Lipotso tse Tsoang ho Babali
Ha masole a Saule a ne a e-ja nama hammoho le mali, ke hobane’ng ha a sa ka a bolaoa, kaha eo e ne e le kotlo e boletsoeng ka Molaong oa Molimo?
Banna bana ba ile ba tlōla molao oa Molimo mabapi le mali, empa e ka ’na eaba ba ile ba bontšoa mohau hobane ba ne ba hlompha mali, le hoja ba ne ba lokela ho ba mafolo-folo haholoanyane ho bontša tlhompho e joalo.
Nahana ka boemo. Baiseraele tlas’a Morena Saule le mor’a hae Jonathane ba ne ba loana le Bafilista. Nakong ea ha “banna ba Iseraele ba ne ba khathetse” ntoeng, ka lepotla-potla Saule o ile a etsa kano ea hore banna ba hae ha baa lokela ho ja ho fihlela sera se hlōloa. (1 Samuele 14:24) Kapele-pele kano ea hae e ile ea baka bothata.
Banna ba hae ba ne ba hlōla ntoa e loannoeng ka thata, empa boiteko bo matla bo ne bo ka baka liphello tse kotsi. Ba ne ba lapile haholo ebile ba khathetse. Ba ile ba etsa joang boemong bo bobe hakaalo? “Sechaba sa itihela khapong, sa tšoara linku le likhomo le manamane, sa li hlabela fatše, ’me sa li jellela hammoho le mali.”—1 Samuele 14:32.
Hoo e ne e le ho tlōla molao oa Molimo mabapi le mali, joalokaha batho ba bang ba Saule ba ile ba ’molella, ba re: “Bona, sechaba se siteloa Jehova ka ho jellela le mali.” (1 Samuele 14:33) E, Molao o ne o bolela hore ha liphoofolo li hlabuoa, mali a tlameha ho fophisoa pele ho ka jeoa nama. Molimo o ne a sa batle hore ho nkuoe mehato e feteletseng ha ho fophisoa mali. Ka ho nka mehato e utloahalang ha ho fophisoa mali, bahlanka ba hae ba ne ba ka bontša ho hlompha bohlokoa ba mali. (Deuteronoma 12:15, 16, 21-25) Mali a liphoofolo a ne a ka sebelisoa ka tsela ea sehlabelo aletareng, empa a ne a sa lokela ho jeoa. Ho tlōla molao oo ka boomo ho ne ho bolela lefu, hobane batho ba Molimo ba ile ba bolelloa: “Le ke ke la ja mali a nama efe le efe, hobane moea oa linama tsohle ke mali a tsona; mang le mang ea tlang ho a ja, a tlosoe.”—Levitike 17:10-14.
Na masole a Morena Saule a ne a tlōla Molao oo ka boomo? Na a ne a bontša ho se hlomphe ka ho feletseng molao oo oa bomolimo mabapi le mali?—Bapisa le Numere 15:30.
Ha ho hlokahale hore re etse qeto e joalo. Tlaleho e bolela hore ba ne ba ‘hlabela liphoofolo fatše, ’me ba li jellela hammoho le mali.’ Kahoo e ka ’na eaba ba ne ba etsa boiteko bo itseng ba ho fophisa mali. (Deuteronoma 15:23) Leha ho le joalo, boemong ba bona ba ho khathala haholo, le ho lapa, ha baa ka ba fanyeha litopo tsa liphoofolo tse hlabiloeng le ho lumella nako bakeng sa ho fophisa mali ho tloaelehileng. Ba ile ba hlabela linku le likhomo “fatše,” e leng ho neng ho ka sitisa ho fopha. ’Me kapele-pele ba ile ba seha nama litopong tseo mohlomong li neng li le har’a mali. Ka hona, esita le haeba ba ne ba hopotse ho utloa molao oa Molimo, ha baa ka ba o latela ka botlalo ka tsela e nepahetseng leha e le ho isa bohōleng bo loketseng.
Phello e ile ea e-ba hore “sechaba se jellele hammoho le mali,” hoo e neng e le sebe. Saule o ile a hlokomela sena ’me a laela hore ho pitikisetsoe lejoe le leholo ho eena. O ile a laela masole: “E-eang le sechaba, le bolelle e mong le e mong hore a tlise mona ho ’na khomo ea hae le nku ea hae, a e hlabe mona, a e je; le se ke la siteloa Molimo ka ho jellela le mali.” (1 Samuele 14:33, 34) Masole a molato a ile a utloa, ’me “Saule a hahela Jehova aletare.”—1 Samuele 14:35.
Ho hlabela liphoofolo majoeng mohlomong ho ne ho fella ka hore mali a fophe ka ho loketseng. Nama ea liphoofolo e ne e jelloa hōle le moo li neng li hlabetsoe teng. E ka ’na eaba Saule o ile a sebelisa a mang a mali a fophisitsoeng aletareng ho batla mohau oa Molimo mabapi le ba neng ba entse sebe. Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a bontša mohau hobane o ne a tseba boiteko boo masole a neng a bo entse le hoja a ne a khathetse haholo ebile a lapile. Hape e ka ’na eaba Molimo o ne a hlokometse hore kano e lepotla-potla ea Saule e ne e qobeletse banna ba hae ho ba boemong boo bo sithabetsang.
Tlaleho ena e bontša hore boemo ba tšohanyetso hase boitšireletso ba ho hlokomoloha molao oa bomolimo. Hape e lokela ho re thusa ho bona tlhoko ea ho nahanisisa ka hloko pele re nka kano, hobane kano ea lepotla-potla e ka baka mathata ho rōna ka borōna le ho ba bang.—Moeklesia 5:4-6.