Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 12/15 maq. 3-7
  • Na Jesu o Hlahetse Lehloeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jesu o Hlahetse Lehloeng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke ea Bohlokoa Bofe ho Liithuti tsa Bibele?
  • Lipalo tse Thehiloeng Bibeleng
  • E Tsoa Mohloling Ofe?
  • Na Hoa Tsotelleha?
  • Jesu o Hlahile Neng?
    Tsoha!—2008
  • Jesu o Hlahile Neng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Keresemese—Na Kannete e Lumellana le Bokreste?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa keteke Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 12/15 maq. 3-7

Na Jesu o Hlahetse Lehloeng?

“LEHLOA le Lengata le Baka Tšitiso Jerusalema” le “Lehloa le Khethehileng ka Nako e Telele le Makatsa Leboea.” Lihlooho tse joalo tse ho The Jerusalem Post li ile tsa fetoha ntho e tloaelehileng ho babali ba Iseraele ka 1992, ka lebaka la se ipakileng ho ba mariha a ileng a ba boima ka ho fetisisa Iseraele lekholong lena la lilemo.

Ka January tlhōrō ea Thaba ea Hermone e ile ea koaheloa ke lehloa la bophahamo ba limithara tse 7 ho ea ho 12, ’me mariha a ne a e-s’o fele. Ho tloha Golan Heights le Upper Galilee ho tla feta Jerusalema le Bethlehema e haufi (e bonoang sekoahelong), esita le ka boroa ho kenella Negeb, khafetsa bophelo ba letsatsi le letsatsi le mokhoa oa ho etsa lintho oa batho ba Iseraele o ne o sitisoa ke boemo ba leholimo ba lehloa le bohehang le khahlang, leha ho le joalo le e-na le liphello tse tšosang. Sehlooho se seng ho Jerusalem Post se ile sa re: “Lehloa le lengata maobane le ile la atleha ho etsa seo lethala la lirokete tsa Katyusha le hlōlehileng ho se etsa bekeng e fetileng, e leng ho koahela metse le ho thibella baahi ka matlong.”

Mariha a batang haholo a ile a baka tšenyo eseng ho baahi ba toropong feela. Ho bile le litlaleho tsa likhomo tse makholo le manamane, haesita le likhoho tse likete, tse ileng tsa omeletsoa ke serame ho fihlela li e-shoa kaha ho ne ho bata haholo bosiu. Joalokaha eka lehloa le ne le sa lekana, lipula tse matla, tse batang haholo le tsona li ile tsa kenella. Ka letsatsi le leng, bashanyana ba babeli ba balisa, bao ho bonahalang hore ba ne ba leka ka matla ho pholosa linku tsa bona tse ’maloa tse neng li qabelletsoe ke moroallo oa sekhohola, ba ile ba nkoa ke metsi.

Le hoja ana e ne e se mariha a tloaelehileng a Bochabela bo Hare, makasine oa Iseraele Eretz o ile oa tlaleha: “Tlaleho ea boemo ba leholimo e bokeletsoeng ’me ea etsoa naheng ea Iseraele lilemong tse fetileng tse 130 e senola hore Jerusalema lehloa le ne le tloaelehile ho feta kamoo ho ka lebelloang ka teng . . . Pakeng tsa 1949 le 1980, motse oa Jerusalema o bile le mariha a mashome a mabeli a metso e mene a nang le lehloa.” Empa na see ke sa bohlokoa feela tabeng ea tlaleho ea boemo ba leholimo le lithahasello tsa batho, kapa e na le moelelo o tobileng ho liithuti tsa Bibele?

Ke ea Bohlokoa Bofe ho Liithuti tsa Bibele?

Batho ba bangata ha ba nahana ka tsoalo ea Jesu, ka kelellong ba iketsetsa setšoantšo se ipiletsang sa sejelo seo hangata se bontšoang nakong ea Keresemese. Ngoana Jesu o robetse moo, a thatetsoe ka mofuthu ’me a sirelelitsoe ke ’mè oa hae, ka tsela e khutsitseng lehloa le ntse le khetheha sebakeng se ba potolohileng. Na pono ee e tloaelehileng e lumellana le tlhaloso ea Bibele ea ketsahalo ee ea histori?

Mongoli oa Bibele Luka o pheta tlaleho ea tsoalo ea Jesu e ngotsoeng ka hloko: “Ho no ho le balisa naheng eo, ba phelang metebong, ba lebetse mehlape ea bona bosiu. Joale hang, lengeloi la Morena la ba hlahela, khanya ea Morena ea ba teela hare, ’me ba tšaba ka tšabo e kholo. Lengeloi la re ho bona: Se tšabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kholo, e monate, ee e tla ba ea sechaba kaofela; ke ho re, kajeno, le tsoaletsoe ’Moloki, motseng oa Davida [Bethlehema]; ke Kreste, Morena. See e tla ba pontšo ho lōna, le tla fihlela lesea le phuthetsoeng, le robalitsoeng sejelong. Eaba bongata ba makhotla a leholimo bo phakisa bo e-ba le lengeloi leo, ba boka Molimo, ba re: Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.”—Luka 2:8-14.

Haeba kajeno u ne u ka balla motho oa Iseraele temana ena ebe u ’motsa hore na ebe sena se etsahetse nakong efe ea selemo, mohlomong o ne a ka arabela ka ho re, “Pakeng tsa April le October.” Hobane’ng? Karabo e bonolo. Ho tloha ka November ho ea ho March Iseraele ke nako ea selemo e batang, ea lipula, ’me ka sebele December 25 e nakong ea mariha. Balisa ba ne ba ke ke ba lula kantle, ba hlokomela mehlape ea bona naheng bosiu. Ha re nahana ka litlaleho tse leng qalong ea sehlooho sena, re ka utloisisa hantle hore na ke ka lebaka lefe. Bethlehema, moo Jesu a hlahetseng teng, e moo ho phahamileng ’me e lik’hilomithara tse seng kae feela ho tloha Jerusalema. Esita le lilemong tsa ha boemo ba leholimo bo sa bate ka ho feteletseng, moo ho ntse ho bata haholo bosiu nakong ea mariha.—Mikea 5:2; Luka 2:15.

Ho hlahloba histori ea nakong ea tsoalo ea Jesu ho hlakisa ’nete ea hore ha aa hlaha ka December ha ho e-na le lehloa. ’Mè oa Jesu, Maria, le hoja a ne a se a tla pepa, o ile a tlameha ho tloha lehaeng la hae Nazaretha ho ea Bethlehema. Eena le Josefa ba ile ba etsa seo e le hore ba ka khahlametsa litlhoko tsa molao oa palo ea sechaba e neng e laetsoe ke ’musi oa Roma Cesare Augusto. (Luka 2:1-7) Baahi ba Bajode, kaha ba ne ba hana puso ea Roma le lekhetho la eona le boima, ho ne ho se ntse ho setse hanyane hore ba fetohele puso eo. Ke hobane’ng ha Roma e ne e ka ba halefisa ho sa hlokahale ka ho batla hore bongata boo bo tsamaee ho ea ngolisoa tlas’a boemo ba leholimo ba mariha bo thata ka ho fetisisa esita le bo ka hlahisang kotsi? Na ha ho utloahale haholoanyane hore ebe taelo ee e tsoile nakong ea selemo e etsang hore ho be bonolo ho nka maeto, joaloka selemo kapa hoetla?

Lipalo tse Thehiloeng Bibeleng

Bopaki ba histori le boo re bo bonang bo etsa hore December, kapa khoeli leha e le efe e ’ngoe ea mariha, e se lokele litlaleho tsa tsoalo ea Jesu. Ho feta moo, ka boprofeta Bibele e senola nako ea selemo eo Jesu a tsoetsoeng ka eona. E etsa see hokae?

Bukeng ea Daniele, khaolo 9, re fumana bo bong ba boprofeta bo hlollang ka ho fetisisa mabapi le Messia. E hlalosa ho tla ha hae le ho felisoa lefung, le ileng la fana ka sehlabelo sa thekollo bakeng sa pheko ea sebe le ho theha motheo oa hore batho ba bontšang kutlo ba fumane “ho loka ho sa feleng.” (Daniele 9:24-27; bapisa le Mattheu 20:28.) Ho latela boprofeta bona, sena sohle se ne se tla phethahatsoa nakong ea libeke tse 70 tsa lilemo, tse qalang selemong sa 455 B.C.E., ha ho tsoa taelo ea hore Jerusalema e boele e hahuoe.a (Nehemia 2:1-11) Ho tloha karolong ea nako ea boprofeta bona, ho ka utloisisoa hore Messia o ne a tla hlaha qalong ea libeke tse 70 tsa lilemo. Sena se etsahetse ha Jesu a itlhahisa bakeng sa kolobetso ka 29 C.E., a qala ho phetha karolo ea hae ea Bomessia ka molao. “Mahareng a veke,” kapa ka mor’a lilemo tse tharo le halofo, Messia o ne a tla felisoa lefung, ka hona a felisa bohlokoa ba mahlabelo ’ohle tlas’a selekane sa Molao oa Moshe.—Ba-Heberu 9:11-15; 10:1-10.

Boprofeta bona bo senola hore bolelele ba tšebeletso ea Jesu e bile lilemo tse tharo le halofo. Jesu o ile a shoa ka Paseka, Nisane 14 (ho latela almanaka ea Sejode), nakong ea selemo ka 33 C.E. Letsatsi le tšoanang bakeng sa selemo seo e tla ba April 1. (Mattheu 26:2) Ha re bala lilemo tse tharo le halofo re khutlela morao re fumana hore kolobetso ea hae e bile ka 29 C.E. qalong ea October. Luka o re tsebisa hore Jesu o ne a ka ba lilemo li 30 ha a kolobetsoa. (Luka 3:21-23) Sena se ne se tla bolela hore tsoalo ea Jesu le eona e bile haufi le qalong ea October. Tumellanong le tlaleho ea Luka, balisa ka nako eo ea selemo ba ne ba tla be ba ntse ba le “metebong, ba lebetse mehlape ea bona bosiu.”—Luka 2:8.

E Tsoa Mohloling Ofe?

Kaha bopaki bo supa qalong ea October e le nako ea ho tsoaloa ha Jesu, ke hobane’ng ha ho ketekoa ka December 25? The New Encyclopædia Britannica e bontša hore mokete ona o ile oa amoheloa makholo a lilemo ka mor’a tsoalo ea Jesu: “Lekholong la bone la lilemo ho keteka tsoalo ea Kreste ka December 25 ho ile ha amoheloa butle-butle ke likereke tse ngata tsa Bochabela. Jerusalema, ho hanyetsa Keresemese ho ile ha nka nako e teletsana, empa qetellong e ile ea amoheloa.”

Ke hobane’ng ha tloaelo ena e ile ea amoheloa habonolo ke ba neng ba ipitsa Bakreste makholo a mangata a lilemo ka mor’a Kreste? The New Encyclopædia Britannica e hlakisa taba ena ka ho eketsehileng: “Meetlo e amanang le Keresemese e simolohile mehloling e mengata ka lebaka la ketsahalo ea tšohanyetso feela ea hore ebe ho ketekoa ha tsoalo ea Kreste ho bile ka nako e le ’ngoe le mekete ea bohetene ea temo le ea letsatsi e ketekoang bohareng ba mariha. Lefatšeng la Roma Saturnalia (December 17) e ne e le nako ea monyaka le ea ho fapanyetsana limpho. Hape December 25 e ne e nkoa e le letsatsi la tsoalo ea molimo oa sephiri oa batho ba Iran e leng Mithra, Letsatsi la ho Loka.”

Na see sohle e ne e hlile e le “ketsahalo ea tšohanyetso feela”? Ho hang ha ho joalo! Ke ’nete ea histori hore lekholong la bone la lilemo C.E., tlas’a Moemphera Constantine, ’Muso oa Roma o ile oa fetoha haholo ho tloha ho hloriseng Bokreste ho ea ho tšehetseng “Bokreste” e le bolumeli bo amohelehang. Ha batho ba bangata ba tloaelehileng, ba neng ba haelloa ke kutloisiso ea se hlileng se boleloang ke Bokreste, ba amohela tumelo ena e ncha, ba ile ba qala ho keteka mekete ea bona eo ba e tloaetseng ea bohetene ba sebelisa mabitso a “Bokreste” ao ba sa tsoa a tseba. Ke letsatsi lefe le neng le ka tšoaneleha bakeng sa ho keteka tsoalo ea Kreste ho feta December 25, e neng e se e ntse e tšoailoe e le letsatsi la tsoalo ea “Letsatsi la ho Loka”?

Na Hoa Tsotelleha?

Ha ho lebaka la ho belaela hore balateli ba pele ba Jesu, ba neng ba na le semelo sa Bojode, ha baa ka ba keteka letsatsi la hae la tsoalo. Ho latela Encyclopaedia Judaica, “ho ketekoa ha matsatsi a tsoalo ha ho tsejoe meetlong ea Sejode.” Ka sebele Bakreste ba pele ba ne ba ke ke ba amohela mokete o joalo. Ho e-na le ho keteka tsoalo ea hae, ba ne ba tla hlompha taelo ea Jesu hore ba hopole lefu la hae, leo ba neng ba tseba letsatsi la lona ka tsela e ke keng ea belaelloa, e leng, Nisane 14.—Luka 22:7, 15, 19, 20; 1 Ba-Korinthe 11:23-26.

Makholo a mangata a lilemo pele ho Kreste, Bajode, bao nakong eo e neng e le sechaba se khethiloeng sa Molimo, ka boprofeta ba ile ba lemosoa ka ho fela ha kholeho ea bona e tlang Babylona: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova!” (Esaia 52:11) Ba ne ba tlameha ho khutlela naheng ea habo bona le ho tsosolosa borapeli bo hloekileng ba Jehova. E ne e ka ba ho sa utloahaleng hore ba amohele tloaelo e litšila ea bohetene le mekhoa ea borapeli eo ba neng ba e boloka Babylona.

Hase ho makatsang hore ebe taelo e tšoanang e fanoa hape ho Bakreste ho 2 Ba-Korinthe 6:14-18. Ho e-na le sechaba sa Bajode se ileng sa hana Kreste, balateli ba hae ba ile ba fetoha baemeli ba borapeli bo hloekileng. Ba ne ba e-na le boikarabelo ba ho thusa ba bang hore ba tsoe lefifing la moea ’me ba kene leseling la ’nete. (1 Petrose 2:9, 10) Ba ne ba ka etsa see joang haeba ba ne ba kopantse lithuto tsa Kreste le tloaelo le matsatsi a phomolo a simolohileng boheteneng?

Le hoja batho ba bangata ba e rata, ho keteka “Keresemese e Tšoeu” ho tšoana le ho “ama sesila.” (2 Ba-Korinthe 6:17) Motho ea ratang Molimo le Kreste e le kannete o tlameha ho e qoba.

Ntle le ’nete ea hore e simolohile meketeng ea bohetene, re boetse re bone hore Keresemese ha e emele ’nete, kaha Jesu o hlahile ka October. E, ho sa tsotellehe hore na ho ka tla pono efe kelellong, ho hang Jesu haa hlahela lehloeng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa puisano e batsi haholoanyane ea boprofeta bona, bona bukana e lekanang le makasine Will There Ever Be a World Without War? leqephe 26, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Jerusalema e koahetsoeng ke lehloa, ha e bonoa ho hlahuoe ka bochabela

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Garo Nalbandian

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Lehloa mahlakoreng a marako a Jerusalema

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ke feela nakong e futhumetseng ea selemo moo balisa ba ka bang le mehlape ea bona bosiu maralleng a nang le majoe, joalokaha ho bonoa tlaase mona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Garo Nalbandian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela