Pono ea Bibele
Jesu o Hlahile Neng?
ENCYCLOPEDIA of Early Christianity e re: “Letsatsi leo Kreste a hlahileng ka lona ha le tsejoe.” Leha ho le joalo, lefatšeng lohle batho ba limilione ba reng ke Bakreste ba keteka tsoalo ea Jesu ka la 25 December. Empa ha ho moo letsatsi lena le hlahang teng ka Bibeleng. Na ka sebele Jesu o hlahile ka December?
Le hoja Bibele e sa bolele ka ho toba letsatsi leo Jesu a hlahileng ka lona, e fana ka bopaki ba hore Jesu ha a hlaha ka December. Ho feta moo, bopaki bo fanoang ke mehloli e meng ea boitsebiso ka ntle ho Bibele, bo bontša lebaka leo ka lona ho ileng ha khethoa la 25 December e le letsatsi leo ho ketekoang tsoalo ea hae.
Ke Hobane’ng e ke ke Eaba o Hlahile ka December?
Jesu o hlahetse motseng oa Judea o bitsoang Bethlehema. Kosepele ea Luka e re: “Naheng eona eo ho ne ho boetse ho e-na le balisa ba phelang naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu.” (Luka 2:4-8) Sena se ne se tloaelehile. Buka e bitsoang Daily Life in the Time of Jesus e re: “Mehlape e ne e lokela ho qeta likhoeli tse ngata tsa selemo e le ka ntle, naheng.” Empa na balisa ba ne ba tla ba ka ntle naheng le mehlape ea bona bosiung bo batang ka December? Buka eo e re: “Mehlape e ne e qeta nako ea mariha e le sebakeng se khurumelitsoeng; ’me ntlheng ena feela, re ka bona hore letsatsi le tloaelehileng la Keresemese, le bang mariha, e ke ke eaba le nepahetse, kaha Kosepele e bolela hore balisa ba ne ba le naheng.”
Qeto eo e tiisoa ke boitsebiso bo bong hape bo hlahang Kosepeleng ea Luka: “Matsatsing ao ha tsoa molao-taelo ho Cesare Augustase oa hore lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona le ngolisoe; (ngoliso ena ea pele e ile ea etsahala ha Kuirinease e ne e le ’musisi oa Syria;) ’me batho bohle ba qala ho tsamaea ho ea ngolisoa, e mong le e mong motseng oa habo.”—Luka 2:1-3.
E ka ’na eaba Augustase o ile a laela hore batho ba ingolise e le hore ho nkoe palo ea sechaba ’me boitsebiso bo fumanoeng moo bo sebelisetsoe ho lefisa batho lekhetho le ho ba bitsetsa sesoleng. E le hore Maria a mamele taelo eo, le hoja a ne a se a le haufi le ho pepa, o ile a tsamaea le monna oa hae Josefa, ba nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 150 ba tloha Nazaretha ho ea Bethlehema. Joale nahana ka sena. Na u bona eka ke ntho e utloahalang hore ebe Augustase—’musi ea neng a sa tloaela ho kena-kenana le litaba tsa puso ea sebakeng seo—o ne a ka laela batho ba neng ba se ba ntse ba batla ho tsohela ’muso matla hore ba nke leeto le lelelele hakaalo mariha?
Ho hlokomelehang ke hore bo-rahistori ba bangata le litsebi tsa Bibele ba hanyetsa taba ea hore Jesu o hlahile ka la 25 December. Ntle ho pelaelo, u tla fumana boitsebiso bo joalo ho encyclopedia eo u ka e fumanang habonolo. Our Sunday Visitor’s Catholic Encyclopedia e re: “Batho ba bangata baa lumellana hore Jesu ha a hlaha ka la 25 December.”
Lebaka Leo ho Ileng ha Khethoa la 25 December
Lilemo tse makholo ka mor’a lefu la Jesu, la 25 December le ile la khethoa hore e be letsatsi leo a tsoetsoeng ka lona. Hobane’ng? Bo-rahistori ba bangata ba lumela hore nako e ileng ea khethoa hore e be Keresemese, ha e le hantle ke eo ho neng ho ketekoa mekete ea bohetene ka eona.
Ka mohlala, Encyclopædia Britannica e re: “Tlhaloso e ’ngoe e atisang ho fanoa mabapi le tšimoloho ea letsatsi lena la la 25 December ke hore letsatsi la phomolo le neng le ratoa haholo ’Musong oa Roma, le bitsoang dies solis invicti nati (‘nako ea ho tsoaloa ha letsatsi le sa hlōloeng’) le ile la fetoloa la Bokreste, e leng nako eo ho neng ho ketekoa ho kena tlung ha letsatsi ’me ho tšoantšetsa ho tsoaloa bocha ha lona, ho bontša hore mariha aa tsoa a suthela nako ea selemo le lehlabula.”
The Encyclopedia Americana ea re tsebisa: “Ho batla ho sa hlaka hore na ke hobane’ng ha ho ile ha khethoa hore Keresemese e be ka la 25 December, empa batho ba bangata ba lumela hore letsatsi leo le ile la khethoa hore le lumellane le mekete ea bohetene e neng e ketekoa ha letsatsi le kena tlung mariha, ’me nako ea letsatsi e qala ho lelefala, e le ho keteka ‘ho tsoaloa bocha ha letsatsi.’ . . . Ka nako eo, Baroma ba ne ba boetse ba keteka Saturnalia (e leng mokete o neng o tlotla Saturn, molimo oa temo le matla a khutlang a letsatsi).” Ba tlileng meketeng eo ba ne ba atisa ho etsa liketso tse litšila tsa ho kopanela liphate, ba ithabisa ka tsela e sa laoleheng le e lerata. Ho hlokomelehang ke hore, boitšoaro boo e ’nile ea e-ba tsela eo ho ketekoang Keresemese ka eona mehleng ea kajeno.
Kamoo re Lokelang ho Hlompha Kreste
Ba bang ba nka hore le hoja ho sa tsejoe letsatsi leo Jesu a hlahileng ka lona, Bakreste ba ntse ba lokela ho le keteka. Ba nka hore ha mokete ona o etsoa ka tsela e nang le seriti, eo ke tsela e loketseng ea ho hlompha Kreste.
Ka sebele tsoalo ea Jesu ke ketsahalo ea bohlokoa tlalehong ea Bibele. Bibele e re ha Jesu a hlaha, ka tšohanyetso ho ile ha hlaha letšoele la mangeloi ’me la rorisa Molimo le thabile, le re: “Khanya e be ho Molimo bophahamong bo holimo, ’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.” (Luka 2:13, 14) Leha ho le joalo, ntho e hlokomelehang ke hore ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo ho bontšoang hore letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona le lokela ho ketekoa. Ho e-na la hoo, ho na le taelo e tobileng ea hore re ikhopotse lefu la hae, e leng seo Lipaki Tsa Jehova li se etsang hang ka selemo. (Luka 22:19) Ena ke tsela e ’ngoe eo ka eona re ka hlomphang Jesu.
Bosiung ba ho qetela pele a e-shoa, Jesu o ile a re: “Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.” (Johanne 15:14) O ile a boela a re: “Haeba lea nthata, le tla boloka litaelo tsa ka.” (Johanne 14:15) Ka sebele, tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlompha Jesu Kreste ke hore re ithute lithuto tsa hae re be re li latele.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Ke hobane’ng ha ho ke ke ha etsahala hore ebe Jesu o hlahile ka December?—Luka 2:1-8.
◼ Ke’ng ea bohlokoa ho feta letsatsi leo motho a tsoetsoeng ka lona?—Moeklesia 7:1.
◼ Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlompha Jesu ke efe?—Johanne 14:15.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Bibele e fana ka bopaki ba hore Jesu ha a hlaha ka December
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na balisa ba ne ba tla qeta bosiu ba le naheng ba e-na le mehlape ea bona lehloeng?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Todd Bolen/Bible Places.com