Se Ileng sa Nkhahla ka Lipaki Tsa Jehova
Joalokaha ho boletse Tomás Orosco
Ha ke qala ho ea libokeng tsa Lipaki, Holong ea tsona ea ’Muso, moshanyana e mong o ne a fana ka puo. Le hoja a ne a hlahella hanyenyane ka holim’a sefalana sa sebui, botsitso ba hae le tsebo ea ho ruta li ne li hlolla. Seo se ile sa nkhahla haholo.
BAMAMELI ba ne ba mametse ka hloko. Kaha nkile ka ba moemeli oa sesole sa Bolivia, United States, ka ba molaoli oa mabotho le motlatsi oa mopresidente, ke ne ke tloaetse ho hlomphuoa. Empa tsela eo ngoana eo a neng a hlomphuoa ka eona e ile ea etsa hore ke hlahlobe lintho tseo ke batlang ho li finyella bophelong.
Ntate o ile a hlokahala ka bo-1935, a le Ntoeng ea Chaco eo ho eona Paraguay e neng e loana le Bolivia. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka isoa sekolong se nang le bolulo sa K’hatholike. Ke ile ka qeta lilemo tse ngata ke ea ’Miseng letsatsi le letsatsi, moo re neng re bina lifela, re mamela katekisima ’me re pheta lithapelo ka hlooho. Ke ne ke bile ke le mosebeletsi oa aletare ’me ke bina k’hoaereng. Empa ho ne ho se mohla nkileng ka bala Bibele; ha e le hantle, ke ne ke bile ke e-s’o e bone.
Ke ne ke thabela matsatsi a halalelang a bolumeli kaha e ne eka ke a phathi ’me ke rata hore re etsa lintho tse fapaneng le tse tloaelehileng. Empa baruti le batho ba bang ba neng ba ruta ka kerekeng ba ne ba le bohale. Ba ne ba ’nyahamisa ho e-na le ho nkhahla. Ke ile ka ipolella hore ke utloile ho lekane ka bolumeli.
Ke Ile ka Khahloa ke Bosole
Ka letsatsi le leng ho ne ho elile hamonate, ha bahlankana ba babeli ba masole ba apereng hantle ba fihla motseng oa heso oa Tarija. Ba ne ba tlile phomolong ba tsoa La Paz, e leng motse-moholo oa Bolivia. Ba ne ba tsamaea ba iketlile ba bile ba ikonka setsing se seholo sa mabenkele. Ke ile ka khahloa ke kamoo ba neng ba bonahala ba hlompheha kateng, ba le makhethe ba bile ba e-na le seriti. Ba ne ba apere junifomo e tala, ba roetse likatiba tse nang le ho benya. Ke ile ka etsa qeto ea ho ba lesole hona hoo. Ke ne ke nahana hore e tlameha ebe ba phela hamonate ebile ba etsa lintho tse ngata tse hlomphehang.
Ka 1949, ha ke ne ke le lilemo li 16, ke ile ka amoheloa k’holejeng ea sesole ea Bolivia. Moholoane oa ka o ile a ema le ’na moleng o molelele o fihlang keiting, oa bahlankana ba neng ba emetse ho kena liahelong tsa sesole. O ile a ntsebisa molefothenente, a mo kōpa hore a ntlhokomele. ’Me a mpuella ho eena. Ka mor’a hore a tsamaee, o ile a nkamohela ka tsela eo masole a macha a amoheloang ka eona. O ile a ntihela fatše eaba o re: “Re tla bona hore na ke mang ea buellang e mong mona!” Eo ke eona tsela eo ke ileng ka amoheloa ka eona bosoleng. Leha ho le joalo, ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele le hoja ke ne ke ikutloa ke tlotlolotsoe.
Ha nako e ntse e ea, ke ile ka ithuta maqiti a ntoa ’me ka ba lesole le hlomphehang. Empa ha ke se ke le bosoleng, ke ile ka hlokomela hore tsela e makhethe le e nang le seriti eo masole a shebahalang ka eona e ka isa motho le khongoana holimo.
Ke ba Boemong bo Hlomphehang
Qalong ke ile ka koetlisetsoa ka sekepeng se seholo sa Sesole sa Metsing sa Argentina se bitsoang General Belgrano, se neng se ka nka masole a fetang sekete. Pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, e ne e le sa United States se bitsoa USS Phoenix ’me hamorao ka 1941 sa phonyoha tlhaselo ea Majapane Pearl Harbor, Hawaii.
Ha nako e ntse e ea, ke ile ka nyolloa mosebetsing ’me ka ba mohlahlami oa molaoli oa Sesole sa Metsing sa Bolivia, se paterolang karolo ea leoatle e tšoaeang moeli oa Bolivia. Sebaka seo se ne se akarelletsa linōka tsa Amazon Basin, hammoho le Letša la Titicaca le sebakeng se phahameng ka ho fetisisa lefatšeng, leo sekepe se ka tsamaeang ho lona.
Ho sa le joalo, ka May 1980, ke ile ka kenngoa moifong oa sesole o ileng oa romeloa Washington, D.C., e leng motse-moholo oa United States. Ho ile ha khethoa ofisiri e phahameng lefapheng ka leng—sesoleng sa fatše, sa moeeng le sa metsing—’me ka khetheloa ho ba mohokahanyi oa sehlopha seo kaha e ne e le khale ke le bosoleng. Ke lutse United States hoo e ka bang lilemo tse peli ’me hamorao ka ba motlatsi oa mopresidente oa Bolivia.
Kaha ke ne ke le molaoli oa sesole, ke ne ke tlameha ho ea kerekeng Sontaha se seng le se seng. Tsela eo moruti oa masole le baruti ba bang ba neng ba itšunya-tšunya ka eona lintoeng le merusung ea lipolotiki e ile ea etsa hore ke felloe ke tšepo bolumeling. Ke ne ke tseba hore ho tšehetsa ha likereke tšollo e joalo ea mali ho fosahetse. Empa ho e-na le hore boikaketsi boo bo etse hore ke furalle bolumeli, bo ile ba ntšusumelletsa hore ke batle ’nete litabeng tsa Molimo. Ho ne ho se mohla nkileng ka bala Bibele, kahoo ke ile ka qala ho e bala khafetsa, ke e tloboka.
Tsela eo Lintho li Neng li Hlophisehile ka Eona Holong ea ’Muso
Ke ile ka makalla hore ebe mosali oa ka, Manuela, o ithuta Bibele le moromuoa e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea bitsoang Janet. Hamorao, Manuela o ile a qala ho ea libokeng sebakeng sa tsona sa borapeli, Holong ea ’Muso. Ke ne ke se na bothata ba ho mo isa ka koloi, empa ke ne ke sa batle ho kena. Ke ne ke nahana hore libokeng tseo ho lerata le hore batho ba nkeha maikutlo.
Ka letsatsi le leng Manuela o ile a mpotsa hore na nka rata hore monna oa Janet a nketele. Qalong, ke ile ka hanyetsa tlhahiso eo. Empa ka mor’a moo ka nahana hore ka tsebo eohle eo ke nang le eona litabeng tsa bolumeli, nka khona ho shanofatsa ntho leha e le efe eo a tla e bua. Ha ke qala ho kopana le Ian, ke ile ka khahloa ke tsela eo a neng a itšoere ka eona—eseng hakaalo ke seo a ileng a se bua. O ne a sa leke ho ntlhabisa lihlong ka tsebo ea hae ea Bibele. Empa ho e-na le hoo, o ne a le mosa a bile a hlompha.
Bekeng e latelang, ke ile ka etsa qeto ea ho ea Holong ea ’Muso, e leng moo joalokaha ke boletse qalong, ke ileng ka utloa ha moshanyana a fana ka puo. Ha ke ntse ke mo mametse a bala a bile a hlalosa litemana bukeng ea Bibele ea Esaia, ke ile ka elelloa hore ke fumane mokhatlo o ikhethang. Ho makatsang ke hore ha ke sa le mocha ke ne ke batla ho ba lesole le hlomphehang, empa hona joale ke batla ho tšoana le moshanyana eo ’me ke rute ba bang Bibele. E ne eka ke nolofalitsoe pelo hore e amohele ’nete.
Ha nako e ntse e ea, ke ile ka boela ka khahloa ke kamoo Lipaki li bolokang nako kateng le ke tsela e botsoalle eo li ntumelisang ka eona kamehla le ho etsa hore ke ikutloe ke amohelehile. Ke ile ka boela ka khahloa ke tsela e makhethe eo li aparang ka eona. Ntho e ileng ea nkhahla haholo ke tsela eo liboka li neng li hlophisehile ka eona—haeba kemisong ho ngotsoe puo e itseng, ke eona e neng e fanoa letsatsing leo. Ke ile ka hlokomela hore tsela eo lintho li hlophisehileng ka eona e thehiloe leratong, eseng tšabong.
Ka mor’a hore ke ee libokeng ka lekhetlo la pele, ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le Ian. Re ne re ithuta buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.a Ke ntse ke hopola khaolo ea eona ea bararo e nang le setšoantšo sa moruti ea hlohonolofatsang masole pele a ea ntoeng. Ha kea ka ka belaela kaha ke ne ke bone ha seo se etsahala. Ke ile ka fumana buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo Holong ea ’Muso. Ha ke bala seo Bibele e se bolelang ka ho se nke lehlakore, ke ile ka hlokomela hore ke tšoanela ho etsa liphetoho. Ke ile ka etsa qeto ea hore ha ke sa tla khutlela Kerekeng ea K’hatholike ’me ka qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso kamehla. Ke ile ka boela ka itokisetsa ho itokolla bosoleng.
Mohato o Lebisang Kolobetsong
Libeke tse seng kae hamorao, ke ile ka utloa hore phutheho e tla be e hloekisa holo eo kopano e tla tšoareloa ho eona. Ke ne ke le moeeng oa ho ea hloekisa kahoo ke ile ka ea. Ka sebetsa hantle le bohle ’me ka thabela mosebetsi le botsoalle. Ha ke ntse ke fiela, mohlankana e mong o ile a nkatamela ’me a mpotsa hore na ke ne ke se ofisiri ea sesole sa metsing.
Ke ile ka re: “E, ke ne ke le eona.”
Ka ho makala o ile a re: “Ha ke lumele seo ke se bonang! Ofisiri ea sesole sa metsing ea fiela!” Ha ho ofisiri ea boemo bo phahameng e kileng ea bonoa e thonaka lipampiri, re se re sa re letho ka ho fiela. Mohlankana eo o ne a nkhannela ha ke ne ke le sesoleng ’me joale e ne e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova!
Ho Sebelisana ka Lerato
Masole a rutoa ho hlompha maemo, e leng khopolo e neng e metse ka metso ho ’na. Ka mohlala, ke hopola ke botsa hore na ba bang har’a Lipaki Tsa Jehova ba phahametse ba bang ka lebaka la maemo a bona a boikarabelo kapa mesebetsi eo ba e etsang. Ke ne ke ntse ke nketse maemo le bophahamo holimo empa seo se ne se le haufi le ho fetoha.
Hoo e ka bang ka nako eo—e leng ka 1989—ke ile ka utloa hore setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se tsoang New York se ne se lokela ho etela Bolivia ’me se fane ka puo holong. Ke ne ke batla ho bona hore na setho “se phahameng” sa mokhatlo se tla tšoaroa joang. Ke ne ke nahana hore motho ea nang le boikarabelo bo bongata hakaalo o ne a tla amoheloa ka tsela e ikhethang.
Ke ile ka makatsoa ke hore ha seboka se qala ho ne ho se na letho le bontšang hore ho na le moeti ea khethehileng. Pel’a ka le Manuela ho ne ho lutse banyalani ba bang ba seng ba hōlile. Manuela o ile a hlokomela hore mosali eo o ne a tšoere buka ea lipina ea Senyesemane ’me nakong ea khefu o ile a qala ho buisana le eena. Empa ka mor’a moo banyalani bao ba ile ba tloha.
Hamorao re ile ra makala hakaakang ha monna oa mosali eo a ea sethaleng ’me a fana ka puo ea sehlooho! Ka nako eo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke ithutile eona sesoleng ka maemo, ho hlomphuoa le matla e ile ea fetoha kelellong ea ka. Ka mor’a moo, ke ile ka re: “Ak’u nahane feela, mor’abo rōna eo ea neng a lutse le rōna litulong tseo tse kukunelang ke setho sa Sehlopha se Busang!”
Kea tšeha hona joale ha ke hopola kamoo Ian a ’nileng a leka ka makhetlo kateng ho nthusa hore ke utloisise mantsoe a Jesu a ho Matheu 23:8, a reng: “Lōna bohle le bara ba motho.”
Ha ke Qala ho Bolela
Ha ke se ke qetile ka bosole, Ian o ile a ’mema hore ke sebetse le eena boboleling ba ntlo le ntlo. (Liketso 20:20) Sebaka seo re ileng ra ea ho sona ke seo ke neng ke batla ho se qoba—hobane boholo ba matlo moo e ne e le a masole. Ntlong e ’ngoe re ile ra fumana molaoli oa mabotho eo ke neng ke hlile ke sa batle ho kopana le eena. Ke ile ka ikutloa ke ferekane ke bile ke tšohile, haholo-holo ha a sheba mokotla oa ka le Bibele ’me a mpotsa ka ho phoqa a re: “Ho etsahetse’ng ka uena?”
Ka mor’a ho etsa thapelo e khutšoanyane, ke ile ka ikutloa ke le sebete ke bile ke sa ferekana. Molaoli eo o ile a mamela molaetsa oa ka a ba a amohela lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Seo se ile sa nkhothaletsa hore ke inehele ho Jehova. Ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ka ho kolobetsoa metsing ka la 3 January, 1990.
Hamorao mosali oa ka, mora le morali le bona e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Hona joale ke thabela ho sebeletsa ka phuthehong ke le moholo le ’moleli oa nako e tletseng oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Tokelo ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ke nang le eona ke hore ebe ke tseba Jehova le hore ebe oa ntseba. E feta boemo leha e le bofe kapa botumo boo motho a ka bo lakatsang kapa a bo finyella. Ka sebele, lintho li lokela ho hlophisoa ka tsela e bontšang mofuthu le lerato, eseng e sehlōhō le e thata. Jehova ke Molimo oa tlhophiso, empa habohlokoa le ho feta ke Molimo ea lerato.—1 Bakorinthe 14:33, 40; 1 Johanne 4:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
’Na le moholoane oa ka Renato, ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha ke ne ke le ’mokeng le masole a tsoang Chaena le linaheng tse ling