Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 5/1 maq. 8-13
  • Thabang le Molimo ea Thabileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabang le Molimo ea Thabileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ho Mohla ba Kileng ba Felloa ke Thabo
  • Lula U E-na le Maikutlo a Matle ka Tšebeletso
  • Balumeli-’moho le Uena ba Tla U Tšehetsa
  • Sheba Phuthehong ea Heno
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • “Ea Lokileng o Tla Ithabela ho Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Fumana Thabo Lefatšeng le Tletseng Likhathatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 5/1 maq. 8-13

Thabang le Molimo ea Thabileng

“Qetellong, barab’eso, le tsoele pele ho thaba, . . . ’me Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lōna.”—2 BAKORINTHE 13:11.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ba bangata ba felloa ke thabo bophelong? (b) Thabo ke eng, ’me re ka e hlaolela joang?

MEHLENG ena e tepelletsang, batho ba bangata ba felloa ke thabo. Ha ba oeloa ke tlokotsi kapa e oela eo ba mo ratang, ba ka ’na ba ikutloa joaloka Jobo oa boholo-holo, ea ileng a re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Bakreste le bona ba har’a mathata le likhatello tsa “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” ’me ha ho makatse hore ebe ka linako tse ling bahlanka ba tšepahalang ba Jehova baa nyahama.—2 Timothea 3:1.

2 Ho sa tsotellehe boemo boo, Bakreste ba ka thaba, esita le har’a liteko. (Liketso 5:40, 41) E le hore u utloisise hore na sena se ka khoneha joang, qala ka ho nahana hore na thabo ke eng. Thabo e ka hlalosoa ka hore ke boikutlo bo tsosoang ke ho fumana molemo kapa ho o lebella.a Ka lebaka leo, haeba re ka ipha nako ea ho nahana ka lintho tse thabisang tseo re nang le tsona hona joale ha re ntse re nahanisisa ka lintho tse thabisang tseo re tla li fumana lefatšeng le lecha la Molimo, re ka thaba.

3. Bonyane ke ka kutloisiso efe ho ka boleloang hore e mong le e mong o na le mabaka a ho thaba?

3 E mong le e mong o na le lintho tse thabisang tseo a ka li lebohang. Ntate oa lelapa a ka ’na a felloa ke mosebetsi. Hoa utloahala hore sena se tla mo tšoenya. O rata ho hlokomela baratuoa ba hae. Ho sa tsotellehe seo, haeba ’mele oa hae o ntse o le matla ’me a sa kule, a ka leboha seo. Haeba a fumana mosebetsi, o tla khona ho sebetsa ka thata. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong mosali oa Mokreste o hlasetsoe ke boloetse bo holofatsang. Leha ho le joalo, a ka leboha tšehetso ea metsoalle e lerato le litho tsa lelapa tse lerato ba mo thusang ho tobana le boloetse ba hae ka seriti le ka sebete. ’Me Bakreste bohle ba ’nete, ho sa tsotellehe maemo a bona, ba ka thabela tokelo ea ho tseba Jehova, “Molimo ea thabileng,” le Jesu Kreste, “Ea thabileng le eo e leng eena feela ’Musi ea Matla a Maholo.” (1 Timothea 1:11; 6:15) E, Jehova Molimo le Jesu Kreste ba thabile haholo. Ba lutse ba thabile ho sa tsotellehe ’nete ea hore maemo a lefatše a fapane haholo le seo Jehova a neng a se rerile tšimolohong. Mohlala oa bona o ka re ruta ho hongata ka hore na re ka lula re thabile joang.

Ha ho Mohla ba Kileng ba Felloa ke Thabo

4, 5. (a) Jehova o ile a etsa joang ha batho ba babeli ba pele ba mo fetohela? (b) Jehova o ile a lula a e-na le boikutlo bo botle ho moloko oa batho joang?

4 Tšimong ea Edene, Adama le Eva ba ne ba sa kule ’me ka lebaka leo ba ne ba le batle ba phethahetse likelellong. Tema e ne e bonahala mosebetsing oa bona ’me ba o sebeletsa tikolohong e ntle. Ho molemo ka ho fetisisa, ba ne ba e-na le tokelo ea ho buisana kamehla le Jehova. E ne e le morero oa Molimo hore ba be le bokamoso bo thabisang. Empa batsoali ba rōna ba pele ba ne ba sa khotsofatsoe ke limpho tsena tsohle tse molemo; ba ile ba utsoa tholoana e hanetsoeng ea “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” Ketso ena ea ho se mamele e ile ea e-ba motheo oa ho hloka thabo hohle hoo rōna, bana ba bona, re ho utloang kajeno.—Genese 2:15-17; 3:6; Baroma 5:12.

5 Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a lumella hore ho hloka teboho ha Adama le Eva ho mo hlokise thabo. O ne a kholisehile hore lipelo tsa bana ba bang ba bona li ne li tla susumelletseha ho mo sebeletsa. Ha e le hantle, o ne a kholisehile hoo le pele Adama le Eva ba e-ba le ngoana oa bona oa pele, a ileng a phatlalatsa morero oa hae oa ho lopolla bana ba bona ba mamelang! (Genese 1:31; 3:15) Makholong a lilemo a ileng a latela, boholo ba moloko oa batho bo ile ba hata mehatong ea Adama le Eva, empa Jehova ha aa ka a furalla batho ka lebaka la ho se mamele hoo ho jeleng setsi. Ho e-na le hoo, o ile a tsepamisa tlhokomelo ea hae ho banna le basali ba ileng ba ‘thabisa pelo ea hae,’ ba ileng ba ikitlaelletsa ho mo khahlisa kahobane ba mo rata.—Liproverbia 27:11; Baheberu 6:10.

6, 7. Ke lintlha life tse ileng tsa thusa Jesu hore a lule a tšepahala?

6 Jesu eena o ile a etsa joang hore a lule a thabile? Ha e sa le sebōpuoa se matla sa moea leholimong, o ne a e-na le menyetla eohle ea ho shebella mesebetsi ea banna le basali lefatšeng. Ho se phethahale ha bona ho ne ho totobetse, empa Jesu o ne a ba rata. (Liproverbia 8:31) Hamorao, ha a tla lefatšeng ’me a hlile a “lula har’a” batho, maikutlo a hae ka moloko oa batho ha aa ka a fetoha. (Johanne 1:14) Ke eng e ileng ea nolofalletsa Mora oa Molimo ea phethahetseng hore a lule a e-na le maikutlo a matle joalo ka moloko oa batho ba baetsalibe?

7 Ntho ea pele, Jesu o ne a e-na le kahlolo e molemo linthong tseo a li lebellang ho eena ka boeena le ho ba bang. O ne a tseba hore ha a na ho sokolla lefatše. (Matheu 10:32-39) Kahoo, o ne a thaba esita leha motho a le mong ea tšepahalang a ne a amohela molaetsa oa ’Muso. Le hoja ka linako tse ling boitšoaro ba barutuoa ba hae bo ne bo sa khotsofatse, Jesu o ne a tseba hore lipelong tsa bona ba hlile ba batla ho etsa thato ea Molimo, ’me o ne a ba rata ka lona lebaka leo. (Luka 9:46; 22:24, 28-32, 60-62) Ntho ea bohlokoa ke hore thapelong e eang ho Ntat’ae oa leholimo, Jesu o ile a akaretsa tsela e ntle eo barutuoa ba hae ba neng ba e nkile ho tla fihlela nakong eo ka ho re: “Ba bolokile lentsoe la hao.”—Johanne 17:6.

8. Bolela litsela tse ling tseo ka tsona re ka etsisang Jehova le Jesu tabeng ea ho lula re thabile.

8 Ha ho pelaelo hore kaofela re ka rua molemo ka ho nahana ka mohlala o behiloeng ke Jehova Molimo le Kreste Jesu ntlheng ena. Na re ka etsisa Jehova ka ho feletseng haholoanyane, mohlomong ka hore re se ke ra tšoenyeha haholo ha lintho li sa etsahale kamoo re neng re tšepile kateng? Na re ka latela haufi haholoanyane mehatong ea Jesu ka hore ka linako tsohle re be le maikutlo a matle ka maemo a rōna a hona joale, le ka ho ba le kahlolo e molemo ka seo re se lebellang ho rōna ka borōna le ho ba bang? A re boneng kamoo e meng ea melao-motheo ena e ka ’nang ea sebetsa ka mokhoa o molemo kateng tšebeletsong ea tšimo, eo e leng ntho e ratoang haholo hohle ke Bakreste ba chesehang.

Lula U E-na le Maikutlo a Matle ka Tšebeletso

9. Thabo ea Jeremia e ile ea khutlisoa joang, ’me mohlala oa hae o ka re thusa joang?

9 Jehova o batla hore re thabe tšebeletsong ea hae. Thabo ea rōna ha ea lokela ho itšetleha ka litholoana tseo re li fumanang tšimong. (Luka 10:17, 20) Ka lilemo tse ngata moprofeta Jeremia o ne a bolela tšimong e sa beheng. O ne a felloa ke thabo haeba a ne a lebisa tlhokomelo ea hae boitšoarong bo seng botle ba batho. (Jeremia 20:8) Empa thabo ea hae e ne e khutla ha a nahanisisa ka hore na ke eng se etsang hore molaetsa ona o be molemo. Jeremia o ile a re ho Jehova: “Mantsoe a hao a ile a fumanoa, eaba kea a ja; ’me lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ea ka; etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova.” (Jeremia 15:16) E, Jeremia o ile a thabela tokelo ea hae ea ho bolela lentsoe la Molimo. Le rōna re ka thabela tokelo eo.

10. Re ka lula re thabile joang tšebeletsong esita leha tšimo ea rōna e sa behe hona joale?

10 Esita le haeba ba bangata ba hana ho nka khato ka seo litaba tse molemo li ba bolellang sona, re na le mabaka ’ohle a ho thaba ha re kopanela tšebeletsong ea tšimo. Hopola hore ho totobetse hore Jehova o ne a kholisehile hore ho na le batho ba tla susumelletseha ho mo sebeletsa. Joaloka Jehova, le ka mohla re se ke ra felloa ke tšepo ea hore ho na le bao qetellong ba tla bona moo taba e leng teng ebe ba amohela molaetsa oa ’Muso. Re se ke ra lebala hore maemo a batho aa fetoha. Esita le motho ea ikhonang ka ho fetisisa a ka ’na a qala ho nahana ka botebo ka morero oa bophelo haeba ka tšohanyetso a lahleheloa ke ntho e itseng kapa a oeloa ke tlokotsi e itseng. Na u tla lumela ho thusa mohla motho ea joalo a ‘elang hloko tlhoko ea hae ea moea’? (Matheu 5:3) Ho ka etsahala hore ka lekhetlo le latelang ha u etela batho tšimong ea heno, motho e mong o tla be a loketse ho mamela litaba tse molemo!

11, 12. Ho ile ha etsahala’ng toropong e ’ngoe, ’me re ka ithuta’ng ho seo?

11 Maemo a tšimo ea rōna le ’ona a ka fetoha. Nahana ka mohlala ona. Torotsoaneng e ’ngoe, ho ne ho lula sehlopha sa banyalani ba bacha ba sebelisanang haufi ba nang le bana. Ha Lipaki tsa Jehova li fihla, li ne li arabeloa ka tsela e tšoanang ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, “Ha re batle litaba tsa lōna!” Ha ho ne ho e-na le motho ea hlileng a bontšang hore o thahasella molaetsa oa ’Muso, baahelani ba ne ba potlakela ho mo nyahamisa hore a se ke a ’na a kopana le Lipaki. Ho hlakile hore e ne e le bothata ho bolela litaba tse molemo moo. Leha ho le joalo, Lipaki ha lia ka tsa tela; li ile tsa tsoela pele ho bolela litaba tse molemo. Ka phello efe?

12 Ka mor’a nako, bana ba bangata ba toropo eo ba ile ba hōla, ba nyala le ho nyaloa, ’me ba haha hona moo. Ha ba hlokomela hore tsela eo ba phelang ka eona ha ea fella ka thabo ea ’nete, bacha ba bang ho bana ba ile ba qala ho batla ’nete. Ba ile ba e fumana ha ba nka khato ka seo litaba tse molemo tse neng li boleloa ke Lipaki li neng li ba bolella sona. Kahoo, ho ile ha etsahala hore ka mor’a lilemo tse ngata, phutheho e nyenyane e qale ho hōla. Ak’u nahane hore na bahoeletsi ba ’Muso ba ileng ba phehella ba ile ba thaba hakaakang! E se eka le rōna re ka fumana thabo ka ho phehella ho bolela molaetsa o khanyang oa ’Muso!

Balumeli-’moho le Uena ba Tla U Tšehetsa

13. Re ka retelehela ho mang ha re nyahame?

13 Ha likhatello li eketseha kapa u hlaseloa ke tlokotsi, u ka batla matšeliso hokae? Bohato ba pele boo bahlanka ba Jehova ba inehetseng ba limilione ba bo nkang ke ho retelehela ho Jehova ka thapelo, ebe joale ba retelehela ho bara le barali babo bona ba Bakreste. Jesu ka boeena o ne a thabela tšehetso ea barutuoa ba hae haholo ha a le lefatšeng. Bosiung ba pele ho lefu la hae, o ile a bolela hore ke “ba nkhomaretseng litekong tsa ka.” (Luka 22:28) Ha e le hantle, barutuoa bao ba ne ba sa phethahala, empa botšepehi ba bona e ne e le matšeliso ho Mora oa Molimo. Le rōna re ka matlafatsoa ke barapeli-’moho le rōna.

14, 15. Ke eng e ileng ea thusa banyalani ba bang ho sebetsana ka katleho le ho shoa ha mora oa bona, ’me u ithuta eng ho se ba etsahaletseng?

14 Banyalani ba bang ba Bakreste ba bitsoang Michel le Diane ba ile ba ithuta kamoo tšehetso ea bara le barali babo bona e ka bang ea bohlokoa kateng. Lingaka li ile tsa fumana hore mora oa bona ea lilemo li 20, ea bitsoang Jonathan, eo e neng e le Mokreste ea phelang hantle le eo bokamoso bo neng bo khanya ka pel’a hae, o na le hlahala bokong. Lingaka li ile tsa leka ka matla hore a phele, empa boemo ba Jonathan bo ile ba ’na ba mpefala ho fihlela ha a robala lefung ka letsatsi le leng thapama. Michel le Diane ba ile ba ferekana. Ba ile ba hlokomela hore Seboka sa Tšebeletso se neng se lokiselitsoe mantsiboeeng ao se se se batla se felile. Ho ntse ho le joalo, kaha ba ne ba nyoretsoe matšeliso, ba ile ba kōpa moholo ea neng a e-na le bona hore a ee le bona Holong ea ’Muso. Ba ile ba fihla hantle feela ha phutheho e tsebisoa ka lefu la Jonathan. Ka mor’a seboka, batsoali bana ba itšelang ka likhapha ba ne ba pota-potiloe ke bara le barali babo bona ba ileng ba ba kopa le ho bua le bona ka mantsoe a tšelisang. Diane o hopola sena: “Re ne re ferekane ha re fihla holong, empa re ile ra fumana matšeliso a makaakang ho barab’abo rōna—ba ile ba re hlasimolla hakaakang! Le hoja ba ne ba ke ke ba tlosa bohloko ba rōna, ba ile ba re thusa ho bo jara!”—Baroma 1:11, 12; 1 Bakorinthe 12:21-26.

15 Tsietsi e ile ea etsa hore Michel le Diane ba atamelane haholoanyane le barab’abo bona. E ile ea etsa hore le bona ba atamelane. Michel o re: “Ke ithutile ho rata mosali oa ka ea ratoang haholoanyane. Ha re nyahama, re qoqa ka ’nete ea Bibele le kamoo Jehova a re matlafatsang kateng.” Diane oa phaella: “Hona joale tšepo ea ’Muso e bolela ho hoholo haholo ho rōna.”

16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tsebisa barab’abo rōna seo re se hlokang?

16 E, bara le barali babo rōna ba Bakreste e ka ba “thuso e [re] matlafatsang” nakong ea ha ho le thata bophelong ’me kahoo ba re thusa hore re lule re thabile. (Bakolose 4:11) Ke ’nete hore ba ke ke ba tseba se ka likelellong tsa rōna. Kahoo, ha re hloka thuso, ho hotle hore re ba tsebise seo re se hlokang. Joale re ka bontša kananelo ea ’nete bakeng sa eng kapa eng eo barab’abo rōna ba khonang ho re lokisetsa eona, ra e talima e le e tsoang ho Jehova.—Liproverbia 12:25; 17:17.

Sheba Phuthehong ea Heno

17. ’Mè e mong ea se nang molekane o talimane le mathata afe, ’me batho ba joalo re ba talima joang?

17 Ha u shebela balumeli-’moho le uena haufi, ke moo u tla ithuta ho ba ananela haholoanyane le ho thabela botsoalle ba bona. Ak’u shebe phuthehong ea heno. U bona eng? Na ho na le motsoali ea se nang molekane ea loanelang ho hōlisetsa bana tseleng ea ’nete? Na u kile ua nahana ka matla ka mohlala o motle oo a o behang? Leka ho nahana ka mathata a mang ao a talimanang le ’ona. ’Mè e mong ea se nang molekane ea bitsoang Jeanine, o bolela a mang a ’ona: bolutu, ho ferehoa ke banna mosebetsing, ho haelloa ke chelete. Empa o re bothata bo boholo ka ho fetisisa bo amana le ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa bana ba hae, kahobane bana ha ba tšoane. Jeanine o bolela bothata bo bong, o re: “E ka ba bothata ba sebele ho hanela maikutlo a ho etsa mora oa hao ntate ka lapeng e le hore u koale sekheo sa bosieo ba monna. Ke na le morali, ’me ho thata ho hopola hore ke se ke ka mo imetsa ka mathata a nkamang ka ho toba.” Joaloka batsoali ba bangata ba tšabang Molimo, ba se nang balekane, Jeanine o sebetsa matsatsi ’ohle ’me o hlokomela lelapa la hae. O boetse o ithuta Bibele le bana ba hae, o ba koetlisa tšebeletsong, ’me o ea le bona libokeng tsa phutheho. (Baefese 6:4) E tlameha ebe Jehova o thaba hakaakang ha letsatsi le letsatsi a shebeletse boiteko ba lelapa lee ba hore le lule le tšepahala! Na lipelo tsa rōna ha li thabele hore ba joalo ba teng har’a rōna? Lia thaba ka sebele.

18, 19. Bontša hore na re ka tebisa kananelo ea rōna bakeng sa litho tsa phutheho joang.

18 Sheba hape phuthehong ea heno. Mohlomong u bona bahlolohali bao ‘le ka mohla ba sa hlokoeng’ libokeng. (Luka 2:37) Na ho na le nako eo ba jeoang ke bolutu ka eona? Ho joalo ka sebele. Ba hloloheloa balekane ba bona haholo! Empa ba lula ba phathahane tšebeletsong ea Jehova ’me ba thahasella ba bang. Boikutlo ba bona bo botle bo eketsa thabo ea phutheho! Mokreste e mong ea bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 30 o ile a re: “Ntho e ’ngoe e nthabisang haholo ke ho bona bara le barali beso ba hōlileng ba fetileng litekong tse ngata ba ntseng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi!” E, Bakreste ba hōlileng ba leng har’a rōna ke khothatso e khōlō ho ba banyenyane.

19 Ho thoe’ng ka ba bacha ba sa tsoa qala ho kopanela le phutheho? Na ha re khothale ha ba hlalosa tumelo ea bona libokeng? Nahana ka tsoelo-pele eo ba e entseng ho tloha ha ba qala ho ithuta Bibele. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ka lebaka la bona. Na le rōna rea thaba? Na rea ba bolella hore rea ba rata, re ba babatsa ka boiteko ba bona?

20. Ke hobane’ng ha ho ka thoe setho se seng le se seng sa phutheho se phetha karolo ea bohlokoa ka phuthehong?

20 Na u lenyalong, u lesoha, kapa u motsoali ea se nang molekane? Na u khutsana, kapa u mohlolohali? Na ke khale u kopanela le phutheho kapa u sa tsoa qala ho kopanela le eona? Kholiseha hore mohlala oa hao o bontšang botšepehi ke khothatso ho rōna kaofela. Ha u kopanela ha ho binoa pina ea ’Muso, ha u fana ka tlhaloso kapa u beha puo ea seithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, karolo eo u e phethang e eketsa thabo ea rōna. Sa bohlokoa haholo, e thabisa pelo ea Jehova.

21. Re na le mabaka a mangata a ho etsa eng, empa ho hlaha lipotso life?

21 Ha ho pelaelo hore le mehleng ena ea likhathatso, re ka thabela ho rapela Molimo oa rōna ea thabileng. Re na le mabaka a mangata a ho nka khato ka khothatso ea Pauluse e reng: “Le tsoele pele ho thaba, . . . ’me Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lōna.” (2 Bakorinthe 13:11) Re ka etsa joang haeba re thulana le tlokotsi ea tlhaho, mahloriso, kapa mathata a maholo a tsa lichelete? Na hoa khoneha hore re lule re thabile le tlas’a maemo a joalo? Iketsetse liqeto ha u ntse u hlahloba sehlooho se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Insight on the Scriptures, Moqolo oa 2, leqepheng la 119, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

Na U ka Araba?

•Thabo e ka hlalosoa joang?

•Ho ba le maikutlo a matle kamehla ho ka re thusa ho lula re thabile joang?

•Ke eng e ka re thusang hore re be le maikutlo a matle ka tšimo ea phutheho ea rōna?

•U bontša ka litsela life hore bara le barali babo rōna ba phuthehong ea heno ke ba bohlokoa?

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Batho ba tšimong ea rōna ba ka fetoha

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Batho ba phutheho ea heno ba thulana le mathata afe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela