Ke Tlohetse ho ba Molaoli oa Sesole ke se ke le ‘Lesole la Kreste’
JOALOKAHA HO BOLETSE MARK LEWIS
“Lumela, Motlotlehi.” “Lumela, Mohlomphehi ea Khabane.” “Lumela, Tona-khōlō.” Tsena ke tse ling tsa litsela tseo ke neng ke lumelisa ka tsona ha ke ne ke le mofofisi oa lifofane ke bile ke le Molaoli oa Lebotho la Moeeng la Australia le Tsamaisang Bahlomphehi. Ke ne ke tsamaisa lihlooho tsa Linaha le liofisiri tsa ’muso hohle Australia le libakeng tse ling tsa lefatše. Empa hona joale ke etsa mosebetsi o mong o khotsofatsang haholo ho feta oo. E-re ke u hlalosetse.
KE HLAHETSE motseng oa Perth, Australia Bophirimela, ka 1951 ’me Ntate e ne e le lesole ha ke ntse ke hōla. Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka kenela mokhatlo oa bakhanni ba lifofane tse se nang lienjene. Ke hona moo ke ileng ka qala ho rata mosebetsi oa ho fofisa lifofane bophelong ba ka.
Nakoana ka mor’a moo, batsoali ba ka ba ile ba arohana, ’me lelapa leso la ba litsekana. Molaoli oa Lebotho la Moeeng la lifofane tsa ntoa le ba lelapa la hae ba ile ba ithaopela ho lula le ’na ha ke ntse ke qetela sekolong se phahameng. O ile a ntšusumelletsa hore ke ee Sekolong sa Lebotho la Moeeng la Australia.
Ke Fumana Lengolo la Bofofisi
Ka mor’a lilemo tse ka bang tšelela, ke ile ka fumana lengolo la bachelor la saense le ntumellang ho ba ofisiri ea Lebotho la Moeeng le mofofisi. Ha ke qala ho sebetsa, har’a tse ling ke ne ke fofisa sefofane se isang masole likarolong tsohle tsa Australia, Pacific Boroa le Asia Boroa-bochabela. Re ne re atisa ho tsoelipana makhalong a lithaba tse phahameng le ho lulisa lifofane litselaneng tse nang le mohloa. E ne e le mosebetsi o kotsi. Lebotho la rōna le ile la senyeheloa ke lifofane tse ’maloa lilemong tseo la ba la lahleheloa ke batho ba ’maloa ba nang le tsebo. Leha ho le joalo, mosebetsi oo re neng re o etsa o ne o thusa batho ba lulang libakeng tse ka thōko. Re ne re tsamaisa thepa e hahang marokho, likatakata tse nyenyane bakeng sa ho haha litsela, lijo tsa liphalello le basebetsi ba tsa bophelo. Re ne re boetse re tsamaisa batho ba hlokang thuso ea lingaka maemong a tšohanyetso.
Ka 1978, ke ile ka fumana lengolo la ho rupela ba bang ho fofisa lifofane ’me ka khutlela Sekolong sa Lebotho la Moeeng ho ea ruta teng. Ha ke le moo ke ile ka tsosolosa botsoalle le mohlolohali e mong ea tlaase lilemong ea bitsoang Diane, ea neng a e-na le moralinyana ea lilemo li tharo. Ke ne ke bile tlelaseng e le ’ngoe le monna oa Diane Sekolong seo, empa a hlokahala hamorao kotsing ea sefofane. Ha ke kōpa ho mo nyala, o ile a re ke mo fe nako ea ho inahana. O ne a sa tsebe hantle hore na o batla ho nyaloa ke monna e mong ea fofisang lifofane kapa che.
Ho sa le joalo, ke ile ka amohela mosebetsi oa ho ba Motlatsi oa Moemeli oa Brithani, Australia. Ho lula Tlung ea Moemeli oa Brithani, e Canberra, ho ile ha etsa hore ke bonele haufi tsela eo bo-ralipolotiki ba phelang ka eona ’me ke ne ke bile ke sebelisana haufi le sechaba, masole le baeta-pele ba bolumeli. Ha nako eo ke neng ke e filoe moo e fela, ke ile ka khutlela mosebetsing oa ka oa pele oa ho rupela bafofisi. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka nyalana le Diane, ka 1980.
Ka 1982, ke ile ka lumela ho qeta lilemo tse peli ke koetlisoa ke Lebotho la Moeeng la United States ke le ofisiri ea tšireletseho lifofaneng le ho etsa lipatlisiso ha li bile le likotsi, ha ka nako e tšoanang e mong ea tsoang Lebothong la Moeeng la United States a koetlisoa Australia. Mosebetsi oo o ne o etsa hore ke haole le United States ke be ke e’o fihla karolong e hōle ea Ireland Leboea. O ne o akarelletsa ho etsa lipatlisiso ha ho bile le kotsi ea sefofane le ho hlahloba tsela eo lifofane li etsoang ka eona le eo li fofang ka eona, ka morero oa ho ntlafatsa ho sireletseha ha tsona.
Ke Khutlela Australia
Ha ke se ke khutletse Australia, lelapa la rōna le ile la hōla ea e-ba la litho tse ’nè ha morali oa rōna Kerry a hlaha. Lelapa la rōna le ile la hula ka thata ka lebaka la mosebetsi oa ka, kaha Diane o ile a tlameha ho ba ntate le ’mè ka lapeng. Lilemo tse tharo hamorao, ke ile ka ba molaoli oa Lebotho la Moeeng le Tsamaisang Bahlomphehi, joalokaha ke boletse qalong. Ka 1991, ha ho ne ho qhoma Ntoa ea Koung ea Persia, lebotho la rōna le ile la thusa Machaba a Kopaneng ’me la a thusa le lintoeng tse ling Pakistan, Afghanistan, Afrika le Iseraele.
Ka 1992, ke ile ka ba Motlatsi oa Molaoli oa Lebotho la Tšireletso. Ho ba motlatsi oa molaoli e moholo oa sesole Australia ho ile ha nthusa ho bonela haufi kamoo masole, bo-ralipolotiki le Machaba a Kopaneng ba sebelisanang kateng. Ke ile ka hlokomela hore Machaba a Kopaneng a haelloa ka litsela tse ngata. Empa ho ne ho bonahala eka ke ’ona feela a fanang ka tšepo ea ho ntlafatsa lefatše. Ka nako eo, lintho tse ileng tsa etsahala lelapeng la ka li ile tsa etsa hore ke hlahlobe bocha tsela eo ke talimang litaba ka eona.
Lipotso Tsa Diane Lia Arajoa
Ka mor’a hore monna oa hae oa pele a hlokahale, Diane eo e neng e le Moroma oa K’hatholike, o ile a batla likarabo lipotsong tseo a neng a e-na le tsona, empa a se ke a li fumana. Leha ho le joalo, litaba li ile tsa fihla mosenekeng ha morali oa rōna e moholo, ea bitsoang Renee, a qala ho thahasella ho sebelisana le matla a phahametseng tlhaho. Ha Diane a etetse ha motsoalle e mong oa hae, o ile a bona Tsoha! e neng e bontša hore khatiso e latelang e tla be e e-na le sehlooho se buang ka ho rapela Satane.a O ne a qala ho bona Tsoha! Ha a le tseleng, a khutlela hae, o ile a ipotsa, ‘Ebe nka fumana makasine eo joang?’
Matsatsi a mararo hamorao, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa re etela, ’me Diane a fumana makasine eo a neng a ntse a e batla. Hamorao o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele a ba a qala ho ea libokeng tsa Bokreste. Ke ne ke rata ha a ithuta ke bile ke ea le eena libokeng ka linako tse ling, empa ke sa bone ho hlokahala hore le ’na ke ithute. Ke ne ke sa inke ke le motho ea ratang litaba tsa bolumeli. Ke ne ke lumela hore Molimo o teng empa ke ne ke sa nke bolumeli ka ho teba hobane ke ne ke bone boikaketsi bo bongata bo etsoang moo. Ka mohlala, ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha baruti ba sesole ba ruta hore Bakreste ba lokela ho ba le lerato le ho phela ka khotso empa bona ba tšehetsa ntoa.
Diane o ne a mpehela likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka bohlale ka tlung e le hore ke tle ke li bale. Ke ne ke bala tse ling tsa tsona ebe ke li busetsa ka hloko moo ke li fumaneng teng. Ke ne ke sa batle hore a nahane hore mohlomong kea li thahasella. Ha ke ntse ke ithuta ho eketsehileng ka Bibele, ho na le mangolo a mabeli a ileng a ntšoenya. Le leng e ne e le la Tšenolo 19:17, 18, le buang ka linonyana tse jang linama tsa “balaoli ba sesole.” Le leng e ne e le la Tšenolo 17:3, le buang ka “sebata se ’mala o sekareleta.” Lipaki li ne li nka hore sebata sena se emela Machaba a Kopaneng, e leng se neng se hanana le tsela eo ke talimang mokhatlo oo oa lefatše ka eona.b Empa ke ile ka leka ho hlokomoloha lipotso leha e le life tseo ke neng ke e-na le tsona.
Ka 1993, Diane o ile a nkōpa hore ke be teng ha a kolobetsoa. O ile a nkōpa seo ke ne ke sa lebella. Ke ile ka mo botsa, “Haeba ho ka thoe u khethe, u ka khetha ’na kapa u ka khetha Jehova?” O ile a re: “Nka khetha Jehova. Empa ha ke batle ho etsa khetho eo. Ke le rata ka bobeli.” Kahoo ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho ithuta ho eketsehileng ka motho enoa e mong eo a mo ratang. Moholo e mong oa Mokreste phuthehong ea moo o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le ’na, ’me ka lumela.
Ke ne ke hlile ke thahasella boprofeta ba Bibele, haholo-holo bo amanang le histori ea sesole le ea lipolotiki. Ka mohlala, ha ke ntse ke koetlisoa Lebothong la Moeeng, ke ile ka ithuta ka lintho tseo Bagerike ba boholo-holo ba neng ba li finyeletse sesoleng. Joale ke ile ka ithuta hore liketsahalo tse ngata tsa histori eo li ne li tlalehiloe lilemo tse makholo esale pele khaolong ea 8 ea Daniele. Hanyane ka hanyane, boprofeta bona le bo bong bo ile ba nkholisa hore ke Molimo ea bululetseng Bibele.
Ke ile ka boela ka sheba Machaba a Kopaneng ka leihlo le leng. Ke ne ke tseba hore masole a ke ke a rarolla mathata a moloko oa batho, ke ne ke tseba hore ntoa e ke ke ea tlisa khotso ea sebele le hore Machaba a Kopaneng a ke ke a rarolla liqhoebeshano tsa lipolotiki, tsa bolumeli le tsa merabe tse fehlang ntoa. Ke ile ka qala ho bona hore ke Molimo feela ea ka rarollang mathata a moloko oa batho. Ha e le hantle, ho ne ho bonahala eka o se a ntse a a rarolla mokhatlong oa lefatše lohle oa bara ba motho oa Lipaki Tsa Jehova. (Pesaleme ea 133:1; Esaia 2:2-4) Ke ile ka ipotsa: ‘Empa na nka tlohella mosebetsi oa bosole ebe ke sebeletsa Molimo?’
Ke Emela ’Nete ea Bibele
Ke ile ka lokela ho etsa qeto ka 1994 ha ke ne ke ile kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova, Sydney. Lenaneong leo ho ne ho e-na le tšoantšiso ea Bibele ea moaparo oa boholo-holo e neng e bontša khetho eo sechaba sa Iseraele se neng se tlameha ho e etsa pakeng tsa ho sebeletsa Jehova kapa Baale, molimo oa Bakanana. Elia, moprofeta oa Jehova o ile a botsa Baiseraele, a re: “Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng? Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.” (1 Marena 18:21) Mantsoe ao a ile a nkama ka ho teba. Ke ne ke palame terata joaloka Baiseraele. Ke ne ke lokela ho khetha: Na ke ne ke tla sebeletsa Jehova kapa ke ne ke tla tsoela pele ka mosebetsi oa ka oa bosole?
Ha re le ka koloing re khutlela hae mantsiboeeng ao, ke ile ka bolella Diane hore ke tlil’o tlohela ho ba setho sa Lebotho la Moeeng ’me ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a makatsoa ke hore ebe ke ne ke entse qeto eo ka ho panya ha leihlo empa a ntšehetsa ka botlalo. Le ka mor’a matsatsi a ’maloa ke ne ke ntse ke khomaretse qetong eo ke e entseng, kahoo ka kenya lengolo la ho itokolla mosebetsing.
Ka nako eo, ke ne ke le Molaoli oa Liithuti Tsa Masole Sekolong sa Lebotho la Tšireletso la Australia, se Canberra, motse-moholo. Ke ne ke okametse masole le liithuti tse ka bang 1 300 tse ithutelang ho ba masole, a Lebotho la Likepe Tsa Ntoa le a Lebotho la Moeeng hammoho le basebetsi ba bang. Letsatsing leo sekolo se koaloang ka lona, ke ile ka bolella liithuti tse 400 tse seng li hatetse pele le basebetsi hore ke tlohela bosole ke il’o tsamaea ka ntlo le ntlo ke ruta batho Bibele ke le moithaopi oa Mokreste. Tsebiso eo e ile ea etsa hore ke be le moqoqo o thabisang le ba bang ba bona.
Ke ba Mosebeletsi oa Nako e Tletseng
Ke ile ka qala mosebetsi oa boboleli letsatsi ka mor’a hore ke itokolle mosebetsing. Ke ile ka kolobetsoa likhoeli tse tharo hamorao ka April 1995. Ka mor’a moo, hang ha monyetla o hlaha, ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla, ’me seo se ne se bolela hore ke ba tšebeletsong ea boboleli ka nako eohle.
Ke ile ka lokela ho etsa liphetoho tse ngata ha ke tlohela ho ba molaoli oa sesole ’me ke e ba ‘lesole la Kreste.’ (2 Timothea 2:3) E ’ngoe ea likabelo tseo ke ileng ka qala ho li fuoa e ne e le ho tsamaisa libuela-hōle ha liboka tsa Bokreste li ntse li tsoela pele. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho kōpa ha ke hloka hore ho etsoe ntho e itseng, ho e-na le fana ka litaelo. Ke ile ka ithuta hore ntho ea bohlokoa haholo ke ho nahanela ba bang le ho ba bontša lerato ho e-na le ho batla hore lintho li etsoe hantle, le hoja ka linako tse ling ke ntse ke thatafalloa ke ho leka-lekanya litšobotsi tseo. ’Me kaha ke ne ke se ke sa fumane chelete e ngata joaloka pele, lelapa la rōna le ile la tlameha ho bebofatsa tsela eo le phelang ka eona.
Ke ne ke thabela mosebetsi oa boboleli haholo, le joale ke sa o thabela. Ka lekhetlo le leng ha re ntse re paka le morali oa rōna Kerry, ea neng a le lilemo li robong ka nako eo, ke ile ka mo kōpa hore a shebe hore na beng ba matlo ba arabela joang. Ka mor’a nakoana re ile ra elelloa hore batho ba bangata ba ne ba sa thahaselle empa ba le botsoalle le hore ba bang bona ba ne ba le botsoalle ba bile ba thahasella. Seo se ile sa re khothatsa. Morali oa rōna e mong o ile a ithuta Bibele ka nakoana empa hajoale o khethile ho se sebeletse Jehova.
’Na le Diane re ile ra khothalletsa Kerry hore a hahamalle tšebeletso ea nako e tletseng. Ke sa tsoa thabela ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho le Kerry. O ne a qala ho ea, ’me ’na ke ne ke ea lekhetlo la bobeli. Ruri hoa thabisa ho bona a hatela pele moeeng hammoho le bacha ba bang ’me ba hahamalla tšebeletso ea Bokreste!—Pesaleme ea 110:3.
Litlhohonolofatso Tse Enneng
Ha ke se ke nahanisisa lintho, ke bona moo ho sebeletsa bosoleng le ho ba lesole la Kreste ho tšoanang teng le moo ho sa tšoaneng teng. Ka bobeli ho hlokahala hore motho a tšepahale, a latele litaelo, a be khabane, a itaee a be a itele. Le hoja ba bangata ba bosoleng ba ka ’na ba ikemisetsa ho shoela naha ea habo bona le metsoalle ea bona, Bakreste ba ’nete bona ba lokela ho rata lira tsa bona. (Matheu 5:43-48) ’Me le hoja bahale sesoleng ba ka fuoa likhau ha ba entse ketso e itseng e bontšang sebete, Molimo o amohela Bakreste ba ’nete ha ba mamella ka botšepehi tšebeletsong—e leng ho ka ’nang ha bolela hore ba bontše sebete ha ba hanyetsoa, ba songoa le ha ba tobana le liteko tse ling selemo se seng le se seng. (Baheberu 10:36-39) Bathong bao ke ba tsebang, Bakreste-’moho le ’na ke ba ikhethang ka ho fetisisa.
Ho fapana le tsela eo ke neng ke lumelisa ka eona e boletsoeng qalong, hona joale ke se ke lumelisa ka ho re “Lumela, Morali’eso,” kapa “Lumela, Mor’eso.” Ruri hoa thabisa ho ba tšebeletsong ea Bokreste le batho ba ratang Molimo e le kannete! Empa tlotla e khōlō ka ho fetisisa ke ea ho sebeletsa Jehova ea Phahameng ka ho Fetisisa! Ha ke nahane hore nka phela ka tsela e ’ngoe e khotsofatsang ho feta ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Se hatisitsoe tokollong (ea Senyesemane) ea October 22, 1989, leqepheng la 2-10.
b Bona buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi,! e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, leqepheng la 240-3.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 14]
Le hoja ba bangata ba bosoleng ba ka ’na ba ikemisetsa ho shoela naha ea habo bona le metsoalle ea bona, Bakreste ba ’nete bona ba lokela ho rata lira tsa bona
[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]
Ke fofisa sefofane sa Lebotho la Moeeng le Tsamaisang Bahlomphehi ka holim’a Paramente, Canberra
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Tšoantšiso ea Bibele, kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Sydney, Australia, ka 1994
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
’Na le Kerry Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
’Na le Diane le Kerry kajeno