba tsoang lihoteleng tse tummeng bao ka mehla ba bontšang litalenta tsa bona likamoreng tsa ho tšoarela meketjana. Ba chesehela ho tla Sapporo, ’me liphello ke tse thabisang haholo.
Lipontšo tsa ’mino le metjeko li eketsa monate oa mokete. Ho na le litlhōlisano, lihlopha tsa ’mino tse machang, tantši, papali ea ho thelelisa lehloeng, le tse ling tse ngata. Bana le bona ba thabela thelelisane ea leqhoa eo ba e etselitsoeng bakeng sa ho ithabisa, e entsoeng hona ka mona ka mesebetsing e betliloeng.
Ka ho khethehileng nako e ntle haholo ea ho shebella mokete ona ke bosiu. Lilampi tse likete-kete tse hlahisang khanya e hlakileng li faselelitsoe makaleng a lifate a se nang letho ka serapeng sena, hammoho le lilampi tse ngata tse nang le mebala e fapaneng tse khantšitseng liemahale tse phatsimang, li hlahisa mafube a hlollang a khanya le ’mala nakong ea mariha a naheng ena e khahlehang. Ka mor’a ho bona mokete ona, u tla khahloa haholo ke seo kelello ea motho e matlafalitsoeng ke Molimo le matsoho a hae a tletseng hlalefo li ka se finyellang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Litšoantšo tsa leqhoa tse khōlō joaloka sena se ka tlaase li ka ba bophara ba limithara tse 35 le bophahamo ba limithara tse 15, ’me ho ile ha hlokahala lehloa la litone tse ka bang 7 000 hore li hahoe