Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 4/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • William Whiston—Mokhelohi Kapa Setsebi se Tšepahalang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • William Whiston
    Tsoha!—2014
  • Litholoana—Tse Molemo le tse Mpe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Nyolohelo—Na ke Thuto e Senotsoeng ke Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 4/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, u tla ho fumana ho thahasellisa ho hopola lintlha tse latelang:

▫ Ke hobane’ng ha lihloela tsa Baiseraele li ile tsa khetha ho phomola tlung ea Rahaba oa seotsoa?

Lihloela tsa Baiseraele li ne li phela ka Molao oa Molimo, kahoo ha lia ka tsa phomola tlung ea Rahaba ka mabaka a boitšoaro bo bobe. Mohlomong li ile tsa nahana hore boteng ba tsona tlung ea seotsoa ho ka etsahala hore bo se tsose lipelaelo motseng. Hore ebe ntlo ea hae e ne e hahiloe lerakong la motse ho ne ho tla etsa hore li balehe habonolo. Empa ka holimo ho tsohle, Jehova o ile a li tataisetsa ho moetsalibe eo pelo ea hae e ileng ea angoa ka tsela e molemo ke litlaleho tsa litšebelisano tsa Molimo le Baiseraele hoo a ileng a bontša pako ’me a fetola litsela tsa hae.—12/15, maqephe 24-5.

▫ Bohale bo ama bophelo ba rōna bo botle joang?

Liphuputso li bontša hore bohale bo hlahisa li-hormone tsa khatello. Ho halefa nako le nako ho baka ho se leka-lekane pakeng tsa mefuta e sireletsang le e kotsi ea cholesterol, e leng ho re behang kotsing ea lefu la pelo.—12/15, leqephe 32.

▫ Ke litlhahiso life tse tla re thusa ho eketsa kabo ea rōna ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!?

Khothalla ho tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha!; boloka nehelano e le bonolo; tenyetseha ka ho lokisetsa linehelano tse khutšoaane; ipehele pakane ea botho.—1/1, maqephe 24-5.

▫ Ke hobane’ng ha Moshe e le mohlala o motle oa puso ea bomolimo oo re lokelang ho o latela?

Moshe o ne a batla tataiso ea Jehova litabeng. O ne a se na takatso ea ho iphahamisa, empa o ne a amehile ka ho tlotlisoa ha Jehova. O ne a e-na le tumelo e matla, ’me ha ho mohla a kileng a lebala hore Jehova ke eena ’Musi oa sebele oa sechaba sa Iseraele.—1/15, leqephe 11.

▫ Tse ling tsa litsela tseo ka tsona thuto ea bomolimo e hlōlang ke life?

Thuto ea bomolimo e hlōla ka ho neha batho ba Jehova kutloisiso e tsoelang pele ea ’nete. E tlisa batho leseling la moea, ’me e bontša ba bonolo kamoo ba ka rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Thuto ea bomolimo e boetse e hlōla liteko le lefatše le khopo.—2/1, maqephe 10-12.

▫ Senotlolo sa ho fana ka keletso e atlehang ke sefe?

Senotlolo ke ho bontša tlhompho e loketseng ho motho e mong le tokelo ea hae ea ho tšoaroa ka tsela e nang le seriti. Ka hona, moeletsi oa Mokreste o lokela ho ba mosa ’me a tiee empa a apese motho ea fuoang keletso seriti.—2/1, leqephe 28.

▫ Ke joang Kereke ea Roma e K’hatholike e ileng ea amohela ho Nkeloa Leholimong ha Maria e le thuto ea bolumeli?

Makholong a pele a lilemo ka mor’a lefu la Jesu, khopolo ea ho Nkeloa Leholimong ha Maria e ne e sa tsejoe ho hang ke Bakreste ba nahanang. Leha ho le joalo, ka mor’a hore thuto ea Boraro-bo-bong e fetohe thuto ea molao ea kereke, Maria o ile a nehoa karolo e bohlokoa ka ho eketsehileng. Thuto ea ho Nkeloa Leholimong e ne e sa amoheloe e le thuto ea bolumeli ho fihlela ka November 1, 1950, ha Mopapa Pius XII a phatlalatsa: “Re hlalosa thuto ena e le e senotsoeng ke Molimo.”—Munificentissimus Deus.—2/15, maqephe 26-7.

▫ Ho Jeremia khaolo 24, liroto tse peli tsa feiga, lifeiga tse monate le tse mpe, li emela eng?

Lifeiga tse monate li emela Bajode bao pele ba neng ba isitsoe kholehong Babylona, bao masala a bona a neng a tla khutlela Juda. Lifeiga tse mpe li ne li emela Morena Tsedekia le ba nang le eena ba ileng ba fetohela Morena Nebukadnezare ho sa tsotellehe hore ba ne ba ile ba ikana ka lebitso la Molimo. Ha ho bapisoa, re fumana mehleng ea kajeno masala a Iseraele oa moea, a behileng litholoana tse monate bophelong ba ’ona, ho fapana le baruti ba Bokreste-’mōtoana, ba behileng litholoana tse bolileng.—3/1, maqephe 14-16.

▫ Ma-Quartodeciman e ne e le bo-mang, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba ba thahasella kajeno?

Ka mor’a mehla ea baapostola, ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka Nisane 14 selemo ka seng, ba latela mohlala oa baapostola. Ba ile ba tsejoa e le “Ba Bolokang la Leshome le Metso e Mene” kapa ma-Quartodeciman. Sena sea thahasellisa kajeno, hobane se bontša hore esita le hoja baapostola ba shoele, ho ne ho e-na le ba bang ba ileng ba tšoarella mokhoeng o nepahetseng oa ho keteka lefu la Jesu hang ka selemo ka Nisane 14.—3/15, maqephe 4-5.

▫ William Whiston e ne e le mang?

E ne e le setsebi se bohlale sa lekholong la bo18 la lilemo Engelane, e le motsoalle ea haufi-ufi oa Monghali Isaac Newton. Whiston o ile a fetolela Mangolo a Segerike a Bokreste, a hanyetsa phatlalatsa thuto ea Boraro-bo-bong, ’me e le tichere thutong ea bolepi ba linaleli le mathematics. Empa ho ka etsahala hore Whiston o hopoloa haholo ka ho fetolela lingoliloeng tsa rahistori oa Mojode Flavius Josephus Senyesemaneng.—3/15, maqephe 26-8.

▫ Motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo joang? (Genese 1:27)

Motho o entsoe a e-na le matla a ho bonahatsa litšoaneleho tse hlaheletseng tsa Molimo tsa lerato, toka, bohlale, le matla—haesita le litšoaneleho tse ling.—4/1, leqephe 25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela