Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w18 February maq. 28-30
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • THABO EA SEBELE KE E JOANG?
  • BATHO BAO RE KA BA ETSISANG
  • MABAKA A HO THABA
  • EKETSA THABO EA HAO
  • MELEMO EA HO BA LE THABO
  • Ho Fumana Thabo Lefatšeng le Tletseng Likhathatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Sebeletsa Jehova ka Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Rōna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
w18 February maq. 28-30

Molimo o re Thusa Hore re Thabe

  • LERATO

  • THABO

  • KHOTSO

  • MAMELLO

  • MOSA

  • MOLEMO

  • TUMELO

  • BONOLO

  • BOITŠOARO

BATHO ba bangata ba rata ho lula ba thabile. Empa matsatsing ana a ho qetela kaofela ha rona re thulana le mathata ao ‘ho leng thata ho sebetsana le ’ona.’ (2 Tim. 3:1) Ho hloka toka, ho kula, ho haella ha mesebetsi, ho shoeloa kapa mathata a mang, ho etsa hore batho ba qetelle ba sa thaba. Esita le bahlanka ba Molimo ba ka nyahama ebe ba qetella ba sa thaba. Haeba u le boemong boo, u ka thusoa ke’ng hore u thabe?

Pele re araba potso eo, re tl’o qala ka ho hlahloba hore na thabo ea sebele e akarelletsa’ng. Re tla boela re ithute ka batho ba ileng ba thaba ho sa tsotellehe mathata ao ba ileng ba thulana le ’ona. Hape re tla ithuta hore na re ka etsa’ng hore re eketse thabo ea rona ’me re lule re thabile.

THABO EA SEBELE KE E JOANG?

Ho thaba ha se feela ho lula u tšeha le batho ba bang. Mohlala, ha motho e mong a ka noa haholo, a ka lula a ntse a tšeha. Empa ha a hlaphoheloa, o khaotsa ho tšeha ebile o hopola mathata a hae. Kahoo thabo ea hae e ne e se ea sebele.—Liprov. 14:13.

Thabo ke boikutlo boo motho a bang le bona ho tloha pelong ha a fumane kapa a lebeletse ntho e itseng e molemo. Ho ba le thabo ho boetse ho akarelletsa hore motho a lule a thabile ho sa tsotellehe hore na lintho li mo tsamaela joang. (1 Bathes. 1:6) Ho ka etsahala hore motho a tšoenngoe ke bothata bo itseng empa a ’na a lula a thabile. Mohlala, baapostola ba ile ba shapuoa ka lebaka la ho ruta batho ka Kreste. Empa ba ile “ba tloha ka pel’a Sanhedrine, ba thabile hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la hae.” (Lik. 5:41) Ba ne ba sa thabisoa ke hore ebe ba ile ba shapuoa. Ho e-na le hoo, ba ile ba thabisoa ke ho lula ba tšepahalla Jehova.

Ho thaba ha se ntho e iketsahallang feela ebile ha re hlahe re e-na le thabo. Hobane’ng? Hobane thabo ea sebele ke karolo ea tholoana ea moea oa Molimo. Moea o halalelang o ka re thusa hore re “apare botho bo bocha” bo akarelletsang thabo. (Baef. 4:24; Bagal. 5:22) Ha re e-na le thabo, re ka atleha ho sebetsana le mathata a bophelo.

BATHO BAO RE KA BA ETSISANG

Jehova o thabela ha ho etsahala lintho tse ntle lefatšeng, eseng tse mpe tseo re li bonang li atile mehleng ena. Le hoja batho ba khopo ba etsa liketso tse mpe, liketso tseo tsa bona ha li amohe Jehova thabo. Lentsoe la Molimo le re: “Matla le thabo li sebakeng sa hae.” (1 Likron. 16:27) Hape, lintho tse ntle tseo bahlanka ba hae ba li etsang, lia mo thabisa.—Liprov. 27:11.

Ha rea lokela ho tšoenyeha haholo haeba lintho li sa etsahale ka tsela eo re neng re e lebeletse. Haeba re sa tšoenyehe, re tla be re etsisa Jehova. Ho e-na le hore re tšoenyehe, re ka nahana ka lintho tse ntle tseo re li finyeletseng le tseo re li lebeletseng.a

Re tl’o ithuta ka batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba thaba ho sa tsotellehe mathata ao ba ileng ba thulana le ’ona. Abrahama o ile a lula a thabile le hoja bophelo ba hae bo ne bo le kotsing ’me batho ba mo bakela mathata. (Gen. 12:10-20; 14:8-16; 16:4, 5; 20:1-18; 21:8, 9) O ile a thusoa ke’ng? O ne a tšepa hore lintho li tla loka lefatšeng le lecha tlas’a puso ea Mesia. (Gen. 22:15-18; Baheb. 11:10) Jesu o ile a re: “Ntat’a lōna Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ea ho bona letsatsi la ka.” (Joh. 8:56) Re ka etsisa Abrahama ka hore re nahane ka thabo eo re e lebeletseng nakong e tlang.—Bar. 8:21.

Pauluse le Silase ba ile ba etsisa Abrahama ka hore ba nahane ka litšepiso tsa Molimo. Tumelo ea bona e matla e ile ea ba thusa ho sebetsana le mathata ao ba ileng ba thulana le ’ona. Mohlala, ka mor’a hore Pauluse le Silase ba khakhathoe le ho lahleloa chankaneng, “har’a bosiu . . . ba ne ba rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina.” (Lik. 16:23-25) Ho ekelletsa moo, ba ile ba thabisoa ke hore ebe ba hlorisetsoa ho ruta ka Kreste. Re ka etsisa Pauluse le Silase ka hore re nahane ka melemo e tlisoang ke ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.—Bafil. 1:12-14.

Mehleng ena, ho na le bara le barali babo rona ba bangata ba ileng ba lula ba thabile ho sa tsotellehe mathata a bona. Mohlala, ka November 2013, leholiotsoana le bitsoang Haiyan le ile la liha matlo a 1 000 a bara le barali babo rona naheng ea Philippines. Mor’abo rona George o lula motse-moholo Tacloban ’me ke e mong oa bao matlo a bona a ileng a senyeha. O re: “Ho sa tsotellehe taba ena e etsahetseng, re lula re thabile. Thabo ea rona ha e hlalosehe.” Ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona, re tla lula re thabile haeba re nahana ka lintho tse molemo tseo Jehova a re etselitseng tsona. Ke lintho life tse ling tseo Jehova a re etselitseng tsona tse etsang hore re lule re thabile?

MABAKA A HO THABA

Lebaka la rona le ka sehloohong la ho thaba ke hore re na le kamano e ntle le Molimo. Re tseba Morena oa leholimo le lefatše. Ke Molimo oa rona, Ntate le Motsoalle oa rona.—Pes. 71:17, 18.

Jehova o re file bophelo le lintho tse ngata tse etsang hore re bo thabele. (Moek. 3:12, 13) Kaha o re huletse ho eena, re utloisisa thato ea hae le hore na re lokela ho phela ka tsela efe. (Bakol. 1:9, 10) Empa batho ba bangata ha ba tsebe hantle hore na ba phelela eng. Ha Pauluse a bua ka bona o ile a re: “‘Leihlo ha lea bona le tsebe ha ea utloa, leha e le hore ho simolohile ka pelong ea motho lintho tseo Molimo a li lokiselitseng ba mo ratang.’ Etsoe Molimo o re senoletse tsona ka moea oa hae.” (1 Bakor. 2:9, 10) Rea thaba hore ebe re utloisisa thato ea Jehova le hore na o rera ho etsetsa batho eng.

Jehova o re etselitse ntho ea bohlokoa haholo. O entse hore ho be bonolo hore libe tsa rona li tšoareloe. (1 Joh. 2:12) Re na le tšepo ea hore haufinyane re tla phela lefatšeng le lecha kaha Jehova o mohau. (Bar. 12:12) O re file metsoalle ea sebele eo re ka mo rorisang le eona. (Pes. 133:1) Hape o re sireletsa khahlanong le Satane le bademona ba hae. (Pes. 91:11) Ha re nahana ka litlhohonolofatso tsena, thabo ea rona e tla eketseha le ho feta.—Bafil. 4:4.

EKETSA THABO EA HAO

Na Mokreste ea seng a ntse a thabile a ka thaba le ho feta? Jesu o ile a re: “Ke le boleletse lintho tsena, e le hore thabo ea ka e ka ba ho lōna ’me thabo ea lōna e be e feletseng.” (Joh. 15:11) Mantsoe ana a bontša hore re ka thaba haholoanyane. Re ka bapisa taba ena le ho besa mollo. Haeba re batla hore re o tuke haholo, re lokela ho o roteletsa. Ka tsela e tšoanang, moea o halalelang o ka re thusa hore re thabe. Re ka ba le thabo e eketsehileng haeba re kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang. Re boetse re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla ’me re nahanisise ka lintho tseo re ithutileng tsona.—Pes. 1:1, 2; Luka 11:13.

Re tla thaba haeba re phathahana ka ho etsa lintho tse khahlisang Jehova. (Pes. 35:27; 112:1) Hobane’ng? Hobane re bopetsoe ho ‘tšaba Molimo oa ’nete ’me re boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.’ (Moek. 12:13) Kahoo, haeba re sebeletsa Jehova re tla lula re thabile.b

MELEMO EA HO BA LE THABO

Ha re e-na le thabo, re tla fumana melemo e mengata. Mohlala, re tla thabisa Jehova haeba re lula re thabile esita leha re e-na le mathata. (Deut. 16:15; 1 Bathes. 5:16-18) Hape, ho e-na le hore re phelele ho ikhotsofatsa, re tla itella ho etsa thato ea Jehova. (Mat. 13:44) Ha re ela hloko melemo ea ho itela, re tla loanela ho lula re thabile le ho feta ebile re tla etsa hore ba bang le bona ba ikutloe ka tsela e tšoanang.—Lik. 20:35; Bafil. 1:3-5.

Ntate e mong oa setsebi Univesithing ea Nebraska e Amerika o ile a re: “Haeba u thabile ebile u khotsofetse, u tla ba le bophelo bo botle.” Mantsoe a hae a lumellana le Bibele ha e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.” (Liprov. 17:22) Ha e le hantle, ha u eketsa thabo ea hao, u tla ba le bophelo bo botle.

Le hoja re phela nakong e boima, re ntse re ka ba le thabo haeba re kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang, re bala Lentsoe la hae re bile re nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona. Re ka boela ra eketsa thabo ea rona ka hore re hlokomele kamoo Jehova a re hlohonolofatsang kateng, le ka ho etsisa batho ba nang le tumelo. Re boetse re lokela ikitlaelletsa ho etsa thato ea Jehova. Ha re etsa joalo, le rona re tla bua mantsoe a hlahang ho Pesaleme ea 64:10 a reng: “Ea lokileng o tla ithabela ho Jehova ’me o tla tšabela ho eena.”

a Molula-Qhooeng o latelang, tlas’a sehlooho se buang ka “litholoana tsa moea,” re tla bua ka mamello.

b Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba lebokose le reng “Litsela Tse Ling Tsa ho Eketsa Thabo.”

Litsela Tse Ling Tsa ho Eketsa Thabo

  • Nolofatsa bophelo ba hao.—Luka 12:15.

  • U se ke oa lebella ho etsa lintho tseo u ke keng oa khona ho li etsa.—Mik. 6:8.

  • Ela hloko hore mosebetsi, sekolo, boikhathollo le tse ling, li se ke tsa u sitisa hore u be le kamano e ntle le Jehova.—Baef. 5:15, 16.

  • E-ba le kahlolo e molemo ho batho ba bang hammoho le ho uena.—Bafil. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela