Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Rōna
“Tsatsi lena ke le khethetsoeng Morena oa rōna; hape, le se ke la itlhomolisa; hobane thabo ea Jehova ke matla a [qhobosheane ea, NW] lōna.”—NEHEMIA 8:10.
1, 2. (a) Qhobosheane ke eng? (b) Davida o ile a bontša joang hore o entse Jehova setšabelo sa hae?
JEHOVA ke qhobosheane e ke keng ea lekanngoa. Qhobosheane ke eng? Ke sebaka se sirelelitsoeng, sa tšireletseho kapa pholoho. Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ne a nka Molimo e le qhobosheane ea hae. Ka mohlala, nahana ka pina eo Davida a ileng a e lebisa ho Ea Holimo-holimo “ha Jehova a se a mo namoletse matsohong a lira tsohle tsa hae, le letsohong la Saule,” morena oa Iseraele.—Sehloohoana sa Pesaleme ea 18.
2 Davida o ile a qala pina eo e susumetsang ka mantsoe ana: “Ke tla u rata haholo, Jehova, uena u leng matla a ka, uena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ea ka, monamoleli oa ka, Molimo oa ka, lefika la ka lee ke tšabelang ho lona, thebe ea ka, lenaka la poloko ea ka, le qhobosheane e phahameng ea ka!” (Pesaleme ea 18:1, 2) Ha Morena Saule a ne a mo entse ea tsoiloeng ke molao a bile a mo lelekisa, Davida ea lokileng o ile a etsa Jehova setšabelo sa hae, feela joalokaha motho a ka balehela sebakeng se sirelelitsoeng e le hore a pholohe tlokotsi e itseng.
3. Ke hobane’ng ha Bajode ba mehleng ea Esdrase ba ile ba latsoa “monyaka o moholo”?
3 Thabo eo Jehova a fanang ka eona ke qhobosheane e sa sisinyeheng ho ba tsamaeang tseleng ea hae e le baboloki ba botšepehi. (Liproverbia 2:6-8; 10:29) Ho hlakile hore e le hore ba be le thabo eo Molimo a fanang ka eona, batho ba tlameha ho etsa thato ea Molimo. Tabeng ena, nahana ka se etsahetseng Jerusalema ka 468 B.C.E. Mongoli Esdrase le ba bang ba ile ba fetisa kutloisiso ka ho bala Molao ka tsela e nang le moelelo. Eaba batho baa khothatsoa: “E-eang, le je tse nonneng, le noe tse monate, ’me le romele ba sa kang ba lokisetsoa letho liabo; hobane tsatsi lena ke le khethetsoeng Morena oa rōna; hape, le se ke la itlhomolisa; hobane thabo ea Jehova ke matla a [qhobosheane ea, NW] lōna.” Sena se ile sa fella ka “monyaka o moholo” ha Bajode ba sebelisa tsebo eo ba e fumaneng ’me ba etsa Mokete oa Metlotloane o thabisang. (Nehemia 8:1-12) Ba neng ba entse ‘thabo ea Jehova qhobosheane ea bona’ ba ile ba fumana matla bakeng sa borapeli ba hae le tšebeletso. Kaha thabo ea Jehova e ne e le qhobosheane ea bona, re lokela ho lebella hore batho ba Molimo le bona ba thabe kajeno. Joale, a mang a mabaka a ho thaba ao ba nang le ’ona kajeno ke afe?
‘Ho Thaba e le Kannete’
4. Mohloli o le mong o ka sehloohong oa thabo ea batho ba Jehova ke ofe?
4 Lebaka le leng le ka sehloohong bakeng sa thabo ke tokisetso eo Jehova a e etsang bakeng sa ho bokana hammoho. Lipaki tsa Jehova li thabisoa ke likopano tsa tsona tse nyenyane le tse khōlō kajeno, feela joalokaha mekete ea selemo le selemo eo Baiseraele ba neng ba e etsa e ne e thabisa lipelo tsa bona. Sechaba sa Iseraele se ile sa bolelloa sena: “Etsetsa Jehova, Molimo oa hao, mokete oa matsatsi a supileng, nģalong eo Jehova a tla e khetha; hobane Jehova, Molimo oa hao, o tla u hlohonolofatsa kotulong eohle ea hao, le mesebetsing eohle ea matsoho a hao; ’me u tla thaba ka ’nete.” (Deuteronoma 16:13-15) E, Molimo o ne a batla hore ba ‘thabe e le kannete.’ Se tšoanang ke ’nete ka Bakreste, hobane moapostola Pauluse o ile a khothatsa balumeli-’moho le eena: “Ithabeleng Moreneng ka mehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.”—Ba-Filippi 4:4.
5. (a) Thabo ke eng, ’me Bakreste ba e fumana joang? (b) Re ka ba le thabo joang ho sa tsotellehe liteko?
5 Kaha Jehova o batla hore re thabe, o re fa thabo e le e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa hae o halalelang. (Ba-Galata 5:22, 23) Thabo ke eng? Ke boikutlo bo monate bo tlisoang ke ho lebella kapa ho fumana ntho e itseng e molemo. Thabo ke boemo ba ho nyakalla e le kannete, le ho ba motlotlo. Tholoana ena ea moea o halalelang oa Molimo ea re tšehetsa ha re hlasetsoe ke teko. “Ka baka la thabo eo [Jesu] a e beetsoeng, a sa kang a re letho ka lihlong, a ba a ea lula letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Ba-Heberu 12:2) Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata; le ntse le tseba hobane ho lekoa ha tumelo ea lōna ho hlahisa mamello.” Empa ho thoe’ng haeba re sa tsebe hore na re ka sebetsana joang le teko e itseng? Ka kholiseho re ka rapella bohlale ba ho sebetsana le eona. Ho sebetsa tumellanong le bohlale ba leholimo ho re nolofaletsa ho rarolla mathata kapa ho hlōla liteko tse phehellang re sa lahleheloe ke thabo ea Jehova.—Jakobo 1:2-8.
6. Thabo e amana joang le borapeli ba ’nete?
6 Thabo eo Jehova a fanang ka eona e re matlafaletsa ho phahamisa borapeli ba ’nete. Seo ke se ileng sa etsahala mehleng ea Nehemia le Esdrase. Bajode ba mehleng eo bao thabo ea Jehova e neng e le qhobosheane ea bona ba ile ba matlafaletsoa ho ntšetsa pele lithahasello tsa borapeli ba ’nete. ’Me ha ba ntse ba phahamisa borapeli ba Jehova, thabo ea bona e ile ea eketseha. Se tšoanang ke ’nete kajeno. Re le barapeli ba Jehova, re na le mabaka a ho thaba haholo. Joale ha re nahaneng ka mabaka a seng makae a eketsehileng har’a a mangata ao re nang le ’ona bakeng sa ho thaba.
Kamano le Molimo ka Kreste
7. Mabapi le Jehova, Bakreste ba na le lebaka lefe la ho thaba?
7 Kamano ea rōna e haufi le Jehova e re etsa batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng. Pele re e-ba Bakreste, re ne re le karolo ea mokhatlo oa batho ba sa lokang “bao mehopolo ea bona e leng lefifing, . . . ba hole le bophelo ba Molimo.” (Ba-Efese 4:18) Re thabile hakaakang ha re se re se hōle le Jehova! Ha e le hantle, ho hlokahala boiteko hore re lule re amoheleha ho eena. Re tlameha hore re ‘tiee tumelong, re theoe teng, re sa sisinyehe, ’me re sa lahle tšepo ea Evangeli.’ (Ba-Kolosse 1:21-23) Re ka thaba hore ebe Jehova o ile a re hulela ho Mora oa hae tumellanong le mantsoe a Jesu ka boeena: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Haeba re hlile re ananela kamano ea rōna ea bohlokoa le Molimo ka Kreste, re tla itebela khahlanong le ntho leha e le efe e ka e senyang.
8. Jesu o tlatselitse joang boemong ba rōna ba ho thaba?
8 Tšoarelo ea libe ka tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo ke sesosa se seholo sa thabo hobane ke eona e etsang hore re be le kamano le Molimo. Moholo-holo oa rōna Adama o tliselitse moloko oa batho lefu, ka tsela ea hae ea ho etsa sebe ka boomo. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o hlalositse: “Moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” Pauluse o ile a boela a ngola: “Joalo ka ha ho tlōla ha motho a le mong ho tlisitse tsuo holim’a batho bohle, ka mokhoa o joalo ho loka ha motho a le mong le hona ho tlisetsa batho bohle ho loka ho neang bophelo. Hobane joalo ka ha ba bangata ba beiloe baetsalibe ka ho se utloe ha motho a le mong, ka mokhoa o joalo, ba bangata ba tla beoa ba lokileng ka ho utloa ha a le mong.” (Ba-Roma 5:8, 18, 19) Re ka thaba hakaakang hore ebe Jehova Molimo o thabela ho lopolla bana ba Adama ba iphumantšang molemo tokisetsong e lerato joalo!
Bolokolohi ba Bolumeli le ho Behoa Leseling
9. Tabeng ea bolumeli, ke hobane’ng ha re thabile?
9 Ho lokoloha ho Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ke lebaka le leng la ho thaba. Re lokolotsoe ke ’nete ea Molimo. (Johanne 8:32) ’Me ho lokoloha ho seotsoa sena sa bolumeli ho bolela hore ha re kopanele libeng tsa sona, ha re latsoe likotlo tsa sona, ebe re qetella re timelitsoe le sona. (Tšenolo 18:1-8) Ha ho letho le soabisang tabeng ea ho pholoha sena sohle!
10. Ke ho behoa leseling hofe hoo re ho thabelang re le batho ba Jehova?
10 Ho utloisisa le ho sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ke mohloli oa thabo e khōlō. Re lokolohile tšusumetsong ea bolumeli ba bohata, re thabela temohisiso ea moea e tsoelang pele ho hlaka eo Ntate oa rōna oa leholimo a fanang ka eona ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Har’a batho bohle ba phelang lefatšeng, ke feela ba inehetseng ka ho khetheha ho Jehova ba nang le moea oa hae o halalelang le kutloisiso e tsotehang ea Lentsoe la hae le thato ea hae. Ho joalokaha Pauluse a itse: “Molimo o li [lintho tseo a li lokiselitseng ba mo ratang] senoletse rōna ka Moea oa oona, hobane Moea o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:9, 10) Re ka leboha ra ba ra thaba ha e le mona re thabela kutloisiso e tsoelang pele e bontšitsoeng mantsoeng a Liproverbia 4:18: “Tsela ea ba lokileng e joalo ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”
Tšepo ea ’Muso le Bophelo bo sa Feleng
11. Tšepo e thabisang ea ’Muso e ile ea arolelanoa le ba bang joang?
11 Tšepo ea rōna ea ’Muso le eona e etsa hore re thabe. (Mattheu 6:9, 10) Joaloka Lipaki tsa Jehova, ke khale re boletse hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo bakeng sa moloko oohle oa batho. Ka mohlala, nahana ka selemo sa 1931, ha re ne re amohela lebitso Lipaki tsa Jehova ka qeto eo ka thabo e ileng ea phatlalatsoa likopanong tse 51 ho pota lefatše. (Esaia 43:10-12) Qeto eo le puo ea sehlooho ea kopano eo J. F. Rutherford (eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo) a ileng a e beha li ile tsa hatisoa bukaneng ea The Kingdom, the Hope of the World. Ka hare ho eona ho ne ho kenyelelitsoe qeto e ’ngoe e ileng ea amoheloa kopanong eo, e neng e qosa Bokreste-’mōtoana ka bokoenehi ba bona le ka ho nyelisa keletso ea Jehova. Hape e ile ea phatlalatsoa ka mantsoe ana: “Tšepo ea lefatše ke ’muso oa Molimo, ’me ha ho na tšepo e ’ngoe.” Ka likhoeli tse seng kae, Lipaki tsa Jehova li ile tsa aba likopi tse fetang limilione tse hlano tsa bukana ena likarolong tsohle tsa lefatše. Ho tloha ka nako eo re ’nile ra tiisa khafetsa hore ’Muso ke oona feela tšepo ea moloko oa batho.
12. Ba sebeletsang Jehova ba behetsoe litebello life tsa bophelo tse thabisang ka pel’a bona?
12 Le rōna re thabela tebello ea bophelo bo sa feleng tlas’a puso ea ’Muso. “Mohlatsoana” oa Bakreste ba tlotsitsoeng o na le tšepo e thabisang ea leholimo. Moapostola Petrose o ile a ngola: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung, re tle re fuoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng, le boloketsoeng lōna leholimong.” (Luka 12:32; 1 Petrose 1:3, 4) Kajeno, bongata bo boholo ba Lipaki tsa Jehova ka cheseho bo lebeletse bophelo bo sa feleng Paradeiseng sebakeng se busoang ke ’Muso. (Luka 23:43; Johanne 17:3) Ha ho na batho lefatšeng ba nang le ntho leha e le efe e ka bapisoang le litebello tsa rōna tse thabisang. Re lokela ho li ananela hakaakang!
Boena bo Tsotehang
13. Re lokela ho talima boena ba rōna ba machaba joang?
13 Ho ba karolo ea boena ba machaba boo e leng bona feela bo amoheloang ke Molimo le hona ke mohloli oa thabo e khōlō. Hoa thabisa hore ebe re na le metsoalle e lakatsehang ka ho fetisisa lefatšeng. Jehova Molimo ka boeena o ile a lebisa tlhokomelo mehleng ea rōna ’me a re: “Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya.” (Haggai 2:7) Ke ’nete hore Bakreste bohle ha baa phethahala. Leha ho le joalo, Jehova o huletse batho ba joalo ho eena ka Jesu Kreste. (Johanne 14:6) Kaha Jehova o huletse batho bao a nkang hore baa lakatseha ho eena, thabo ea rōna e tla eketseha haeba re ba bontša lerato la boena, re ba hlompha ka ho teba, re sebelisana le bona mesebetsing ea bomolimo, re ba tšehetsa litekong tsa bona, re bile re ba rapella.
14. Re ka fumana khothatso efe ho 1 Petrose 5:5-11?
14 Sena sohle se tla tlatsetsa thabong ea rōna. Ha e le hantle, ke thabo ea Jehova eo e leng qhobosheane ea boena ba rōna ba moea ho pholletsa le lefatše lohle. E, kaofela ha rōna re utloisoa bohloko ke ho hlorisoa le mathata a mang. Empa sena se lokela ho re kopanya le ho re fa boikutlo ba bonngoe re le karolo ea mokhatlo o le mong o hlophisitsoeng oa Molimo lefatšeng. Joalokaha Petrose a boletse, re lokela ho ikokobetsa ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, re lahlele matšoenyeho ’ohle a rōna ho eena ka ho tseba hore oa re tsotella. Ho hlokahala hore re falimehe hobane Diabolose o batla ho re harola, empa tabeng ena ha re bang, hobane Petrose oa phaella: “Hanang ho eena ka ho tiea tumelong, le ntse le tseba hobane lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng.” ’Me boena bona ba machaba bo tlisang thabo ha ho mohla bo tla fela, hobane re kholisehile hore ‘ha re se re utloile bohloko ka litšiuana, [Molimo] o tla re etsa ba phethehileng, a re tiise, a re fe matla.’ (1 Petrose 5:5-11) Ak’u nahane. Boena ba rōna bo tlisang thabo bo tla ba teng ka ho sa feleng!
Bophelo bo Nang le Morero
15. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Lipaki tsa Jehova li na le bophelo bo nang le morero?
15 Re thabile lefatšeng lena le tšoenyehileng hobane re na le morero bophelong. Re tšepetsoe tšebeletso e re thabisang le ho thabisa ba bang. (Ba-Roma 10:10) Ho sebetsa le Molimo ruri ke tokelo e thabisang. Mabapi le sena, Pauluse o itse: “Pauluse ke mang na? Le Apollose ke mang na? Ke bahlanka bao le lumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filoeng kateng, ke Morena. ’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng. Ha ho le joalo, ea nang le taba hase ea hlomang, leha e le ea nosetsang, empa e le Molimo o melisang. ’Me ea hlomang, le ea nosetsang, ke ntho e le ’ngoe feela; ’me e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng oa hae, ka tekanyo ea mosebetsi oo e leng oa hae. Hobane re ba sebetsang le Molimo, ’me lōna, le boleme ba Molimo, le mohaho oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 3:5-9.
16, 17. Ho ka qotsoa mehlala efe ho paka hore batho ba Jehova ba phela bophelo bo thabileng, bo nang le morero?
16 Ho ka qotsoa mehlala e mengata ho bontša hore ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fella ka ho ba le morero bophelong bo re tlatsang thabo. Polelo ena ke e loketseng: “Ke ile ka qamaka ka Holong ea ’Muso e tletseng [letsatsing la mokete oa eona oa nehelo] ’me ka bona litho tse robeli tsa lelapa la ka, ho akarelletsa le ’na le mosali oa ka le bana ba rōna ba bararo le balekane ba bona. . . . Ka sebele ’na le mosali oa ka re phetse bophelo ba thabo, bo nang le morero tšebeletsong ea Molimo.”
17 Hape hoa khothatsa ho hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na motho o lilemo li kae a ka qalisa bophelo ba thabo bo nang le morero oa sebele tšebeletsong ea Jehova. Ka mohlala, mosali e mong ea ileng a ithuta ’nete ea Bibele lehaeng la maqheku le likooa o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ha a le lilemo li 102. Ka tsela ena o ile a phetha bophelo ba hae a na le morero o thabisang, a ‘tšaba Molimo, le ho boloka litaelo tsa oona.’—Moeklesia 12:13.
Qhobosheane e sa Sisinyeheng
18. Ho ka etsoa eng ho hlōla ho nyahama le ho eketsa thabo ea rōna?
18 Thabo ea Jehova ke qhobosheane e sa sisinyeheng ho ba tšepahalang. Empa, ho ba le thabo ena ha ho bolele hore re ke ke ra hlola re ba masoabing ka linako tse ling joaloka a ileng a susumetsa Jesu hore ha a le Gethsemane a re: “Moea oa ka o tšoeroe ke masoabi a isang lefung.” (Mareka 14:32-34) Ha re re mohlomong re ile ra nyahama ka lebaka la ho inehela ha rōna ho phehelleng lipakane tsa boithati. Joale ha re fetoleng mokhoa oa rōna oa bophelo. Haeba thabo ea rōna e fokotsehile hobane re jara moroalo o boima oa boikarabelo ba Mangolo re se na boithati, mohlomong re ka etsa liphetoho tse tla re imolla khatellong ’me li tsosolose moea oa rōna oa thabo. Ho feta moo, Jehova o tla re hlohonolofatsa ka thabo haeba re batla ho mo thabisa ka hore ka matla re hanele ’mele ea boetsalibe, lefatše le khopo, le Diabolose.—Ba-Galata 5:24; 6:14; Jakobo 4:7.
19. Re lokela ho talima joang litokelo leha e le life tseo re nang le tsona mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo?
19 Ka mabaka ao re seng re a tšohlile, le a mang a mangata, re na le thabo e khōlō. Ho sa tsotellehe hore na re bahoeletsi ba phutheho kapa re kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso ea nako e tletseng, kaofela ha rōna re ka ba le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena, ’me, ka sebele sena se tla tlatsetsa thabong ea rōna. (1 Ba-Korinthe 15:58) Ho sa tsotellehe hore na re na le litokelo life mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, ha re li leboheng ’me ka thabo re tsoele pele ho etsetsa Molimo oa rōna ea lerato, ea thabileng tšebeletso e halalelang.—1 Timothea 1:11.
20. Tokelo ea rōna e khōlō ka ho fetisisa ke efe, ’me re ka kholiseha ka eng?
20 Ka ho khethehileng re na le lebaka la ho thabela tokelo ea rōna ea ho jara lebitso la Jehova re le Lipaki tsa hae. E, ha rea phethahala ’me re tobana le liteko tse ngata, empa ha re luleng re hopotse litlhohonolofatso tsa rōna tse hlollang re le Lipaki tsa Jehova. ’Me hopola, Ntate oa rōna oa leholimo ea ratehang a ke ke a re soetsa. Re ka kholiseha hore re tla hlohonolofatsoa kamehla haeba thabo ea Jehova e le qhobosheane ea rōna.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ “Thabo ea Jehova” ke eng?
◻ Bakreste ba fumana thabo ea ’nete joang?
◻ Mabaka a mang ao ka ’ona Lipaki tsa Jehova li thabileng ke afe?
◻ Ke hobane’ng ha thabo ea Jehova e le qhobosheane e sa sisinyeheng?