Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova!
“HA UA lokela ho ea boboleling!” “Ha ke batle ha Lipaki tsa heno li etela mona!” Basali ba bangata ba Bakreste ba utloa lipolelo tsena le tse tšoanang le tsona tsa banna ba bona ba hanyetsang. Empa haeba banna bana ba sebetsa sesoleng sa metsing le moeeng, basali ba bona ba tobana le liphephetso tse khethehileng tsa tumelo ea bona. (Esaia 2:4; Johanne 17:16) Joale, ke joang basali ba joalo ba Bakreste ba khonang ho lula ba le matla moeeng ’me ba le mafolo-folo tšebeletsong ea ’Muso?
Botšepehi ho Jehova Molimo hammoho le boikemisetso ba botho bo ba thusa hore ba mamelle. Yvonne, mosali oa lesole oa hlalosa: “Ke nahana hore e bile boikemisetso ba ka bo feletseng. Ke ne ke tseba hore ho tlameha ho be le litsela tsa ho sebetsana le khanyetso ea monna oa ka.” Ka sebele li ne li le teng.
Mosali e mong oa Mokreste, ea nyetsoeng ke ofisiri ea sesole, o pheta kamoo khato ea hae e tiileng e bileng e nolofaletsang le monna oa hae bophelo. Oa hlalosa: “O tseba kemiso ea ka hantle joalokaha a tseba ea hae, ’me masole a ananela seo.” Leha ho le joalo, tšebeletso ea hae e tsoelang pele ho Jehova hase tsela e bonolo.
Ho Hlōla Bolutu
Hangata basali ba masole ba tobana le phephetso ea ho fumana tsebiso ea ho falla e etsoang matsatsing a seng makae pele ba falla haeba ba tla tsamaea le banna ba bona ha ba ea mosebetsing o hōle le hae. Joale, ba le tikolohong eo ba sa e tloaelang, ho bonolo hore ba ikutloe ba arohile bathong ba bang. Empa ha ho hlokahale hore ho be ka tsela ena. Ba sebeletsang Jehova ba na le monyetla. Oa eng? Ho latela se boletsoeng ke moapostola oa Mokreste Petrose, ke “mokhatlo oohle oa baena.” Hona joale li baloa ka limilione, Lipaki tsa Jehova linaheng tse 231 li sebetsa joaloka lelapa le leholo la Bokreste, “boena.” U ba fumana hoo e ka bang hohle.—1 Petrose 2:17, NW; mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Susan, ka tšohanyetso a tlohile sebakeng sa habo, o ile a lula moo ho lulang masole a moeeng e leng moo monna oa hae a neng a abetsoe ho sebetsa teng. A le mocha ’neteng ’me a le tlas’a khatello ea monna oa hae ea sa lumelang ea hore a khaotse ho kopanela boboleling ba Bokreste, o re: “Hang-hang ke ile ka ea libokeng tsa sebaka seo, ’me moo ke ile ka khona ho lula le ho qoqa le bo-khaitseli ba bang. Ho bua ’nete botsoalle bona ke bona bo ileng ba nthusa hore ke ’ne ke tsoele pele.”
Ka linako tse ling bolutu bo baka ho tepella maikutlong. Esita le ka nako eo litaba tse molemo lia thusa. Glenys, khaitseli oa Lenyesemane ea ileng a tsamaea le monna oa hae ha a ne a abeloa mosebetsi mose ho maoatle, o re: “Ha ke ne ke hlile ke tepelletse maikutlong, ke sa lebella, motho e mong eo ke mo tsebileng ka lilemo tse ngata tse fetileng ha ke ne ke le lesole o ile a ngola ’me a bolela hore o sa tsoa kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Sena se ile sa nkhothatsa ka nako e loketseng.”
Jane, ea ileng a tsamaea le monna oa hae ho ea Kenya, o ile a fumana hore liboka tsa Bokreste li ile tsa ipaka ho ba tsa bohlokoa bakeng sa ho boloka bophelo ba hae, esita le hoja li ne li khannoa ka lipuo tseo a neng a sa li utloisise. Oa hlalosa: “Ke ne ke tseba hore mona ke moo Jehova a neng a batla hore ke be teng. Ke ne ke e-na le baena ba ka, ’me ba ne ba mpha matla. Ba ile ba nkamohela, ’me ke ile ka ikutloa eka re lelapa.”
Jane ke feela e mong oa ba bangata ba leng tlas’a maemo ana ea fumaneng beng ka eena ba moea bao a neng a sa tsebe le hore o na le bona!—Mareka 10:29, 30.
Ba Ema ba Tiile Leha ba Tobane le Khanyetso
Jesu o ile a lemosa: “Le se ke la hlōma ekaba ke tlile ho romela khotso lefatšeng; ha kea tla ho romela khotso, empa e le lerumo.” (Mattheu 10:34) O ne a bolela eng? Esita le ka lapeng, moo ho ka lebelloang khotso, ho ka ’na ha “betsoa lerumo ka tšohanyetso,” joalokaha ho hlalosa A. T. Robertson ho Word Pictures in the New Testament. Jesu o itse: “Ka sebele, lira tsa motho e tla ba batho ba lelapa la hae.” (Mattheu 10:36, NW) Mantsoe ana a ipaka e le ’nete hakaakang ha molekane oa lenyalo a hanyetsa ’nete!
Ha Diane a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, monna oa hae, ofisiri ea sesole sa moeeng, o ne a sa thaba ho hang. See se bile le phello efe lenyalong la bona? Diane oa hlalosa: “E ne eka thaba ea lehloa e kene pakeng tsa rōna. Pele re ne re thabile lenyalong. Ka tšohanyetso re ne re mpa re lula ntlong e le ’ngoe.” Joale, o ile a tsoella joang? “Kholiseho ea botho le boikemisetso ke tsa bohlokoa ba sebele, hammoho le thuso e tsoang ho Jehova le moea oa hae.” Diane o ile a nahana ka botebo ka mohlala oa Bibele oa moprofeta Daniele.
Ha a isoa kholehong Babylona ’me a fuoa lijo tse sa amoheleheng ho mohlanka oa Molimo, Daniele “a rera pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa ka lijo tse hlabosang tsa morena.” E, Daniele o ile a etsa qeto e nahannoeng hantle. O ile a etsa qeto pelong ea hae hore le ka mohla a ke ke a itšilafatsa ka ho ja lijo tseo. O ile a bonahatsa matla a makaakang ha a “kōpa ho hlooho ea matona hore a lesoe hore a se ke a itšela litšila”! Phello e bile efe? Jehova o ile a hlohonolofatsa khato ea hae e tiileng.—Daniele 1:8, 9, 17.
Ka ho tšoanang kajeno monna ea hanyetsang a ka ’na a batla hore mosali oa hae a khaotse ho ea libokeng tsa phutheho. O lokela ho arabela joang? Jane o ile a iphumana a le boemong bona. Oa hlalosa: “Ke ne nke ke ka khaotsa tlas’a khatello. Ke ne ke tseba hore ha ho na ho sekisetsa. Ke ne ke tlameha ho bontša hore na liboka li bohlokoa hakae ho ’na.” Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ea hae ha a ntse a tsoela pele ho ba teng libokeng.
Glenys o re: “Monna oa ka o ile a leka ho nthibela ho ea libokeng, empa ha ea ka ea ba ka nako e telele. Ke ’nile ka ea. Ha ke khutlela lapeng, ka linako tse ling o ne a nchapa, ’me ka linako tse ling o ne a sa mpuise.” Leha ho le joalo, o ile a tsoella, a ntse a rapela joalo-joalo. Hape, baholo ba babeli ba phutheho ba ne ba rapela le eena ka mehla, e leng se ileng sa mo khothatsa haholo hore a tsoele pele a ba teng libokeng.—Jakobo 5:13-15; 1 Petrose 2:23.
Ka linako tse ling baokameli ba monna ba ka mo hatella hore a nyahamise mosali oa hae hore a se ke a bolela litaba tse molemo. Diane o ile a fumana hore o tlameha ho hlakisetsa monna oa hae hore na lintho tse tlang pele bophelong ba hae ke life. O re: “Ke ne ke ikemiselitse ho amohela liphello tsa ho tsoela pele ke bolela.” Khato ena e tšoana le ea baapostola hakaakang! (Liketso 4:29, 31) Leha ho le joalo, o ne a etsa boboleli ba hae ka masene. O re: “Ke ne ke tloaetse ho etsa moketjana oa kofi ebe ke fa e mong le e mong ea leng teng buka ea ’Nete.”—Mattheu 10:16; 24:14.
Ho Ikokobetsa U sa Sekisetse
Le hoja ba nyahamisoa ke khatello e bang teng lenyalong, basali ba Bakreste ba lebella bokamoso ’me ba itšetleha ka Jehova. Sena se ba thusa hore ba be le pono e leka-lekaneng. Ba tšehetsa banna ba bona kahohle kamoo ba ka khonang ka ntle le ho sekisetsa tumelo ea bona. Ka ho etsa joalo, ba latela keletso e bululetsoeng ea Petrose: “Lōna basali, le utloe banna bao e leng ba lōna.” (1 Petrose 3:1) Ho The Amplified New Testament, taelo ena ea moapostola e baleha tjena: “Ikokobetseng joaloka ba ka tlaase ho bona le ba itšetlehileng ka bona, ’me le etse hore le lumellane le bona.” Hlokomela kamoo Jane a ileng a latela keletso ena kateng. Oa hlalosa: “Monna oa ka o ile a mpolella hore seo ke batlang ho se etsa ha sea lokela ho kena-kenana le mosebetsi oa hae. Kahoo ke ile ka batla litsela tsa ho mo thusa.”
Ka hona basali ba bang ba Bakreste ba lumetse ho ea meketjaneng eo banna ba bona ba memetsoeng ho eona. Empa ba ntse ba ikemiselitse hore le ka mohla ba se ke ba sekisetsa tumelo ea bona. Jane o ile a ipha nako ea ho buisana le monna oa hae ka sena. Ka mosa o ile a hlalosa hore o ikemiselitse ho ba teng empa o ne a sa batle hore boteng ba hae bo soabise monna oa hae. “Ke ne ke tseba hore ka linako tse ling bohle ba leng teng ba lebeletsoe hore ba eme ’me ba otlanye likhalase tsa bona tlotlisong ea motho ea itseng. Ke ne ke ithutile hore re tlameha ho tšepahala ho Jehova feela, ’me ho otlanya likhalase tlotlisong ea motho ea itseng ho ne ho feta feela ho bontša tlhompho. Monna oa ka o ile a bona hore na boemo bo ka ’na ba ba bobe hakae, kahoo ka ho bonolo feela o ile a re, ‘U se ke ua tla!’ Ke ile ka mo utloa.”
Ka lehlakoreng le leng, Glenys o ile a ea le monna oa hae moketjaneng o joalo, empa o ile a kenya liofisiri tse leng tafoleng mahlo. Ha a li bona li itokisetsa ho otlanya likhalase tlotlisong ea motho ea itseng, ka bohlale o ile a ea ntloaneng! E, basali bana ba ile ba etsa hore ba lumellane le banna ba bona empa le ka mohla ba sa sekisetse.
“Ba Hapuoe, Leha e ke ke ea e-ba ka Lentsoe”
Yvonne o ile a beha mabaka ka ho re: “Haeba nka ntlafatsa tsebo ea ka ea ho etsa lintho joaloka mosali, monna oa ka o tla bona hore ’nete ea mphetola.” Kahoo o ile a bala a ba a pheta khaolo e bukeng ea Bophelo ba Lelapa ea “Mosali ea Ratoang Haholo.”a “Ke ile ka lebisa tlhokomelo e khethehileng boitsebisong bo tlas’a sehloohoana ‘Ba Llang, ba Ngongorehang’! Empa ke ile ka fumana hore ha ke leka ho buisana le monna oa ka haholoanyane, litaba li ne li mpefala le ho feta.” Leha ho le joalo, qetellong o ile a atleha ho thusa monna oa hae hore a sebeletse Jehova. Joang? Ka ho sebelisa molao-motheo o boletsoeng ho 1 Petrose 3:1, hore banna ba “hapuoe, leha e ke ke ea e-ba ka lentsoe.”
Tsela eo basali ba Bakreste ba hlokomelang malapa a bona e etsa ho hoholo tabeng ea ho buella Bokreste ho ba bang. Diane o re: “Ke ile ka leka ho etsa hore ’nete e ipiletse ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ha ke ea libokeng, monna oa ka o ne a ikutloa a arohile bathong ba bang, kahoo ke ile ka tiisa hore ke ruta bana hore ba itšoare hantle ka ho khetheha ha re khutlela lapeng. Ke ne ke boetse ke leka ho mo bontša tlhokomelo e eketsehileng ha re khutla.” Butle-butle boikutlo ba monna oa hae bo ile ba fetoha ha a arabela tlhokomelong e mosa ea lelapa la hae.
Bahlanka ba bang ba Jehova le bona ba ka thusa. Jane o bolela hore monna oa hae o ne a thabela ho ba le baromuoa ba Lipaki bao a ileng a kopana le bona Kenya. “Ba ile ba etsa setsoalle le eena ’me ba bua ka bolo, ’me ba ne ba bontša moea oa ho amohela baeti haholo. Ka makhetlo a mangata, re ne re memeloa mahaeng a sa tšoaneng a baromuoa bakeng sa lijo.” Hamorao monna oa hae o ile a hlalosa: “Ke ile ka qala ho bona tumelo ea Jane ka tsela e fapaneng ka ho feletseng. Metsoalle ea hae e ne e le batho ba bohlale haholo ba neng ba khona ho bua ka litaba tse fapa-fapaneng.” Ka ho tšoanang, monna oa Diane o ile a fetola pono ea hae ka ’nete. Nakong ea ha koloi eo a neng a e khanna e robeha, Paki e nyenyane e ile ea mo thusa. O re: “Sena se ile sa nkhahla haholo.”
Ha e le hantle, hase balekane bohle ba lenyalo ba hapeloang ’neteng. Joale? Jehova o fana ka thuso ho nolofaletsa ba tšepahalang hore ba mamelle. (1 Ba-Korinthe 10:13) Nahanisisa ka khothatso ea Glenys ho ba tobaneng le maemo a tšoanang le a hae: “Le ka mohla, le ka mohla u se ke ua belaela hore Jehova ke Eena ea qapileng lenyalo le hore o batla hore banyalani ba be ’moho. Kahoo ho sa tsotelehe hore na monna a ka etsa eng kapa hore na ba u potolohileng ba u hlahisetsa khanyetso efe, le ka mohla Jehova a ke ke a u lumella hore u sisinngoe.” Le hoja monna oa hae a e-s’o rapele Jehova, boikutlo ba hae ka eena le ’nete bo ntlafetse.
‘Jala ka Meokho; Kotula ka Thabo’
Ka sebele, basali bana ba Bakreste ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova. Haeba u le boemong bo tšoanang, le uena ikemisetse ho etsa se tšoanang. Hopola khothatso: “Tšaba Jehova, Molimo oa hao, u mo sebeletse, u mo khomarele.”—Deuteronoma 10:20.
Mopesaleme o re: “Mojali o tsoela pele a ntse a lla, a jere lipeō tseo a li hasang; o tla khutla ka thabo, a ntse a thotha mangata a hae.” (Pesaleme ea 126:6) Paki e ’ngoe e re: “U lla haholo ha u leka ho bontša molekane oa hao ’nete, ebang u mo bontša eona u khutsitse kapa u bua. Empa qetellong u ntša meokho ea thabo hobane esita le haeba a sa amohele ’nete, Jehova oa u hlohonolofatsa bakeng sa boiteko boo u bo etsang.”
Bohle ba sebeletsang Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe khanyetso ka lapeng ba lokeloa ke pabatso ea sebele. Ba tšoanela ho tšehetsoa le ho bontšoa lerato. E se eka ba ka boloka boemo ba bona ba ho se sekisetse, ba ikemisetse ho sebeletsa Jehova!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. (1981).
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Thuto e etsoang ka thapelo e matlafatsa boikemisetso ba Mokreste